Batho ba Molimo ba Lokela ho Rata Mosa
“Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa ’me u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?”—MIKEA 6:8.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala hore ebe Jehova o lebeletse hore batho ba hae ba bontše mosa? (b) Ke lipotso life tse amanang le mosa tseo re lokelang ho li hlahloba?
JEHOVA ke Molimo ea mosa. (Baroma 2:4; 11:22) E tlameha ebe banyalani ba pele, Adama le Eva, ba ile ba ananela seo hakaakang! Serapeng sa Edene, ba ne ba pota-potiloe ke pōpo e bonahalang ea lintho tse fanang ka bopaki ba hore Molimo o bile mosa ho batho ba neng ba ka khona ho li thabela. ’Me Molimo o ntse a bontša mosa ho bohle, esita le ho batho ba sa leboheng le ba khopo.
2 Kaha batho ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo, ba na le bokhoni ba ho bonahatsa litšobotsi tsa Molimo. (Genese 1:26) Ha ho makatse hore ebe Jehova o lebeletse hore re bontše mosa. Joalokaha Mikea 6:8 e bolela, batho ba Molimo ba lokela ho “rata mosa.” Empa mosa ke eng? O amana joang le litšobotsi tse ling tsa Molimo? Kaha batho ba khona ho bontša mosa, ke hobane’ng ha lefatšeng ho tletse bokhopo le sehlōhō hakaale? Joaloka Bakreste, ke hobane’ng ha re lokela ho loanela ho bontša mosa ha re sebelisana le batho ba bang?
Mosa ke Eng?
3. U ka hlalosa mosa joang?
3 Mosa o bontšoa ka ho ba le thahasello e matla boiketlong ba batho ba bang. O bontšoa ka liketso tsa ho thusa ba bang le ka mantsoe a bontšang ho ba nahanela. Ho ba mosa ho bolela ho etsa se molemo ho e-na le ho etsa ntho leha e le efe e lematsang. Motho ea mosa o botsoalle, o bonolo, o na le kutloelo-bohloko ebile o lereko. O na le boikutlo ba ho fana ka seatla se bulehileng, bo nahanelang ba bang. Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste a re: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakolose 3:12) Kahoo, mosa ke karolo ea liaparo tsa tšoantšetso tsa Mokreste e mong le e mong oa ’nete.
4. Jehova e bile eena ea ka sehloohong joang tabeng ea ho bontša mosa ho moloko oa batho?
4 Jehova Molimo ke eena ea ka sehloohong tabeng ea ho bontša mosa. Joalokaha Pauluse a boletse, e ne e le ha “Mopholosi oa rōna Molimo a bonahatsa mosa le lerato bakeng sa motho,” moo a ileng “a re pholosa ka ho hlatsoa ho ileng ha re tlisa bophelong le ka ho re etsa ba bacha ka moea o halalelang.” (Tite 3:4, 5) Molimo o ‘hlatsoa,’ kapa o hloekisa, Bakreste ba tlotsitsoeng ka mali a Jesu, ka ho sebelisa molemo oa sehlabelo sa Kreste sa thekollo molemong oa bona. Hape ba nchafatsoa ka moea o halalelang, ba fetoha “pōpo e ncha” e le bara ba tsoetsoeng ka moea ba Molimo. (2 Bakorinthe 5:17) Ho feta moo, mosa oa Molimo le lerato la hae li atolohela ho “bongata bo boholo,” bo ‘hlatsoitseng liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo le ho li soeufatsa maling a Konyana.’—Tšenolo 7:9, 14; 1 Johanne 2:1, 2.
5. Ke hobane’ng ha batho ba tataisoang ke moea oa Molimo ba lokela ho bontša mosa?
5 Mosa e boetse ke karolo ea litholoana tsa moea oa Molimo o halalelang, kapa matla a sebetsang. Pauluse o itse: “Litholoana tsa moea ke lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro. Ha ho molao o khahlanong le lintho tse joalo.” (Bagalata 5:22, 23) Kahoo, na batho ba tataisoang ke moea oa Molimo ha baa lokela ho bontša batho ba bang mosa?
Mosa oa ’Nete Hase Bofokoli
6. Ke neng ho ka thoe’ng mosa ke bofokoli, hona hobane’ng?
6 Batho ba bang ba nka mosa e le bofokoli. Ba nahana hore motho o lokela ho ba pelo e thata, ’me ka linako tse ling e be ea khahlapetsang, e le hore ba bang ba bone hore o matla. Empa, ’nete ke hore, ho hlokahala matla a sebele hore motho a be mosa e le kannete e le hore a qobe ho bontša mosa o fosahetseng. Kaha mosa oa ’nete ke karolo ea litholoana tsa moea oa Molimo, e ke ke ea e-ba boikutlo bo fokolang, bo lumellang boitšoaro bo sa lokang. Ka lehlakoreng le leng, mosa o fosahetseng ke bofokoli bo etsang hore motho a lumelle boitšoaro bo bobe.
7. (a) Eli o ile a bontša ho ba monyebe joang? (b) Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho itebela khahlanong le ho bontša mosa o fosahetseng?
7 Ka mohlala, nahana ka moprista ea phahameng oa Iseraele, Eli. O ne a le monyebe ha a khalemela bara ba hae, Hofni le Finease, ba neng ba sebeletsa e le baprista tabernakeleng. Kaha ba ne ba sa khotsofalla karolo ea sehlabelo eo Molao oa Molimo o neng o laetse hore ba e fuoe, ba ne ba laela mohlokomeli hore a batle nama e tala ho motho ea nyehelang sehlabelo pele mafura a nyehelo eo a chesoa aletareng. Hape bara ba Eli ba ne ba kopanela boitšoarong bo hlephileng le basali ba neng ba sebeletsa monyako oa tabernakele. Leha ho le joalo, ho e-na le hore Eli a tlose Hofni le Finease tšebeletsong ea bona, o ne a ba khalemela ka bonolo feela. (1 Samuele 2:12-29) Ha ho makatse ha “lentsoe le tsoang ho Jehova le ne le fumaneha ka seoelo matsatsing ao”! (1 Samuele 3:1) Baholo ba Bakreste ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba sekisetsa ka ho bontša mosa o fosahetseng ho bafosi ba ka ’nang ba beha bomoea ba phutheho kotsing. Mosa oa ’nete ha o iphapanyetse mantsoe a mabe le liketso tse tlōlang litekanyetso tsa Molimo.
8. Jesu o ile a bonahatsa mosa oa ’nete joang?
8 Jesu Kreste, ’Mehi-mohlala oa rōna, ha ho mohla a kileng a ba molato oa ho bonahatsa mosa o fosahetseng. E ne e le mohlala o molemo ka ho fetisisa oa mosa oa ’nete. Ka mohlala, ‘o ile a hauhela batho hobane ba ne ba sohlokehile ’me ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.’ Batho ba lipelo li tšepahalang ba ne ba ikutloa ba lokolohile ho atamela Jesu, ba bile ba tlisa bana ba bona ho eena. Nahana ka mosa le kutloelo-bohloko tseo a ileng a li bontša ha a ‘sika bana bao ’me a qala ho ba hlohonolofatsa.’ (Matheu 9:36; Mareka 10:13-16) Le hoja Jesu a ne a le mosa, empa o ne a sa sekisetse tabeng ea ho etsa se nepahetseng mahlong a Ntate oa hae oa leholimo. Ha ho mohla Jesu a neng a lumella bobe; o ne a e-na le matla ao a a fuoeng ke Molimo a ho nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba baikaketsi. Joalokaha ho boletsoe ho Matheu 23:13-26, ka makhetlo-khetlo o ile a pheta polelo e latelang: “Ho malimabe lōna, bangoli le Bafarisi, baikaketsi!”
Mosa le Litšobotsi Tse Ling Tsa Molimo
9. Mosa o amana joang le tiisetso le molemo?
9 Mosa o amana le litšobotsi tse ling tse hlahisoang ke moea oa Molimo. O thathamisitsoe pakeng tsa “tiisetso” le “molemo.” Bonneteng, motho ea sebeletsang ho ba mosa o bonahatsa tšobotsi eo ka ho ba le tiisetso. O mamella esita le batho ba hlokang mosa. Mosa o amana le molemo hobane hangata o bonahatsoa ka liketso tse thusang tse etsoang molemong oa ba bang. Ka linako tse ling, lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng ka Bibeleng bakeng sa “mosa” le ka ’na la fetoleloa e le “molemo.” Ho bonahatsoa ha tšobotsi ena har’a Bakreste ba pele ho ile ha makatsa bahetene haholo hoo, ho ea ka Tertullian, ba neng ba bitsa balateli ba Jesu ‘batho ba bōpelletsoeng le mosa.’
10. Mosa o amana le lerato joang?
10 Mosa le lerato lia amana. Jesu o ile a re ka balateli ba hae: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) ’Me mabapi le lerato lena, Pauluse o itse: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa.” (1 Bakorinthe 13:4) Hape, mosa o amahanngoa le lerato poleloaneng e reng “mosa o lerato,” e sebelisoang hangata ka Mangolong. Mosa ona ke o hlahisoang ke lerato le tšepahalang. Lereho la Seheberu le fetoletsoeng e le “mosa o lerato” ha le akarelletse feela ho rata motho. Ke mosa o khomarelang ntho ka lerato ho fihlela morero oa oona mabapi le ntho eo o phethahetse. Mosa o lerato oa Jehova, kapa lerato la hae le tšepahalang, o bonahala ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, o bonahala liketsong tsa hae tsa topollo le tšireletso.—Pesaleme ea 6:4; 40:11; 143:12.
11. Mosa o lerato oa Molimo o re tiisetsa eng?
11 Mosa o lerato oa Jehova o hulela batho ho eena. (Jeremia 31:3) Ha bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba hloka topollo kapa thuso, baa tseba hore ka sebele o tla ba bontša mosa oa hae o lerato, e leng lerato la hae le tšepahalang. Baa tseba hore mosa oa hae o lerato o ke ke oa ba siea lepalapaleng. Kahoo, ba ka rapela ka tumelo, joalokaha Mopesaleme a ile a etsa ha a ne a re: “Ha e le ’na, ke tšepile mosa oa hao o lerato; pelo ea ka e ke e thabele poloko ea hao.” (Pesaleme ea 13:5) Kaha lerato la Molimo lea tšepahala, bahlanka ba hae ba ka mo tšepa ka ho feletseng. Ba tiisetsoa sena: “Jehova a ke ke a furalla batho ba hae, kapa a tlohela lefa la hae.”—Pesaleme ea 94:14.
Ke Hobane’ng ha Lefatše le le Khopo Hakaale?
12. Puso e hatellang e simolohile neng hona joang?
12 Karabo ea potso ena e amana le se etsahetseng serapeng sa Edene. Qalong ea histori ea motho, sebōpuoa sa moea se ileng sa icheba bosona le ho ikhohomosa se ile sa loha leqheka la ho iketsa ’musi oa lefatše. Ka lebaka la leqheka lena la sona, se ile sa fetoha “’musi oa lefatše lena,” ea hatellang e le kannete. (Johanne 12:31) Se ile sa tsebahala e le Satane Diabolose, mohanyetsi e moholo oa Molimo le batho. (Johanne 8:44; Tšenolo 12:9) Leqheka la hae la boithati la ho theha puso e tšoanang le puso e mosa ea Jehova le ile la senoloa nakoana ka mor’a hore Eva a bōptjoe. Kahoo, puso e mpe e qalile ha Adama a ne a khetha ho itokolla pusong ea Molimo, a hana mosa oa Hae ka ho feletseng. (Genese 3:1-6) Ho e-na le hore Adama le Eva ba ipuse kannete, ka sebele ba ile ba ba tlas’a tšusumetso ea boithati le ea boikhohomoso ea Diabolose, ba fetoha bafo ba hae.
13-15. (a) Tse ling tsa liphello tsa ho hana puso e lokileng ea Jehova e bile life? (b) Ke hobane’ng ha lefatše lee le le khopo hakaale?
13 Nahana ka liphello tse ling tsa sena. Adama le Eva ba ile ba lelekoa karolong ea lefatše eo e neng e le paradeise. Ba ile ba tloha serapeng se tlokomang se nang le limela le litholoana tse matlafatsang ba ea boemong bo thata ka ntle ho serapa sa Edene. Molimo o ile a re ho Adama: “Kahobane u mametse lentsoe la mosali oa hao ’me u jele tsa sefate seo ke u laetseng tjena malebana le sona, ‘U se ke ua ja tsa sona,’ lefatše le rohakiloe ka lebaka la hao. U tla ja lihlahisoa tsa lona ka bohloko ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hao. Le tla u melisetsa meutloa le lihlabahlabane.” Ho rohakoa ha mobu ho ne ho bolela hore joale ho ne ho se ho tla ba thata ka ho fetisisa ho o lema. Liphello tsa ho rohakoa ha mobu, ka meutloa ea oona le lihlabahlabane, li ile tsa ama litloholo tsa Adama haholo hoo ntate oa Noe, Lameke, a ileng a bua ka ‘bohloko ba matsoho a bona bo bakoang ke lefatše leo Jehova a le rohakileng.’—Genese 3:17-19; 5:29.
14 Hape Adama le Eva ba ile ba felisa khotso ea bona ’me ea nkeloa sebaka ke matšoenyeho. Molimo o ile a re ho Eva: “Ke tla eketsa bohloko ba boimana ba hao haholo; u tla tsoala bana ka bohloko bo hlabang ba pelehi, ’me u tla ba le takatso bakeng sa monna oa hao, ’me o tla u laola.” Hamorao, Kaine, e leng letsibolo la Adama le Eva, o ile a etsa ketso e sehlōhō ea ho bolaea ngoan’abo Abele.—Genese 3:16; 4:8.
15 Moapostola Johanne o ile a re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Lefatše la kajeno le bonahatsa litšobotsi tse mpe tse tšoanang le tsa ’musi oa lona tse akarelletsang boithati le boikhohomoso. Ha ho makatse ha le tletse bokhopo le bile le le sehlōhō hakaale! Empa le ke ke la lula le le joalo kamehla. Jehova o tla tiisa hore ’Musong oa hae, ho rena mosa le kutloelo-bohloko, eseng bokhopo le ho ba sehlōhō.
Tlas’a ’Muso oa Molimo ho Tla Rena Mosa
16. Ke hobane’ng ha puso ea Molimo ka Kreste Jesu e tla tsebahala ka mosa, ’me see se re qobella hore re etse’ng?
16 Jehova le Morena ea khethiloeng oa ’Muso oa Hae, Kreste Jesu, ba batla hore bafo ba bona ba tsebahale ka ho ba mosa. (Mikea 6:8) Jesu Kreste o ile a re fa tlhase ea kamoo tsamaiso eo Ntate oa hae a e behileng tlhokomelong ea hae e tla ba le mosa kateng. (Baheberu 1:3) Re hlokomela sena mantsoeng a Jesu a neng a pepesa baeta-pele ba bohata ba bolumeli, ba neng ba imelitse batho ka mejaro e boima. O itse: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Matheu 11:28-30) Ba bangata bao e ka ’nang eaba ke baeta-pele ba bolumeli kapa babusi ba mofuta o mong lefatšeng, ba imetsa batho ka mejaro e boima ea melao e sa feleng le ka ho ba etsisa mesebetsi empa ba sa ba lebohe. Empa seo Jesu a se batlang ho balateli ba hae se khotsofatsa litlhoko tsa bona ebile ba ka khona ho se finyella. Ka sebele, joko ea Jesu ea khatholla ebile e mosa! Na see ha se re susumeletse hore re mo etsise ka ho bontša ba bang mosa?—Johanne 13:15.
17, 18. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa hore ba tla busa le Kreste leholimong le baemeli ba hae ba lefatšeng ba tla bontša mosa?
17 Mantsoe a susumetsang ao Jesu a ileng a a bolella baapostola ba hae a totobatsa kamoo ’Muso oa Molimo o fapaneng haholo kateng le puso ea batho. Bibele e re: “Ha boela ha tsoha phehisano e chesang har’a bona [barutuoa] ka hore na ke ofe ho bona ea neng a bonahala eka ke e moholo. Empa a re ho bona: ‘Marena a lichaba a rena ka thata holim’a tsona, le ba nang le matla holim’a tsona ba bitsoa Ba Tsoelang Molemo. Leha ho le joalo, ha lea lokela ho ba ka tsela eo. Empa e moholo har’a lōna a ke a be joaloka e monyenyane, le ea ka sehloohong a ke a be joaloka ea sebeletsang. Etsoe ke ofe e moholo, ea otlileng ka lehlakore tafoleng kapa ea sebeletsang? Na hase ea otlileng ka lehlakore tafoleng? Empa ’na ke har’a lōna joaloka ea sebeletsang.’”—Luka 22:24-27.
18 Babusi ba batho ba batla ho bonahatsa boholo ba bona ka ho ‘rena ka thata’ holim’a batho le ka ho batla litlotla tse phahameng, joalokaha eka litlotla tseo li etsa hore ba be molemo ho feta bafo ba bona. Empa Jesu o itse boholo ba ’nete bo tlisoa ke ho sebeletsa ba bang—ho loanela ho sebeletsa ba bang ka mafolofolo le ka boikemisetso. Bohle ba tla busa le Kreste leholimong kapa ba tla sebeletsa e le baemeli ba hae lefatšeng ba lokela ho loanela ho latela mohlala oa hae oa boikokobetso le mosa.
19, 20. (a) Jesu o ile a bontša boholo ba mosa oa Jehova joang? (b) Re ka etsisa Jehova joang ka ho bontša mosa?
19 A re ke re boneng keletso e ’ngoe e lerato eo Jesu a faneng ka eona. Ha a bontša boholo ba mosa oa Jehova, Jesu o itse: “Haeba le rata ba le ratang, ho na le molemo ofe ho lōna? Etsoe esita le baetsalibe ba rata ba ba ratang. Haeba le etsa se molemo ho ba le etsetsang se molemo, ka sebele ho na le molemo ofe ho lōna? Esita le baetsalibe ba etsa se tšoanang. Hape, haeba le alima ntle le phaello bao le tšepileng ho amohela ho bona, ho na le molemo ofe ho lōna? Esita le baetsalibe ba alima baetsalibe ntle le phaello e le hore ba ka fumana ho lekanang. Ho fapana le hoo, le tsoele pele ho rata lira tsa lōna le ho etsa se molemo le ho alimana ntle le phaello, le sa tšepe ho boelloa ke letho; moputso oa lōna o tla ba moholo, ’me le tla ba bara ba Ea Phahameng ka ho Fetisisa, hobane o mosa ho ba se nang teboho le ba khopo. Tsoelang pele ho ba mohau, feela joalokaha Ntat’a lōna a le mohau.”—Luka 6:32-36.
20 Mosa oa Molimo ha o na boithati. Ke mosa o bontšoang ho sa lebelloa moputso oa letho. Ka mosa Jehova o “chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Matheu 5:43-45; Liketso 14:16, 17) Re etsisa Ntate oa rōna oa leholimo ka ho se qobe feela ho utloisa ba sa leboheng bohloko, empa re boetse re ba etsetsa se molemo, esita le bao e kileng ea e-ba lira tsa rōna, re ba etsetsa se molemo. Ka ho bontša mosa, re bontša Jehova le Jesu hore re lakatsa ho phela tlas’a ’Muso oa Molimo, moo litšebelisanong tsohle tsa batho, ho tla rena mosa le litšobotsi tse ling tsa Molimo.
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Bontša Mosa?
21, 22. Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša mosa?
21 Ho bontša mosa ke ntho ea bohlokoa haholo ho Mokreste oa ’nete. Ke pontšo ea hore re na le moea oa Molimo. Ho feta moo, ha re bontša mosa oa ’nete, re etsisa Jehova Molimo le Kreste Jesu. Hape, ho hlokahala hore bao e tla ba bafo ba ’Muso oa Molimo ba be mosa. Kahoo, re lokela ho rata mosa re be re ithute ho o bontša.
22 Ke ka litsela life tse ling tse sebetsang re ka bontšang mosa bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi? Sehlooho se latelang se tla tšohla taba ena.
U Arabela Joang?
• Mosa ke eng?
• Ke hobane’ng ha ho tletse bokhopo le sehlōhō lefatšeng?
• Re tseba joang hore tlas’a puso ea Molimo ho tla rena mosa?
• Ke hobane’ng ha ho bontša mosa e le habohlokoa ho ba lakatsang ho phela tlas’a ’Muso oa Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Baholo ba Bakreste ba loanela ho ba mosa ha ba sebetsana le mohlape
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Mosa o lerato oa Jehova o ke ke oa siea bahlanka ba hae lepalapaleng linakong tse thata
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Ka mosa Jehova o lumella hore letsatsi le chabele batho bohle le pula e nele batho bohle