Litaba Tse Molemo li Beha Litholoana São Tomé le Príncipe
HO KA etsahala hore ebe batho ba bangata ha ba e-s’o utloe le ka mohla ho buuoa ka São Tomé le Príncipe. Lihlekehleke tsena ha ho ngoloe hangata ka tsona libukeng tsa bohahlauli. ’Mapeng oa lefatše, li bonahala eka ke mathebanyana Hloahloeng ea Guinea, li ikhohlile ka lebōpo le ka bophirimela la Afrika, ’me São Tomé e batla e lutse hantle holim’a equator ha Príncipe eona e le ho elella ka leboea-bochabela. Ka lebaka la ho ratoa ke pula le mongobo, lihlekehlekeng tsena ho metse meru e metle ea pula, e apesitseng methipoloha ea lithaba tseo bophahamo ba tsona bo fihlang ho limithara tse fetang 2 000.
Lihlekehleke tsena tse nang le mocheso le mongobo, tse likalikelitsoeng ke metsi a maputsoa le mabōpo a nang le lifate tsa palema, li na le baahi ba botsoalle le ba lerato, bao ho tsoakana ha bona ka limelo tsa Afrika le Europe ho hlahisitseng motsoako o motle oa merabe. Baahi ba teng ba 170-000 ba tšoarehile haholo ka ho lema ntho e romelloang haholo ka ntle, e leng cacao, kapa ka temo le ho tšoasa litlhapi. Lilemong tsa morao tjena, esita le ho fumana lijo tsa letsatsi e ’nile ea e-ba bothata.
Leha ho le joalo, ka bo-1990 ho bile le ketsahalo e ’ngoe e ileng ea etsa hore bophelo ba batho ba ntseng ba eketseha lihlekehlekeng tsena bo amehe haholo. Ka June 1993, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ngolisoa ka molao ke ’muso oa São Tomé le Príncipe, kahoo sena se ile sa felisa nako e telele le eo hangata e neng e le thata eo Lipaki Tsa Jehova li bileng le eona lihlekehlekeng tsena.
Peō e Jaloa Har’a Mathata
Ho bonahala eka Paki ea pele e ile ea fihla naheng ena mathoasong a bo-1950 ha batšoaruoa ba tsoang likoloneng tse ling tsa Mapotoketsi tse neng li le Afrika ba ne ba romeloa ho ea sebetsa likampong tsa mosebetsi o boima lihlekehlekeng tsena. Paki eo, e ne e le pula-maliboho ea Moafrika, kapa mosebeletsi oa nako e tletseng, e ileng ea lelekoa Mozambique hobane e ne e bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo naheng eo. Paki ena e neng e sebetsa e le ’ngoe e ile ea lula e phathahane, ’me pele ho fela likhoeli tse tšeletseng, ho ne ho e-na le ba bang ba 13 ba neng ba kopanela ho haseng litaba tse molemo. Hamorao, Lipaki tse ling tse neng li le boemong bo tšoanang li ile tsa fihla li tsoa Angola. Ha li ntse li le litlamong, li ile tsa sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolella baahi ba sebaka sena litaba tse molemo.
Ka 1966 barab’abo rōna bohle ba neng ba sebetsa likampong tsa mosebetsi o boima São Tomé ba ne ba se ba khutletse k’honthinenteng ea Afrika. Bahoeletsi ba seng bakae ba ’Muso ba neng ba setse moo ba ile ba tsoela pele ka sebete. Ba ile ba hlorisoa, ba shapuoa, le ho kenngoa litlamong hobane ba ne ba kopana hammoho ho ithuta Bibele, ’me ho ne ho se ea ba etelang kapa ea ba khothatsang. Naha ena e ile ea lokoloha pusong ea Portugal ka 1975, ’me butle-butle peō ea ’nete ea ’Muso e ile ea qala ho beha litholoana.
Keketseho le Kaho
Khoeling eona eo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa ngolisoa ka molao ka eona ka 1993, ho ne ho e-na le tlhōrō ea bahoeletsi ba ’Muso ba 100. Selemong sona seo ho ile ha fihla bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tsoang Portugal. Boiteko boo ba ileng ba bo etsa ba ho ithuta Secreole sa Sepotoketsi bo ile ba etsa hore batho ba sebaka seo ba ba rate. Joale ntho e ka sehloohong e ile ea e-ba ho batla setša sa ho haha Holo ea ’Muso. Ha morali’abo rōna ea bitsoang Maria a utloa hore ho hlokahala setša, o ile a fana ka halofo ea setša sa hae seo a neng a hahile ntlo ea hae e nyenyane ho sona. Setša sena se ne se lekane hantle hore ho ka hahoa Holo ea ’Muso e khōlō ho sona. Maria o ne a sa tsebe hore bo-rakhoebo ba meharo ba rekisang matlo ba ne ba se tonetse mahlo kaha o ne a se na beng ka eena ba neng ba sa ntsane ba phela. Ka letsatsi le leng rakhoebo e mong ea hlaheletseng o ile a tla ho Maria ho tla buisana le eena.
O ile a mo lemosa a re: “Ha ke rate menyenyetsi eo ke ntseng ke e utloa ka uena! Ke utloa ho thoe u fane ka setša sa hao. Na ha u tsebe hore setša seo se ka rekoa ka chelete e ngata haholo hobane se hantle ka har’a toropo?”
Maria o ile a mo botsa a re: “U ne u ka mpha bokae haeba ke u fa setša seo?” Eitse ha monna eo a sa arabe, Maria a tsoela pele a re: “Leha u ne u ka mpha chelete eohle e teng lefatšeng, e ne e ke ke ea lekana hobane chelete e ke ke ea reka bophelo.”
Monna eo o ile a botsa a re: “Ha ke re ha u na bana?”
Maria o ile a felisa puisano ka ho re: “Setša sena ke sa Jehova. O nkalimile sona ka lilemo tse ngata, ’me hona joale ke se khutlisetsa ho eena. Ke lebeletse ho phela ka ho sa feleng.” Eaba o botsa monna eo o re: “Na u ka mpha bophelo bo sa feleng?” Monna eo o ile a mo furalla eaba o itsamaela a sa re letho.
Phello e bile hore ka thuso ea barab’abo rōna ba nang le tsebo ba tsoang Portugal, ho ile ha ahoa mohaho o motle haholo oa mekato e ’meli. O na le mokato o feletseng ka tlaase, Holo ea ’Muso e khōlō le libaka tsa bolulo. O boetse o na le liphaposi tseo ho tsona ho tšoareloang likolo tsa baholo, bahlanka ba sebeletsang le bo-pula-maliboho. Hona joale liphutheho tse peli li tšoarela liboka mohahong ona, e leng ho o etsang hore e be setsi se setle sa thuto sa borapeli bo hloekileng motseng-moholo ona.
Ho ne ho e-na le phutheho ea bahoeletsi ba chesehang ba 60 Mé-Zochi. Kaha liboka li ne li tšoareloa Holong ea ’Muso ea nakoana serapeng sa libanana, ho ile ha totobala hore ho hlokahala Holo ea ’Muso. ’Masepala o ile a tsebisoa ka sena, ’me e mong ea boholong ea nang le kutloelo-bohloko o ile a fana ka setša se setle se tseleng e khōlō. Ka thuso ea barab’abo rōna ba tsoang Portugal ho ile ha ahoa Holo ea ’Muso ka nako ea likhoeli tse peli, ho sebelisoa mokhoa oa ho haha ka potlako. Batho ba moo ba ne ba sa lumele seo ba neng ba se bona. Moenjiniere e mong oa Sweden ea neng a ameha mosebetsing oa ho haha motseng ona o ile a hlolloa ha a bona bara le barali babo rōna ba sebetsa. O ile a re, “Ha ke lumele seo ke se bonang! Lipaki Tsa Jehova tsa mona Mé-Zochi, li sebelisa mokhoa oa ho haha ka potlako! Ena ke tsela eo re lokelang ho hlophisa mosebetsi oa rōna ka eona.” Holo eo ea ’Muso e ile ea neheloa ka la 12 June, 1999, ’me ba bileng teng ba ne ba le 232. Holo ena e fetohile ntho e ka sehloohong e hohelang baeti ba tlang motseng oa Mé-Zochi.
Kopano ea Bohlokoa Historing
Ketsahalo ea bohlokoa historing ea Lipaki Tsa Jehova tsa São Tomé le Príncipe e bile Kopano ea Setereke ea “Thuto ea Bomolimo” ea matsatsi a mararo e neng e tšoeroe ka January 1994—e le ea pele lihlekehlekeng tsena. E ile ea tšoareloa holong e kenang moea o pholileng e ntle ka ho fetisisa ka hare ho naha. Na u ka nahana ka thabo eo bahoeletsi ba ’Muso ba 116 ba ileng ba e-ba le eona ha ba bona letšoele la batho ba 405 ’me ka lekhetlo la pele ba shebella litšoantšiso tsa Bibele ba bile ba amohela libuka tse ncha tse lokolloang kopanong? Batho ba 20 ba inehetseng ba ile ba kolobelletsoa lebōpong la leoatle la libaka tse chesang tse mongobo.
Mahlo a batho a ile a haptjoa ke libeche tse ikhethang tse neng li qhoaetsoe ke ba neng ba tlile kopanong. Ho ba teng ha baeti ba 25 ba tsoang Portugal le Angola ho ile ha etsa hore kopano ena e be ea machaba e le kannete. Botsoalle ba lerato le mofuthu la Bokreste bo ile ba e-ba teng ka potlako, ’me meokho e ile ea keleketla lifahlehong tsa ba bangata karolong ea ho qetela ea lenaneo ha ba ne ba salisana hantle.—Johanne 13:35.
Baqolotsi ba litaba ba Seea-le-moea sa Sechaba ba ile ba fihla ’me ba buisana le molebeli oa kopano. Ba ile ba boela ba hasa likarolo tse itseng tsa lipuo. Ka sebele e ne e le ketsahalo ea bohlokoa historing, ’me e ile ea thusa hore mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova o bonahale o le haufi haholoanyane le Lipaki tsena tse tšepahalang tseo ka nako e telele li neng li le hōle le oona.
Ho Beha Litholoana Tse Tlotlisang Jehova
Ha molaetsa oa ’Muso o beha litholoana, o etsa hore batho ba itšoare hantle, e leng se tlotlisang Jehova le ho mo hlompha. (Tite 2:10) Ngoanana e mong o ile a thabela seo a neng a ithuta sona thutong ea hae ea Bibele ea beke le beke. Leha ho le joalo, ntat’ae o ile a mo thibela ho ea libokeng tsa phutheho. Ha a mo hlalosetsa ka tlhompho hore na liboka tsa Bokreste li bohlokoa hakae le hore o ne a rata ho ea ho tsona, kapelenyana ntat’ae o ile a mo leleka lapeng. Ho hlakile hore o ne a nahana hore kapelenyana o ne a tla etsisa bacha ba bangata ebe o fumana monna eo a phelang le eena ea neng a tla mo hlokomela. Ha ntat’ae a utloa hore o ne a phela bophelo bo behang mohlala, a bile a itšoere hantle joaloka Mokreste, o ile a susumelletseha ho mo lata le ho mo lumella hore a sebeletse Jehova ka hohle.
Mohlala o mong ke oa moeta-pele oa sehlopha se seng sa libini. O ile a soabisoa ke bophelo ba hae ba boitšoaro bo bobe. Ha a ntse a batla hore na o phelela eng, o ile a kopana le Lipaki. Ha a qala ho phela tumellanong le litekanyetso tsa boitšoaro tsa Bibele, hohle ho ne ho buuoa ka eena. Kapelenyana o ile a bona bohlokoa ba ho lahla metsoalle eohle e sa lokang. (1 Bakorinthe 15:33) Ka mor’a moo o ile a nka bohato ba bohlokoa ba ho kolobetsoa ho bontša hore o inehetse ho Jehova.
Bacha ba ’maloa ba ne ba batla bolumeli ba ’nete. Kahoo, ba ile ba qetella ba buisana le baruti ba lihlopha tse ’maloa tsa baevangeli, empa phello e ile ea e-ba pherekano le masoabi a eketsehileng. Ka lebaka leo, ba ile ba fetoha baleleri ba mabifi le basomi ba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea bolumeli.
Ka letsatsi le leng, e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ebile e le moromuoa, o ne a le tseleng ho ea khanna thuto ea Bibele eaba o feta sebakeng seo bacha bana ba neng ba le ho sona. Bacha bana ba ile ba batla hore moromuoa enoa a arabe lipotso tse ling tsa bona eaba ba mo isa ka mor’a ntlo, moo ho ileng ha thoe a lule holim’a setuloana. Ka mor’a moo ho ile ha latela letoto la lipotso litabeng tse kang moea, mollo oa lihele, bophelo leholimong le bofelo ba lefatše. Paki ena e ile ea araba lipotso tsohle tsa bona ka Bibele eo moeta-pele oa sehlopha sena a ileng a e fa eona. Hora hamorao, moeta-pele enoa, ea bitsoang Law, o ile a re ho moromuoa eo: “Ha re ne re u bitsa hore u tle ’me u tl’o araba lipotso, morero oa rōna e ne e le ho bapala ka uena, joalokaha re ’nile ra etsa ka batho ba malumeli a mang. Re ne re nahana hore ha ho motho ea ka arabang lipotso tseo. Empa u li arabile, ’me u entse joalo u sebelisa Bibele feela! Ak’u mpolelle, nka ithuta haholoanyane ka Bibele joang?” Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le Law, ’me kapele a qala ho ba teng libokeng. Nakoana ka mor’a moo, o ile a tlohela sehlopha sa hae ’me a khaohana le bophelo bo mabifi. Pele selemo se fela, o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova eaba oa kolobetsoa. Hona joale o sebetsa e le mohlanka ea sebeletsang.
Tloaelo e ’ngoe e seng e metse ka metso sebakeng sena ke hore batho ba babeli ba phele hammoho ba sa nyalana ka molao. Ba bangata ba phetse hammoho ka lilemo, ’me ba na le bana. Ba thatafalloa ho amohela pono ea Molimo tabeng ena. Hoa thabisa ho bona kamoo Lentsoe la Molimo le ileng la thusa motho e mong hore a hlōle tšitiso ena.—2 Bakorinthe 10:4-6; Baheberu 4:12.
Antonio o ne a utloisisa hore o lokela ho ngolisa lenyalo la hae ka molao ’me o ile a etsa litokisetso tsa hore a le ngolise hang ha a qeta ho kotula poone, ha a ne a tla be a e-na le cheletenyana bakeng sa mokete oa bona oa lenyalo. Bosiung bo bong pelenyana a kotula, masholu a ile a tla ’me a utsoa poone ea hae. O ile a etsa qeto ea ho emela poone ea selemo se latelang, empa le eona e ile ea utsuoa. Ha boiteko bo bong ba ho fumana chelete ea lechato bo hlōleha, Antonio o ile a hlokomela hore na mohanyetsi oa hae oa sebele ke mang. O ile a re: “Satane a ke ke a hlola a nqhekella hape. Pele ho feta khoeli le halofo, re tla be re nyalane, mokete o le teng kapa o le sieo!” Ba ile ba fela ba nyalana, ’me se ileng sa ba hlolla ke hore metsoalle ea bona e ile ea fana ka likhoho, matata le pōli bakeng sa mokete oa bona oa lechato. Ka mor’a ho ngolisa lenyalo la bona, Antonio le mosali oa hae—hammoho le bana ba bona ba tšeletseng—ba ile ba kolobetsoa ho bontša hore ba inehetse ho Jehova.
Joale re Lebisa Tlhokomelo Sehlekehlekeng sa Príncipe
Lilemong tsa morao tjena molebeli oa potoloho le bo-pula-maliboho ba São Tomé ba ’nile ba etela baahi ba 6 000 ba Príncipe khafetsa. Baahi ba sehlekehleke sena ba ne ba amohela baeti bana ka liatla tse peli ba bile ba chesehela ho utloa seo Lipaki li neng li se bua. Monna e mong ha a qeta ho bala pampitšana eo a neng a e sietsoe, ka letsatsi le hlahlamang o ile a batla bo-pula-maliboho ba neng ba mo sietse eona eaba o ithaopela ho ba thusa ho aba lipampitšana tse eketsehileng. Bo-pula-maliboho bao ba ile ba hlalosa hore mosebetsi ona o lokela ho etsoa ke bona, empa monna enoa o ile a tsitlella hore o lokela ho tsamaea le bona e le hore a ba tsebise beng ba matlo a be a ba khothalletse ho mamela ka hloko. Qetellong monna enoa o ile a tsamaea, empa pele a tsamaea o ile a babatsa bo-pula-maliboho bana ka mosebetsi oa bohlokoa oo ba neng ba ntse ba o etsa.
Ka 1998 bo-pula-maliboho ba babeli ba tsoang São Tomé ba ile ba fallela Príncipe, ’me kapele ba ne ba se ba khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 17. Mosebetsi o ile oa tsoela pele ho hōla, ’me ka mor’a nako e khutšoanyane Thutong ea Buka ea Phutheho ho ne ho e-ba teng batho ba 16 ka karolelano, ’me ba fetang 30 ba ne ba e-ba teng puong ea phatlalatsa. ’Masepala o ile a tsebisoa hore ho hlokahala sebaka seo ho kopaneloang ho sona, ’me ka thabo, o ile a fana ka setša sa ho haha Holo ea ’Muso. Barab’abo rōna ba tsoang São Tomé ba ile ba ithaopela ho haha Holo ea ’Muso e nyenyane e boetseng e nang le sebaka sa bolulo sa bo-pula-maliboho ba khethehileng ba babeli.
Ho totobetse hore litaba tse molemo li beha litholoana haholo ebile lia eketseha lihlekehlekeng tsena tse hōle. (Bakolose 1:5, 6) Ka January 1990 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 46 São Tomé le Príncipe. Selemong sa tšebeletso sa 2002, ho ile ha finyelloa tlhōrō ea baboleli ba ’Muso ba 388! Bahoeletsi ba ka holimo ho karolo ea 20 lekholong ba tšebeletsong ea nako e tletseng, ’me ho khannoa lithuto tsa mahae tsa Bibele tse ka bang 1 400. Ba ileng ba e-ba teng Sehopotsong ka 2001 ba ile ba finyella tlhōrō e phahametseng tsohle ea ba 1 907. E, lihlekehlekeng tsena tsa libaka tse chesang tse mongobo, lentsoe la Jehova le tsoela pele ka potlako ’me lea tlotlisoa.—2 Bathesalonika 3:1.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 12]
Mananeo a Ratoang Haholo Seea-le-moeeng
Buka e thabeloang haholo lihlekehlekeng tsena ke buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.a Ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse peli, Seea-le-moeeng sa Sechaba ho hasoa lenaneo la metsotso e 15 le nang le sehlooho sena. E ba ho hlollang hakaakang ho utloa seboholi se botsa se re: “Bacha, le ka tseba joang haeba e le lerato la sebele kapa e le ho nkeha maikutlo feela?” ebe ka mor’a moo se bala karolo e itseng bukeng ee! (Bona khaolo ea 31.) Ho hasoa lenaneo le tšoanang ho sebelisoa likarolo tse khethiloeng bukeng ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa.b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
b Li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Holo ea ’Muso ea pele ea São Tomé ka 1994
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
1. Holo ea ’Muso e hahiloeng ka potlako Mé-Zochi
2. Kopano ea setereke ea bohlokoa historing e ile ea tšoareloa holong ena
3. Bakolobetsuoa ba thabileng kopanong
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]
Globe: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.