Ho ba le Tšepo Har’a Masisa-pelo—Kopano Kampong ea Baphaphathehi
KAMPO ea baphaphathehi ea Kakuma e karolong e ka leboea ea Kenya, haufi le moeli oa Sudan. Sebakeng seo, ho lula batho ba fetang 86 000. Tikoloho eo e omeletse habohloko, ’me har’a motšehare mocheso oa teng o fihla likhatong tse 50 tsa celsius. Ho atisa ho ba le pefo har’a baphaphathehi. Ho ba bangata, kampo ke sebaka sa masisa-pelo. Leha ho le joalo, ba bang ba na le tšepo.
Har’a baphaphathehi bao ho na le Lipaki Tsa Jehova tse ngata, tse bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho. Ke karolo ea phutheho e nyenyane e Lodwar, e lik’hilomithara tse 120 ka boroa ho kampo eo. Hore u fihle phuthehong e latelang, u tsamaea lihora tse robeli ka koloi.
Kaha baphaphathehi ha ba khone ho tsoa ka kampong, ba bangata ba sitoa ho ea likopanong tse nyenyane le tse khōlō tse tšoaroang ke Lipaki Tsa Jehova. Ka lebaka lena, ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore letsatsi la kopano e khethehileng le tšoareloe ka kampong ka moo.
Ho Etela ka Leboea
E le ho tšehetsa kopano eo, Lipaki tse 15 tsa toropong ea Eldoret, e lik’hilomithara tse 480 ka boroa ho kampo eo, li ile tsa ithaopela ho kena leetong le boima la ho ea karolong e ka leboea e omeletseng habohloko, hammoho le seithuti sa Bibele se ileng sa ithaopela ho sebelisa bese ea sona e nyenyane esita le ho ba fa moqhobi. Takatso ea tsona e tlohang pelong e ne e le ho ea khothatsa le ho matlafatsa barab’abo tsona.
Leeto le ile la qala hoseng ho batang lihlabeng tse ka bophirimela tsa Kenya. Tsela eo e tletseng likoti e ne e nyolosa masimong le merung pele e theohela letsoatlareng le chesang la lehoatata. Mehlape ea lipōli le likamele e ne e fula letsoatlareng leo. Banna ba moloko ba ne ba tsamaea haufi moo ba apere liaparo tsa bona tsa moetlo, bongata ba bona ba nkile likoto, liqha le metsu. Ka mor’a ho tsamaea lihora tse 11, Lipaki li ile tsa fihla Lodwar, e leng motse o chesang le o lerōle o nang le baahi ba ka bang 20 000. Ka mor’a ho lumelisoa ka mofuthu ke Lipaki tse ba amohelang, baeti ba ile ba ea phomola ho se hokae hore ba itokisetse mafelo-beke a maphathaphathe.
Hoseng ho latelang, baeti ba ile ba ea boha tse ling tsa libaka tse thahasellisang tikolohong eo. Ba ne ba ke ke ba tlohela ho ea Letšeng la Turkana, e leng lona le leholo ka ho fetisisa Kenya. Kaha letša leo le pota-potiloe ke letsoatlare la lehoatata le boholo ba lik’hilomithara tse ngata, ke hona moo likoena tse ngata ka ho fetisisa lefatšeng li lulang teng. Metsi a lona a letsoai a thusa batho ba ’maloa ba lulang haufi le lebōpo la letša leo ho iphelisa. Baeti ba ile ba thabela nako ea mantsiboea ka ho ea Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Sebokeng sa Tšebeletso phuthehong ea sebakeng seo. Ba na le Holo ea ’Muso e ntle, e hahiloeng ka 2003 ka thuso ea lenaneo la Lipaki la kaho linaheng tse futsanehileng.
Letsatsi la Kopano e Khethehileng
Letsatsi la Sontaha le ile la behelloa ka thōko bakeng sa letsatsi la kopano e khethehileng. Phutheho ea Lodwar le barab’abo rōna ba baeti ba ne ba lumeletsoe ho kena ka kampong ka 8:00 hoseng, kahoo Lipaki li ne li labalabela ho qala esale ka nako. Tsela e tsoelipanang e ile ea re fetisa le letsoatlareng ho leba moeling oa Sudan. Lithaba tse matsaranka li ne li okametse tsela. Joale ra hlahella motseng oa Kakuma. Pula e ne e nele ’me tsela e kenang ka kampong e ne e koahetsoe ke metsi libakeng tse ling. Matlo a mangata a ne a hahuoe ka makote ebile a ruletsoe ka makotikoti kapa liseile. Lihlopha tsa Maethiopia, Masomalia, Masudan le tse ling li lula libakeng tsa tsona. Baphaphathehi ba ile ba lumelisa baeti ka cheseho.
Kopano e ne e tšoaretsoe setsing sa koetliso. Litšoantšo tse neng li toroiloe maboteng a setsi seo li ne li bontša masetla-pelo a baphaphathehi, empa letsatsing leo, moea o neng o rena ka holong e ne e le o bontšang ho ba le tšepo. Lipuo tsohle li ile tsa fanoa ka Senyesemane le Seswahili. Libui tse ling tse neng li bua lipuo tseo ka bobeli ka mokhoa o phollatsi, li ne li bile li itolokela. Mor’abo rōna e mong oa mophaphathehi ea tsoang Sudan o ile a fana ka puo e bulang sebae e reng, “Ho Hlahloba Lipelo Tsa Rōna Tsa Tšoantšetso.” Lipuo tse ling li ile tsa fanoa ke baholo ba baeti.
Kopanong e ’ngoe le e ’ngoe kolobetso ke ketsahalo e ikhethang. Qetellong ea puo ea kolobetso, bohle ba ile ba sheba motho a le mong ea neng a ea kolobetsong ha a ema. Gilbert o ne a balehile le ntate oa hae naheng ea habo bona nakong ea polao e sehlōhō ea ho timetsa morabe ka 1994. Qalong, ba ne ba nahanne hore ba tla fumana botšabelo Burundi, empa kapele ba ile ba hlokomela hore ba ne ba ntse ba le kotsing. Gilbert o ile a balehela Zaire, eaba o fetela Tanzania—ka linako tse ling a ipata morung—a ntan’o qetella a le Kenya. Ba bangata ba ile ba sekisa meokho ha sebui se mo amohela ka phuthehong e le mor’abo rōna. A eme ka pel’a batho ba 95 kopanong eo e nyenyane, Gilbert o ile a arabela ka lentsoe le hlakileng, le bontšang kholiseho, a re, “Ndiyo!”—e leng ho re “E!” ka Seswahili—ha sebui se mo botsa lipotso tse peli. Eena hammoho le bara ba bang babo rōna ba ne ba chekile letangoana ka matsoho ’me ba le alelitse ka seile eo pele a neng a koahetse mok’huk’hu oa hae ka eona kampong. E le ho bontša hore o ne a hlile a labalabela ho kolobetsoa, hoseng hona hoo o ne a tlatsitse letangoana leo ka metsi, a ntse a kha ka nkho, a le mong to!
E ’ngoe ea lintlha-khōlō lenaneong la thapama e bile ha ho phetoa liphihlelo ka boemo bo ikhethang ba Lipaki tsa baphaphathehi. Mor’abo rōna e mong o ile a pheta kamoo a ileng a buisana le monna ea neng a phomotse tlas’a sefate.
“Ak’u mpolelle, na ho lula tlas’a sefate ho sireletsehile ka linako tsohle?”
Monna eo o ile a re, “E.” Eaba o phaella ka ho re: “A-e, empa eseng bosiu.”
Mor’abo rōna o ile a mo balla Mikea 4:3, 4: “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.” O ile a hlalosa a re: “Ua tseba ke’ng, lefatšeng le lecha la Molimo ho tla lula ho sireletsehile ka linako tsohle.” Monna eo o ile a amohela sengoliloeng se thusang ho ithuta Bibele.
Morali e mong oabo rōna ea ileng a ea Kakuma o ne a sa tsoa shoeloa ke litho tsa lelapa tse tharo tse haufi-ufi. Ha a bua ka barab’abo rōna ba kampong, o ile a re: “Sena ke sebaka se tletseng mathata; empa ba bolokile tumelo ea bona e le matla. Ba lula sebakeng se se nang thabo, empa ba sebeletsa Jehova ba thabile. Ba khotsong le Molimo. Ke ile ka khothatsoa hore ke be le khotso ’me ke sebeletse Jehova. Ha ho letho leo ke le belaellang!”
Kapele-pele letsatsi la kopano le ile la fela. Puong ea ho phetha, sebui se ile sa bolela hore ho ne ho e-na le baemeli ba tsoang linaheng tse robeli tse sa tšoaneng. E mong oa Lipaki tseo e leng baphaphathehi o ile a hlokomela hore kopano ena e ne e le bopaki ba hore Lipaki Tsa Jehova li momahane ebile lia ratana lefatšeng lena le arohaneng. Mokhatlo oa tsona ke oa ’nete oa Bokreste oa bara ba motho.—Johanne 13:35.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]
BASHANYANA BA LAHLEHILENG BA SUDAN
Haesale ntoa ea lehae ea Sudan e qala ka 1983, batho ba limilione tse hlano ba tlohile mahaeng a bona. Har’a bona ho ne ho e-na le bana ba 26 000, ba ileng ba arohana le malapa abo bona. Ba likete-kete ba bona ba ile ba balehela Ethiopia likampong tsa baphaphathehi, moo ba ileng ba lula teng ka lilemo tse ka bang tharo. Kaha ba ile ba tlameha ho kena tseleng hape, ba ile ba tsamaea ka maoto nako e etsang selemo ba haola le Sudan ba leba karolong e ka leboea ea Kenya, ba hlaseloa ke masole, linokoane, maloetse le liphoofolo tse hlaha. Ke halofo ea bona feela e ileng ea pholoha maeto ana a boima ’me qetellong ke bona ba ileng ba theha kampo ea Kakuma. Mekhatlo ea liphallelo e ile ea ba reha bashanyana ba lahlehileng ba Sudan.
Hona joale kampo ea Kakuma ke lehae la baphaphathehi ba lichaba tse ngata ba tsoang Sudan, Somalia, Ethiopia le linaheng tse ling. Ha mophaphathehi a fihla kampong, o fuoa thepa e seng kae ea ho ikahela lehae le seile ea ho rulela. Mophaphathehi e mong le e mong o fuoa phofo e ka etsang lik’hilograma tse 6, k’hilograma e le ’ngoe ea linaoa, le oli le letsoai, habeli ka khoeli. Baphaphathehi ba bangata ba rekisa karolo e itseng ea lintho tseo ba li fuoeng hore ba fumane lintho tse ling tse hlokahalang.
Ba bang ba bashanyana bana ba lahlehileng ba kopantsoe le malapa abo bona hape kapa ba falliselitsoe linaheng tse ling. Empa ho ea ka Ofisi ea Ho Fallisa Baphaphathehi, “ba bang ba likete ba ntse ba setse kampong ea baphaphathehi ea Kakuma e lerōle, e tletseng lintsintsi moo ba ileng ba tlameha ho sokola hore ba fumane lijo le ho sebetsa ka thata hore ba fumane thuto.”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy Refugees International
[’Mapa o leqepheng la 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
KENYA
Kampo ea Kakuma
Letša la Turkana
Lodwar
Eldoret
Nairobi
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Maemo a bophelo a boima ka kampong
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ba kepeleloa metsi kampong ea Kakuma
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Lipaki tsa Kenya li nka leeto le boima ho leba ka leboea ho ea khothatsa barab’abo tsona
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Moromuoa o toloka puo e fanoang ke pula-maliboho ea khethehileng oa sebakeng seo
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Letangoana la kolobetso
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]
Rationing water and Kakuma Refugee Camp:Courtesy Refugees International