Moprista ea Phahameng ea Ileng a Ahlola Jesu
KA November 1990, banna ba neng ba ntse ba sebetsa tseleng le serapeng sa boikhathollo, sebakeng se ka etsang k’hilomithara e le ’ngoe ka boroa ho tloha Motseng oa Khale oa Jerusalema, ba ile ba fumana ntho e thahasellisang. Ka phoso, terekere e ile ea tlosa bokaholimo ba lefika leo e neng e le lebitla la boholo-holo. Tikoloho e potolohileng moo e ne e le sebaka sa mabitla sa boholo-holo ho tloha lekholong la pele la lilemo B.C.E. ho fihlela lekholong la pele la lilemo C.E. Ruri baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana ntho e thahasellisang ka lebitleng leo!
Lefikeng lena ho ne ho e-na le mabokose a 12 a neng a tšetse masapo a bafu a neng a bolokiloe ka ho ’ona ka mor’a hore masapo ao a lule ka mabitleng nako e ka etsang selemo ebile linama tsa ’ona li se li fetohile mobu. Lehlakoreng la lebokose le tšetseng masapo a mofu le neng le betliloe ka bokhabane bo ikhethang—e leng le leng la mabokose a matle ka ho fetisisa a kileng a fumanoa—ho ne ho ngotsoe lebitso la Yehosef bar Caiapha (Josefa mor’a Kaifase).
Bopaki bo bontša hore e ka ’na eaba leo e ne e le lebitla la moprista ea phahameng ea neng a okametse nyeoe ea bohlokoa ka ho fetisisa e kileng ea tšoaroa—e leng nyeoe ea Jesu Kreste. Rahistori oa Mojuda ea bitsoang Josephus o re moprista enoa ea phahameng ke “Josefa, ea neng a bitsoa Kaifase.” Ka Mangolong, o bitsoa feela ka hore ke Kaifase. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella litaba tsa hae? O ile a susumetsoa ke’ng hore a ahlole Jesu?
Lelapa Labo le Semelo sa Hae
Kaifase o ne a nyetse morali oa Anase, e leng moprista e mong ea phahameng. (Johanne 18:13) Mohlomong lenyalo leo le ile la lokisetsoa lilemo tse ngata pele ho lechato, kaha malapa ao ka bobeli a ne a tla rata ho tiisa hore a thehe maqhama a tiileng. Sena se ne se tla bolela hore a hlahlobisise maloko a ’ona ho tiisa hore ha ho batho basele ba keneletseng lelokong la bona la boprista. Ka ho totobetseng malapa ao ka bobeli a ne a ruile ebile a hlahelletse sechabeng, mohlomong a ruisitsoe ke ho ba le matlotlo a mangata tikolohong ea Jerusalema. Ha ho pelaelo hore Anase o ne a batla ho tiisa hore mokhoenyana’e oa ka moso e ba motsoalle ea tšepahalang litabeng tsa lipolotiki. Ho bonahala eka Anase hammoho le Kaifase e ne e le litho tsa lequloana le matla la Basaduse.—Liketso 5:17.
Kaha Kaifase e ne e le setho sa lelapa le hlahelletseng la boprista, e lokela ebe o ne a rutiloe Mangolo a Seheberu le kamoo a hlalosoang kateng. E lokela ebe o ne a qalile ho sebeletsa tempeleng ha a le lilemo li 20, empa ha ho tsejoe hore na o qalile ho ba moprista ea phahameng ha a le lilemo li kae.
Baprista ba Phahameng le Baprista ba ka Sehloohong
Qalong motho o ne a khetheloa ho ba moprista ea phahameng e le lefa la hae ’me a tsoela pele a le boemong boo hafeela a ntse a phela. Empa lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., Mahasmone a ile a inkela boprista bo phahameng ka likhoka.a Heroda e Moholo o ne a beha baprista ba phahameng ebile a ba theola setulong seo, a bontša ka ho hlaka hore ha e le hantle ke eena ea neng a ikarabella ka ho khethoa ha moprista ea phahameng. Babusisi ba Baroma ba neng ba le Judea ba ile ba latela mokhoa ona oo.
Liketsahalo tsena li ile tsa etsa hore ho thehoe sehlopha seo Mangolo a se bitsang “baprista ba ka sehloohong.” (Matheu 26:3, 4) Ntle ho Kaifase, sehlopha sena se ne se kopanyelletsa bao pele e neng e le baprista ba phahameng, ba kang Anase, eo le hoja a ne a theotsoe setulong sa boprista bo phahameng a neng a ntse a tsoela pele ho bitsoa ka tlotla eo. Hape sehlopha seo se ne se kopanyelletsa malapa a amanang haufi-ufi a bao e neng e kile ea e-ba baprista ba phahameng le malapa a bao e neng e le baprista ba phahameng ka nako eo.
Baroma ba ile ba lumella hore litaba tsa puso ea Judea tsa letsatsi le letsatsi li tsamaisoe ke sehlopha sa Bajuda ba phahameng sechabeng, ba neng ba akarelletsa baprista ba ka sehloohong. Sena se ile sa nolofalletsa puso ea Roma ho laola profinse eo le ho fumana lekhetho le tsoang Judea ho sa hlokahale hore e romele masole a mangata moo. Baroma ba ne ba lebeletse hore ba boholong pusong ea Bajuda ba boloke khutso ba be ba sireletse lithahasello tsa Roma. Babusisi ba Baroma ba ne ba sa rate baeta-pele ba Bajuda hakaalo, ba neng ba hloile puso ea Roma. Empa ho ne ho le molemong oa lihlopha tseo ka bobeli hore li sebelisane e le hore feela ho be le puso e tsitsitseng.
Ha e le hantle, nakong ea Kaifase, moprista ea phahameng e ne e le moeta-pele oa lipolotiki oa Mojuda. Anase o ile a behoa boemong ba ho ba moprista ea phahameng ke Kuirinease, ’musisi oa Moroma oa Syria, ka selemo sa 6 kapa ka sa 7 C.E. Lineano tsa bo-rabi li bontša hore meharo, ho jesana ka malapa, khatello le pefo e ne e le lintho tse tloaelehileng malapeng a hlahelletseng a busang a Bajuda. Mongoli e mong o lumela hore kaha Anase e ne e le moprista ea phahameng, o ne a tla etsa bonnete ba hore mokhoenyana’e “o nyolleloa ka potlako maemong a phahameng tempeleng; etsoe Kaifase o ne a tla tsoela Anase molemo haholo hafeela a fumana maemo a phahameng haholoanyane.”
Hoo e ka bang ka 15 C.E., Valerius Gratus, e leng ’musisi oa Judea o ile a theola Anase setulong. Ba bang ba bararo, ba kopanyelletsang e mong oa bara ba Anase, ba ile ba latellana ka potlako boemong ba ho ba baprista ba phahameng. Kaifase e ile ea e-ba moprista ea phahameng hoo e ka bang ka 18 C.E. Ponse Pilato, ea ileng a behoa hore e be ’musisi oa Judea ka 26 C.E., o ile a etsa hore Kaifase a ’ne a be boemong ba hae ka lilemo tse leshome tseo e neng e le ’musisi ka tsona. Nako eo Kaifase e neng e le moprista ea phahameng ka eona e ile ea kopanyelletsa nako ea tšebeletso ea Jesu le ea ha barutuoa ba hae ba qala ho bolela. Empa Kaifase o ne a hloile molaetsa oa Bakreste.
O ne a Tšaba Jesu, Ebile a Tšaba Baroma
Kaifase o ne a talima Jesu e le moferekanyi ea kotsi. Jesu o ne a hanyetsa tsela eo ba boholong bolumeling ba neng ba hlalosa melao ea Sabatha ka eona, o ile a ba a leleka bahoebi le ba ananyang chelete ka tempeleng, a bolela hore ba e entse “lehaha la masholu.” (Luka 19:45, 46) Bo-rahistori ba bang ba lumela hore limmaraka tseo tsa tempeleng e ne e le tsa lelapa la Anase—mohlomong ke lona lebaka le leng leo Kaifase a ileng a leka ho koala Jesu molomo ka lona. Ha baprista ba ka sehloohong ba ne ba romela balaoli ho ea tšoara Jesu, balaoli bao ba ile ba hlolloa ke mantsoe a hae hoo ba ileng ba khutla le se neng se ba isitse.—Johanne 2:13-17; 5:1-16; 7:14-49.
Nahana ka se ileng sa etsahala ha Bajuda ba boholong ba utloa hore Jesu o tsositse Lazaro bafung. Kosepele ea Johanne e re: “Baprista ba ka sehloohong le Bafarisi ba bokella Sanhedrine ’me ba qala ho re: ‘Re tla etsa joang, hobane monna enoa o etsa lipontšo tse ngata? Haeba re mo tlohela ka tsela ena, bohle ba tla beha tumelo ho eena, ’me Baroma ba tla tla ba nka sebaka sa rōna le sechaba sa rōna.’” (Johanne 11:47, 48) Lekhotla la Sanhedrine le ne le talima Jesu a le kotsi ho ba boholong tsamaisong ea bolumeli ebile a le kotsi taolong ea sechaba, e leng lintho tseo Pilato a neng a ba nka ba ikarabella ho tsona. Mokhatlo leha e le ofe o tummeng oo Baroma ba neng ba ka nka hore o fetohela puso ea bona o ne o ka etsa hore ba kenelle litabeng tsa Bajuda—e leng ntho eo lekhotla la Sanhedrine le neng le batla ho e qoba ka ho feletseng.
Le hoja Kaifase a ne a sitoa ho latola hore Jesu o etsa mesebetsi e matla, ha aa ka a lumela ho Jesu empa o ile a batla ho boloka boemo ba hae bo phahameng le matla a ho laela. O ne a ka lumela joang hore Lazaro o tsositsoe bafung? Kaha Kaifase e ne e le Mosaduse, ho hang o ne a sa lumele tsoho ea bafu!—Liketso 23:8.
Bokhopo ba Kaifase bo ile ba totobala hantle ha a ne a bolella babusi-’moho le eena a re: “Ha le nahane hore ho molemong oa lōna hore motho a le mong a shoe molemong oa batho eseng hore sechaba kaofela se timetsoe.” Tlaleho eo e tsoela pele ka ho re: “Leha ho le joalo, ha aa ka a bua sena ka ho iqalla; empa kahobane e ne e le moprista ea phahameng selemong seo, o ile a profeta hore Jesu o ne a reretsoe ho shoela sechaba, eseng sechaba feela, empa e le hore le bana ba Molimo ba hasa-hasaneng a ka ba bokella hore ba be bang. Ka hona ho tloha letsatsing leo ho ea pele ba rerisana ho bolaea [Jesu].”—Johanne 11:49-53.
Kaifase o ne a sa lemohe ka botlalo se hlileng se boleloang ke mantsoe a hae. Kahobane e ne e le moprista ea phahameng, o hlile a profeta.b Lefu la Jesu le ne le sa tl’o tlisetsa Bajuda feela molemo. Empa sehlabelo sa hae sa thekollo se ne se tla lokolla moloko oohle oa batho botlamuoeng ba sebe le lefu.
’Momori oa Polao
Baprista ba ka sehloohong ba Bajuda le banna ba hōlileng ba ile ba bokana lapeng ha Kaifase ba buisana ka hore na ba ka tšoara Jesu joang le hore ba mo bolaee. Mohlomong moprista enoa ea phahameng o ile a kenya letsoho ho buisaneng le Judase Iskariota hore na Jesu a ekoe ka bokae. (Matheu 26:3, 4, 14, 15) Leha ho le joalo, ho bolaea motho a le mong feela ho ne ho ke ke ha finyella merero e khopo ea Kaifase. ‘Joale baprista ba ka sehloohong ba rerisana hore ba bolaee le Lazaro, hobane Bajuda ba bangata ba ne ba beha tumelo ho Jesu ka lebaka la hae.’—Johanne 12:10, 11.
Malkuse, eo e neng e le lekhoba la Kaifase, o ne a le har’a letšoele le neng le rometsoe ho ea tšoara Jesu. Ba ile ba qala ka ho isa motšoaruoa ho Anase hore a e’o mo hloma lipotso ka mor’a moo ba mo isa ho Kaifase, ea neng a se a bokantse banna ba hōlileng ba Bajuda hore ba tl’o tšoara nyeoe eo bosiu, e leng ntho e neng e le khahlanong le molao oa Sejuda.—Matheu 26:57; Johanne 18:10, 13, 19-24.
Kaifase ha aa ka a thijoa ke letho ha lipaki tsa bohata li sitoa ho lumellana ha li fana ka bopaki khahlanong le Jesu. Moprista eo ea phahameng o ne a tseba maikutlo a bao a neng a entse ’momori le bona ka motho leha e le ofe ea ipolelang hore ke Mesia. Kahoo o ile a batla ho tseba hore na Jesu o ipitsa Mesia. Jesu o ile a araba ka hore banģosi ba hae ba ne ba tla mo bona “a lutse ka letsohong le letona la matla ’me a tla ka maru a leholimo.” Ka boikaketsi, “moprista ea phahameng a hahola liaparo tsa hae tsa ka ntle, a re: ‘O nyefotse! Na re sa hloka lipaki tse eketsehileng?’” Lekhotla la Sanhedrine le ile la lumellana hore Jesu o lokela ho shoa.—Matheu 26:64-66.
Likahlolo tsa lefu li ne li lokela ho lumelloa ke Baroma. Kaha Kaifase e ne e le eena ’muelli pakeng tsa Baroma le Bajuda, mohlomong ke eena ea ileng a bolella Pilato ka nyeoe eo. Ha Pilato a ne a batla ho lokolla Jesu, ho ka etsahala hore ebe Kaifase o ne a le har’a baprista ba ka sehloohong ba ileng ba hooa ba re: “Mo khokhothele thupeng! Mo khokhothele thupeng!” (Johanne 19:4-6) Ho ka etsahala hore ebe Kaifase o ile a susumetsa letšoele hore le hooe le re ho lokolloe ’molai ho e-na le hore ho lokolloe Jesu, ’me o ne a le har’a baprista ba ka sehloohong bao ka boikaketsi ba ileng ba hoeletsa ba re: “Ha re na morena haese Cesare.”—Johanne 19:15; Mareka 15:7-11.
Kaifase o ile a hanyetsa bopaki ba hore Jesu o tsohile bafung, a hanyetsa Petrose le Johanne hammoho le Setefane. Hape Kaifase o ile a fa Saule tumello ea hore a tšoare Bakreste leha e le bafe bao a neng a ka ba fumana Damaseka. (Matheu 28:11-13; Liketso 4:1-17; 6:8–7:60; 9:1, 2) Leha ho le joalo, hoo e ka bang ka 36 C.E., Vitellius, e leng ’musisi oa Moroma oa Syria, o ile a theola Kaifase maemong a hae a ho ba moprista ea phahameng.
Lingoliloeng tsa Bajuda li beha lelapa la Kaifase ka mosing. Ka mohlala, Talmud ea Babylona e re: “Ho malimabe ’na ka baka la ba ntlo ea Hanin [Anase], ho malimabe ’na ka baka la litšebo tsa bona,” kapa “liketselletso.” Batho ba nahana hore tletlebo ena e ne e bolela “liboka tsa sephiri tseo ho tsona ho neng ho reroa mekhoa ea khatello.”
Seo re Ithutang Sona Bophelong ba Kaifase
Setsebi se seng se ile sa bolela hore baprista ba phahameng e ne e le banna “ba matla, ba masene le ba nang le bokhoni—ebile mohlomong ba ikhohomosa.” Boikhohomoso bo ile ba sitisa Kaifase hore a amohele Mesia. Kahoo ha rea lokela ho makala kajeno ha batho ba hana molaetsa oa Bibele. Ba bang ha ba thahaselle ’nete ea Mangolo ka ho lekaneng hoo ba ka lahlang litumelo tsa bona tseo ba li ratang haholo. Ba bang ba nahana hore ho ba baboleli ba ikokobelitseng ba litaba tse molemo ho ba tlosa seriti. Hape batho ba bolotsana le ba meharo ha ba rate litekanyetso tsa Bokreste.
Kaha e ne e le moprista ea phahameng, Kaifase a ka be a thusitse Bajuda ho amohela Mesia, empa ho lakatsa ho ba le matla ka ho feteletseng ho ile ha etsa hore a ahlole Jesu. Ho ka etsahala hore ebe Kaifase o ile a tsoela pele ho hanyetsa ho fihlela a ikela ho o batang. Tlaleho ea hae e bontša hore ha motho a e-shoa ha a siee masapo a hae feela. Ka liketso tsa rōna, re iketsetsa botumo bo tšoarellang ho Molimo, ebang ke bo bobe kapa ke bo botle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho utloa ka histori ea Mahasmone, ka kōpo bona Molula-Qhooa oa June 15, 2001, leqepheng la 27-30.
b Nakong e fetileng, Jehova o ile a sebelisa Balame ea khopo hore a bolele boprofeta ba ’nete mabapi le Baiseraele.—Numere 23:1–24:24.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Josefa mor’a Kaifase
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Lebokose le fumanoeng haufinyane tjena le tšetseng masapo a mofu
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]
Ossuary, inscription, and cave in background: Courtesy of Israel Antiquities Authority