Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 3/1 maq. 5-7
  • Ba Ile ba Hlōla Mahloriso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ile ba Hlōla Mahloriso
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lokolloa ka Nakoana
  • Bofascista Hungary
  • Chankana Hungary, Kampo ea Mosebetsi o Boima Serbia
  • Hungary Taolong ea Makomonisi
  • Ho Fela ha Mahloriso
  • Ke Ithutile ho Itšetleha ka Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Liketso Tse Khopo Tsa Bonazi Lia Pepesoa
    Tsoha!—1995
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Hlorisetsoa Bolumeli?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Karolo 3—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 3/1 maq. 5-7

Ba Ile ba Hlōla Mahloriso

FRIEDA JESS o hlahetse Denmark ka 1911, ’me eena le batsoali ba hae ba ile ba fallela Husum, Jeremane ka leboea. Lilemo hamorao o ile a sebetsa Magdeburg, ’me ka 1930 o ile a kolobetsoa e le Seithuti sa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo. Hitler o ile a qala ho busa ka 1933, ’me ho Frieda, ho busa ha Hitler ho ile ha qalisa lilemo tse 23 tsa tšoaro e mpe mebusong e ’meli ea bohatelli.

Ka March 1933 ’muso oa Jeremane o ile oa laela hore ho be le likhetho tse akaretsang. Dr. Detlef Garbe, mookameli oa Setsi sa Khopotso sa Pokello ea Lintho Tsa Bohlokoa Tsa Kampo ea Mahloriso sa Neuengamme se haufi le Hamburg, o re: “Manazi a ne a batla ho qobella batho ba bangata haholo hore ba eme le tona-khōlō le moeta-pele oa ’ona, Adolf Hitler.” Lipaki Tsa Jehova li ile tsa latela keletso ea Jesu ea ho se jele paate lipolotiking le ‘ho se be karolo ea lefatše,’ kahoo ha lia ka tsa ea likhethong. Ka phello efe? Lipaki li ile tsa thibeloa.—Johanne 17:16.

Frieda o ile a tsoela pele le mesebetsi ea hae ea Bokreste ka lenyele, a bile a thusa khatisong ea makasine ea Molula-Qhooa. O re: “Limakasine tse ling li ne li kenngoa ka sekhukhu likampong tsa mahloriso bakeng sa balumeli-’moho le rōna.” O ile a tšoaroa ka 1940 ’me a hlongoa lipotso ke Magestapo, ’me ka mor’a moo o ile a koalloa a le mong ka likhoeli tse ngata. O ile a thusoa ke’ng ho mamella? O re: “Ke ne ke thusoa ke thapelo. Ke ne ke qala ho rapela ka matjeke ’me ke rapela hangata ka letsatsi. Thapelo e ne e ’matlafatsa le ho nkhoba matšoafo.”—Bafilipi 4:6, 7.

Frieda o ile a lokolloa, empa ka 1944 Magestapo a ile a mo tšoara hape. Lekhetlong lena o ile a ahloleloa lilemo tse supileng chankaneng ea Waldheim. Frieda o tsoela pele o re: “Balebeli ba chankana ba ile ba nkabela hore ke sebetse le basali ba bang moo ho hlapeloang. Ke ne ke atisa ho sebetsa le motšoaruoa e mong ea tsoang Czechoslovakia, ka hona ke ile ka buisana le eena haholo ka Jehova le ka tumelo ea ka. Lipuisano tseo li ile tsa ’matlafatsa tumelong.”

Ho Lokolloa ka Nakoana

Batšoaruoa ba chankana ea Waldheim ba ile ba lokolloa ke masole a Soviet Union ka May 1945, ’me Frieda o ile a lokoloha hore a khutlele Magdeburg le ho etsa tšebeletso ea hae ea phatlalatsa ka nakoana. Lipaki li ile tsa khetholloa hape, nakong ena li khetholloa ke babusi ba Soviet Occupational Zone. Gerald Hacke oa Hannah-Arendt-Institute for Research Into Totalitarianism oa ngola o re: “Lipaki Tsa Jehova ke se seng sa lihlopha tse seng kae tse ileng tsa hlorisoa hoo e ka bang kamehla ke mebuso e ’meli ea bohatelli ea Jeremane.”

Ke hobane’ng ha li ile tsa khetholloa hape? Khang e khōlō e ne e ntse e le ho se jele paate ha Bokreste. Ka 1948, ho ile ha tšoaroa likhetho tse akaretsang Jeremane Bochabela, ’me Hacke o hlalosa hore, “lebaka le ka sehloohong [la ho hlorisoa ha Lipaki Tsa Jehova] ke hore ha lia ka tsa ea likhethong.” Ka August 1950, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thibeloa Jeremane Bochabela. Ho ile ha tšoaroa tse ngata ho akarelletsa le Frieda.

Frieda o ile a qosoa hape ’me a ahloleloa lilemo tse tšeletseng chankaneng. “Lekhetlong lena ke ne ke e-na le balumeli-’moho le ’na, ’me setsoalle sa bona se ile sa nthusa haholo.” Ha a lokolloa ka 1956, o ile a ea Jeremane Bophirimela. Hona joale Frieda o lilemo li 90 ’me o lula Husum, moo a ntseng a sebeletsa Jehova, Molimo oa ’nete.

Frieda o ile a hlorisoa ka lilemo tse 23 mebusong e ’meli ea bohatelli. “Manazi a ile a leka ho nkholofatsa ’meleng; Makomonisi ’ona a ile a leka ho mpolaea moeeng. Ke eng e ileng ea ’matlafatsa? Ke ho ba le mekhoa e metle ea ho ithuta Bibele ha ke sa ntse ke lokolohile, ho rapela kamehla ha ke ntse ke koaletsoe ke le mong, ho kopana le balumeli-’moho neng le neng ha ho khoneha le ho bolella ba bang seo ke se lumelang ha monyetla o mong le o mong o hlaha.”

Bofascista Hungary

Naha e ’ngoe eo ho eona Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa mamella ho khetholloa ka lilemo tse ngata, ke Hungary. Tse ling li ile tsa hlorisoa ke mebuso e meraro ea bohatelli. Mohlala o mong ke oa Ádám Szinger. Ádám o hlahetse Paks, Hungary, ka 1922, ’me a hōlisoa e le Moprostanta. Ka 1937, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa etela habo Ádám, ’me hang-hang o ile a thahasella molaetsa oa tsona. Seo a ileng a ithuta sona Bibeleng se ile sa mo kholisa hore lithuto tsa kereke ea hae li ne li sa tsoe ka Bibeleng. Ka hona o ile a tlohela Kereke ea Prostanta eaba o kopanela le Liithuti Tsa Bibele tšebeletsong ea tsona ea phatlalatsa.

Bofascista bo ne bo ipha matla Hungary. Ka makhetlo a mangata mapolesa a ile a bona Ádám a ntse a bolela ka ntlo le ntlo ’me a mo tšoara hore a mo hlome lipotso. Ho hatelloa ha Lipaki ho ile ha tota, ’me ka 1939 mosebetsi oa tsona o ile oa thibeloa. Ka 1942, Ádám o ile a tšoaroa, a isoa chankaneng ’me a otloa habohloko. Ke eng se ileng sa mo thusa hore a le lilemo li 19 a mamelle mahloriso ka likhoeli tse ngata chankaneng? “Ha ke ntse ke le lapeng, ke ile ka ithuta Bibele ka hloko ’me ka utloisisa merero ea Jehova.” Ádám o ile a qetella a kolobelitsoe e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova ka mor’a ho lokolloa chankaneng. O ile a kolobelletsoa lefifing ka August 1942, nōkeng e haufi le habo.

Chankana Hungary, Kampo ea Mosebetsi o Boima Serbia

Khabareng, ntoeng ea bobeli ea lefatše, Hungary e ile ea ikopanya le Jeremane ho hlasela Soviet Union, ’me nakong ea hoetla ka 1942, Ádám a bitsetsoa sesoleng. O re: “Ke ile ka bolela hore nke ke ka kenela sesole ka lebaka la seo ke ithutileng sona Bibeleng. Ke ile ka hlalosa hore ha ke jele paate.” O ile a ahloleloa lilemo tse 11 chankaneng. Empa Ádám ha aa ka a lula nako e telele Hungary.

Ka 1943, Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 160 li ile tsa bokelloa, tsa hlohleloa likepeng ’me likepe tseo tsa tsamaea Nōkeng ea Danube ho ea Serbia. Ádám o ne a le har’a tsona. Batšoaruoa bana ha ba fihla Serbia ba ile ba e-ba taolong ea ’Muso oa Boraro oa Hitler. Ba ile ba koalloa kampong ea mosebetsi o boima Bor ’me ba qobelloa ho sebetsa morafong oa koporo. Hoo e ka bang selemo hamorao, ba ile ba khutlisetsoa Hungary, moo Ádám a ileng a lokolloa ke masole a Soviet Union nakong ea selemo ka 1945.

Hungary Taolong ea Makomonisi

Ba ile ba lokoloha ka nakoana. Lilemong tse qetellang tsa bo-1940, balaoli ba Makomonisi ba Hungary ba ile ba thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova feela joalokaha Mafascista a ne a entse pele ho ntoa. Ka 1952, Ádám eo ka nako eo a neng a le lilemo li 29 ebile a se a nyetse ’me a e-na le bana ba babeli, o ile a tšoaroa ’me a qosoa ha a boetse a hana ho kenela sesole. Ádám o ile a hlalosetsa lekhotla a re: “Lena hase lekhetlo la pele ke hana ho kenela sesole. Nakong ea ntoa ke ile ka koalloa chankaneng ’me ka lelekeloa Serbia ka lona lebaka lena. Ke hana ho kenela sesole ka lebaka la letsoalo la ka. Ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me ke tla lula ke sa jele paate lipolotiking.” Ádám o ile a ahloleloa lilemo tse robeli chankaneng, hamorao li ile tsa fokotsoa hore e be tse ’nè.

Ádám o ile a ’na a khetholloa ho fihlela bohareng ba lilemo tsa bo-1970, e leng lilemo tse fetang 35 ka mor’a hore Liithuti Tsa Bibele li etele habo ka lekhetlo la pele. Nakong ena eohle o ile a ahloleloa lilemo tse 23 chankaneng ke makhotla a tšeletseng, ’me bonyane o ile a ba lichankaneng le likampong tse leshome. O ile a mamella mahloriso ka mor’a mahloriso mebusong e meraro—e leng oa Bofascista Hungary pele ho ntoa ea bobeli ea lefatše, oa Bonazi oa Jeremane Serbia le oa Bokomonisi Hungary nakong ea ntoa ea mantsoe.

Ádám o ntse a lula motseng oa habo oa Paks, ’me o ntse a sebeletsa Molimo ka botšepehi. Na o na le matla a mohlolo a mo thusitseng hore a mamelle mathata ka katleho e kaale? Che. O re:

“Ho ithuta Bibele, ho rapela le ho kopana le Bakreste ba bang e ne e le tsa bohlokoa. Empa ho na le lintho tse ling tse peli tseo ke batlang ho li totobatsa. Ea pele ke hore Jehova ke Mohloli oa matla. Ke thusitsoe ke ho ba le kamano e haufi le eena. Ea bobeli ke hore ke ile ka lula ke hopotse mantsoe a ho Baroma khaolo ea 12, a reng: ‘Le se ke la iphetetsa.’ Ka hona ha ho mohla nkileng ka koetla sekhopi. Ho na le menyetla e mengata e ileng ea hlaha ea hore ke iphetetse ho ba neng ba ntlhorisa, empa ha kea ka ka iphetetsa. Ha rea lokela ho sebelisa matla ao Jehova a re fang ’ona ho busetsa bobe ka bobe.”

Ho Fela ha Mahloriso

Hona joale Frieda le Ádám ba khona ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi. Leha ho le joalo, liphihlelo tsa bona li bontša eng ka ho hlorisetsoa bolumeli? Li bontša hore ho hlorisoa joalo ha ho atlehe—haholo haeba ho etsoa ho Bakreste ba ’nete. Ho hlorisa Lipaki Tsa Jehova ho ile ha hloka chelete e ngata ’me ha baka sehlōhō, empa ho ile ha hlōleha. Kajeno, Lipaki Tsa Jehova lia ata Europe moo ho kileng ha busa mebuso e ’meli e meholo ea bohatelli.

Lipaki li ile tsa itšoara joang ha li hlorisoa? Joalokaha liphihlelo tsa Frieda le Ádám li bontša, li ile tsa sebelisa keletso ea Bibele e reng: “U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.” (Baroma 12:21) Na ka sebele botle bo ka hlōla bobe? E, ha bo thehiloe tumelong e matla ho Molimo. Ho hlōla mahloriso ha Lipaki Tsa Jehova Europe e ne e le ho hlōla ha moea oa Molimo, e leng pontšo ea matla a ho etsa botle a tumelo e hlahisoang ke moea o halalelang ho Bakreste ba ikokobelitseng. (Bagalata 5:22, 23) Lefatšeng lena le mabifi la kajeno, ena ke thuto eo bohle re lokelang ho e nahana ka botebo.

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Frieda Jess (hona joale ke oa ha Thiele) ha a ne a tšoaroa le hona joale

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Ádám Szinger ha a ne a tšoaroa le hona joale

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela