Bontša Lerato ka Lapeng
“E CHESE feela u tl’u bone! E chese!” Tsebisang o ile phephetsa mosali oa hae, ’Mamosa joalo.a ’Mamosa o ile a re: “Ke tlil’o e chesa,” eaba o hotetsa thutsoana ea mollo e le hore a chese foto ea bona ba le babeli. O ile a re ka bohale: “Ke tla chesa le ntlo ena!” Tsebisang a jabela mosali oa hae ’me khang ea bona ea qetella ka pefo.
Lilemong tse tharo tse fetileng, Tsebisang le ’Mamosa ba ile ba nyalana ’me ba phela hammoho ka thabo. Ebe ho ile ha senyeha hokae? Le hoja ho ne ho bonahala eka Tsebisang ke monna ea mosa, mosali oa hae o ne a nka hore o ne a sa mo bontše lerato le hore o ne a sa tsotelle maikutlo a hae. O ne a bonahala a sa khone ho mo bontša lerato leo eena a neng a leka ho mo bontša lona. Kaha ’Mamosa o ne a se a sa khone ho mamella, o ile a hlonama le ho halefa ka ho eketsehileng. O ile a ba le mathata a kang ho hlobaela, ho tšoenyeha, ho se rate lijo, ho koata feela, ho ikutloa a imetsoe kelellong esita le ho tšoha ho tlōla tekanyo. Leha ho le joalo, Tsebisang o ne a bonahala a sa tšoenngoe ke tsitsipano e lapeng la hae. O ne a bona ho se letho le phoso.
“Linako Tse Mahlonoko Tseo ho Leng Thata ho Sebetsana le Tsona”
Mathata a joalo a tloaelehile kajeno. Moapostola Pauluse o ile a bolela esale pele hore nako ea rōna e tla tšoauoa ka batho ba “se nang lerato la tlhaho.” (2 Timothea 3:1-5) Lentsoe la mathomo la Segerike le fetoletsoeng mona e le “ba se nang lerato la tlhaho” le amana haholo le lentsoe le bolelang lerato la tlhaho le pakeng tsa litho tsa lelapa. Ka sebele mehleng ea rōna re bone hore lerato lena lea haella. Esita le haeba lerato le le teng, ho ka etsahala hore litho tsa lelapa li le bontše ka seoelo.
Kajeno batsoali ba bangata ha ba tsebe hore na ba ka bontša lerato ho bana ba bona joang. Ba bang ba hōletse malapeng a se nang lerato ’me ho ka etsahala hore ba se ke ba lemoha hore bophelo bo ka thabisa haholoanyane ’me ba e-ba monate haeba feela lerato le le teng ebile le bontšoa. Ho bonahala Tsebisang le eena a hōletse lelapeng le joalo. Ha e le ngoana, ntat’ae o ne a lula a phathahane mosebetsing ’me a fihla lapeng e se e le bosiu. O ne a bua le Tsebisang ka seoelo, le hona a mo hlaba ka mantsoe. ’Mè oa Tsebisang le eena o ne a sebetsa ka nako eohle ’me a sa be le nako e ngata le eena. Thelevishene ke eona e neng e mo tlosa bolutu. Ka lapeng ho ne ho se na pabatso kapa puisano.
Setso le sona se ka ’na sa baka boemo bona. Libakeng tse ling tsa Latin America, monna o etsa ntho e sa tloaelehang haeba a bontša lerato ho mosali oa hae. Moetlo oa linaheng tse ngata tsa Bochabela le tsa Afrika, ha o khothalletse hore ho bontšoe lerato ka mantsoe kapa ka liketso. Banna ba ka ’na ba thatafalloa ke ho re “Kea u rata” ho basali ba bona kapa bana. Leha ho le joalo, ho na le seo re ka ithutang sona lelapeng le leholo ka ho fetisisa le bileng teng ka nako e telele.
Lelapa le Behang Mohlala
Mohlala o motle ka ho fetisisa bakeng sa malapa ke oa kamano ea Jehova Molimo le Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši. Ba bontšana lerato ka tsela e phethahetseng. Ka lilemo tse fetang likete-kete, Jesu Kreste eo pele e neng e le lengeloi o ne a e-na le kamano e thabisang le Ntate oa hae. O ile a hlalosa kamano ena ka tsela ena: “Ke ile ka ba . . . eo a neng a mo rata ka ho khethehileng letsatsi le letsatsi, ke ntse ke nyakaletse ka pel’a hae ka nako eohle.” (Liproverbia 8:30) Mora o ne a kholisehile hore Ntate oa hae o mo rata hoo a neng a ka bolella ba bang hore Jehova o ne a mo rata ka ho khethehileng letsatsi le letsatsi. Ka linako tsohle o ne a ikutloa a thabile ha a e-na le Ntate oa hae.
Esita leha Jesu, Mor’a Molimo, e ne e le motho lefatšeng, o ile a tiisetsoa hore Ntate oa hae o mo rata haholo. Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a utloa lentsoe la Ntate oa hae le re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Matheu 3:17) Ao ke mantsoe a khothatsang hakaakang a bontšang lerato ha Jesu a qala ho phetha thōmo ea hae lefatšeng! E tlameha ebe o ile a ameha maikutlo ha a utloa ha Ntate oa hae a bolela hore oa mo amohela nakong ea ha a boela a hopola lintho tse etsahetseng ha a sa phela leholimong.
Ka hona, Jehova o beha mohlala o motle ka ho fetisisa ha a bontša lerato ka ho feletseng ho lelapa la hae la bokahohleng. Haeba re amohela Jesu Kreste, le rōna re tla ratoa ke Jehova. (Johanne 16:27) Le hoja re ke ke ra utloa mantsoe a hlahang leholimong, re tla bona lerato la Jehova linthong tse hloliloeng, tokisetsong ea sehlabelo sa Jesu sa thekollo le ka litsela tse ling. (1 Johanne 4:9, 10) Jehova o bile o mamela lithapelo tsa rōna ’me o li araba ka tsela e re tsoelang molemo. (Pesaleme ea 145:18; Esaia 48:17) Ha re e-ba le kamano e haufi-ufi le Jehova, re hōlisa kananelo ea rōna bakeng sa tlhokomelo ea hae e lerato.
Jesu o ile a ithuta ho Ntate oa hae ho bontša kutloelo-bohloko, ho nahanela, mosa le kameho e tebileng ka ba bang. O ile a re: “Lintho life kapa life tseo [Ntate] A li etsang, Mora le eena o etsa lintho tsena ka mokhoa o tšoanang. Etsoe Ntate o rata Mora ’me o mo bontša lintho tsohle tseo a li etsang.” (Johanne 5:19, 20) Le rōna re ka ithuta ho bontša lerato ka ho ithuta mohlaleng oo Jesu a ileng a o beha ha a ne a le lefatšeng.—Bafilipi 1:8.
Lerato le ka Bontšoa Joang ka Lapeng?
Kaha “Molimo ke lerato” ’me re bōpiloe “ka setšoantšo sa hae,” re ka khona ho ba le lerato ra ba ra le bontša. (1 Johanne 4:8; Genese 1:26, 27) Leha ho le joalo, sena ha se iketsahalle feela. Re tlameha hore pele re be le lerato ho balekane ba rōna le bana, e le hore re ka le bontša. Ela lintho hloko ’me u lemohe litšoaneleho tse ratehang ho litho tsa lelapa, ho sa tsotellehe hore na li ka bonahala e se tsa bohlokoa hakae qalong, ’me u nahanisise ka tsona. U ka ’na ua re: ‘Ha ho na letho le letle ho monna oa ka [mosali kapa bana].’ Ho ka etsahala hore ba khethetsoeng balekane ba ne ba sa ba rate. Ba bang ba ne ba sa batle bana. Leha ho le joalo, nahana kamoo Jehova a neng a ikutloa kateng ka mosali oa hae oa tšoantšetso e leng sechaba sa Iseraele lekholong la leshome la lilemo B.C.E. Ha moprofeta oa hae Elia a ne a re ha ho sa na barapeli ba bang ba Jehova melokong e leshome ea sechaba sa Iseraele, Jehova o ile a e hlahloba ka hloko ’me a fumana batho ba bangata—ba 7 000 kaofela—ba neng ba e-na le litšoaneleho tse mo thabisang. Na u ka etsisa Jehova ka ho batla lintho tse ntle tseo lelapa la hao le li etsang?—1 Marena 19:14-18.
Leha ho le joalo, e le hore litho tse ling tsa lelapa li bone lerato la hao, u lokela ho etsa boiteko ba ho le bontša. Neng le neng ha u hlokomela ntho e ntle, bontša kananelo ea hao ka mantsoe. Ha Lentsoe la Molimo le hlalosa mosali ea nang le bokhoni le bontša tšobotsi e ntle ea lelapa la hae, le re: “Bara ba hae ba tsohile eaba ba phatlalatsa hore o thabile; mong’a hae oa tsoha, ’me oa mo rorisa.” (Liproverbia 31:28) Hlokomela kamoo ka bolokolohi litho tsa lelapa leo li bontšanang kananelo kateng. Ha ntate a rorisa mosali oa hae ka mantsoe, o behela mora mohlala le ho mo khothalletsa hore mohla a nyalang a tle a babatse molekane oa hae haholo.
Hape, batsoali ba lokela ho babatsa bana ba bona. Sena se ka haha boitlhompho lipelong tsa bana. Ka sebele, ke joang motho a ka ‘ratang moahelani oa hae joalokaha a ithata’ empa eena a sa itlhomphe? (Matheu 22:39) Ka lehlakoreng le leng, haeba batsoali ba lula ba nyatsa-nyatsa bana ba bona, ho se mohla ba ba babatsang, habonolo feela bana ba ka hlōleha ho itlhompha ’me ba thatafalloa ke ho bontša ba bang lerato.—Baefese 4:31, 32.
U ka Fumana Thuso
U ka etsa’ng haeba u sa hōlisetsoa lelapeng le nang le lerato? U ntse u ka ithuta ho bontša lerato. Mohato oa pele ke ho lemoha hore u na le bothata ’me u lumele hore ho hlokahala hore u ntlafatse. Lentsoe la Molimo Bibele le re thusa haholo ho sena. Le ka tšoantšoa le seipone. Ha re itlhahloba ka lithuto tsa Bibele tse kang seipone, re bona sekoli kapa letheba monahanong oa rōna. (Jakobo 1:23) Tumellanong le lithuto tsa Bibele, re ka lokisa mekhoa leha e le efe e mebe. (Baefese 4:20-24; Bafilipi 4:8, 9) Re lokela ho etsa joalo kamehla, re sa ‘tele ho etsa se setle.’—Bagalata 6:9.
Ba bang ba ka ’na ba fumana ho le thata ho bontša lerato ka lebaka la tsela eo ba hōlisitsoeng ka eona kapa setso sa bona. Leha ho le joalo, liphuputso tsa morao-rao li bontša hore mathata a joalo a ka hlōloa. Dr. Daniel Goleman, setsebi sa mafu a kelello, o hlalosa hore ‘esita le mekhoa e metseng ka metso ho tloha bongoaneng e ka fetoloa.’ Lilemong tse fetileng tse 1 900, Bibele e ile ea bontša hore ka thuso ea moea oa Molimo, esita le mekhoa e metseng ka metso e ka fetoloa. Ea re eletsa e re: “Hlobolang botho ba khale le litloaelo tsa bona, ’me le ikapese botho bo bocha.”—Bakolose 3:9, 10.
Hang ha bothata bo se bo lemohuoe, lelapa le ka ithuta Bibele le nahanetse bothata boo. Ka mohlala, ke hobane’ng ha u sa batlisise hore na Bibele e reng ka “lerato”? U ka ’na ua fumana lengolo le kang lena: “Le utloile ka mamello ea Jobo ’me le bone phello eo Jehova a ileng a fana ka eona, hore Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.” (Jakobo 5:11) U ntan’o hlahloba tlaleho ea Bibele ea Jobo, u lebise tlhokomelo tseleng eo ka eona Jehova a bontšitseng Jobo lerato le mofuthu le mohau. Ha ho pelaelo hore u tla batla ho etsisa Jehova ka hore u bontše lelapa la hao lerato le mofuthu haholo le mohau.
Leha ho le joalo, kaha ha rea phethahala, “kaofela re khoptjoa hangata” lipuong tsa rōna. (Jakobo 3:2) Ka lapeng, re ka ’na ra hlōleha ho bua mantsoe a khothatsang. Ke hona mona moo ho hlokahalang thapelo le ho itšetleha ka Jehova. U se ke ua nyahama. ‘Rapela u sa phetse.’ (1 Bathesalonika 5:17) Jehova o tla thusa ba labalabelang ho bontšoa lerato ka lapeng hammoho le ba batlang ho le bontša e mpa ba sitoa.
Ntle ho moo, ka mosa Jehova o re fa thuso ka phutheho ea Bokreste. Jakobo o ile a ngola a re: “Na ho na le mang kapa mang ea kulang [moeeng] har’a lōna? A ke a bitsetse banna ba baholo ba phutheho ho eena, ’me ba mo rapelle, ba mo tlotse ka oli ka lebitso la Jehova.” (Jakobo 5:14) Ha ho pelaelo hore baholo ba liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova ba ka thusa malapa ao litho tsa ’ona li nang le bothata ba ho bontšana lerato. Le hoja e se lingaka, baholo ba ka thusa balumeli-’moho le bona ba sa ba felle pelo, ba sa ba bolelle seo ba lokelang ho se etsa, empa ba ba hopotsa hore na pono ea Jehova ke efe, ’me ba rapela le bona ba bile ba ba rapella.—Pesaleme ea 119:105; Bagalata 6:1.
Tabeng ea Tsebisang le ’Mamosa, baholo ba Bakreste ba ne ba mamela mathata a bona kamehla ’me ba ba tšelisa. (1 Petrose 5:2, 3) Ka makhetlo a mang, moholo le mosali oa hae ba ne ba ba etela e le hore mosali enoa ea hōlileng tsebong oa Mokreste a ka khutlisetsa ’Mamosa ‘kelellong hore a rate monna oa hae.’ (Tite 2:3, 4) Ha ba bontša kutloisiso le kutloelo-bohloko ka mathata le matšoenyeho a hlahelang Bakreste-’moho le bona, baholo e ba “sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo.”—Esaia 32:1, 2.
Ka thuso ea baholo ba mosa, Tsebisang o ile a lemoha hore o na le bothata ba ho bontša maikutlo a hae le hore “matsatsing a ho qetela,” Satane o hlasela malapa. (2 Timothea 3:1) Tsebisang o ile a etsa qeto ea ho rarolla bothata ba hae. O ile a qala ho bona hore o hlōleha ho bontša lerato ka lebaka la hore ha aa ka a le bontšoa ha a sa ntsane a hōla. Ka ho ithuta Bibele ka tieo le ka thapelo, butle-butle Tsebisang o ile a bontša hore o ameha ka maikutlo a ’Mamosa.
Le hoja ’Mamosa a ne a halefetse Tsebisang, eitse ha a utloisisa hore na o hōlisitsoe joang, ’me a hlokomela hore le eena o na le liphoso, o ile a etsa boiteko bo matla ba hore a bone lintho tse ntle ho monna oa hae. (Matheu 7:1-3; Baroma 5:12; Bakolose 3:12-14) O ile a kōpa Jehova ka tieo hore a mo fe matla a hore a ’ne a rate monna oa hae. (Bafilipi 4:6, 7) Qetellong, Tsebisang o ile a qala ho mo bontša lerato, ’me sena se ile sa thabisa mosali enoa oa hae haholo.
E, esita le haeba u fumana ho le thata ho ba le lerato le ho le bontša lapeng, ka sebele u ka hlōla bothata boo. Lentsoe la Molimo le re fa tataiso e molemo. (Pesaleme ea 19:7) Ka ho lemoha hore bothata bo tebile, ka ho leka ho bona lintho tse ntle ho litho tsa lelapa la hao, ka ho ithuta le ho sebelisa Lentsoe la Molimo, ka ho itšetleha ka Jehova ka thapelo e tiileng le ka ho batla thuso ea baholo ba hōlileng tsebong ba Bakreste, u ka hlōla se bonahalang e le thaba pakeng tsa hao le lelapa la hao. (1 Petrose 5:7) Le uena u ka thaba joaloka monna e mong oa United States. O ile a khothalletsoa hore a bontše mosali oa hae lerato. Ha qetellong a atleha ho re “Kea u rata,” o ile a makatsoa ke tsela eo mosali a ileng a thaba kateng. A tletse meokho o ile a re: “Le ’na kea u rata, empa lena ke lekhetlo la pele ka lilemo tse 25 u bua mantsoe ana tjena.” U se ke ua ema nako e telele hakaalo pele u ka bontša molekane oa hao le bana ba hao lerato!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Jehova o fana ka thuso ka Lentsoe la hae Bibele