Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 5/15 leq. 32
  • Khetha Bophelo bo sa Feleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khetha Bophelo bo sa Feleng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 5/15 leq. 32

Khetha Bophelo bo sa Feleng

KAJENO ho feta leha e le neng pele, batho ba na le lintho tse ngata tseo ba khethang ho tsona. Ka mohlala, hangata re ikhethela liaparo, lijo, mosebetsi le moo re lulang teng. Libakeng tse ngata tsa lefatše, ho boetse ho tloaelehile ho ikhethela molekane. Leha ho le joalo, Bibele e fana ka khetho e fetang tsohle—’me e bulehetse batho bohle.

Bibele e re: “Ea emang a tiile bakeng sa ho loka o mocheng oa bophelo, empa ea lelekisang se sebe o mocheng oa lefu la hae.” (Liproverbia 11:19) Jesu Kreste eena o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

E, ’Mōpi oa rōna o re file monyetla oa ho khetha tsela e ka re isang bophelong bo sa feleng! Re lokela ho etsa’ng hore re fumane bophelo bo sa feleng?

Ho ea ka Bibele, “tseleng ea ho loka ho na le bophelo.” (Liproverbia 12:28) Re ka ba har’a ba lokileng ba tseleng e isang bophelong bo sa feleng. Joang? Ka ho etsa bonnete ba hore bophelo ba rōna bo lumellana le thato ea Molimo le litaelo tsa hae. (Matheu 7:13, 14) Kahoo, e se eka re ka etsa khetho e nepahetseng ’me ra fumana mpho ea Molimo ea bophelo bo sa feleng.—Baroma 6:23.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela