Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 3/1 maq. 30-31
  • Pono e Loketseng ea Bibele ka Bohlooho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pono e Loketseng ea Bibele ka Bohlooho
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Karolo ea Jesu Kreste
  • Karolo ea Monna
  • Karolo ea Mosali
  • Melemo ea Bohlooho
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 3/1 maq. 30-31

Pono e Loketseng ea Bibele ka Bohlooho

MOLAO-MOTHEO oa bohlooho o ile oa totobala ha ho ne ho bōptjoa batho ba pele. Motho o ile a etsoa ka setšoantšo sa Molimo, ’me o ne a e-na le boikhethelo. O ne a lokolohile ho khetha botle kapa bobe. Ha a ne a mamela ’Mōpi oa hae ka boithatelo le ka lerato, o ne a tla tlisetsa Molimo thoriso le tlhompho. Ka kelello e hlaphohileng o ne a ka rorisa Molimo bakeng sa makhabane a Hae a babatsehang ’me a tšehetsa bobusi ba Hae.

Empa bolokolohi ba Adama bo ne bo e-na le meeli; o ne a sa lokoloha ka ho feletseng. O ne a tla tsoela pele a phela ka thabo hafeela a amohela bobusi ba Jehova. Sena se ile sa totobatsoa ke sefate sa tsebo ea botle le bobe seo Adama a neng a thibetsoe ho ja litholoana tsa sona. Ho li ja ho ne ho tla bontša ho se mamele, e leng ho fetohela bobusi ba Molimo.—Genese 2:9, 16, 17.

Le kajeno ke habohlokoa hore barapeli ba Molimo ba utloisise pono ea hae ka bohlooho. Molao-motheo oa bohlooho o boletsoe ho 1 Bakorinthe 11:3 e reng: “Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.”

Karolo ea Jesu Kreste

Joaloka hlooho ea phutheho ea Bokreste, Jesu Kreste o na le matla a ho etsa liqeto tse e amang ’me o na le tokelo ea ho e laola. (Baefese 5:23) Empa bohlooho ba hae bo boetse bo mo tlama hore a phethe mosebetsi oa ho hlokomela phutheho le ho ikarabella bakeng sa liqeto tseo a li etsang.

Kamehla Jesu Kreste o ’nile a etsa lintho tumellanong le molao-motheo oa bohlooho, a bontša ka mantsoe le ka liketso hore o amohela bohlooho ba Ntat’ae. Esita le ka mor’a ho busa lefatše ka lilemo tse sekete, o tla bontša hore o amohela bohlooho bo akaretsang ba Jehova ka ho busetsa ’Muso ho Jehova, a “ipeha tlas’a Ea ileng a beha lintho tsohle tlas’a hae, e le hore Molimo e ka ba lintho tsohle ho e mong le e mong.”—1 Bakorinthe 15:24-28; Bafilipi 2:5-8.

Karolo ea Monna

Le hoja monna e le hlooho ka lapeng, ha a itaole ’me o ntse a e-na le “hlooho.” O tlameha ho latela litaelo le mohlala oa hlooho ea hae e leng Kreste. (1 Johanne 2:6) Sena ha se ame feela litaba tsa bolumeli, empa se ama le litaba tse ling tsa hae.

Ka mohlala, haeba a e-na le lelapa, ka lebaka la ho hlompha hlooho ea hae Kreste o lokela ho mamela keletso ea hore a lule le mosali oa hae ka tsebo, ‘a mo abele tlhompho joaloka sejana se fokolang haholo.’ O boetse o lokela ho ikitlaelletsa ho koetlisa bana ba hae hantle.—1 Petrose 3:7; Baefese 6:4.

Kaha monna o bōpiloe pele, o fuoe boikarabelo ba ho laola mosali. (1 Timothea 2:12, 13) Mosali o entsoe ka khopo e nkiloeng ho monna. (Genese 2:22, 23) Mosali o ile a bōptjoa ka lebaka la monna, ’me monna ha aa ka a bōptjoa ka lebaka la mosali. (1 Bakorinthe 11:9) Ka lebaka leo, tokisetsong ea Molimo ea lelapa, kamehla mosali o lokela ho ikokobelletsa monna ’me a se ke a iphamolela matla a hae. (Baefese 5:22, 23) Hape, phuthehong ea Bokreste mosali ha aa lokela ho ruta banna ba inehetseng ’me ha aa lokela ho ba laola.—1 Timothea 2:12.

