Bophelo ba Hao ke ba Bohlokoa Hakae?
NAKONG ea Ntoa ea I ea Lefatše ha batho ba ne ba bolaoa larita Europe, ka nako e tšoanang ho ne ho etsoa boiteko bo matla ba ho sireletsa bophelo ba batho Antarctica. Mofuputsi oa Lenyesemane oa Ireland ea bitsoang Ernest Shackleton le metsoalle ea hae ba ile ba feta tlokotsing e tšabehang ha sekepe sa bona se bitsoang Endurance, se ne se soahlamana ’me se teba ka lebaka la liqubu tsa leqhoa leoatleng. Shackleton o ile a khona ho isa banna bao sebakeng se batlang se sireletsehile—e leng Sehlekehlekeng sa Elephant ka Boroa ho Leoatle la Atlantic. Empa ba ne ba ntse ba talimane le kotsi e khōlō.
Shackleton o ile a hlokomela hore tšepo ea bona feela ea ho pholoha e ne e le hore ba romele banna ba bang ho ea kōpa thuso moo ho tšoasoang maruarua sehlekehlekeng sa South Georgia. Sehlekehleke seo se ne se le bohōle ba lik’hilomithara tse 1 100, ’me o ne a e-na le seketsoana sa pholoho se bolelele ba limithara tse supileng feela seo a neng a khonne ho se ntša ho Endurance. Ba ne ba hlile ba selebaletsoe.
Leha ho le joalo, ka la 10 May, 1916, ka mor’a matsatsi a 17 a sisimosang, Shackleton le sehlopha se senyenyane sa banna bao a neng a tsamaea le bona ba ile ba fihla South Georgia, empa ka lebaka la maemo a mabe leoatleng ba ile ba tlameha ho kena le ka lehlakoreng le fosahetseng la sehlekehleke seo. Ba ile ba tlameha ho tsamaea leeto la lik’hilomithara tse 30 lithabeng tse koahetsoeng ke lehloa, tse neng li sa hlahe ’mapeng, hore ba qetelle ba fihlile moo ba neng ba habile teng. Ho sa tsotellehe mathata ao ’ohle—ho ba serameng se matla hakaalo, ebile ba se na thepa e loketseng ea ho hloa lithaba—Shackleton le metsoalle ea hae ba ile ba fihla moo ba neng ba habile teng, eaba qetellong o pholosa banna bao bohle ba neng ba le tsietsing. Ke hobane’ng ha Shackleton a ile a etsa boiteko bo matla hakaalo? Mongoli e mong oa lipale tsa bophelo, Roland Huntford o re: “Sepheo sa hae e ne e le hore e mong le e mong oa banna bao a tsoe moo a phela.”
“Ha ho le e ’Ngoe ea Tsona e Haellang”
Ke’ng se ileng sa etsa hore banna bao ba Shackleton ba se ke ba felloa ke tšepo ka ho feletseng ha ba ntse ba khobokane ’me ba letile “letsoatlareng leo le lefifi leo ho tsamauoang ka thata ho lona le koahetsoeng ke leqhoa, le bolelele ba limaele tse mashome a mabeli [lik’hilomithara tse 30] ho tloha ntlheng e ’ngoe ho isa ho e ’ngoe”? Ba ne ba e-na le tšepo ea hore moeta-pele oa bona o tla phetha tšepiso ea hae ea ho ba pholosa.
Kajeno moloko oa batho o batla o tšoana le banna bao ba neng ba tsielehile Sehlekehlekeng sa Elephant. Ba bangata ba phela maemong a sisimosang ’me ba etsa boiteko bo matla ba hore feela ba phele. Leha ho le joalo, ba ka tšepa ka ho feletseng hore Molimo o tla “pholosa ea hlorileng” khatellong le mahlomoleng. (Jobo 36:15) Kholiseha hore Molimo o talima bophelo ba e mong le e mong e le ba bohlokoa. ’Mōpi, Jehova Molimo o re: “Le mpitse letsatsing la mahlomola,” ’me “ke tla le pholosa.”—Pesaleme ea 50:15.
Na u utloa ho le thata ho lumela hore ’Mōpi o u talima—uena u le mong har’a batho ba limilione tse likete ba lefatše—u le motho oa bohlokoa? Joale hlokomela seo moprofeta Esaia a ileng a se ngola mabapi le linaleli tse limilione tse likete tse lihlopheng tse limilione tse likete tsa linaleli bokahohleng bo boholohali bo re potolohileng. Rea bala: “Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee? Ke Ea hlahisang lekhotla la tsona ka palo, e ’ngoe le e ’ngoe o e bitsa le ka lebitso. Ka lebaka la bonatla ba hae bo boholo, kaha o boetse o na le matla a maholo, ha ho le e ’ngoe ea tsona e haellang.”—Esaia 40:26.
Na u utloisisa ka ho feletseng hore na seo se bolela’ng? Sehlopha sa rōna sa linaleli sa Milky Way—seo setsi sa rōna sa lipolanete e leng karoloana feela ea sona—bonyane se na le linaleli tse limilione tse likete tse 100. Joale ebe ho na le lihlopha tse kae tse ling tsa linaleli? Ha ho motho ea tsebang hantle, empa likhakanyo tse ling li bolela hore li ka ba limilione tse likete tse 125. E tlameha ebe ho na le linaleli tse ngata hakaakang! Leha ho le joalo, Bibele e re bolella hore ’Mōpi oa bokahohle o tseba naleli ka ’ngoe ka lebitso.
“Moriri oa Lihlooho Tsa Lōna o Baliloe Kaofela”
E mong a ka ’na a hanyetsa ka ho re, ‘Empa ho tseba mabitso feela a linaleli tse limilione tse likete—kapa a batho ba limilione tse likete—ha ho bolele hakaalo ho ba tsotella e le batho ka bomong.’ K’homphieutha e nang le matla a lekaneng e ka khona ho ngolisa mabitso a batho ba limilione tse likete. Leha ho le joalo, ha ho motho ea ka nahanang hore k’homphieutha eo e tsotella leha e le ofe oa bona. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore hase feela hore Jehova Molimo o tseba mabitso a batho ba limilione tse likete, empa hape o ba tsotella e le batho ka bomong. Moapostola Petrose o ile a ngola tjena: ‘Le lahlele matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.’—1 Petrose 5:7.
Jesu Kreste o ile a re: “Na lirobele tse peli ha li rekisoe ka chelete ea tšepe ea bohlokoa bo bonyenyane? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se tla oela fatše kantle le hore Ntat’a lōna a tsebe. Empa moriri oa lihlooho tsa lōna o baliloe kaofela. Ka hona le se ke la tšaba: le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.” (Matheu 10:29-31) Hlokomela hore Jesu ha aa ka a re Molimo o ne a tla lemoha feela se etsahallang lirobele le batho. O ile a re: “Le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.” Ke hobane’ng ha u le oa bohlokoa ho li feta? Hobane u entsoe “ka setšoantšo sa Molimo”—u na le matla a ho hlaolela le a ho bontša litšobotsi tsa boitšoaro, tsa kelello le tsa moea tse tšoanang le litšobotsi tse phahameng tsa Molimo.—Genese 1:26, 27.
“Phello ea Mosebetsi o Entsoeng ka Bohlale”
U se ke ua thetsoa ke lipolelo tsa batho ba latolang hore ’Mōpi o teng. Ho ea ka bona, u entsoe ke matla a tlhaho a sa laoloeng ke letho. Ba bolela hore ho hang ha ua etsoa ka “setšoantšo sa Molimo,” empa u ntse u itšoanela le liphoofolo tse ling tsohle tse teng polaneteng ena—ho akarelletsa le lirobele.
Na ruri ke ntho e utloahalang ho uena hore ho iketsahalletse feela tjee hore bophelo bo be teng kapa hore bo hlahisitsoe ke matla a sa laoloeng ke letho? Ho ea ka setsebi sa baeloji ea limolek’hule Michael J. Behe, “tšebetso ea lik’hemik’hale e rarahaneng ka tsela e makatsang e teng linthong tse phelang” e laolang bophelo e etsa hore khopolo eo e be e sa utloahaleng ka ho feletseng. O bolela hore bopaki bo teng ba tšebetso e rarahaneng ea lik’hemik’hale linthong tse phelang bo lebisa qetong e ke keng ea qojoa ea hore “ha ho nkoa karolo ea bona e nyenyane ka ho fetisisa . . . bophelo bo teng mona lefatšeng ke phello ea mosebetsi o entsoeng ka bohlale.”—Darwin’s Black Box—The Biochemical Challenge to Evolution.
Bibele e re bolella hore bophelo lefatšeng mona, ka likarolo tsohle tsa bona ke phello ea mosebetsi o entsoeng ka bohlale. Hape e re bolella hore Jehova Molimo, ’Mōpi oa bokahohle, ke eena Mohloli oa mosebetsi ona kaofela o entsoeng ka bohlale.—Pesaleme ea 36:9; Tšenolo 4:11.
U se ke ua lumella taba ea hore ebe re tlameha ho mamella lefatšeng lena le tletseng bohloko le mahlomola e u sitise ho lumela hore ho na le ’Mōpi le Moqapi oa lefatše le bophelo bohle bo leng ho lona. Hopola linnete tse peli tsa motheo. Ea pele ke hore Molimo ha aa ka a etsa hore ho be le ho se phethahale ho re potolohileng ka hohle. E ’ngoe ke hore ’Mōpi oa rōna o na le mabaka a utloahalang a ho lumella ho se phethahale hona ka nakoana. Joalokaha makasine ena e ’nile ea tšohla taba ena hangata, Jehova Molimo o lumeletse hore bobe bo be teng ka nakoana e itseng feela—e le hore a rarollele ruri litseko tse mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng tse ileng tsa hlahisoa ha batho ba qala ho hana bobusi ba hae.a—Genese 3:1-7; Deuteronoma 32:4, 5; Moeklesia 7:29; 2 Petrose 3:8, 9.
“O Tla Lopolla ea Futsanehileng ea Hoeletsang ho Kōpa Thuso”
Ho hlakile hore esita le hoja batho ba bangata ba lokela ho mamella maemo a hlomolang pelo kajeno, bophelo e ntse e le mpho e babatsehang. Kahoo re etsa sohle seo re ka se khonang ho bo sireletsa. Bophelo ba nako e tlang boo Molimo a bo tšepisang hase ba ho loanela feela hore motho a phele maemong a thata le a utloisang bohloko—a tšoanang le a banna ba Shackleton Sehlekehlekeng sa Elephant. Morero oa Molimo ke hore a re lopolle bophelong ba rōna ba hona joale bo bohloko le ba lefeela e le hore re ka “tšoara ka tieo bophelo ba sebele” boo qalong Molimo a neng a bo reretse libōpuoa tsa hae tsa batho.—1 Timothea 6:19.
Molimo o tla etsa sena sohle hobane e mong le e mong oa rōna ke oa bohlokoa mahlong a hae. O lokiselitse hore Mora oa hae, Jesu Kreste, a fane ka sehlabelo sa thekollo se hlokahalang hore re lokolloe sebeng, ho se phethahaleng le lefung tseo re li futsitseng ho batsoali ba rōna ba pele, e leng Adama le Eva. (Matheu 20:28) Jesu Kreste o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena . . . a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
Ke’ng seo Molimo a tla se etsetsa bao hona joale bophelo ba bona bo sentsoeng ke ho utloa bohloko le khatello? Mabapi le Mora oa hae, Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le re bolella sena: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.” Ke hobane’ng ha a tla etsa joalo? Hobane “mali a bona [kapa bophelo ba bona] e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:12-14.
Ka lilemo tse makholo batho ba ’nile ba sehla ba hateletsoe ke sebe le ho se phethahale, joalokaha eka ba “bobola” ba le bohlokong bo boholo le mahlomoleng. Molimo o ile a lumella sena hobane feela a ne a tseba hore a ka lokisa tšenyo leha e le efe e neng e tla latela. (Baroma 8:18-22) Joale haufinyane o tla tlisa “tsosoloso ea lintho tsohle” a sebelisa puso ea ’Muso oa hae e matsohong a Mora oa hae, Jesu Kreste.—Liketso 3:21; Matheu 6:9, 10.
Seo se akarelletsa ho tsosa batho ba ileng ba utloa bohloko ba ba ba shoa nakong e fetileng. Ba sireletsehile mohopolong oa Molimo. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Haufinyane ba tla fumana bophelo ‘bo bongata’—bophelo bo sa feleng ba phethahetse, lefatšeng la paradeise le se nang bohloko le mahlomola. (Johanne 10:10; Tšenolo 21:3-5) E mong le e mong ea phelang o tla khona ho thabela bophelo ka botlalo ’me a hlaolele litšobotsi tse babatsehang le bokhoni bo bonahalang ho batho ba entsoeng ka “setšoantšo sa Molimo.”
Na u tla ba teng hore u thabele bophelo boo Jehova a bo tšepisitseng? Ho ho uena ho ikhethela. Re u khothalletsa hore u sebelise litokisetso tseo Molimo a li entseng tsa ho tlisa litlhohonolofatso tsena tsohle. Bahatisi ba makasine ena ba tla thabela ho u thusa hore u etse joalo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana lintlha tse eketsehileng tabeng ena, bona khaolo ea 8, e reng “Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?” bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]
Banna ba tsietsing ba ne ba kholisehile hore Shackleton o ne a tla phetha tšepiso ea hae ea ho ba pholosa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© CORBIS
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
“Le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata”