Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 8/1 maq. 23-27
  • Ho Thaba eo Molimo oa Hae e Leng Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thaba eo Molimo oa Hae e Leng Jehova
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Utloa ’Nete ea Bibele
  • Ho Atolosa Tšebeletso ea Ka ho Jehova
  • Ke Ile ka Amohela Mosa o sa Tšoanelang oa Jehova
  • Jehova o Etsa Hore e Hōle Karolong e ka Leboea
  • Ho Khutlela Canada
  • “Mosa oa Hao o Lerato o Molemo ho Feta Bophelo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ke ile ka Thabela ho Ithuta le ho Ruta ba Bang ka Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ho Etsa Liqeto Tse Nepahetseng ho Ntliselitse Melemo Bophelong Bohle ba Ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • ‘Litekanyo li Ntšehetse Libakeng tse Monate’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 8/1 maq. 23-27

Pale ea Bophelo

Ho Thaba eo Molimo oa Hae e Leng Jehova

JOALOKAHA HO BOLETSE TOM DIDUR

Ho ne ho se ho hiriloe holo ea sechaba. Ho ne ho lebeletsoe hore batho ba ka bang 300 ba be teng kopanong e neng e tlil’o tšoareloa Porcupine Plain, Saskatchewan, Canada. Ka Laboraro lehloa la qala ho khetheha, ’me ka Labohlano ha be ho e-na tšeole ho thibile hohle motho a sa khone ho bona letho. Serame se ne se theohetse ka tlaase ho ntlha-khoamo ka likhato tse 40 tsa Celsius. Batho ba 28 ba ile ba e-ba teng, ho akarelletsa le bana ba seng bakae. Ena e ne e le kopano ea ka ea pele ke le molebeli oa potoloho, ’me ke ne ke le lilemo li 25, ke tšohile. Pele ke u bolella se ileng sa etsahala, e-re ke u phetele hore na ho tlile joang hore ke thabele tokelo ena e ikhethang ea tšebeletso.

KE OA bosupa baneng ba robeli, re bashemane feela. E moholo ke Bill, o hlahlangoa ke Metro, John, Fred, Mike le Alex. ’Na ke hlahile ka 1925, ’me Wally ke oa ho fela. Re ne re lula haufi le motse oa Ukraina, Manitoba, moo batsoali ba ka, Michael le Anna Didur, ba neng ba e-na le polasi e nyenyane teng. Ntate o ne a sebetsa litereneng a hlokomela karolo e itseng ea seporo. Kaha letikiri le ka thōko ho seporo le bileng le leng hōle le motse e ne e se sebaka se loketseng bakeng sa ho hōlisa lelapa le leholo, re ile ra sala polasing. Boholo ba nako Ntate o ne a ba sieo hae, kahoo ’Mè a tlameha ho re hōlisa. Nako le nako, o ne a qeta beke kapa ho feta a le sieo hae a le ho Ntate, empa o ne a tiisa hore re ithuta ho pheha, ho baka le ho etsa mesebetsi e meng ea lelapa. ’Me kaha re ne re le litho tsa Kereke ea K’hatholike e Greece, e ’ngoe ea lintho tseo ’Mè a ileng a re koetlisa ho li etsa re sa le banyenyane e bile ho ithuta lithapelo ka hlooho le ho kopanela lineanong tse itseng.

Ho Utloa ’Nete ea Bibele

Ho labalabela ha ka ho utloisisa Bibele ho ile ha qala ke sa le mocha. Moahelani e mong, eo e neng e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ne a atisa ho re etela lapeng ho tla re balla litemana tse itseng tsa Bibele tse buang ka ’Muso oa Molimo, Armagedone le ka litlhohonolofatso tsa lefatše le lecha. ’Mè o ne a sa thahaselle seo a se buang, empa molaetsa oa hae o ile oa khahla Mike le Alex. Ha e le hantle, seo ba ileng ba ithuta sona se ile sa ba susumelletsa ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše. Ka lebaka la seo Mike o ile a ahloleloa ho hlola chankaneng nako e se kae, ha Alex eena a ile a isoa kampong ea mosebetsi o boima Ontario. Ha nako e ntse e ea, Fred le Wally le bona ba ile ba amohela ’nete. Empa baholoane ba ka ba bang ba bararo bona ha baa ka ba e amohela. ’Mè o ile a qeta lilemo tse ’maloa a hanyetsa ’nete, empa hamorao a re makatsa bohle ha a khetha ho emela Jehova. O ile a kolobetsoa a le lilemo li 83. ’Mè o shoele a le lilemo li 96. Ntate le eena o ne a thabela ’nete pele a e-shoa.

Ha ke le lilemo li 17, ke ile ka ea Winnipeg ho ea batla mosebetsi le ho kopanela le ba neng ba ka nthusa ho ithuta Bibele. Ka nako eo Lipaki Tsa Jehova li ne li thibetsoe, empa liboka li ne li tšoaroa kamehla. Seboka sa pele seo ke ileng ka ea ho sona se ne se tšoaretsoe ha motho. Kaha ke ne ke hōletse tumelong ea K’hatholike ea Greece, qalong seo ke neng ke se utloa se ne se makatsa. Leha ho le joalo, ke ile ka qala ho utloisisa butle-butle hore na ke hobane’ng ha tokisetso ea hore ho be le baruti le balumeli ba tloaelehileng e se ea Mangolo le hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa amohele ha baruti ba hlohonolofatsa ntoa. (Esaia 2:4; Matheu 23:8-10; Baroma 12:17, 18) Ke ne ke utloa ho phela lefatšeng la Paradeise e le ntho e ka etsahalang le e utloahalang ho fapana le ho ea phela ka ho sa feleng sebakeng se itseng se hōle.

Ke kholisehile hore sena ke ’nete, ke ile ka inehela ho Jehova ’me ka kolobetsoa ka 1942, Winnipeg. Ka 1943 ho ile ha tlosoa thibelo e neng e behetsoe Lipaki Tsa Jehova, Canada, ’me mosebetsi oa boboleli oa ipha matla. ’Nete ea Bibele le eona e ne e ntse e teba pelong ea ka. Ke ile ka ba le tokelo ea ho sebeletsa ke le mohlanka ka phuthehong le ho kopanela phutuhong ea liboka tsa phatlalatsa le ho sebetsa tšimo e sa abuoang. Ho ea likopanong tse khōlō United States, ho ile ha tlatsetsa haholo ho tsoeleng pele ha ka moeeng.

Ho Atolosa Tšebeletso ea Ka ho Jehova

Ka 1950, ke ile ka ngolisetsa ho sebeletsa ke le pula-maliboho, ’me ka December selemong sona seo, ka kōpuoa ho sebeletsa ke le molebeli oa potoloho. Ke ile ka fuoa monyetla oa hore mor’eso ea nang le phihlelo le ea tšepahalang, e leng Charlie Hepworth, a nkoetlise haufi le Toronto. Ke ile ka boela ka thabela ho qeta beke ea ka ea ho qetela ea koetliso ke e-na le moholoane Alex, ea neng a se a ntse a potoloha Winnipeg.

Ha ke lebale kopano ea ka ea pele ea potoloho, e hlalositsoeng sethathong. Joalokaha ho ka lebelloa, ke ne ke tšoenyehile ka se tla etsahala. Empa molebeli oa rōna oa setereke, e leng Mor’abo rōna Jack Nathan, o ile a re boloka re phathahane ’me re thabile. Re ile ra akaretsa lintlha tsa lenaneo la kopano le ba neng ba le teng. Ka bomong ra pheta liphihlelo, ra itlhakisetsa ho fana ka linehelano tsa ntlo le ntlo, ho etsa maeto a ho boela le ho bontša kamoo lithuto tsa mahae tsa Bibele li ka khannoang kateng. Ra bina lipina tsa ’Muso. Lijo e ne e le matletsetletse. Hoo e ka bang ka mor’a lihora tse ling le tse ling tse peli re ne re ja pie ka kofi. Ba bang ba ne ba robala libencheng ’me ba bang ba robala sethaleng, ha ba bang bona ba ne ba robala fatše. Ka Sontaha, le ile la emisa ho khetheha ho se hokae, kahoo ba 96 ba tla puong ea phatlalatsa. Phihlelo eo e ile ea nthuta ho mamella maemo a thata.

Kabelo ea ka e latelang ea potoloho e ile ea nkisa karolong e ka leboea ea Profinse ea Alberta, ea British Columbia le ea Yukon, e leng naha eo ho eona letsatsi le sa likeleng nakong e itseng ea selemo. Ho ne ho hlokahala mamello le masene ho tsamaea Tseleng e likoti ea Alaska ho tloha Dawson Creek, British Columbia, ho ea Whitehorse, Yukon (sebaka sa lik’hilomithara tse 1 477), u tsamaea u paka tseleng. Bothata-thata e ne e le lehloa le thelehang, matsoapo a thellang le ho se bone moo u eang ka lebaka la lehloa le khethehang.

Ke ile ka hlolloa ha ke bona tsela eo ’nete e fihlang ka eona Leboea le Hōle. Ka lekhetlo le leng, ’na le Walter Lewkowicz re ile ra fapohela ntlong e ’ngoe e nyenyane ea boemo bo itekanetseng haufi le Lower Post, British Columbia, Tseleng ea Alaska pel’a moeli oa Profinse ea Yukon. Re ile ra hlokomela hore ho na le motho ea lulang ntlong eo kaha re ile ra bona ka fensetere e nyenyane khanya e ntseng e paitsa. E ne e ka ba hora ea borobong ka phirimana ha re kokota monyako. Ho ile ha arabela lentsoe la monna la re re kene, ’me ra kena. Re ile ra hlolloa hakaakang ha re fumana monna-moholo a paqame betheng a ntse a bala makasine ea Molula-Qhooa! Ha e le hantle, o ne a tšoere tokollo ea morao ho feta eo re neng re e tsamaisa. O ile a re hlalosetsa hore o fumana mangolo a hae ka poso e tlang ka sefofane. Kaha e ne e se e le matsatsi a fetang robeli re tlohile phuthehong, re ne re e-s’o fumane limakasine tsa morao-rao. Monna eo o ile a re ke Fred Berg, ’me le hoja e ne e se e le lilemo tse ’maloa a e-na le peeletso, o ne a qala ho eteloa ke Lipaki Tsa Jehova. Fred o ile a re kōpa hore re robaletse. Re ile ra khona ho buisana le eena ka linnete tse ngata tsa Mangolo ra ba ra lokisetsa hore Lipaki tse ling tseo nako le nako li neng li feta sebakeng seo, li mo fapohele.

Ke ile ka sebeletsa lipotoloho tse tharo tse nyenyane ka lilemo tse ’maloa. Li ne li tloha Grande Prairie, Alberta, ka bochabela li leba Kodiak, Alaska, ka bophirimela, e leng sebaka sa lik’hilomithara tse 3 500.

Ke ile ka thabela ho fumana hore esita le libakeng tse hōle, feela joaloka libakeng tse ling tsohle, Jehova o bontša batho bohle mosa oa hae o sa tšoanelang le hore moea oa Molimo o susumetsa bao lipelo le likelello tsa bona li nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng. E mong oa batho ba joalo e ne e le Henry Lepine ea tsoang Dawson City, Yukon, e seng e bitsoa Dawson. Henry o ne a lula sebakeng se ka thōko. Ha e le hantle, o ne a e-s’o ka a tsoela ka ntle ho sebaka seo sa morafo oa khauta ka lilemo tse fetang 60. Leha ho le joalo, moea oa Jehova o ile oa susumetsa monna eo ea lilemo li 84 hore a tsamaee lik’hilomithara tse fetang 1 600 ho ea feela Anchorage e le hore a be teng kopanong ea potoloho, le hoja a ne a e-s’o ka a e-ea sebokeng sa phutheho. O ile a thabela lenaneo le botsoalle. Ha Henry a khutlela Dawson City, o ile a lula a tšepahala ho isa lefung. Ba bangata ba neng ba tseba Henry ba ile ba ipotsa hore na ke’ng se susumelitseng monna-moholo eo ho nka leeto le lelelele hakaalo. Ho labalabela ho tseba sena ho ile ha etsa hore maqheku a mang a ’maloa a amohele ’nete. Kahoo, Henry o ile a khona ho fana ka bopaki bo botle ka tsela e sa tobang.

Ke Ile ka Amohela Mosa o sa Tšoanelang oa Jehova

Ka 1955, ke ile ka thaba ha ke memeloa ho ba sehlopheng sa bo26 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Koetliso ena e ile ea ’matlafatsa tumelo le ho nthusa ho atamela haufi le Jehova. Ha ke e qeta, ke ile ka abeloa ho tsoela pele ka mosebetsi oa potoloho, Canada.

Ke ile ka sebeletsa profinseng ea Ontario ka nako e ka etsang selemo. Ka ntan’o abeloa ho boela karolong e khahlehang e ka Leboea. Ke sa ntsane ke hopola litsela tsela ha li thatika le matša a hlakileng, a phatsimang li bile li nyoloha matsaranka a lithaba tse koahetsoeng ke lehloa. Nakong ea lehlabula, lipalesa tsa naha tse mebala-bala li koahela liphula le makhulo. Moea e ba o khathollang le metsi e ba a hloekileng. Libere, liphiri, likhama, li-caribou le liphoofolo tse ling tsa naha li tsamaea ka bolokolohi tulong ea tsona.

Leha ho le joalo, Alaska e na le mathata a eona—eseng feela a boemo bo feto-fetohang ba leholimo empa le a ho arohana ha libaka tsa eona. Ke ne ke potoloha sebaka sa lik’hilomithara tse 3 200 ho tloha ka bochabela ho ea ka bophirimela. Ka nako eo, ho ne ho se na tokisetso ea hore molebeli oa potoloho a be le koloi. Barab’abo rōna ba sebakeng seo ba ne ba ithaopela ho ntsamaisa ka koloi ha ke tloha phuthehong e ’ngoe ke ea ho e ’ngoe. Empa ka linako tse ling ke ne ke tlameha ho kōpa bo-raliteraka kapa bahahlauli hore ba mpalamise.

Ke se ileng sa etsahala ka nako e ’ngoe Tseleng ea Alaska e pakeng tsa Tok Junction, Alaska le Mile 1202, kapa sebaka sa Scotty Creek. Liofisi tsa lekhetho libakeng tseo tse peli li ne li arohane sebaka sa lik’hilomithara tse 160. Ke ile ka feta ofisi ea lekhetho ea United States e Tok ’me ka fumana motho ea mpalamisang sebaka sa lik’hilomithara tse 50. Eaba ka mor’a moo ha ho sa na koloi e fetang, ’me ka qeta lihora tse ka bang leshome ke tsamaea sebaka se fetang lik’hilomithara tse 40. Ke ile ka tl’o utloa hamorao hore ha ke qeta ho feta ofising ea lekhetho, ho ile ha emisoa sephethephethe tseleng eo ka lebaka la lehloa le thelehileng thōkonyana le moo. Ka khitla serame sa theohela ka tlaase ho ntlha-khoamo ka likhato tse 23 tsa Celsius, ’me ho ne ho sa setse lik’hilomithara tse ka bang 80 hore ke fihle sebakeng se haufi se sireletsehileng. Ke ne ke tsielehile ke hloka feela moo nka sunyang hlooho teng hore ke phomole.

Ha ke ntse ke iqeka joalo, ke ile ka bona koloi e siiloeng kherehloa ka thōko ho tsela, e batla e koahetsoe ke lehloa hohle. Ka ipolella hore ha nka khona ho kena ka hare ’me ka robala setulong, ke tla phema serame seo sa bosiu. Ke ile ka khona ho tlosa lehloa le monyako hore ke bule, ka mpa ka fumana hore ka hare e se e setse e le tšepe feela. Ka lehlohonolo, ha ke theo-theosa ka tsela eo, ka bona ntlo e ’ngoe e se nang letho. Ka mor’a hore ke sokole ho kena le ho khantša mollo, ke ile ka khona ho phomola lihora li se kae. Hoseng, ka khona ho fumana motho ea mpalamisang ho ea sebakeng se haufi sa marobalo, moo ke ileng ka fumana ho eang ka maleng le ho oka menoana ea ka e tsoileng maqeba.

Jehova o Etsa Hore e Hōle Karolong e ka Leboea

Leeto la ka la pele Fairbanks e ile ea e-ba le khothatsang ka ho fetisisa. Re ile ra atleha haholo tšebeletsong, ’me batho ba ka bang 50 ba tla puong ea phatlalatsa ka Sontaha. Re ile ra kopanela ntlong e nyenyane ea baromuoa eo Vernor le Lorraine Davis ba neng ba lula ho eona. Batho ba neng ba le ka kichineng, ka kamoreng le phasejeng ba ile ba thamola melala ho nyarela e le hore ba utloe puo. Ka ho tla hoo ha bona ka bongata re ile ra tseba hore Holo ea ’Muso e ne e tla etsa hore mosebetsi oa boboleli o be le botsitso Fairbanks. Kahoo ka thuso ea Jehova, re ile ra reka mohaho o moholo, oo pele e neng e le holo ea tantši, ’me ra o isa sebakeng se loketseng. Ho ile ha chekoa seliba ’me ha kenngoa matloana a ka tlung le tsamaiso ea mocheso. Le pele selemo se fela, ho ne ho e-na le Holo ea ’Muso e phethang morero oa eona Fairbanks. Ha holo eo e se e ekelitsoe ka kichine, e ile ea sebelisetsoa kopano ea setereke ka 1958, ’me batho ba 330 ba e-ba teng.

Lehlabuleng la 1960, ke ile ka nka leeto le lelelele ka koloi ho ea ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e New York ho ea ba teng thupelong ea balebeli bohle ba tsamaeang ba United States le Canada. Ha ke le moo, Mor’abo rōna Nathan Knorr le bara ba bang babo rōna ba ikarabellang ba ile ba buisana le ’na ka taba ea hore ho ka ’na ha buloa ofisi ea lekala Alaska. Likhoeli li se kae hamorao, re ile ra thaba ha re utloa hore ho tloha ka la 1 September, 1961, Alaska e tla ba le ofisi ea eona ea lekala. Mor’abo rōna Andrew K. Wagner o ile a abeloa ho hlokomela mosebetsi oa lekala leo. Eena le mosali oa hae, Vera, ba ne ba sebelelitse Brooklyn ka lilemo tse 20 ba bile ba e-na le phihlelo ea mosebetsi oa potoloho. Ho thehoa ha ofisi ea lekala Alaska ho ile ha ananeloa, kaha ho ile ha fokoletsa molebeli oa potoloho maeto ’me ha mo nolofalletsa hore a tsepamise kelello litlhokong tse khethehileng tsa liphutheho le masimo a ka thōko.

Lehlabula la 1962 e ile ea e-ba nako e thabisang karolong e ka Leboea. Ho ile ha neheloa lekala la Alaska, ha ba ha e-ba le kopano ea setereke Juneau, Alaska. Ha hahoa Liholo tse ncha tsa ’Muso Juneau le Whitehorse, Yukon, ’me ha thehoa lihlopha tse ncha tse ’maloa tse ka thōko.

Ho Khutlela Canada

E ne e se e le lilemo joale ke ngollana le Margareta Petras ke le Canada. Reta, e leng kamoo esale a bitsoa kateng, o ne a qalile ho sebeletsa e le pula-maliboho ka 1947, a qetile sekolong sa Gileade ka 1955, ’me a bula maliboho karolong e ka bochabela ea Canada. Ke ile ka mo kōpa hore re nyalane, ’me a lumela. Re ile ra nyalana Whitehorse ka February 1963. Ka hoetla selemong sona seo, ke ile ka abeloa mosebetsi oa potoloho karolong e ka bophirimela ea Canada, ’me re ile ra thabela ho sebeletsa moo ka lilemo tse 25 tse ileng tsa latela.

Ka lebaka la ho kula, ka 1988 re ile ra abeloa ho sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng Winnipeg, Manitoba. Sena se ne se akarelletsa ho hlokomela Holo ea Kopano ka lilemo tse ka bang hlano. Ho isa moo re khonang, re ntse re kopanela mosebetsing o thabisang oa ho etsa barutuoa. Ha re ne re le mosebetsing oa potoloho, re ile ra qalla ba bang lithuto tse ngata tsa Bibele hore ba li khanne. Hona joale, ka mosa o sa tšoanelang oa Jehova, rea li qala ’me re ba le thabo e eketsehileng ea ho bona liithuti tsena li tsoela pele ho ea boinehelong le kolobetsong.

Ke kholisehile hore ho sebeletsa Jehova ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea bophelo. E na le morero ebile ea khotsofatsa, ’me letsatsi ka leng e tebisa lerato la rōna ho Jehova. Sena ke sona se tlisang thabo ea sebele. Ho sa tsotellehe kabelo ea puso ea Molimo eo re e fuoang, kapa hore na re sebakeng sefe, re lumellana le mopesaleme ea ileng a re: “Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!”—Pesaleme ea 144:15.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ha ke le mosebetsing oa potoloho

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ha re etetse Henry Lepine, Dawson City. Ke ka ho le letšehali

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Holo ea ’Muso ea pele Anchorage

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

’Na le Reta ka 1998

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela