Tšepa Jehova
“U tšepo ea ka, ’Musi Morena Jehova, u kholiseho [tšepo] ea ka ho tloha bocheng ba ka.”—PESALEME EA 71:5.
1. Ke phephetso efe eo Davida oa molisana a ileng a tobana le eona?
GOLIATHE o ne a le bolelele ba limithara tse ka bang tharo. Ha ho makatse ha masole ’ohle a makhotla a Baiseraele a ne a mo tšaba hakana! Ka libeke tse ngata tse latellanang, hoseng ho hong le ho hong le mantsiboeeng a mang le a mang, seqhenqha sena sa Mofilista, e leng Goliathe, se ne se soma lebotho la Baiseraele, se le phephetsa hore le romele mohlabani ea neng a ka khona ho loana le sona. Phephetso eo e ile ea qetella e amohetsoe ke moshanyana feela, eseng lesole. Davida oa molisana o ne a sa bonahale le ho bonahala ha a bapisoa le mophephetsi oa hae. Ha e le hantle, e ka ’na eaba boima ba hae bo ne bo le ka tlaase ho ba seaparo sa ntoa sa Goliathe le lihlomo tsa hae! Ho sa tsotellehe seo, mocha enoa o ile a tobana le seqhenqha sena ’me kahoo ea e-ba mohlala o tsebahalang oa motho ea sebete.—1 Samuele 17:1-51.
2, 3. (a) Ke hobane’ng ha Davida a ile a khona ho tobana le Goliathe ka sebete se sekaalo? (b) Ke mehato efe e ’meli eo re tla e tšohla e le hore re tšepe Jehova?
2 Davida o ne a fumane sebete se sekaalo hokae? Nahana ka mantsoe ao ho hlakileng hore a ngotsoe ke Davida botsofaling ba hae: “U tšepo ea ka, ’Musi Morena Jehova, u kholiseho [tšepo] ea ka ho tloha bocheng ba ka.” (Pesaleme ea 71:5) E, ho tloha bocheng, Davida o ne a tšepile Jehova ka ho feletseng. O ile a tobana le Goliathe, ’me a re: “U tla ho ’na ka sabole le ka lerumo le ka lerumo le betsoang, empa ’na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa mabotho, Molimo oa makhotla a Iseraele, eo u mo nyelisitseng.” (1 Samuele 17:45) Ha Goliathe a ne a tšepile matla a hae a maholo le lihlomo tsa hae, Davida eena o ne a tšepile Jehova. A tšehelitsoe ke ’Musi Morena oa bokahohle, na Davida o ne a ka tšaba motho feela tjee, ho sa tsotellehe hore na motho eo ke seqhenqha se sekae le hore na o ikatetse hakae?
3 Ha u ntse u bala ka Davida, na u lakatsa eka le uena u ne u ka tšepa Jehova haholoanyane joalo? Mohlomong bongata ba rōna bo lakatsa eka ho ka ba joalo. Kahoo a re hlahlobeng mehato e ’meli eo re ka e nkang e le hore re tšepe Jehova. Mohato oa pele ke hore, re lokela ho hlōla tšitiso e tloaelehileng e re thibelang ho ba le tšepo e joalo, ’me re tsoele pele ho e hlōla. Oa bobeli, re lokela ho tseba hore na hantle-ntle ho tšepa Jehova ho akarelletsa eng.
Ho Hlōla Tšitiso e Tloaelehileng e re Thibelang ho Tšepa Jehova
4, 5. Ke hobane’ng ha ho le thata ho batho ba bangata ho tšepa Molimo?
4 Ke eng e thibelang batho ho tšepa Molimo? Hangata, ba bang ba ferekanngoa ke hore na ke hobane’ng ha lintho tse mpe li etsahala. Ba bangata ba rutoa hore Molimo ke eena ea bakang mahlomola. Ha ho hlaha koluoa e itseng, baruti ba ka ’na ba re Molimo o “nketse” batho bao leholimong hore ba e’o ba ’moho le eena moo. Ho feta moo, baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba ruta hore khale Molimo a rerile esale pele ntho e ’ngoe le e ’ngoe—ho akarelletsa koluoa e ’ngoe le e ’ngoe le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe—e etsahalang lefatšeng lena. Ho ne ho tla ba thata ho tšepa Molimo ea pelo e thata joalo. Satane, ea foufatsang likelello tsa ba sa lumelang, o ikemiselitse ho jala ‘lithuto tsohle tse joalo tsa bademona.’—1 Timothea 4:1; 2 Bakorinthe 4:4.
5 Satane o batla hore batho ba se ke ba hlola ba tšepa Jehova. Sera seo sa Molimo ha se batle hore re tsebe mabaka a sebele a hore na ke hobane’ng ha batho ba le mahlomoleng. ’Me haeba re ithutile mabaka a Mangolo a hore na ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola, Satane o lakatsa hore re a lebale. Ka hona, ho molemo hore nako le nako re ikhopotse mabaka a mararo a motheo a hore na ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola lefatšeng. Haeba re etsa joalo, re ka kholisa lipelo tsa rōna hore hase Jehova ea bakang mathata ao re tobanang le ’ona bophelong.—Bafilipi 1:9, 10.
6. 1 Petrose 5:8 e totobatsa joang lebaka le le leng le etsang hore batho ba be mahlomoleng?
6 Lebaka le leng le etsang hore batho ba be mahlomoleng ke hobane Satane o batla ho senya botšepehi ba batho ba Jehova ba tšepahalang. O ile a leka ho senya botšepehi ba Jobo. Satane o ile a hlōleha ka nako eo, empa ha a e-s’o tele. Joaloka ’musi oa lefatše lena, o batla ho “harola” bahlanka ba Jehova ba tšepahalang. (1 Petrose 5:8) E mong le e mong oa rōna oa akarelletsoa moo! Satane o batla ho etsa hore re khaotse ho sebeletsa Jehova. Ka hona, hangata o hlohlelletsa mahloriso. Le hoja mahlomola a joalo a le bohloko, re na le lebaka le utloahalang la ho mamella. Haeba re mamella, re thusa ho shanofatseng Satane ’me kahoo re thabisa Jehova. (Jobo 2:4; Liproverbia 27:11) Ha Jehova a ntse a re matlafalletsa ho mamella mahloriso, seo se etsa hore re mo tšepe haholoanyane.—Pesaleme ea 9:9, 10.
7. Bagalata 6:7 e re thusa ho lemoha lebaka lefe le etsang hore ho be le mahlomola?
7 Lebaka la bobeli le etsang hore ho be le mahlomola le fumanoa molao-motheong ona: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” (Bagalata 6:7) Ka linako tse ling batho ba jala ka ho etsa liqeto tse fosahetseng ebe ba kotula mahlomola. Ba ka ’na ba khetha ho khanna habohlasoa, ’me seo sa baka kotsi. Ba bangata ba khetha ho tsuba sakerete, ’me seo se baka lefu la pelo kapa kankere ea matšoafo. Ba khethang ho kopanela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate ba ipeha kotsing ea ho senyeheloa ke likamano tse ntle tsa lelapa, ho felloa ke boitlhompho, ho tšoaroa ke mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate le ho ima ho sa batleheng. Batho ba ka ’na ba batla ho qosa Molimo ka mahlomola a joalo, empa ha e le hantle e le bona ba ipaketseng mahlomola ka lebaka la liqeto tsa bona tse fosahetseng.—Liproverbia 19:3.
8. Ho ea ka Moeklesia 9:11, ke hobane’ng ha batho ba e-ba le mahlomola?
8 Lebaka la boraro le etsang hore ho be le mahlomola le boletsoe ho Moeklesia 9:11: “Ke ile ka boela ka bona tlas’a letsatsi hore ba lebelo ha ba hlōle peisong, leha e le hore ba matla baa hlōla ntoeng, kapa hore ba bohlale le bona ba na le lijo, leha e le hore ba nang le kutloisiso le bona ba na le maruo, kapa hore esita le ba nang le tsebo ba fumana kamohelo; hobane bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” Ka linako tse ling, ke taba feela ea hore motho o ba sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng. Ho sa tsotellehe hore na re matla hakae kapa re fokola hakae, mahlomola le lefu li ka ’na tsa hlahela leha e le ofe oa rōna ka tšohanyetso ka nako leha e le efe. Ka mohlala, mehleng ea Jesu tora e ’ngoe Jerusalema e ile ea oa ’me ea bolaea batho ba 18. Jesu o bontšitse hore Molimo o ne a sa otle batho bao ka lebaka la libe tseo ba li entseng nako e fetileng. (Luka 13:4) Che, re ke ke ra qosa Jehova ka mahlomola a joalo.
9. Ke ntho efe eo batho ba bangata ba sa e utloisiseng ka mahlomola?
9 Ke habohlokoa hore re utloisise mabaka a mang a etsang hore ho be le mahlomola. Leha ho le joalo, ho na le ntlha e ’ngoe tabeng ena eo batho ba bangata ba sitoang ho e utloisisa. Ke ena: Ke hobane’ng ha Jehova Molimo a lumella mahlomola?
Ke Hobane’ng ha Jehova a Lumella Mahlomola?
10, 11. (a) Ho ea ka Baroma 8:19-22, ho etsahetse’ng ka “pōpo eohle”? (b) Re ka tseba joang hore na ke mang ea behileng pōpo tlas’a lefeela?
10 Karolo e itseng lengolong la moapostola Pauluse le eang ho Baroma e fana ka leseli tabeng ena ea bohlokoa. Pauluse o ile a ngola a re: “Tebello e nang le tabatabelo ea pōpo e letetse ho senoloa ha bara ba Molimo. Kaha pōpo e ile ea behoa tlas’a lefeela, eseng ka thato ea eona empa ka ea ileng a e beha tlaase, ka tšepo ea hore pōpo le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo. Etsoe rea tseba hore pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.”—Baroma 8:19-22.
11 E le hore re utloisise ntlha e boleloang litemaneng tsena, re lokela ho araba lipotso tse itseng tsa bohlokoa pele. Ka mohlala, Ke mang ea behileng pōpo tlas’a lefeela? Ba bang ba re ke Satane; ba bang ba re ke Adama. Empa ha ho le ea mong oa bona ea neng a ka beha pōpo tlas’a lefeela. Hobane’ng? Hobane ea behang pōpo tlas’a lefeela o etsa joalo “ka tšepo.” E, o fana ka tšepo ea hore ba tšepahalang ba tla qetella ba ‘lokolotsoe bokhobeng ba ho bola.’ Ho ne ho ke ke ha khoneha hore Adama kapa Satane ba fane ka tšepo e joalo. Ke Jehova feela ea neng a ka fana ka eona. Ka hona, ho hlakile hore ke eena ea behileng pōpo tlas’a lefeela.
12. Ho hlahile pherekano efe mabapi le hore na “pōpo eohle” ke eng, hona potso ee e ka arajoa joang?
12 Leha ho le joalo, “pōpo eohle” eo ho buuoang ka eona temaneng ee ke eng? Ba bang ba re “pōpo eohle” ke lintho tsohle tse hloliloeng, ho akarelletsa liphoofolo le limela. Empa na liphoofolo le limela li na le tšepo ea ho fumana “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo”? Che. (2 Petrose 2:12) Kahoo, “pōpo eohle,” eo ho buuoang ka eona e tlameha ebe e bolela moloko oa batho feela. Ena ke eona pōpo e anngoeng ke sebe le lefu ka lebaka la borabele ba Edene le eo ka hohle-hohle ho hlokahalang hore e be le tšepo.—Baroma 5:12.
13. Borabele ba Edene bo tliselitse moloko oa batho eng?
13 Hantle-ntle, borabele boo bo tliselitse moloko oa batho eng? Pauluse o hlalosa liphello tsa bona ka lentsoe le le leng: e leng, lefeela.a Ho ea ka buka e ’ngoe, lentsoe lena le hlalosa “ho ba lefeela ha ntho e sa sebetseng ka mokhoa oo e neng e etselitsoe ho sebetsa ka oona.” Batho ba ne ba etselitsoe ho phela ka ho sa feleng, ho sebetsa hammoho e le lelapa le phethahetseng le momahaneng hore le hlokomele lefatše la paradeise. Ho e-na le hoo, ba phela bophelo bo bokhutšoanyane, bo utloisang bohloko, le boo hangata bo tletseng likhathatso. Joalokaha Jobo a boletse, “motho, ea tsoetsoeng ke mosali, o phela hakhutšoanyane ’me o khotše likhathatso.” (Jobo 14:1) Ka sebele leo ke lefeela la mafeela!
14, 15. (a) Ke bopaki bofe ba toka boo re bo bonang tabeng ea ha Jehova a ne a ahlola moloko oa batho? (b) Ke hobane’ng ha Pauluse a re pōpo e ile ea behoa tlas’a lefeela “eseng ka thato ea eona”?
14 Joale re tla potsong ea bohlokoa: Ke hobane’ng ha “Moahloli oa lefatše lohle” a ile a etsa hore batho ba phele bophelo bona bo utloisisang bohloko, le bo tletseng likhathatso? (Genese 18:25) Na o ile a bontša toka ka ho etsa joalo? Hopola seo batsoali ba rōna ba pele ba se entseng. Ha ba ne ba fetohela Molimo, ba ile ba ema le Satane, ea ileng a hlahisa phephetso e khōlō ka bobusi ba Jehova. Ka liketso tsa bona, ba ile ba tšehetsa polelo e reng batho ba ka atleha ka ntle ho Jehova, ba ka ipusa ka thuso ea sebōpuoa sa moea sa lerabele. Ha Jehova a ne a ahlola marabele ao, ha e le hantle, o ne a a fa se a tšoanetseng. O ile a lumella batho ho ipusa ba susumetsoa ke Satane. Tlas’a maemo a joalo, na ho ne ho e-na le qeto e lokileng ka ho fetisisa ho feta ho beha batho tlas’a lefeela empa e le motheong oa tšepo?
15 Ho hlakile hore sena ha sea etsoa ‘ka thato’ ea pōpo. Ha rea ikhethela hore re tsoaloe re le makhoba a sebe le ho bola. Empa ka mosa, Jehova o ile a lumella Adama le Eva hore ba phele ’me ba be le bana. Le hoja rōna, litloholo tsa bona, re behiloe tlas’a lefeela la sebe le lefu, re na le monyetla oa ho etsa seo Adama le Eva ba hlōlehileng ho se etsa. Re ka mamela Jehova ’me ra ithuta hore bobusi ba hae bo lokile ’me bo phethahetse, ha puso ea motho ka ntle ho Jehova e tlisa bohloko feela, likhathatso, le lefeela. (Jeremia 10:23; Tšenolo 4:11) ’Me tšusumetso ea Satane e mpefatsa lintho le ho feta. Histori ea batho e tiisa linnete tsena.—Moeklesia 8:9.
16. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore hase Jehova ea bakang mahlomola ao re a bonang lefatšeng kajeno? (b) Ke tšepo efe eo ka lerato Jehova a faneng ka eona bakeng sa batho ba tšepahalang?
16 Ka ho hlakileng, Jehova o ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho beha moloko oa batho tlas’a lefeela. Leha ho le joalo, na see se bolela hore Jehova ke eena ea bakang boemo ba ho ba lefeela le mahlomola a hlahelang e mong le e mong oa rōna kajeno? Nahana ka moahloli ea ahlolang senokoane ka toka. Senokoane sena se ka ’na sa utloa bohloko haholo ha se ntse se sebeletsa kahlolo ea sona, empa na se tla be se nepile ha se ka re moahloli ke eena ea entseng hore se utloe bohloko? Che! Ho feta moo, ha ho mohla Jehova a bakang bokhopo. Jakobo 1:13 e re: “Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” Hape, a re hopoleng hore, Jehova o ile a fana ka kahlolo ena “ka tšepo.” Ka lerato o etselitse litloholo tsa Adama le Eva tse tšepahalang litokisetso tsa ho bona ha boemo ba ho ba lefeela bo fela le ho thabela “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” Ka ho sa feleng, ha ho mohla batho ba tšepahalang ba tla tšoenyeha ka hore pōpo eohle e ka ’na ea boela boemong ba eona bo utloisang bohloko ba ho ba lefeela. Tsela e lokileng eo Jehova a sebetsang boemo bona ka eona e tla be e pakile ho loka ha bobusi ba hae ka ho sa feleng.—Esaia 25:8.
17. Ho hlahloba mabaka a etsang hore ho be le mahlomola lefatšeng kajeno ho lokela ho re ama joang?
17 Ha re ntse re hlahloba mabaka ana a ho ba ha batho mahlomoleng, na re bona lebaka leha e le lefe la ho beha Jehova molato ka bokhopo kapa lebaka la ho se hlole re mo tšepa? Che ha ho joalo, tlhahlobo e joalo e re fa lebaka la ho lumellana le mantsoe ana a Moshe a reng: “Ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.” (Deuteronoma 32:4) Ha re ntse re nahana ka litaba tsena, nako le nako a re ikhopotseng ho bona hore na rea li utloisisa. Haeba re etsa joalo, ha re thulana le liteko, re tla khona ho hanela boiteko ba Satane ba ho jala lipelaelo likelellong tsa rōna. Empa ho thoe’ng ka mohato oa bobeli o boletsoeng qalong? Ho tšepa Jehova ho akarelletsa eng?
Seo ho Tšepa Jehova ho se Bolelang
18, 19. Bibele e sebelisa mantsoe afe ha e re khothalletsa ho tšepa Jehova, empa ba bang ba na le maikutlo afe a fosahetseng ka taba ee?
18 Lentsoe la Molimo lea re phehella le re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liproverbia 3:5, 6) Ao ke mantsoe a monate, a fanang ka tšepo. Ka sebele, bokahohleng bohle, ha ho ea tšepahalang ho feta Ntate oa rōna oa leholimo ea ratoang. Leha ho le joalo, ho bala mantsoe ao a Liproverbia ho bonolo ho feta ho a sebelisa.
19 Batho ba bangata ba na le maikutlo a fosahetseng ka hore na ho tšepa Jehova ho bolela eng. Ba bang ba nahana hore tšepo e joalo ke boikutlo feela bo thabisang bo lokelang ho itlhahela feela ka tlhaho pelong. Ba bang ba nahana hore ho tšepa Molimo ho bolela hore re ka lebella hore a re sireletse mathateng ’ohle, a rarolle mathata ’ohle a rōna, a etse hore mathata ao re bang le ’ona letsatsi le letsatsi a rarollehe ka tsela eo re batlang ka eona—le hona ka potlako! Empa maikutlo a joalo ha a utloahale. Tšepo hase boikutlo feela bo sa reng letho, ke boikutlo ba sebele. Ho batho ba baholo, tšepo e akarelletsa ho etsa liqeto tse bohlale, le tse nahannoeng hantle.
20, 21. Ho tšepa Jehova ho akarelletsa eng? Etsa mohlala.
20 Hape hlokomela seo Liproverbia 3:5 e se bolelang. E bontša phapang pakeng tsa ho tšepa Jehova le ho itšetleha ka kutloisiso ea rōna, ho bontša hore re ke ke ra etsa lintho tsena ka bobeli. Na see se bolela hore ha rea lumelloa ho sebelisa matla a rōna a kutloisiso? Che, hobane Jehova, ea re fileng matla ao, o lebeletse hore re a sebelise ha re mo sebeletsa. (Baroma 12:1) Empa re lokela ho itšetleha ka eng? Haeba monahano oa rōna o sa lumellane le oa Jehova, na re amohela bohlale ba hae hobane bo phahametse ba rōna hōle? (Esaia 55:8, 9) Ho tšepa Jehova ho bolela ho mo lumella hore a tataise monahano oa rōna.
21 Ho etsa mohlala: Nahana ka ngoana e monyenyane ea lutseng setulong se ka morao koloing, batsoali ba hae ba le ka pele. Ntat’ae o ntse a khanna. Ha ho hlaha bothata ha ba ntse ba le leetong—ho sa tsejoe hantle hore na ho nkuoe tsela efe kapa ho hlaha bothata ka boemo ba leholimo kapa boemo ba tsela—ngoana ea mamelang, le ea tšepang batsoali ba hae o etsa joang? Na o hoeletsa ntat’ae a le setulong se ka morao a mo fa litaelo, a ’molella hore na a khanne joang? Na o belaella liqeto tsa batsoali ba hae kapa o ba manganga ha ba mo hopotsa hore a lule a fasitse lebanta la hae la pholoso? Che, ka tlhaho o tšepa hore batsoali ba hae le hoja ba sa phethahala, ba tla sebetsana le maemo ao. Jehova ke Ntate ea phethahetseng. Na ha rea lokela ho mo tšepa ka ho feletseng, haholo-holo ha re tobane le mathata?—Esaia 30:21.
22, 23. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Jehova ha re tobane le mathata, hona re ka etsa seo joang? (b) Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
22 Leha ho le joalo, Liproverbia 3:6 e bontša hore re lokela ho ‘ela Jehova hloko litseleng tsohle tsa rōna,’ eseng feela ha re tobane le mathata. Kahoo liqeto tseo re li etsang letsatsi le letsatsi bophelong li lokela ho bontša hore re tšepile Jehova. Ha mathata a hlaha, ha rea lokela ho nyahama, ho tšoha, kapa ho hana tataiso eo Jehova a fanang ka eona mabapi le tsela e molemohali ea ho sebetsana le maemo a itseng. Re lokela ho talima liteko e le menyetla ea ho tšehetsa bobusi ba Jehova, ho thusa ho shanofatseng Satane, le ho hlaolela kutlo le makhabane a mang a thabisang Jehova.—Baheberu 5:7, 8.
23 Re ka bontša hore re tšepile Jehova ho sa tsotellehe hore na re tjametsoe ke mathata afe. Re etsa sena lithapelong tsa rōna le ka tsela eo re batlang tataiso ka eona Lentsoeng la Jehova le mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng. Leha ho le joalo, re ka bontša joang ka ho toba hore re tšepile Jehova ha re tobane le mathata a hlahang lefatšeng la kajeno? Sehlooho sa rōna se latelang se tla tšohla taba ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng bakeng sa “lefeela” le tšoana le le sebelisitsoeng ho Septuagint ea Segerike ho fetolela polelo eo Solomone a e sebelisitseng khafetsa bukeng ea Moeklesia, joaloka polelong e reng “ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke lefeela!”—Moeklesia 1:2, 14; 2:11, 17; 3:19; 12:8.
U ka Araba Joang?
• Davida o ile a bontša joang hore o ne a tšepile Jehova?
• Ke mabaka afe a mararo a etsang hore batho ba be mahlomoleng kajeno, hona ke hobane’ng ha ho le molemo hore re ikhopotse ’ona nako le nako?
• Jehova o ile a fa moloko oa batho kahlolo efe, ’me ke hobane’ng ha e ne e le kahlolo e lokileng?
• Ho tšepa Jehova ho akarelletsa eng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 8]
Davida o ne a tšepile Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Jesu o ile a bontša hore hase Jehova ea neng a ikarabella ka ho oa ha tora e itseng Jerusalema