Pale ea Bophelo
Le Hoja ke Fokola, ke na le Matla
JOALOKAHA HO BOLETSE LEOPOLD ENGLEITNER
Ofisiri ea SS e ile ea hula sethunya sa eona, ea se beha hloohong ea ka eaba ea botsa: “U se u loketse ho shoa? Ke tl’o u thunya hobane ha e le hantle u mosifa o hlōtseng lithipa.” Ke ile ka leka ho tiisa lentsoe la ka eaba ke re: “Ke se ke ho loketse.” Ke ile ka iteta sefuba, ka tutubala, eaba ke letela hore e thunye, empa ha hoa ka ha etsahala letho. E ile ea tlosa sethunya tlhafunelong ea ka, eaba e re: “U bile u setlatla hoo u ka shoang!” Ho ne ho tlile joang hore ke be ke fihle boemong boo bo kotsi?
KE ILE ka tsoalloa toropong ea Aigen-Voglhub e Lithabeng Tse Telele Tsa Austria, ka la 23 July, 1905. Ke ne ke le mora oa matsoathaka, ’me Ntate o ne a sebetsa mochineng o sakhang mapolanka ha ’Mè e ne e le morali oa rapolasi oa motseng. Batsoali ba ka ba ne ba futsanehile empa e le batho ba sebetsang ka thata. Ke hōletse Bad Ischl, pel’a Salzburg, e matšeng a matle le har’a lithaba tse hlollang ka botle.
Ha ke sa le ngoana, ke ne ke atisa ho nahana ka ho hloka toka ho teng bophelong, eseng feela hobane lelapa leso le ne le kolla ntsi hanong empa hape hobane ke tsoetsoe ka lesapo la mokokotlo le kobehileng. Bohloko ba mokokotlo bo neng bo bakoa ke boemo bona bo ne bo batla bo ntšitisa ho ema ke otlolohile. Sekolong, ke ne ke haneloa ho kenela lipapali ’me kahoo liithuti-’moho le ’na li ne li ntlokatloka.
Qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše, nakoana pele ke e-ba lilemo li 14, ke ile ka etsa qeto ea hore ke nako ea ho batla mosebetsi e le hore ke tsoe bofumeng. Kamehla lephako la ka le ne le uba, ’me ka linako tse ling ke ne ke fokolisoa ke feberu e matla e neng e bakoa ke mokakallane oa Spain, o neng o bolaile batho ba limilione. Bo-rapolasi ba bangata ba ne ba atisa ho nkaraba tjena ha ke kōpa mosebetsi: “Re ka etsa’ng ka moketa o tjee ka uena?” Leha ho le joalo, rapolasi e mong ea mosa o ile a mpha mosebetsi.
Ho Thabela ho Ithuta ka Lerato la Molimo
Le hoja ’Mè e ne e le Mok’hatholike ea chesehang, ke ka seoelo ke neng ke e-ea kerekeng, lebaka le ka sehloohong e le hobane Ntate a ne a se leeme ha ho tluoa litabeng tsa bolumeli. Ke ne ke tšoenngoa ke borapeli ba litšoantšo bo atileng haholo Kerekeng ea Roma e K’hatholike.
Ka letsatsi le leng ka October 1931, motsoalle e mong oa ka o ile a nkōpa hore ke ee le eena sebokeng se seng sa bolumeli se neng se tšoaroa ke Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo. Moo ke ile ka fuoa likarabo tsa Bibele tsa lipotso tsa bohlokoa, tse kang: Na borapeli ba litšoantšo bo khahlisa Molimo? (Exoda 20:4, 5) Na ehlile mollo oa lihele o teng? (Moeklesia 9:5) Na bafu ba tla tsosoa?—Johanne 5:28, 29.
Ntho eo ke ileng ka e tsota haholo ke taba ea hore Molimo ha a amohele lintoa tsa batho tse sehlōhō, esita le haeba ho thoe li loanoa ka lebitso la Hae. Ke ile ka ithuta hore “Molimo ke lerato” le hore o na le lebitso le phahameng, Jehova. (1 Johanne 4:8; Pesaleme ea 83:18) Ke ile ka thaba ha ke ithuta hore ’Muso oa Jehova o tla etsa hore batho ba phele ka ho sa feleng ba thabile paradeiseng ea lefatšeng lohle. Ke ile ka boela ka ithuta ka tšepo e babatsehang ea batho ba bang ba sa phethahalang ba khethiloeng ke Molimo ho ea sebetsa le Jesu ’Musong oa Molimo oa leholimo. Ke ne ke ikemiselitse ho etsa sohle se matleng a ka bakeng sa ’Muso oo. Kahoo, ka May 1932, ke ile ka kolobetsoa eaba ke ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Mohato oo o ne o hloka sebete, ka lebaka la hore naheng ea Austria e neng e le ea Bok’hatholike bolumeli bo fapaneng bo ne bo hlouoe haholo.
Ho Tobana le ho Khesoa le ho Hanyetsoa
Batsoali ba ka ba ile ba koata haholo ha ke itokolla kerekeng, ’me moruti o ile a phaka a jala litaba tsena a le sefaleng. Baahelani ba ne ba tšoela mathe ka pel’a ka ho mpontša hore baa nkhesa. Leha ho le joalo, ke ne ke ikemiselitse ho ba har’a sehlopha sa basebeletsi ba nako e tletseng, ’me ke ile ka qala ho bula maliboho ka January 1934.
Boemo ba lipolotiki bo ile ba mpefala haholo ka lebaka la hore mokha oa Manazi o ne o ntse o e-ba le taolo e matla profensing ea rōna. Nakong ea ha ke sa ntse ke bula maliboho Styrian Valley e Enns, mapolesa a ne a lula a mpehile merebele, ’me ke ne ke lokela ‘ho ba seli joaloka noha.’ (Matheu 10:16) Ho tloha ka 1934 ho ea ho 1938, bophelo ba ka ba letsatsi le letsatsi bo ne bo tletse mahloriso. Le hoja ke ne ke sa sebetse, ke ile ka haneloa ka litlhapiso tse fuoang batho ba sa sebetseng, eaba ke ahloleloa ho hlola chankaneng ka nako e khutšoaane ka makhetlo a ’maloa le hane ka nako e telele ka lebaka la mosebetsi oa ka oa boboleli.
Masole a Hitler a Hapa Austria
Ka March 1938, mabotho a Hitler a ile a hapa Austria. Ka matsatsi a ’maloa feela, batho ba fetang 90 000—hoo e ka bang liphesente tse peli tsa batho ba baholo—ba ile ba tšoaroa ’me ba isoa lichankaneng le likampong tsa mahloriso, ba qosoa ka ho ba khahlanong le puso ea Manazi. Ka tsela e itseng, Lipaki Tsa Jehova e ne e le malala-a-laotsoe bakeng sa se neng se larile ka pele. Lehlabuleng la 1937, litho tse sehlotšoana phuthehong ea heso li ile tsa nka leeto la lik’hilomithara tse 350 ho ea Prague ka libaesekele e le hore li be teng kopanong ea machaba. Ha li le moo, li ile tsa utloa ka masisa-pelo a neng a oetse balumeli-’moho le rōna ba Jeremane. Ho ne ho hlakile hore e ne e le nako ea hore le rōna re hlorisoe.
Ho tloha letsatsing leo ka lona mabotho a Hitler a ileng a hapa Austria, liboka tsa Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tšoaroa ka sephiri ’me mosebetsi oa tsona oa boboleli le oona o ile oa etsoa ka lekunutu. Le hoja lingoliloeng tsa Bibele li ne li tšela leliboho la Switzerland ka lekunutu, li ne li sa anele batho bohle. Kahoo, Bakreste-’moho le rōna ba Vienna ba ne ba hatisa lingoliloeng ka lekunutu. Hangata ke ne ke tsamaisa lingoliloeng tsa Lipaki.
Ho ea Kampong ea Mahloriso
Ka la 4 April, 1939, ’na le Bakreste-’moho le ’na ba bararo re ile ra tšoaroa ke Magestapo re ntse keteka Sehopotso sa lefu la Kreste Bad Ischl. Kaofela re ile ra palamisoa koloi ra isoa ntlo-khōlō ea Linz ea sepolesa sa Naha. Leo e ne e le lekhetlo la pele ke palama koloi, empa ke ne ke tšohile haholo hoo ke sa kang ka utloa monate oa ho e palama. Ha ke le Linz, ka makhetlo a mangata ke ile ka hlongoa lipotso ka litsela tse hlokofatsang, empa ha kea ka ka latola tumelo ea ka. Likhoeli tse hlano hamorao, ke ile ka isoa ka pel’a moahloli e mong ea hlahlobang oa Austria Leboea. Ho sa lebelloa, nyeoe e neng e ritetsoe khahlanong le ’na ea ho ba motlōli oa molao e ile ea nyahlatsoa; empa mathata a ka ha aa ka a fella moo. Khabareng, Bakreste bao ba bararo ba ile ba isoa likampong tsa mahloriso, moo ba ileng ba shoela teng, ba tšepahetse ho isa bofelong.
Ke ile ka koalloa, ’me ka la 5 October, 1939 ke ile ka tsebisoa hore ke tla isoa kampong ea mahloriso ea Buchenwald Jeremane. Re le batšoaruoa re ne re letetsoe ke terene e khethetsoeng rōna seteisheneng sa literene sa Linz. Makareche a ne a e-na le likamore tse ka lulang banna ba babeli. Kamoreng ke ne ke sa lule le motho feela tjee ea pala, ke ne ke lula le ’musisi oa mehleng oa Austria Leboea, Dr. Heinrich Gleissner.
’Na le Dr. Gleissner re ile ra qala moqoqo o mong o thahasellisang. O ne a hlile a batla ho tseba ka mahlomola a ka ’me o ile a tšosoa ke hore esita le nakong ea ha a sa le pusong, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa kopana le mathata a mangata a molao profensing ea hae. O ile a qala ho ikoahlaea, ka ho re: “Monghali Engleitner, nke ke ka etsolla bobe boo, empa ke batla ho kōpa tšoarelo. Ho bonahala ’muso oa rōna o bile molato oa ho hlōleha ho tsamaisa lintho ka toka. Haeba u ka hloka thuso leha e le efe, ke ikemiselitse ho u thusa ka hohle-hohle.” Re ile ra boela ra kopana ka mor’a ntoa. O ile a nthusa hore ke fumane chelete eo ’muso o neng o e fa mahlatsipa a Nazi.
“Ke Tl’o U Thunya”
Ke ile ka fihla kampong ea mahloriso ea Buchenwald ka la 9 October, 1939. Nakoana ka mor’a moo, molebeli oa kampo ea batšoaruoa o ile a tsebisoa hore ho na le Paki har’a batho ba sa tsoa fihla, ’me o ile a lula a nchehile. O ile a nkhakhatha ka sehlōhō. Joale, eitse ha a bona hore a ke ke a etsa hore ke latole tumelo ea ka, o ile a re: “Engleitner, ke tl’o u thunya. Empa pele ke u thunya, ke tl’o u lumella hore u ngole karete hore u lumelise batsoali ba hao.” Ke ile ka nahana ka matšeliso ao ke neng nka a ngolla batsoali ba ka, empa ka linako tsohle ha ke ne ke beha pene pampiring, o ne a nkotla setsoe sa letsoho le letona, e leng se ileng sa ntšitisa ho ngola hantle. O ile a mphoqa a re: “Sephoqo see banna! Ha se tsebe le ho ngola mela e ’meli feela e otlolohileng. Empa Bibele eona se tseba ho e bala.”
Ho tloha moo, molebeli eo o ile a ntša sethunya, a se beha hloohong ea ka, eaba o etsa hore ke lumele hore o tl’o nthunya joalokaha ke boletse qalong ea pale ena. Eaba o nkhannela seleng e ’ngoe e nyenyane, e neng e petetsane. Ke ile ka tlameha ho qeta bosiu ke eme. Empa ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo hore ke bo hlothe, kaha ’mele oohle oa ka o ne o opa. “Matšeliso” feela ao batšoaruoa bao ke neng ke le seleng le bona ba neng ba ka mpha ’ona e ne e le a reng: “Bonneteng, ho shoela bolumeli bo se nang kelello ke ho bapala ka mathe metsi a le teng.” Dr. Gleissner o ne a le ka seleng e pel’a ea ka. O ile a utloa ka se neng se etsahetse eaba o re ka masene: “Mahloriso a Bakreste a boetse aa tota!”
Le hoja ka tloaelo re ne re sa sebetse ka Sontaha, lehlabuleng la 1940 batšoaruoa bohle ba ile ba laeloa hore ba itlalehe mosebetsing oa koari ka Sontaha. Bohato bona bo ile ba nkoa e le ho iphetetsa ka lebaka la “liphoso” tsa batšoaruoa ba bang. Re ile ra laeloa hore re nke majoe a maholo koaring re a ise kampong. Batšoaruoa ba babeli ba ne ba leka ho mpepisa pitlahali, ha ke tla batla ke lihuoa ke boima ba eona. Leha ho le joalo, Arthur Rödl, e leng Lagerführer (mookameli oa kampo) ea neng a tšajoa, o ile a ntopolla ke sa lebella. Ha a bona kamoo ke neng ke imeloa kateng, o ile a re ho ’na: “U ke ke ua khutlela kampong u pepile lejoe leo! Le behe fatše hang-hang!” Eo e bile taelo eo ke ileng ka thabela ho e mamela. Eaba Rödl o ntšupisa lejoe le lenyenyane haholo, ’me o re: “Nka leo, ’me u le ise kampong. Le nkeha habonolo!” Ka mor’a moo, o ile a retelehela ho mookameli oa mosebetsi, eaba o re ho eena: “E-re Liithuti Tsa Bibele li khutlele liahelong tsa tsona. Li sebelitse ho lekane bakeng sa letsatsi le le leng!”
Kamehla qetellong ea letsatsi ka leng la mosebetsi, ke ne ke thabela ho kopana le lelapa leso la moea. Re ne re e-na le litokisetso tsa ho aba lijo tsa moea. Morab’o rōna o ne a ngola temana ea Bibele sephephechaneng sa pampiri ebe o e fetisetsa ho ba bang. Bibele e ne e boetse e kentsoe ka lekunutu kampong eo. E ile ea aroloa ka libuka tsa eona tse fapa-fapaneng. Ka likhoeli tse tharo, ke ile ka fuoa boikarabelo ba ho hlokomela buka ea Jobo. Ke ne ke e pata ka likausing tsa ka. Tlaleho ea Jobo e ile ea nthusa hore ke lule ke tiile.
Qetellong, ka la 7 March, 1941, ke ile ka kena har’a sehlopha se seholo se ileng sa isoa kampong ea mahloriso ea Niederhagen. Letsatsi le letsatsi, maemo a ka a ne a ntse a mpefala. Ka letsatsi le leng, ’na le barab’eso ba bang ba babeli, re ile ra laeloa hore re pake lithulusi ka har’a mabokose a lepolanka. Ka mor’a moo, re ile ra tsamaea le sehlopha se seng sa batšoaruoa ho khutlela liahelong. Monna e mong oa SS o ile a lemoha hore ke ne ke salla. O ile a halefa haholo hoo a ileng a ntsometsa ’me a nthaha habohloko a ntlhahile ka morao, hoo a ileng a ntematsa hampe. Bohloko ba teng e ne e le bo hlabang pelong, empa ho sa tsotellehe bohloko boo ke ile ka ea mosebetsing letsatsing le latelang.
Ho Lokolloa ka Tšohanyetso
Ka April 1943, kampo ea Niederhagen e ile ea qetella e koetsoe. Ka mor’a moo, ke ile ka isoa kampong ea lefu e Ravensbrück. Eaba ka tšohanyetso ke fuoa monyetla oa hore ke tsoe kampong ea mahloriso ka June 1943. Ka nako eo, tokollo e ne e sa itšetleha ka hore na ke latola tumelo ea ka kapa che. Ke ne ke tlameha ho lumela feela hore ke tla etsa mosebetsi o qobelloang mapolasing bophelo bohle ba ka. Ke ne ke ikemiselitse ho etsa mosebetsi oo e le hore ke qobe masetla-libete a kampong eo. Ke ile ka ea ngakeng ea kampong e le hore e ntlhahlobe la ho qetela. Ngaka eo e ne e maketse ha e mpona. E ile ea mpotsa e maketse: “Hao! U sa ntse u le e mong oa Lipaki Tsa Jehova?” Eaba ke e araba tjena: “U nepile Ntate Ngaka.” E ile ea re: “Haeba ho joalo, ha ke bone lebaka la hore re u lokolle. Ka ’nģ’e ’ngoe, batho ba ne ba tla be re enkh’u! ha ho ne ho ka felisoa motho ea otlang moea joalo ka uena tjena.”
Seo ngaka ena e se buileng e ne e se ho fetelletsa litaba. Ke ne ke hlile ke hlomola. Linta li ne li jele karolo e ’ngoe ea letlalo la ka, ho otloa ho ne ho entse hore ke se utloe ka tsebeng e ’ngoe, ’me ’mele oohle oa ka o ne o tletse liso tse nang le bolalu. Ka mor’a likhoeli tse 46 ke tingoa litlhoko tsa ka, ke lapa ka nako e telele ke bile ke etsa mosebetsi o qobelloang, ke ne ke le boima ba lik’hilograma tse 28 feela. Ke ile ka lokolloa Ravensbrück ka la 15 July, 1943, ke le boemong boo.
Ke ile ka khutlisetsoa toropong ea heso ka terene ke le mong ho se molebeli, eaba ke itlaleha ntlo-khōlō ea Magestapo e Linz. Ofisiri e ’ngoe ea Magestapo e ile ea mpha lipampiri tsa ho lokolloa eaba e ntšupa ka monoana: “Haeba u nahana hore re u lokolla tjena e le hore u il’o tsoela pele ka mosebetsi oa hao oa sekhukhung, u ithetsitse! Molimo a mpe a u thuse hore re se ke ra u fumana u bolela.”
Qetellong ke ile ka fihla lapeng! ’Mè o ne a sa phutha letho ka kamoreng ea ka ho tloha mohla ke tšoaroang ka lekhetlo la pele, ka la 4 April, 1939. Esita le Bibele ea ka e ne e ntse e butsoe tafoleng e neng e le pel’a bethe ea ka! Ke ile ka khumama eaba ke etsa thapelo ea teboho e tlohang botebong ba pelo.
Kapele feela ke ile ka fuoa mosebetsi polasing e thabeng. Rapolasi eo, e leng motsoalle oa ka oa bongoaneng, o ne a ntefa moputso o monyenyane, le hoja a ne a sa tlameha ho ntefa. Pele ho ntoa, motsoalle enoa o ne a ile a mpha tumello ea hore ke pate libuka tse ling tsa Bibele ha hae. Ke ile ka thabela ho sebelisa polokelo eo e nyenyane ea libuka hamolemo e le hore ke fumane matla moeeng. Ke ne ke fumana lintho tsohle tseo ke li hlokang, ke bile ke ikemiselitse ho leta polasing eo ho fihlela ntoa e letse.
Ho Ipata Lithabeng
Leha ho le joalo, matsatsi ao a khutsitseng a tokoloho a ne a le makhutšoanyane. Bohareng ba August 1943, ke ile ka laeloa ho itlaleha ngakeng ea sesole bakeng sa tlhahlobo. Lekhetlong la pele, ngaka eo e ile ea bolela hore kea fokola bakeng sa ho ea ntoeng ka lebaka la boemo ba mokokotlo oa ka. Leha ho le joalo, beke hamorao, ngaka eona eo e ile ea fetola liphuputso tsa eona hore li balehe tjena: “A ka ea moleng o ka pele oa ntoa.” Ka nako e itseng sesole ha sea ka sa mphumana, empa ka la 17 April, 1945, nakoana pele ntoa e lala, se ile sa mphumana. Ke ile ka thaotheloa tšebeletso ea ho ba moleng o ka pele oa ntoa.
Ke e-na le liaparo le lijo tse seng kae hammoho le Bibele, ke ile ka ipata lithabeng tse haufi. Qalong ho ne ho le bonolo hore ke robale ka ntle, empa leholimo le ile la hloenya hampe ’me ha khetheha lehloa le ka etsang halofo ea mithara. Ke ne ke le metsi ke re tèè! Ke ile ka fihla ntlong e ’ngoe ea mapolanka e neng e le thabeng e le bohōle ba limithara tse ka bang 1 200 ka holim’a bophahamo ba leoatle. Ke ile ka besa mollo leifong ke qhaqhasela, eaba kea ikomosa le ho omisa liaparo tsa ka. Ke ne ke khathetse eaba ke khaleha ke lutse bencheng ka pel’a leifo. Sokosoko, ke ile ka tsoha ka potlako ke tsosoa ke bohloko bo boholo. Liaparo tsa ka li ne li cha! Ke ile ka ipitika fatše hore ke time malakabe ao. Mokokotlo oa ka o ne o tletse machachetsi.
Ke ile ka ipeha kotsing, eare pele mafube a hlaha ka khutlela polasing e thabeng ke ikutsoa, mosali oa rapolasi eo o ne a tšohile hoo a ileng a nteleka, a mpolella hore ba letšolo la sepolesa se mpatlang ba teng ’me ba tl’o ntšoara. Kahoo, ke ile ka ea ho batsoali ba ka. Qalong, esita le batsoali ba ka ba ne ba le leqe ho nkamohela, empa qetellong ba ile ba ntumella ho robala ka mokatong o ka holimo moo ho pakoang furu teng, eaba ’Mè o nkoka maqeba. Leha ho le joalo, ka mor’a matsatsi a mabeli, batsoali ba ka ba ne ba tšoenyehile hoo ke ileng ka etsa qeto ea hore ke il’o ipata lithabeng hape.
Ka la 5 May, 1945, ke ile ka tsosoa ke lerata le leholo. Ke ile ka bona lifofane tsa Linaha Tsa Selekane li fofela tlaase. Ka nako eo, ke ile ka tseba hore puso ea Hitler e ne e oele! Moea oa Jehova o ne o ’matlafalitse e le hore ke mamelle phihlelo e bohloko eo ho leng thata ho e lumela. Ke ne ke iponetse ka mahlo hore mantsoe a tlalehiloeng ho Pesaleme ea 55:22 ke a ’nete, ’me a ile a nkhothatsa haholo ho tloha qalong ea liteko tsa ka. Ke ne ke ‘lahletse moroalo oa ka ho Jehova,’ ’me le hoja ke ne ke fokola ’meleng, o ne a mpolokile ha ke ntse ke tsamaea “phuleng ea moriti o lefifi.”—Pesaleme ea 23:4.
Matla a Jehova “a Etsoa a Phethahetseng Bofokoling”
Ka mor’a ntoa, bophelo bo ile ba khutlela setloaeling hanyane ka hanyane. Qalong, ke ile ka fumana mosebetsi ’me ka sebetsa polasing ea motsoalle oa ka e neng e le thabeng. E bile feela ka mor’a hore sesole sa United States se kenelle litabeng ka April 1946 ke ileng ka lokolloa hore ke se hlole ke etsa mosebetsi o qobelloang oa temo bophelo bohle ba ka.
Qetellong ea ntoa, barab’abo rōna ba Bakreste ba Bad Ischl le ba sebaka se potolohileng ba ile ba qala ho tšoara liboka kamehla. Ba ile ba qala ho bolela ka cheseho e nchafalitsoeng. Ke ile ka fumana mosebetsi oa ho ba molebeli oa bosiu fekthering e ’ngoe ’me kahoo ka ’na ka tsoela pele ke bula maliboho. Qetellong, ke ile ka qala ho phela ka khotso St. Wolfgang, ’me ka 1949, ka nyala Theresia Kurz, ea neng a e-na le morali ho tsoa lenyalong la hae la pele. Re ile ra lula hammoho ka lilemo tse 32, ho fihlela mosali oa ka ea ratehang a hlokahala ka 1981. Ke ne ke ile ka mo hlokomela ka lilemo tse fetang tse supileng.
Ka mor’a lefu la Theresia, ke ile ka qalella hape ka tšebeletso ea bopula-maliboho, e ileng ea nthusa hore ke hlaphoheloe ka mor’a tahlehelo eo e khōlō. Hona joale, ke pula-maliboho hape ke moholo phuthehong ea heso ea Bad Ischl. Kaha ke tlameha ho lula setulong sa likooa, ke ea serapeng sa boikhathollo sa Bad Ischl kapa ka pel’a ntlo ea ka ebe ke fa batho lingoliloeng tsa Bibele ke be ke bue le bona ka tšepo ea ’Muso. Lipuisano tse monate tsa Bibele tseo ke bang le tsona le batho li nthabisa haholo.
Ha ke hetla morao, nka tiisa hore liphihlelo tse bohloko tseo nkileng ka tlameha ho tobana le tsona ha lia etsa hore ke hloname. Ke ’nete hore ho na le linako tseo ka tsona ke neng ke ikutloa ke nyahame ka lebaka la liteko tseo. Leha ho le joalo, kamano e mofuthu eo ke neng ke e-na le eona le Jehova Molimo e nthusitse hore ke hlōle linakong tseo tsa mathata a maholo. Keletso ena ea morena e reng, “Matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling” e neng e e-ea ho Pauluse, e ile ea sebetsa le bophelong ba ka. Hona joale ke haufi le ho ba le lilemo tse 100, ’me nka bua mantsoe a moapostola Pauluse ea itseng: “Ke khahlisoa ke mefokolo, lithohako, maemo a ho hloka, mahloriso le mathata, ka lebaka la Kreste. Etsoe ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.”—2 Bakorinthe 12:9, 10.
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Ha ke tšoeroe ke Magestapo, ka April 1939
Tokomane ea Magestapo e nang le liqoso, ka May 1939
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Both images: Privatarchiv; B. Rammerstorfer
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Lithaba tse haufi lia ntšireletsa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]
Foto Hofer, Bad Ischi, Austria