Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 1/15 maq. 4-7
  • Mangeloi—Kamoo a Amang Bophelo ba Rōna Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mangeloi—Kamoo a Amang Bophelo ba Rōna Kateng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mangeloi aa Matlafatsa Ebile aa Sireletsa
  • Mangeloi a Fetisa Melaetsa ea Molimo
  • Mangeloi a Phethahatsa Kahlolo ea Molimo
  • Bademona—Ke Libōpuoa Tsa Mofuta Ofe?
  • U Lokela ho Etsa’ng?
  • Kamoo Mangeloi a ka U Thusang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Mangeloi—Na a Ama Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na Mangeloi a ka U Thusa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 1/15 maq. 4-7

Mangeloi—Kamoo a Amang Bophelo ba Rōna Kateng

HA MOPROFETA Daniele a hlalosa pono eo a bileng le eona ka lelapa la Molimo la mangeloi o ile a ngola a re: ‘Ho ne ho e-na le [mangeloi a] likete tse sekete a ntseng a sebeletsa [Molimo], le a likete tse leshome tse iphetileng ka makhetlo a likete tse leshome a ntseng a eme ka pel’a hae.’ (Daniele 7:10) Temana ena e senola morero oo Molimo a bōpileng mangeloi ka oona. A lokela ho mo sebeletsa le ho lula a le malala-a-laotsoe hore a phethe litaelo tsa hae.

Ka linako tse ling Molimo o sebelisa mangeloi hore a phethe mesebetsi e itseng e amanang le batho. Re tla hlahloba kamoo Molimo a a sebelisang kateng hore a matlafatse batho ba hae le ho ba sireletsa, ho fetisetsa melaetsa ho batho le ho phethahatsa kahlolo ea hae ho ba khopo.

Mangeloi aa Matlafatsa Ebile aa Sireletsa

Ho tloha ha libōpuoa tsena tsa moea li bona ha ho bōptjoa batho ba pele le lefatše, li ’nile tsa bontša thahasello e khōlō ho moloko oa batho. Ha Jesu Kreste a ne a bua e le bohlale bo mothofalitsoeng, boemong ba hae ba pele e e-ba motho oa nama, o ile a re: “Lintho tseo ke neng ke li rata li ne li le ho bara ba batho.” (Liproverbia 8:31) Bibele e re bolella hore “mangeloi a lakatsa ho nyarela ka hare” ho litaba tse amang Kreste le bokamoso tse senoletsoeng baprofeta ba Molimo.—1 Petrose 1:11, 12.

Ha nako e ntse e feta, mangeloi a ile a lemoha hore karolo e khōlō ea batho e ne e sa sebeletse ’Mōpi oa bona ea lerato. E tlameha ebe see se ile sa utloisa mangeloi a tšepahalang bohloko hakaakang! Ka lehlakoreng le leng, neng le neng ha moetsalibe a baka ’me a sokolohela ho Jehova, “thabo ea hlaha har’a mangeloi.” (Luka 15:10) Mangeloi a amehile ka ho teba ka boiketlo ba batho ba sebeletsang Molimo, ’me khafetsa Jehova o ’nile a a sebelisa ho matlafatsa le ho sireletsa bahlanka ba hae ba tšepahalang lefatšeng. (Baheberu 1:14) Ak’u nahane ka mehlala e meng.

Mangeloi a mabeli a ile a thusa Lota ea lokileng le barali ba hae hore ba pholohe ha ho timetsoa metse e khopo ea Sodoma le Gomora ka hore a ba ntše sebakeng seo.a (Genese 19:1, 15-26) Lilemo tse makholo hamorao, le hoja moprofeta Daniele a ne a akhetsoe ka sekoting sa litau, ha aa ka a tsoa kotsi. Hobane’ng? O ile a re: “Molimo oa ka o rometse lengeloi la hae ’me la koala melomo ea litau.” (Daniele 6:22) Mangeloi a ile a tšehetsa Jesu ha a qalisa tšebeletso ea hae lefatšeng. (Mareka 1:13) Hape, pejana ho lefu la Jesu, lengeloi le ile la hlaha ho eena ’me “la mo matlafatsa.” (Luka 22:43) E tlameha ebe tšehetso eo ea mangeloi e ile ea matlafatsa Jesu hakaakang linakong tseo tse mahlonoko tsa bophelo ba hae! Hape lengeloi le ile la lokolla moapostola Petrose chankaneng.—Liketso 12:6-11.

Na kajeno mangeloi aa re sireletsa? Haeba re rapela Jehova ho ea ka Lentsoe la hae, rea tiisetsoa hore mangeloi a hae a matla, a sa bonahaleng a tla re sireletsa. Bibele e tšepisa tjena: “Lengeloi la Jehova le hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang, lea ba pholosa.”—Pesaleme ea 34:7.

Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore mosebetsi o ka sehloohong oa mangeloi ke ho sebeletsa Molimo, eseng batho. (Pesaleme ea 103:20, 21) A mamela litaelo tsa Molimo, eseng litaelo tsa batho kapa likōpo tsa bona. Kahoo, re lokela ho kōpa thuso ho Jehova Molimo, eseng ho mangeloi. (Matheu 26:53) Kaha ho hlakile hore ha re bone mangeloi, re ke ke ra tseba hantle hore na Molimo oa sebelisa hakae ha a thusa batho ba nang le mathata a sa tšoaneng. Empa rea tseba hore Jehova o ‘bontša matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.’ (2 Likronike 16:9; Pesaleme ea 91:11) Ebile re kholisehile hore “ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, [Molimo] oa re utloa.”—1 Johanne 5:14.

Mangolo a boetse a re bolella hore lithapelo tsa rōna le borapeli ba rōna li lokela ho lebisoa ho Molimo feela. (Exoda 20:3-5; Pesaleme ea 5:1, 2; Matheu 6:9) Mangeloi a tšepahalang a re khothalletsa ho etsa joalo. Ka mohlala, ha moapostola Johanne a ne a leka ho rapela lengeloi, sebōpuoa seo sa moea se ile sa mo khalemela ka matla, sa re: “Hlokomela! U se ke ua etsa joalo! . . . Rapela Molimo.”—Tšenolo 19:10.

Mangeloi a Fetisa Melaetsa ea Molimo

Lentsoe “lengeloi” le bolela “lenģosa,” ’me eo ke tsela e ’ngoe eo mangeloi a sebeletsang Molimo ka eona—e le manģosa a hae ho batho. Ka mohlala, “lengeloi Gabriele [le ile] la romeloa le tsoa ho Molimo ho ea motseng oa Galilea o bitsoang Nazaretha.” Ka lebaka lefe? Ho ea tsebisa moroetsana ea bitsoang Maria hore le hoja a ne a e-s’o tsebe monna, o ne a tla emola ’me a tsoale mora ea neng a tla bitsoa Jesu. (Luka 1:26-31) Hape lengeloi le ile la romeloa ho balisa naheng ho ea ba tsebisa hore “Kreste Morena” o tsoetsoe. (Luka 2:8-11) Ka ho tšoanang, mangeloi a ile a fetisetsa melaetsa ea Molimo ho Abrahama, Moshe, Jesu le ho ba bang ba tlalehiloeng ka Bibeleng.—Genese 18:1-5, 10; Exoda 3:1, 2; Luka 22:39-43.

Kajeno mangeloi a sebetsa e le manģosa a Molimo ka tsela efe? Nahana ka mosebetsi oo Jesu a boletseng esale pele hore balateli ba hae ba ne ba tla o etsa pele tsamaiso ena ea lintho e fela. O ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:3, 14) Selemo le selemo, Lipaki Tsa Jehova li qeta lihora tse fetang limilione tse sekete li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Empa na u ne u tseba hore mangeloi le ’ona a kopanela mosebetsing oo? Moapostola Johanne o ile a bua ka pono eo a bileng le eona, a re: “Ka bona lengeloi le leng . . . , ’me le ne le e-na le litaba tse molemo tse sa feleng hore le li bolele e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Tšenolo 14:6, 7) Lengolo lena le totobatsa mosebetsi o ka sehloohong oo kajeno mangeloi a o etsang molemong oa batho.

Lipaki Tsa Jehova li bona bopaki ba hore mangeloi aa li tataisa ha li phetha mosebetsi oa tsona oa ho bolela ka ntlo le ntlo. Hangata li kopana le batho ba neng ba qeta ho rapella hore motho e mong a ba thuse ho utloisisa merero ea Molimo. Ka lebaka la ho tataisoa ke mangeloi le ka lebaka la mosebetsi oo Lipaki li o etsang, selemo le selemo batho ba likete tse makholo ba tseba Jehova. E se eka u ka rua molemo mosebetsing ona o pholosang bophelo o etsoang ka tataiso ea mangeloi.

Mangeloi a Phethahatsa Kahlolo ea Molimo

Le hoja a sa lumelloa ho ahlola batho, mangeloi hase bashebelli feela tjee. (Johanne 5:22; Baheberu 12:22, 23) Linakong tse fetileng a ile a bolaea batho e le ha a phethahatsa likahlolo tsa Molimo. Ka mohlala, Molimo o ile a sebelisa mangeloi ha a ne a loantša Baegepeta ba boholo-holo, ba neng ba entse Baiseraele makhoba. (Pesaleme ea 78:49) Hape e ne e le ka bosiu bo le bong feela ha “lengeloi la Jehova” le bolaea masole a likete tse lekholo le mashome a robeli a metso e mehlano liahelong tsa lira tsa batho ba Molimo.—2 Marena 19:35.

Ka ho tšoanang, nakong e tlang mangeloi a tla phethahatsa kahlolo e bohloko ea Molimo. Jesu o tla tla “le mangeloi a hae a matla ka mollo o tukang, ha a tlisa phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo.” (2 Bathesalonika 1:7, 8) Leha ho le joalo, timetso eo e tla tlela feela ba sa amoheleng molaetsa oo hona joale o boleloang lefatšeng ka bophara ka thuso ea mangeloi. Ba batlang Molimo ebile ba lumellana le lithuto tsa Mangolo ba ke ke ba ntšoa kotsi.—Sofonia 2:3.

Re leboha hakaakang ha mangeloi a tšepahalang a phetha litaelo tsa Molimo kamehla! Jehova oa sebelisa hore a thuse bahlanka ba hae ba tšepahalang ba lefatšeng le ho ba sireletsa. Sena ke se re tšelisang ka ho khethehileng hobane ho na le libōpuoa tsa moea tse kotsi tse bitsoang bademona tse batlang ho re lematsa.

Bademona—Ke Libōpuoa Tsa Mofuta Ofe?

Lilemong tse 1 500 ka mor’a hore Satane a thetse Eva serapeng sa Edene, lelapa la Molimo la mangeloi le ile la hlokomela hore Satane Diabolose o ne a atlehile ho khelosa batho bohle hore ba se ke ba sebeletsa Molimo, ntle ho ba seng bakae ba tšepahalang, ba kang Abele, Enoke le Noe. (Genese 3:1-7; Baheberu 11:4, 5, 7) Mangeloi a mang le ’ona a ne a itumeletse ho susumetsoa ke Satane. Bibele e a hlalosa e le meea e neng e sa mamele “matsatsing a Noe.” (1 Petrose 3:19, 20) Ho ile ha totobala joang hore ha a mamele?

Mehleng ea Noe, mangeloi a marabele ao ho sa tsejoeng palo ea ’ona a ile a tlohela libaka tsa ’ona lelapeng la Molimo la leholimo, a theohela lefatšeng, ’me a fetola ’mele ea ’ona hore e be ea batho. Ka lebaka lefe? A ne a hōlisitse takatso ea hore a kopanele liphate le basali. Sena se ile sa etsa hore a be le bana ba bitsoang Banefilime, ba ileng ba fetoha linatla tse mabifi. Ho feta moo, “bobe ba motho [bo ile ba e-ba] bongata lefatšeng ’me tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea hae [ea e-ba] mpe feela ka linako tsohle.” Leha ho le joalo, Jehova Molimo ha aa ka a lumella hore tšenyeho ena ea batho e tsoele pele ho ea ho ile. O ile a tlisa Moroallo lefatšeng lohle, o ileng oa felisa batho bohle ba khopo hammoho le Banefilime. Batho feela ba ileng ba bolokoa e ne e le bahlanka ba tšepahalang ba Molimo.—Genese 6:1-7, 17; 7:23.

Mangeloi a khopo a ile a phonyoha timetso nakong ea Moroallo. A ile a lahla ’mele ea ’ona ea nama eaba a khutlela sebakeng sa moea e le libōpuoa tsa moea. Eaba ka mor’a moo a bitsoa bademona. A ile a imatahanya le Satane Diabolose, ea bitsoang “’musi oa bademona.” (Matheu 12:24-27) Joaloka ’musi oa bona, bademona ba lakatsa ho rapeloa ke batho.

Bademona ba kotsi, empa ha ho hlokahale hore re ba tšabe. Matla a bona aa fokola. Ha mangeloi ao a sa mameleng a khutlela leholimong, ha aa ka a lumelloa ho kena ka lelapeng la Molimo la mangeloi a tšepahalang. Ho e-na le hoo, a ile a thibeloa ho fumana leseli leha e le lefe la moea le tsoang ho Molimo, kahoo a salloa ke bokamoso bo lerootho feela. Ha e le hantle, a ile a qobelloa ho ba boemong ba lefifi la moea bo tsejoang e le Tartarase. (2 Petrose 2:4) Jehova o a thibetse ka “litlamo tsa ka ho sa feleng,” hoo a leng lefifing la moea. Ho feta moo, hona joale a sitoa ho fetola ’mele ea ’ona hore e be ea batho.—Jude 6.

U Lokela ho Etsa’ng?

Na bademona ba ntse ba susumetsa batho? E, ba etsa joalo ka ho sebelisa “maqiti,” kapa “liketso tse bolotsana,” tse tšoanang le tse sebelisoang ke ’musi oa bona, Satane Diabolose. (Baefese 6:11, 12) Leha ho le joalo, re ka ema re tiile khahlanong le bademona haeba re sebelisa keletso ea Lentsoe la Molimo. Ho feta moo, ba ratang Molimo ba sireletsoa ke mangeloi a matla.

Ke habohlokoa hakaakang hore u ithute ka seo Molimo a se hlokang, joalokaha se boletsoe ka Mangolong ’me u nke bohato ka seo u ithutang sona! U ka ithuta ho eketsehileng ka seo Bibele e se rutang, ka hore u ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tikolohong ea heno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena. Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho ithuta Bibele le uena li sa u lefise letho ebile e le ka nako e u loketseng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka Bibeleng, mangeloi a bontšoa e le batho ba baholo ba batona. Kamehla ha a ne a itlhahisa ho batho, a ne a hlaha e le batho ba batona.

[Lebokose le leqepheng la 6]

MANGELOI—KAMOO A HLOPHISITSOENG KATENG

Jehova o hlophisitse lelapa la hae le leholo la mangeloi ka tsela e latelang:

Lengeloi le matla ka ho fetisisa le le nang le bolaoli bo phahameng ho feta a mang ke lengeloi le ka sehloohong Mikaele, kapa Jesu Kreste. (1 Bathesalonika 4:16; Jude 9) Lirafime, likerubime le mangeloi a mang a tlas’a hae.

Lirafime li boemong bo phahameng haholo tokisetsong ea Molimo. Ke bahlokomeli teroneng ea Molimo. Kabelo ea tsona e akarelletsa ho phatlalatsa hore Molimo oa halalela le ho boloka batho ba hae ba hloekile moeeng.—Esaia 6:1-3, 6, 7.

Likerubime li amahanngoa le terone ea Molimo ’me li tšehetsa boholo ba Jehova.—Pesaleme ea 80:1; 99:1; Ezekiele 10:1, 2.

Mangeloi a mang ke baemeli ba Jehova, ’me a phetha thato ea Molimo.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Mangeloi a ile a isa Lota le barali ba hae sebakeng se sireletsehileng

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ha moapostola Johanne a ne a leka ho rapela lengeloi, le ile la re ho eena: “U se ke ua etsa joalo!”

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Mangeloi a phethahatsa kahlolo ea Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Na u rua molemo mosebetsing oa ho bolela o etsoang ka tataiso ea mangeloi?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela