Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 6/15 maq. 8-11
  • Ho Sebeletsa Sehlopha se Buang Puo e Ikhethang Korea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebeletsa Sehlopha se Buang Puo e Ikhethang Korea
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Ba Qalile ba Fokola
  • Bacha ba Itlhahisa ka ho Rata
  • Ho Sebetsa Har’a Litholo
  • Bopaki bo sa Reroang Boa Atleha
  • Boikemisetso Boa Putsoa
  • Ho Fetolela Bakeng sa Litholo
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 6/15 maq. 8-11

Ho Sebeletsa Sehlopha se Buang Puo e Ikhethang Korea

LEHLABULENG la 1997, sehlopha se thabileng haholo empa se sa tlatsa lerata se ile sa khobokana kopanong ea setereke ea Lipaki Tsa Jehova. Ena e ne e le kopano ea pele ea mofuta oa eona Korea bakeng sa litholo le ba sa utloeng hantle litsebeng. Tlhōrō ea palo ea ba bileng teng e bile 1 174. Bakeng sa lenaneo lohle—ho kopanyelletsa lipuo, lipuisano le tšoantšiso—ho ne ho sebelisoa Puo ea Matsoho ea Korea ’me lenaneo le ile la bontšoa ho screen se seholo se bonoang ke bohle Holong ea Kopano. Kopano ena e ne e le sehlohlolo sa mosebetsi o boima o entsoeng ke baithaopi ba bangata ka lilemo tse ngata.

Lefatšeng le fetotsoeng paradeise, ho tla ba le nako eo ka eona ‘mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li bulehe.’ (Esaia 35:5) Bakeng sa hore motho e mong le e mong a phele Paradeiseng eo, le haeba e le setholo, ho hlokahala hore pele a be paradeiseng ea moea, e leng boemo ba nala ea moea ba batho ba thabileng ba Molimo. Ho hlokahala hore e be Paki ea Jehova e inehetseng, e kolobelitsoeng le e rutoang ke eena.—Mikea 4:1-4.

Ba Qalile ba Fokola

Le hoja litholo li ile tsa pakeloa lilemong tsa bo-1960, ke lilemong tsa bo-1970 ha litholo tse seng kae li qala ho ba teng libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova Seoul, motse-moholo oa Korea. Mora e mong oabo rōna oa Mokreste ea neng a ngola kapele o ne a ngolla letlapeng lintlha tsa bohlokoa ha ho fanoa ka lipuo, ho kopanyelletsa le litemana tsa Bibele tse neng li baloa.

Ka 1971 motseng oa Taejon, Paki e ’ngoe e neng e e-na le mora oa setholo e ile ea qala ho ruta mora enoa hammoho le metsoalle ea hae ea litholo molaetsa oa ’Muso. Sehlopheng sena ho tsoile batho ba ’maloa ba chesehang bao hona joale e leng mokokotlo tšimong ea puo ea matsoho.—Zakaria 4:10.

Bacha ba Itlhahisa ka ho Rata

E le hore litholo li rue tsebo ka Jehova le ka Jesu ’me li be tseleng e eang bophelong, ho ne ho hlokahala hore baithaopi ba bang ba etse boiteko bo boholo haholo. (Johanne 17:3) Ka lebaka leo, Lipaki Tsa Jehova tse ngata li ithutile puo ea matsoho ’me li hlohonolofalitsoe ka liphihlelo tse enneng.

Park In-sun ea lilemo li 15 o ile a iketsetsa pakane ea ho ithuta puo ea matsoho. E le hore a atlehe, o ile a sebetsa a bile a ntse a ithuta mosebetsi femeng e neng e hirile sehlopha sa litholo tse 20. O ile a sebetsa haufi le tsona ka likhoeli tse robeli e le hore a tle a ithute puo ea matsoho le tsela eo litholo li nahanang ka eona. Selemong se latelang e ile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla, kapa ’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng, a sebetsa le sehlopha sa litholo tse neng li thahasella ’nete ea Bibele. Sehlopha sena se ile sa hōla kapele, ’me ka mor’a nako e khutšoanyane litholo tse fetang 35 li ne li tla libokeng tsa Sontaha.—Pesaleme ea 110:3.

Ka mor’a moo, ka lekhetlo la pele Seoul, ho ile ha e-ba le liboka tsa Bokreste tse neng li tšoaroa ka puo ea matsoho feela. Mor’abo rōna Park In-sun e ile ea e-ba pula-maliboho ea khethehileng sehlopheng sena se hōlang. Ka nako ena o ne a se a tseba puo ea matsoho hantle. Ka likhoeli tse ling o ne a khannela litholo tse 28 lithuto tsa lehae tsa Bibele. Bongata ba tsona bo ile ba hatela pele ’me ba fetoha Lipaki Tsa Jehova.

Ka lebaka la mosebetsi ona oa boithaopo o etsoang ka mafolofolo, phutheho ea pele ea puo ea matsoho Seoul e ile ea thehoa ka October 1976, e e-na le bahoeletsi ba 40 le bo-pula-maliboho ba babeli ba kamehla. Sena se ile sa potlakisa mosebetsi metseng e meng ea Korea. Litholo tse ling tse ngata li ne li lapetse litaba tse molemo ’me li batla ho eteloa.

Ho Sebetsa Har’a Litholo

Mohlomong u ntse u ipotsa hore na ebe litholo li ile tsa fumanoa joang. Tse ngata li fumanoe ka ho kōpa batho hore ba re fe mabitso a tsona. Re ile ra boela ra buisana le bo-ramabenkele a raese sebakeng ka seng, ’me ba fana ka mabitso le liaterese tsa litholo. Liofisi tse ling tsa ’muso li ile tsa fana ka boitsebiso bona. Tšimo eo litholo li lulang ho eona e ile ea sebetsoa ka mafolofolo hoo hamorao ho ileng ha thehoa liphutheho tse ’nè tsa puo ea matsoho. Bacha ba bangata ba Bakreste ba ile ba khothalletsoa ho ithuta puo ea matsoho.

Ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e ile ea abela basebeletsi ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ithutileng puo ea matsoho hore ba sebetse liphuthehong tsena. Morao tjena, liithuti tse qetileng Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi li ile tsa abeloa ho ba liphuthehong tsena ’me li li matlafalitse moeeng.

Mathata ’ona a teng. Ho sebeletsa tšimong ena ho hloka hore motho a etse boiteko ba ho utloisisa tsela eo litholo li nahanang le ho etsa lintho ka eona. Ke batho ba sa pateng maikutlo a bona le ba nkang khato ka potlako. Ka linako tse ling sena se makatsa batho ba bang ’me se ka ’na sa etsa hore ba etse liqeto tse fosahetseng. Ho feta moo, ha Lipaki li khannela litholo lithuto tsa lehae tsa Bibele, ho hlokahala hore li li thuse hore li tsebe puo ea tsona hantle ’me li li khothaletse ho bala le ho ithuta ka ho eketsehileng.

Mesebetsing ea tsona ea letsatsi le letsatsi, litholo li tobana le mathata ao boholo a tsejoang ke tsona feela. Hangata puisano e ba boima liofising tsa ’muso le ngakeng, esita le ha li reka lintho tse nyenyane. Ka phuthehong ea Bokreste litholo li fumane bara babo tsona ba ’nete ka lebaka la hore Lipaki tse tsoang liphuthehong tse haufinyane li li thusa ka lerato.—Johanne 13:34, 35.

Bopaki bo sa Reroang Boa Atleha

Pusan, e leng motse o moholo o ka boroa oa boema-kepe Korea, Paki e ile ea kopana le litholo tse peli tse ileng tsa ngola sena pampiring: “Re rata Paradeise. Re batla ho tseba mangolo a buang ka bophelo bo sa feleng.” Mor’abo rōna o ile a ngola aterese ea tsona ’me a rera ho li etela. Mohlang a li etelang, o ile a fumana ntlo e tletse litholo tse emetseng ho utloa molaetsa oa ’Muso. Phihlelo ena e ile ea mo susumelletsa hore a qale ho ithuta puo ea matsoho. Hang ka mor’a moo ho ile ha thehoa phutheho ea puo ea matsoho Pusan.

Mor’abo rōna ea tsoang phuthehong ena o ile a bona litholo tse peli li buisana ’me a li atamela. Ha a fumana hore li tsoa kerekeng, o ile a li memela Holong ea ’Muso ka hora ea bobeli motšehareng oo. Li ile tsa fihla, ’me ha qaloa thuto ea Bibele. Nakoana ka mor’a moo, litholo tsena tse peli li ile tsa ea kopanong ea setereke le metsoalle ea tsona e 20 ea litholo. Ho tsoa sehlopheng seo, litholo tse ngata li nehetse bophelo ba tsona ho Jehova. Tse peli ke baholo ba phutheho ’me se le seng ke mohlanka ea sebeletsang liphuthehong tsa puo ea matsoho.

Boikemisetso Boa Putsoa

Kaha litholo tse ling li lula hōle haholo le phutheho ea puo ea matsoho, hangata ho hlokahala boiteko bo matla le boikemisetso e le hore kamehla li fumane lijo tsa moea tse tsoang Bibeleng. Mohlala ke monna ea lilemo li 31, ea phelang ka ho tšoasa litlhapi sehlekehlekeng. O ile a bolelloa molaetsa oa Bibele ke moen’ae ea neng a buisane le Lipaki Tsa Jehova. E le hore monna enoa oa setholo ea tšoasang litlhapi a fumane lijo tsa moea, o ne a tsamaea lik’hilomithara tse 16 ka sekepe ho ea Motseng oa Tongyoung o lebōpong le ka boroa Korea. O ne a etsa sena e le hore a tle a kopane le pula-maliboho ea khethehileng ea phuthehong ea puo ea matsoho e Motseng oa Masan. Mantaha o mong le o mong, pula-maliboho enoa ea khethehileng o ne a nka leeto la lik’hilomithara tse 65 ho ea khanna thuto ea Bibele le monna enoa oa setholo ea tšoasang litlhapi.

E le hore seithuti sena sa Bibele sa setholo se be teng sebokeng sa Sontaha Motseng oa Masan, se ne se lokela ho tsamaea lik’hilomithara tse 16 ka sekepe ebe se palama bese lik’hilomithara tse ling tse 65. Boikemisetso ba sona bo ile ba atleha. Ka likhoeli tse seng kae, se ile sa ntlafatsa tsebo ea sona ea puo ea matsoho, sa ithuta litlhaku tse eketsehileng tsa Sekorea, ’me ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore se ile sa ithuta tsela eo e leng eona feela ea ho haha kamano le Jehova. Ha se hlokomela bohlokoa ba liboka le ho paka kamehla, se ile sa fallela tšimong ea phutheho ea puo ea matsoho. Na ho ne ho le bonolo ho etsa see? Che. Se ile sa lokela ho tlohela mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi o neng o se fa chelete e fihlang ho R32 400 ka khoeli, empa boikemisetso ba sona bo ile ba putsoa. Ka mor’a ho hatela pele ’neteng, se ile sa kolobetsoa ’me hona joale se sebeletsa Jehova le lelapa la sona.

Ho Fetolela Bakeng sa Litholo

Hangata litaba tse molemo tsa ’Muso li fetisoa ka molomo. Leha ho le joalo, e le hore molaetsa oa Lentsoe la Molimo o fetisoe ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane, ho hlokahala hore thuto ea Bibele e fetisoe ka ntho e ngotsoeng fatše. Ke ka lebaka leo lekholong la pele la lilemo, banna ba hōlileng ba nang le phihlelo ba neng ba ngola libuka le mangolo. (Liketso 15:22-31; Baefese 3:4; Bakolose 1:2; 4:16) Mehleng ea rōna, ho fanoe ka lijo tse ngata tsa moea ho sebelisoa libuka le lingoliloeng tse ling tsa Bokreste. Li fetoletsoe ka lipuo tse makholo, ho kopanyelletsa le lipuo tse fapa-fapaneng tsa matsoho. Bakeng sa Puo ea Matsoho ea Korea, ofisi ea lekala e na le lefapha la phetolelo la puo ea matsoho. Lefapha la livideo le etsa livideo tsa puo ea matsoho. Sena se etsa hore baboleli ba litaba tse molemo ba litholo hammoho le batho ba thahasellang ba liphuthehong tsohle tsa Korea ba fumane lijo tsa moea.

Le hoja ba bangata ba tseba puo ea matsoho hantle ’me ba thusitse hore ho etsoe livideo, hangata bafetoleli ba molemo ka ho fetisisa ke bana bao batsoali ba bona e leng litholo. Ba ithutile puo ea matsoho ho tloha boseeng. Ha ba sebelise puo ea matsoho ka tsela e nepahetseng feela empa hape ba etsa hore molaetsa o be le moelelo o tebileng le o matla ka boitšisinyo ba bona ba ’mele le sefahleho, ’me sena se etsa hore ba finyelle pelo le kelello.

Joalokaha ho boletsoe, hona joale kamehla ho tšoaroa likopano tse khōlō le tse nyenyane ka puo ea matsoho Korea. Ho hlokahala mosebetsi o mongata, litšenyehelo le boiteko ho finyella sena. Leha ho le joalo, ba bang teng ho tsona ba ananela tokisetso ena. Ha likopano li fela, ba bangata ha ba tsamaee kapele, ba batla hore ba ntšetse pele botsoalle bo hahang le ho qoqa ka lijo tsa bohlokoa tsa moea tseo ba li fumaneng. Ha ho pelaelo hore ho sebeletsa sehlopheng sena se ikhethang ho na le mathata a itseng, empa litlhohonolofatso tsa moea li etsa hore ho be monate.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Livideo tse etsoang Korea: “Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?” “Ho Ananela Lefa la Rōna la Moea,” “Mehlala e Lemosang Mehleng ea Rōna” le “Hlompha Bolaoli ba Jehova”

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Ho qala tlaase ho nyolohela ka ho le letona: Ho etsoa video ea puo ea matsoho lekaleng la Korea; ho etsoa matšoao a emelang mantsoe a sebelisoang litabeng tsa puso ea Molimo; sehlopha sa bafetoleli ba puo ea matsoho; motho ea sebelisang puo ea matsoho o fuoa litaelo nakong ea ha ho etsoa video

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela