Itšetlehe ka Moea oa Molimo ha U Sebetsana le Maemo a Bophelo a Ntseng a Fetoha
“Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo.”—2 TIMOTHEA 2:15.
1. Ke liphetoho life tse hlahisang mathata boiketlong ba rōna ba moea?
LEFATŠE le re potolohileng le lula le ntse le fetoha. Re bona khatelo-pele e hlollang ea saense le theknoloji hammoho le ho nyehla ho sekhahla ha melao ea boitšoaro. Joalokaha re hlokometse sehloohong se ka pele, Bakreste ba lokela ho hanyetsa moea oa lefatše o khahlanong le Molimo. Leha ho le joalo, ha lefatše le ntse le fetoha, le rōna re fetoha ka litsela tse ngata. Re tloha bongoaneng re ba batho ba baholo. Re ka ’na ra fumana leruo kapa ra lahleheloa ke lona, bophelo ba rōna ba ’mele bo ka ntlafala kapa ba mpefala, re ka ’na ra fumana batho ba eketsehileng bao re ba ratang kapa ra lahleheloa ke bona. Liphetoho tse ngata tse joalo ke tse ka holimo ho matla a rōna, ’me li ka hlahisa mathata a macha le a boima boiketlong ba rōna ba moea.
2. Bophelo ba Davida bo ile ba fetoha joang?
2 Hase batho ba bangata bao maemo a bona a fetohang ka tšohanyetso joaloka a Davida, mora oa Jese. Ka potlako Davida o ile a tloha boemong ba ho ba molisana ea sa tsejoeng a fetoha mohale ea tummeng sechabeng. Hamorao e ile ea e-ba ’malehi, ea tsongoang joaloka phoofolo ke morena ea mohono. Ka mor’a moo, Davida e ile ea e-ba morena le mohlōli. O ile a mamella liphello tse bohloko tsa sebe se tebileng. O ile a oeloa ke tlokotsi ’me lelapa la hae la arohana. O ile a fumana leruo, a hōla ’me a tleloa ke mefokolo e tlisoang ke botsofali. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe liphetoho tse ngata bophelong ba hae, Davida o ile a tšepa Jehova le moea oa Hae bophelong bohle ba hae. O ile a etsa sohle se matleng a hae ho itlhahisa a “amoheleha ho Molimo,” ’me Molimo o ile a mo hlohonolofatsa. (2 Timothea 2:15) Le hoja maemo a rōna a fapane le a Davida, re ka ithuta ho itseng tseleng eo a ileng a sebetsa litaba ka eona bophelong ba hae. Mohlala oa hae o ka re thusa ho utloisisa kamoo moea oa Molimo o ka tsoelang pele ho re thusa kateng ha re talimane le liphetoho bophelong ba rōna.
Boikokobetso ba Davida ke Mohlala o Motle
3, 4. Davida o ile a hlahella joang ho tloha boemong ba ho ba molisana ea sa tsejoeng ho fetoha motho ea tummeng sechabeng?
3 Ha Davida e sa le moshanyana, o ne a sa hlahella esita le lelapeng labo. Ha moprofeta Samuele a e-tla Bethlehema, ntat’a Davida o ile a hlahisa ba supileng ho bara ba hae ba robeli. Davida, eo e neng e le eena oa ho fela, o ile a siuoa a alositse linku. Leha ho le joalo, Jehova o ne a khethile Davida hore e tle e be morena oa Iseraele nakong e tlang. Davida o ile a bitsoa naheng. Ka mor’a moo, tlaleho ea Bibele e re: “Samuele a nka lenaka la oli ’me a mo tlotsa har’a barab’abo. Moea oa Jehova oa qala ho sebetsa ho Davida ho tloha letsatsing leo ho ea pele.” (1 Samuele 16:12, 13) Davida o ile a itšetleha ka moea oo bophelong bohle ba hae.
4 Ka potlako molisana enoa o ne a tla tuma sechabeng sa habo. O ile a bitsetsoa ho tla hlokomela morena le ho mo letsetsa ’mino. O ile a bolaea mohlabani Goliathe, eo e neng e le senatla se mabifi hoo esita le masole a Iseraele ao e neng e se e le khale a li bona a neng a tšaba ho kopana le eena. E le moeta-pele oa bahlabani, Davida o ile a hlōla Bafilista. Batho ba ne ba mo rata. Ba ile ba qapa lipina tse mo rorisang. Pejana, moeletsi e mong oa Morena Saule o ne a ile a hlalosa Davida e monyenyane ka hore e ne e se feela ea “nang le tsebo ea ho letsa” harepa empa e ne e boetse e le “monna ea sebete, ea matla le monna oa ntoa le sebui se kelello le monna ea bōpehileng hantle.”—1 Samuele 16:18; 17:23, 24, 45-51; 18:5-7.
5. Ke eng se ka beng se ile sa etsa hore Davida a ikhohomose, hona re tseba joang hore ha aa ka a ikhohomosa?
5 Davida o ne a tumme, e le tjaka, a le mocha, e le sebui se kheleke, e le sebini, e le mohlabani ea hloahloa, a amoheloa ke Molimo—o ne a bonahala a e-na le litšobotsi tsohle tseo motho a ka li lakatsang. Leha e le efe har’a litšobotsi tsena e ka be e ile ea etsa hore a ikhohomose, empa ha ho le e ’ngoe ea tsona e ileng ea etsa joalo. Hlokomela karabo ea Davida ho Morena Saule, ea neng a tšepisa Davida hore o tla mo fa morali oa hae hore a mo nyale. A ikokobelitse e le kannete, Davida o ile a re: “’Na ke mang ’me beng ka ’na, lelapa la Ntate, ke bo-mang Iseraele, hoo nka bang mokhoenyana oa morena?” (1 Samuele 18:18) Ha setsebi se seng se hlalosa temana ena, se ile sa ngola: “Seo Davida a neng a se bolela e ne e le hore eena ka boeena o ne a sa tšoanelehe, o ne a se na boemo bo hlaheletseng sechabeng, ebile o ne a sa tsoe lesikeng le khethehileng, hoo a neng a ka re o tšoaneloa ke tlotla ea ho ba mokhoenyana oa morena.”
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlaolela boikokobetso?
6 Boikokobetso ba Davida bo ne bo thehiloe tabeng ea hore o ne a hlokomela hore Jehova o phahametse batho ba sa phethahalang ka hohle-hohle. Davida o ile a hlolloa ke hore ebe Molimo o ne a bile a ela motho hloko. (Pesaleme ea 144:3) Davida o ne a boetse a tseba hore boholo leha e le bofe boo mohlomong a neng a e-na le bona bo ne bo tlisitsoe feela ke hobane Jehova a ne a bontša boikokobetso, a itheotse boemong hore a mo tšehetse, a mo sireletse, le ho mo hlokomela. (Pesaleme ea 18:35) Eo ke thuto e ntle hakaakang ho rōna! Litalenta tsa rōna, lintho tseo re li finyeletseng le litokelo tseo re nang le tsona le ka mohla ha lia lokela ho etsa hore re ikakase. Moapostola Pauluse o ile a ngola sena: “Ka sebele, u na le eng eo u sa kang ua e amohela? Joale, haeba ka sebele u ile ua e amohela, ke hobane’ng ha u ithorisa joalokaha eka ha ua ka ua e amohela?” (1 Bakorinthe 4:7) E le hore re fumane moea oa Molimo o halalelang le hore a re amohele, re lokela ho hlaolela boikokobetso ’me re lule re e-na le bona.—Jakobo 4:6.
“Le se ke la Iphetetsa”
7. Ke monyetla ofe oa ho bolaea Morena Saule oo Davida a ileng a o fumana?
7 Le hoja botumo ba Davida bo sa ka ba etsa hore a ikhohomose, bo ile ba baka mohono o tletseng polao ho Morena Saule, eo moea oa Molimo o neng o se o tlohile ho eena. Le hoja Davida a ne a sa etsa phoso ea letho, o ile a baleha hobane bophelo ba hae bo ne bo le kotsing ’me a lula lefeelleng. Ka lekhetlo le leng, ha a ntse a lelekisa Davida, Morena Saule o ile a kena ka lehaheng, a sa tsebe hore Davida le bo-mphato ba hae ba ipatile moo. Banna ba Davida ba ile ba mo phehella hore a sebelise monyetla oo ho neng ho bonahala eka o o filoe ke Molimo oa hore a bolaee Saule. Re ka inahanela ha ba le lefifing ka lehaheng, ba hoeshetsa ba re ho Davida: “Lena ke letsatsi leo ka lona Jehova a reng ho uena, ‘Bona! ke tla nehelana ka sera sa hao letsohong la hao, ’me u se etse feela kamoo ho ka bonahalang ho le molemo kateng mahlong a hao.’”—1 Samuele 24:2-6.
8. Ke hobane’ng ha Davida a ile a ithiba a se ke a iphetetsa?
8 Davida o ile a hana ho ntša Saule kotsi. A bontša tumelo le mamello, o ile a khotsofalla ho tlohela litaba matsohong a Jehova. Ka mor’a hore morena a tsoe ka lehaheng, Davida o ile a mo hoeletsa eaba o re: “E se eka Jehova a ka ahlola pakeng tsa ka le uena; Jehova o tla mpheteletsa ho uena, empa letsoho la ka le ke ke la e-ba holim’a hao.” (1 Samuele 24:12) Le hoja a ne a tseba hore Saule o ne a fositse, Davida ha aa ka a iphetetsa, ebile ha aa ka a nyefola Saule ha a bua le eena kapa ha a bua ka eena. Ka makhetlo a mang a ’maloa, Davida o ile a ithiba a se ke a inkela molao matsohong. Ho e-na le hoo, o ile a itšetleha ka Jehova hore a lokise litaba.—1 Samuele 25:32-34; 26:10, 11.
9. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho iphetetsa haeba re thulana le khanyetso kapa mahloriso?
9 Joaloka Davida, u ka ’na ua iphumana u le maemong a hlobaetsang. Mohlomong ua hanyetsoa kapa u hlorisoa ke bao u kenang sekolo le bona, basebetsi-’moho le uena, litho tsa lelapa kapa ba bang bao u seng tumelong e le ’ngoe le bona. U se ke ua iphetetsa. Letela Jehova, u kōpe hore moea oa hae o halalelang o u thuse. Mohlomong batho bao ba sa lumelang ba tla khahloa ke boitšoaro ba hao bo botle ’me ba tla fetoha balumeli. (1 Petrose 3:1) Ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng, kholiseha hore Jehova o bona boemo boo u leng ho bona ’me o tla nka khato ka bona ka nako ea hae e loketseng. Moapostola Pauluse o ile a ngola sena: “Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka; kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’”—Baroma 12:19.
“Mamelang Taeo”
10. Davida o ile a oela sebeng joang, hona o ile a leka ho se pata joang?
10 Ho ile ha feta lilemo. Davida e ile ea e-ba morena ea ratoang ea tummeng haholo. Bophelo ba hae bo bontšang botšepehi bo ikhethang, hammoho le lipesaleme tse monate tse rorisang Jehova tseo a ileng a li ngola, li ne li ka etsa hore ho be bonolo ho nahana hore enoa e ne e le monna eo le ka mohla a neng a ke ke a oela sebeng se tebileng. Empa o ile a fela a oela ho sona. Ka letsatsi le leng, ha morena a le marulelong a ntlo ea hae o ile a bona mosali e motle a ntse a itlhatsoa. O ile a botsa hore na ke mang. Ha a utloa hore mosali eo ke Bathe-sheba le hore monna oa hae, Uria, o ile ntoeng, Davida o ile a re a tlisoe eaba o robala le eena. Hamorao o ile a fumana hore mosali eo ke moimana. E ne e tla ba mahlabisa-lihlong a makaakang haeba taba eo e ne e ka utoloha! Tlas’a Molao oa Moshe, motho ea etsang bofebe o ne a ahloleloa lefu. Ho bonahala eka morena o ne a nahana hore sebe seo se ka patoa. Kahoo o ile a romela molaetsa lebothong la ntoa, a laela hore Uria a khutlele Jerusalema. Davida o ne a tšepile hore Uria o tla robala le Bathe-sheba bosiung boo, empa seo ha sea ka sa etsahala. Kaha joale Davida o ne a se a sa tsebe hore na o nka eng o e tšoantša le eng, o ile a khutlisetsa Uria ntoeng a mo file lengolo le eang ho molaoli oa sesole, Joabe. Lengolo leo le ne le laela hore ntoeng Uria a behoe moo a neng a tla bolaoa teng. Joabe o ile a phetha seo, ’me Uria o ile a bolaoa. Ka mor’a hore Bathe-sheba a qete nako e tloaelehileng ea ho siama, Davida o ile a mo nka ea e-ba mosali oa hae.—2 Samuele 11:1-27.
11. Nathane o ile a phetela Davida ketsahalo efe, hona Davida o ile a etsa joang?
11 Leqheka lena le ne le bonahala eka le sebelitse, empa Davida o ne a lokela hore ebe o tsebile hore taba eo eohle e ne e pepesehile phatlalatsa mahlong a Jehova. (Baheberu 4:13) Ho ile ha feta likhoeli, eaba ngoana oa hlaha. Joale, ka taelo ea Molimo, moprofeta Nathane o ile a ea ho Davida. Moprofeta o ile a phetela morena ketsahalo e ’ngoe eo ho eona monna oa morui ea nang le linku tse ngata a ileng a nka nku e le ’ngoe feela ea monna oa mofutsana, eaba oa e hlaba. Pale eo e ile ea susumelletsa Davida hore a batle hore ho phethahatsoe toka empa o ne a sa hlokomele hore na e bolela’ng. Ka potlako Davida o ile a ahlola monna eo oa morui. A tuka ke khalefo, o ile a re ho Nathane: “Monna ea etsang sena o tšoaneloa ke ho shoa!”—2 Samuele 12:1-6.
12. Jehova o ile a ahlola Davida joang?
12 Moprofeta o ile a arabela ka ho re: “Monna eo ke uena!” Davida o ne a ikahlotse. Ha ho pelaelo hore kapele-pele khalefo ea Davida e ile ea fetoha lihlong tse khōlō le mesarelo e tebileng. A tsielehile, o ile a mamela ha Nathane a fana ka kahlolo ea Jehova eo a neng a ke ke a e qoba. Ho ne ho se letho leo a ka tšelisoang ka lona. Davida o ne a nyelisitse lentsoe la Jehova ka ho etsa se sebe. Na o ne a sa bolaea Uria ka sabole ea lira? Sabole e ne e ke ke ea tloha tlung ea Davida. Na o ne a sa nka mosali oa Uria ka sekhukhu? O ne a tla hlaheloa ke bobe bo tšoanang, eseng ka sephiring, empa phatlalatsa.—2 Samuele 12:7-12.
13. Davida o ile a itšoara joang ha Jehova a mo laea?
13 Botle ke hore Davida ha aa ka a hana molato oa hae. Ha aa ka a halefela moprofeta Nathane. Ha aa ka a beha ba bang molato kapa a ikemela ka seo a se entseng. Ha a bolelloa libe tsa hae sefahla-mahlo, Davida o ile a jara boikarabelo ba hae, a re: “Ke sitetsoe Jehova.” (2 Samuele 12:13) Pesaleme ea 51 e bontša a sithabelitsoe ke ho ikutloa a le molato le hore o ile a bontša pako e tebileng. O ile a ipiletsa ho Jehova a re: “U se ke ua ntahlela hōle le sefahleho sa hao; u se ke ua tlosa moea oa hao o halalelang ho ’na.” O ne a lumela hore ka mohau oa hae Jehova o ne a ke ke a nyelisa “pelo e robehileng le e sithabetseng” ka lebaka la ho etsa sebe. (Pesaleme ea 51:11, 17) Davida o ile a tsoela pele ho itšetleha ka moea oa Molimo. Le hoja Jehova a sa ka a sireletsa Davida liphellong tse babang tsa sebe sa hae, o ile a mo tšoarela.
14. Re lokela ho itšoara joang ha Jehova a re laea?
14 Kaofela ha rōna ha rea phethahala, ’me kaofela re etsa sebe. (Baroma 3:23) Ka linako tse ling re ka ’na ra oela sebeng se tebileng, joaloka Davida. Feela joalokaha ntate ea lerato a laea bana ba hae, ka ho tšoanang Jehova o khalemela ba batlang ho mo sebeletsa. Le hoja taeo e le molemo, ha ho bonolo ho e amohela. Ha e le hantle, ka linako tse ling e “baka mesarelo.” (Baheberu 12:6, 11) Leha ho le joalo, haeba re ‘mamela taeo,’ re ka boelanngoa le Jehova. (Liproverbia 8:33) Hore re thabele tlhohonolofatso e tsoelang pele ea moea oa Jehova, re tlameha ho amohela khalemelo ’me re sebeletse ho ba ba amoheloang ke Molimo.
U se ke Ua Tšepa Maruo a sa Tsitsang
15. (a) Batho ba bang ba sebelisa maruo a bona ka litsela life? (b) Davida o ne a lakatsa ho sebelisa leruo la hae joang?
15 Ha ho letho le bontšang hore Davida e ne e le motho ea hlaheletseng sechabeng kapa hore lelapa labo le ne le ruile. Leha ho le joalo, Davida o ile a fumana leruo le lengata ha e ntse e le morena. Joalokaha u tseba, ba bangata ba ipolokela leruo, ka meharo ba batla ho le eketsa kapa ba le sebelisa ka boithati. Ba bang ba sebelisa chelete ea bona ho itlotlisa. (Matheu 6:2) Davida o ne a sebelisa leruo la hae ka tsela e fapaneng. O ne a labalabela ho hlompha Jehova. Davida o ile a bolella Nathane hore o lakatsa ho hahela Jehova tempele eo ho tla behoa areka ea selekane ho eona, eo ka nako eo e neng e le Jerusalema “e lula har’a masela a tente.” Jehova o ile a khahloa ke boikemisetso ba Davida empa a re Nathane a mo bolelle hore tempele e ne e tla hahoa ke mor’a hae Solomone.—2 Samuele 7:1, 2, 12, 13.
16. Davida o ile a etsa litokisetso life bakeng sa kaho ea tempele?
16 Davida o ile a bokella thepa e neng e tla sebelisoa mosebetsing ona o moholo oa kaho. Davida o ile a re ho Solomone: “Ke lokiselitse ntlo ea Jehova litalenta tsa khauta tse likete tse lekholo le litalenta tsa silevera tse milione, ’me koporo le tšepe ha ho mokhoa oa ho li lekanya hobane li ngata haholo; ke lokisitse le lifate le majoe, empa u tla li eketsa.” O ile a nehelana ka litalenta tsa khauta tse 3 000 le litalenta tsa silevera tse 7 000 tse tsoang leruong la hae.a (1 Likronike 22:14; 29:3, 4) Ho fana ha Davida ka seatla se bulehileng e ne e se ho etsa mponeng, empa e ne e le pontšo ea tumelo le boinehelo ho Jehova Molimo. Kaha o ne a hlokomela hore na Mohloli oa maruo a hae ke mang, o ile a re ho Jehova: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoa ho uena, ’me re u file se tsoang letsohong la hao.” (1 Likronike 29:14) Pelo ea Davida e ratang ho fana ka seatla se bulehileng e ile ea mo susumelletsa hore a etse sohle seo a ka se khonang ho ntšetsa pele borapeli bo hloekileng.
17. Keletso e ho 1 Timothea 6:17-19 e sebetsa joang ho barui le mafutsana?
17 Ka ho tšoanang, e se eka re ka sebelisa matlotlo a rōna ho etsa se setle. Ho e-na le ho phela bophelo ba ho rata lintho tse bonahalang, ho molemo ho batla ho amoheloa ke Molimo—eo ke eona tsela e bontšang bohlale ba ’nete le e thabisang. Pauluse o ile a ngola: “Fana ka litaelo ho ba ruileng tsamaisong ea hona joale ea lintho hore ba se ke ba iphahamisa, le hore ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong a sa tsitsang, empa ba e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele; hore ba sebetse se molemo, hore ba rue mesebetsing e metle, hore ba be seatla se bulehileng, ba itokisetse ho arolelana, ba ipolokele ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso, e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.” (1 Timothea 6:17-19) Ho sa tsotellehe hore na boemo ba rōna ba moruo ke bofe, a re itšetleheng ka moea oa Molimo ’me re phele ka tsela e tla etsa hore re ‘ruele ho Molimo.’ (Luka 12:21) Ha ho letho leo e leng la bohlokoa ho feta ho ba boemong bo amohelehang ho Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo.
Itlhahise U Amoheleha ho Molimo
18. Davida o ile a behela Bakreste mohlala o motle ka tsela efe?
18 Bophelong bohle ba hae, Davida o ne a batla ho amoheloa ke Jehova. Ha a bina, o ile a ipiletsa: “Mpontše mohau, Molimo, u mpontše mohau, etsoe moea oa ka o tšabetse ho uena.” (Pesaleme ea 57:1) Tšepo eo a neng a e-na le eona ho Jehova e ne e se ea lefeela. Davida o ile a tsofala, “a khotsofetse ke matsatsi.” (1 Likronike 23:1) Le hoja Davida a ile a etsa liphoso tse tebileng, o hopoloa e le e mong oa lipaki tsa Molimo tse ngata tse ileng tsa bontša tumelo e ikhethang.—Baheberu 11:32.
19. Re ka itlhahisa re amoheleha ho Molimo joang?
19 Ha u tobana le maemo a bophelo a ntseng a fetoha, hopola hore feela joalokaha Jehova a ile a tšehetsa Davida, a mo matlafatsa le ho mo khalemela, A ka etsa ho tšoanang le ho uena. Joaloka Davida, moapostola Pauluse o ile a tobana le liphetoho tse ngata bophelong. Leha ho le joalo, le eena o ile a lula a tšepahala ka ho itšetleha ka moea oa Molimo. O ile a ngola: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafilipi 4:12, 13) Haeba re itšetleha ka Jehova, o tla re thusa hore re atlehe. O batla hore re atlehe. Haeba re mo mamela ’me re atamela ho eena, o tla re fa matla a ho etsa thato ea hae. ’Me haeba re tsoela pele ho itšetleha ka moea oa Molimo, re tla khona ho ‘itlhahisa re amoheleha ho Molimo’ hona joale le ka ho sa feleng.—2 Timothea 2:15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha o lekanngoa ka chelete ea kajeno, monehelo oa Davida o ka holimo ho liranta tse limilione tse likete tse 8,3.
U ka Araba Joang?
• Re ka itebela khahlanong le boikhohomoso joang?
• Ke hobane’ng ha re sa lokela ho iphetetsa?
• Re lokela ho talima taeo joang?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Molimo eseng maruo?
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Davida o ne a itšetlehile ka moea oa Molimo a bile a batla hore a mo amohele. Na u etsa se tšoanang?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
“Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoa ho uena, ’me re u file se tsoang letsohong la hao”