Har’a Baheberu ba bang ba boholo-holo boemo bo phahameng ba monna ka lapeng le lelokong la habo bo ne bo nkoa e le ba bohlokoa. Sara o ne a ikokobelitse, a bitsa Abrahama “morena,” ’me o buuoa hantle ka lebaka la ho hlompha bohlooho ba monna oa hae.—Genese 18:12; 1 Petrose 3:5, 6.

Karolo ea Mosali

Mehleng ea boholo-holo ho na le maemo ao ho ’ona ho neng ho hlokahala hore mosali a roale ho bontša boikokobetso. (Genese 24:65) Ha moapostola Pauluse a tšohla tokisetso ea bohlooho ka phuthehong ea Bokreste, o ile a re haeba mosali a rapela kapa a profeta ka phuthehong, o lokela ho roala hobane o etsa seo Molimo a se abetseng monna.

Ha ka nakoana a etsa lintho tsena kahobane ho se monna ea inehetseng oa Mokreste ea ka li etsang, esita leha a e-na le moriri o moholo, ha aa lokela ho beha lebaka la hore moriri oa hae o moholo o lekane ho bontša hore oa ikokobetsa. Ho e-na le hoo, liketso tsa hae li lokela ho bontša hore oa ikokobetsa ’me o amohela bohlooho ba monna. Mosali oa Mokreste o etsa sena ka ho roala e le “pontšo ea ho laeloa.”—1 Bakorinthe 11:5-16.

Sena se lokela ho etsoa “ka lebaka la mangeloi,” a shebileng liketso tsa Bakreste le a amehileng ka phutheho ea Bokreste kahobane a e sebeletsa. Ha mosali oa Mokreste a roala ka mabaka a Mangolo, o amohela tokisetso ea Molimo ea bohlooho.—Baheberu 1:14.

Tlhophiso ena e loketseng ea puso ea Molimo ka phuthehong le ka lapeng ha e sitise mosali ho sebeletsa Molimo ebile ha e mo sitise ho phetha mesebetsi ea lelapa le boikarabelo ba lelapa. E mo fa bolokolohi bo feletseng le ba Mangolo ba ho phetha karolo ea hae, empa a ntse a khahlisa Molimo tumellanong le molao-motheo o reng: “Molimo o behile litho ’meleng, se seng le se seng sa tsona, feela joalokaha a khahliloe.”—1 Bakorinthe 12:18.

Basali ba bangata ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba e-na le litokelo tse babatsehang empa ba ntse ba amohela bohlooho ba banna ’me ba ile ba phela bophelo bo thabisang le bo khotsofatsang. Ba bang ba bona e ne e le Sara, Rebeka, Abigaile le basali ba Bakreste ba kang Prisilla le Fibi.

Melemo ea Bohlooho

Ho sebelisa bohlooho bo lumeletsoeng ho fa motho litokelo tse itseng, empa ho boetse ho akarelletsa mesebetsi e itseng kapa boikarabelo. Ka mohlala, monna ea sebelisang bohlooho o na le tokelo ea ho etsa liqeto le ho hlokomela lintho. Leha ho le joalo, o boetse o ikarabella bakeng sa lelapa la hae. O na le boikarabelo bo ka sehloohong ba ho hlokomela lelapa la hae ka lintho tse hlokahalang nameng le moeeng.—1 Timothea 5:8.

Monna oa Mokreste o sebelisa bohlooho ba hae ka bohlale, o rata mosali oa hae joalokaha a ithata. (Baefese 5:33) Jesu Kreste o sebelisa bohlooho ba hae phuthehong ea Bokreste ka tsela ena. (Baefese 5:28, 29) Joaloka hlooho ho bana ba hae, ntate ha aa lokela ho ba halefisa empa o lokela ho ba hōlisa “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baefese 6:4.

Joaloka balisa ba mohlape oa Molimo, “banna ba baholo” ka phuthehong ea Bokreste ha baa lokela ho rena holim’a “linku” tsa Molimo empa ba lokela ho hopola hore ba ka tlas’a Jesu Kreste le Jehova Molimo. (1 Petrose 5:1-4) Bakreste, e leng balateli ba Jesu Kreste, le bona ba amohela bohlooho bo phahameng ka ho fetisisa ba Jehova, ba lebisa lithapelo tsa bona ho eena ’me ba amohela hore ke Ntate le Molimo Ea Matla ’Ohle.—Matheu 6:9; Tšenolo 1:8.

Ka sebele, ho sebelisa bohlooho ba Mangolo ka ho loketseng ho tlisetsa batho melemo. Khotso le tumellano tse bang teng li tlisa thoriso ho ’Mōpi oa batho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela