Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 9/1 maq. 3-4
  • Ho Etsahetse’ng ka Baahelani?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahetse’ng ka Baahelani?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho se Tsebane
  • Baahelani ba Molemo ke ba Bohlokoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Fana ka Bopaki Joaloka Moahelani ea Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Likenyelletso Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ke Joang U ka Ipolokang U Phela Tikolohong e Kotsi?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 9/1 maq. 3-4

Ho Etsahetse’ng ka Baahelani?

“Batho ba kajeno ha ba bone bohlokoa ba baahelani.”—Benjamin Disraeli, setsebi sa Lenyesemane sa lipolotiki sa lekholong la bo19 la lilemo.

BAAHI ba Cuba ba hōlileng ba sebelisa mokhoa o sa tloaelehang oa ho tlatsetsa boiketlong ba ba bang: mekhatlo ea baahelani, kapa seo ba se bitsang círculos de abuelos (lihlopha tsa bo-nkhono le bo-ntate-moholo). Ho latela tlaleho ea 1997, hoo e ka bang moahi a le mong ho ba bahlano oa Cuba ke setho sa lihlopha tsena tseo ho tsona ba fumanang botsoalle, tšehetso le thuso ea hore ba phele hantle. Makasine ea World-Health e re: “Neng le neng ha lingaka tsa malapa tsa motseng li batla thuso ha li buella ente e itseng, li fumana batho ba ithaopelang ho li thusa le ba tšoanelehang ho litho tsa círculos de abuelos.”

Leha ho le joalo, ka masoabi likarolong tse ngata tsa lefatše ha ho sa na metse e nang le baahi ba amehileng ka ba bang ka tsela ena. Ka mohlala, nahana ka taba e bohloko ea Wolfgang Dircks, ea neng a lula foleteng Europe Bophirimela. Lilemong tse ngata tse fetileng, The Canberra Times e ile ea tlaleha hore le hoja malapa a 17 a neng a lula lifoleteng le Wolfgang a ne a hlokometse hore ha a bonahale, “ha ho le ea mong ea kileng a nahana ho ea kokota monyakong oa hae.” Qetellong ha mong’a lifolete a fihla, “o ile a fumana masapo a hokobetse ka pel’a thelevishene.” Liropeng tsa masapo ana ho ne ho e-na le lethathamo la mananeo a thelevishene la la 5 December, 1993. Ho ne ho se ho fetile lilemo tse hlano Wolfgang a shoele. Ke bopaki bo bohloko hakaakang ba hore thahasello le tlhokomelo tse bontšang moea oa boahelani li felile! Ha ho makatse ha sengoli sa meqoqo ho The New York Times Magazine se boletse hore motse oa habo sona, joaloka e meng e mengata, o fetohile “motse oa batho ba sa tsebaneng.” Na le haeno ho joalo?

Ke ’nete hore metseng e meng ea mahaeng ho sa ntsane ho e-na le moea oa sebele oa boahelani ’me metse e meng ea litoropong e loanela ho bontša kameho e eketsehileng ho baahelani. Leha ho le joalo, baahi ba bangata ba litoropong ba ikutloa ba qheletsoe ka thōko ba bile ba ka hlaseloa habonolo metseng ea habo bona. Ba arotsoe ke ho se tsebane le baahelani ba bona. Joang?

Ho se Tsebane

Ka sebele kaofela ha rōna re na le baahelani ba lulang haufi le rōna. Lintho tse kang ho paitsa ha thelevishene, liriti lifensetereng, mabone a bonesoang le a tingoang, melumo ea likoloi tse kenang le tse tsoang, liqi liphasejeng, linotlolo ha ho notleloa le ha ho notlolloa menyako, kaofela ke lipontšo tsa hore baahelani “ba teng.” Leha ho le joalo, boikutlo leha e le bofe ba hore baahelani ba teng boa nyamela ha ba sa tsebane kapa ba hlokomolohana bophelong ba bona bo maphathaphathe. Batho ba ka ’na ba nahana hore ha ho hlokahale hore ba kopane kapa ba tlamehe ke baahelani ka tsela leha e le efe. Koranta ea Australia, Herald Sun ea lumela: “Ho ntse ho eketseha hore batho ba se ke ba tsebana metseng eo ba phelang ho eona, kahoo, ha ba ikutloe ba tlameha ho etsetsana lintho. Hona joale ho bonolo haholoanyane ho hlokomoloha kapa ho qhelela ka thōko batho ba sa rateheng.”

Taba ena ha e makatse. Lefatšeng leo ho lona batho e leng “baithati,” metse e utloa liphello tsa bophelo ba boithati boo ba bangata ba bo phelang. (2 Timothea 3:2) Phello ke ho ata ha bolutu le ho itšehla thajana. Ho itšehla thajana ho baka ho se tšepane, haholo-holo haeba ho atile pefo le tlōlo ea molao motseng. Ka lehlakoreng le leng, kapele feela ho se tšepane ho felisa kutloelo-bohloko.

Ho sa tsotellehe boemo bo haeno, ntle ho pelaelo u tla lumela hore baahelani ba molemo ke ba bohlokoa motseng. Ho finyelloa se seholo ha batho ba sebetsa ka sepheo se le seng. Hape, baahelani ba molemo e ka ba tlhohonolofatso. Sehlooho se latelang se tla bontša hore na joang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela