Pale ea Bophelo
Jehova o Ile a Nthusa Hore ke mo Fumane
JOALOKAHA HO BOLETSE FLORENCE CLARK
Ke ile ka tšoara letsoho la monna oa ka ea neng a kula haholo. Kaha ke ne ke le Mochache, ke ile ka rapela Molimo hore monna oa ka a fole, eaba ke tšepisa Molimo hore haeba monna oa ka a sa shoe, ke tla mo batla ke be ke mo fumane. Ka mor’a moo, ke ne ke tla mo sebeletsa.
KE HLAHETSE Florence Chulung ka la 18 September, 1937, motsaneng o mong oa Maaborijene oa Oombulgurri, Kimberley Plateau, seterekeng sa Australia Bophirimela.
Kea thaba ha ke hopola matsatsi ao a ha ke sa le ngoana ho se na mathata. ’Mishoneng oa kereke ke ile ka ithuta lintho tse seng kae tsa motheo ka Molimo le Bibele, empa ’Mè ke eena ea ileng a nthuta melao-motheo ea Bokreste. O ne a mpalla Bibele kamehla, ’me ke ile ka rata ho ithuta ka Molimo ke sa le ngoana. Hape ke ne ke rata ’Mangoane e mong eo e neng e le moromuoa kerekeng ea habo. Pelong ea ka ke ne ke tseba hore ke batla ho mo etsisa.
Motse oa heso oo pele o neng o tsejoa e le Forrest River Mission, o ne o e-na le sekolo se neng se qala ka grade 1 se fella ka grade 5. Ke ne ke kena sekolo ka lihora tse peli feela hoseng ho hong le ho hong. Ka mantsoe a mang, thuto ea ka ea sekolong e ne e le tlaase haholo, ’me sena se ne se tšoenya Ntate. O ne a batla hore bana ba hae ba rutehe, kahoo o ile a etsa qeto ea ho tloha Oombulgurri, ’me a fallisetse lelapa toropong ea Wyndham. Mohla re tlohang ke ile ka utloa bohloko haholo, empa ha re le Wyndham, ke ile ka kena sekolo ka nako e feletseng ka lilemo tse latelang tse ’nè, ho tloha ka 1949 ho fihlela ka 1952. Ke leboha haholo hore ebe Ntate o ile a mpha thuto e kaalo.
’Mè o ne a sebeletsa ngaka ea moo, ’me ha ke qeta sekolong ke le lilemo li 15, ngaka ena e ile ea mpha mosebetsi oa booki sepetleleng sa Wyndham. Ke ile ka o amohela ka thabo, hobane ka nako eo mosebetsi o ne o fumanoa ka thata.
Lilemo hamorao, ke ile ka teana le Alec, monna e mong oa lekhooa ea neng a alosa mehlape. Re ile ra nyalana ka 1964 toropong ea Derby, moo ke neng ke kena Kereke ea Chache teng kamehla. Ka letsatsi le leng Lipaki Tsa Jehova li ile tsa nketela. Ke ile ka li bolella hore ho hang ha ke thabele litaba tsa tsona ka ba ka li kōpa hore li se ke tsa hlola li tla. Leha ho le joalo, li ile tsa bua ntho e ’ngoe e ileng ea nkhahla ea hore Molimo o na le lebitso, e leng Jehova.
“U Sitoa ho Ithapella?”
Ka 1965 bophelo bo ile ba qala ho ba thata haholo. Monna oa ka o ile a lemala hampe ka makhetlo a mararo—a mabeli a lematsoa ke pere ea hae ’me ka le leng ke koloi ea hae. Ka lehlohonolo, o ile a fola likotsing tsena eaba o khutlela mosebetsing. Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a moo, pere ea hae e ile ea mo lematsa hape. Lekhetlong lena, o ile a tsoa likotsi tse mpe hloohong. Ha ke fihla sepetlele, ngaka e ile ea mpolella hore monna oa ka o tl’o shoa. Ke ile ka ferekana. Mooki e mong o ile a kōpa moprista oa sebaka seo hore a tl’o mpona, empa a re: “Eseng hona joale. Ke tla tla hosasane!”
Ke ile ka bolella moitlami e mong oa mosali hore ke batla moprista pel’a ka hore a tl’o nthapelisa. Moitlami eo o ile a re: “Molato oa hao ke eng? U sitoa ho ithapella?” Kahoo, ke ile ka qala ho rapela litšoantšo tsa kereke hore li nthuse—empa ha lia ka tsa nthusa. Ho ile ha bonahala eka monna oa ka oa shoa. Ke ile ka nahana, ‘Ke tla ba ngoan’a mang ha monna oa ka a shoa?’ Ke ne ke amehile hape ka bana ba ka ba bararo—Christine, Nanette le Geoffrey. Ba ne ba tla phela joang ba se na ntate? Ho thabisang ke hore matsatsi a mararo hamorao, monna oa ka o ile a hlaphoheloa, ’me o ile a lokolloa sepetlele ka la 6 December, 1966.
Le hoja monna oa ka a ne a bonahala a folile, o ne a lemetse boko. O ile a kenoa ke bolebali bo itseng, ’me joale o ne a halefa kapele, a bile a thaba haholo kapa a koata haholo ka linako tse ling. O ne a thatafalloa ho sebelisana le bana ’me a halefa haholo haeba ba sa etse lintho joaloka batho ba baholo. Ho mo hlokomela ho ne ho le thata. Ke ne ke tlameha ho mo etsetsa hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ke ile ka ba ka mo ruta ho bala le ho ngola hape. Boima ba ho mo hlokomela empa ke ntse ke hlokometse mesebetsi e meng ea lelapa bo ile ba ntetebetsa, eaba ke ferekana kelellong. Lilemo tse supileng ka mor’a hore monna oa ka a lemale, re ile ra lumellana hore re arohane ka nakoana e le hore ke mpe ke hlaphoheloe.
Ke ile ka nka bana eaba ke fallela ka boroa motseng oa Perth. Pele ke falla, ’nake o ne a qalile ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova Kununurra, e leng torotsoana e ’ngoe ea Australia Bophirimela. O ile a mpontša setšoantšo se bukeng ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng,a se bontšang bophelo lefatšeng la paradeise. O ile a boela a mpontša ka buka ena hore Molimo o na le lebitso, e leng Jehova, ’me seo se ile sa nkhahla haholo. Kaha kereke ea ka e ne e e-s’o mpolelle lintho tsena, ke ile ka etsa qeto ea hore ke tla bua le Lipaki Tsa Jehova ka thelefono hang feela ha ke tsitsa Perth.
Leha ho le joalo, ke ile ka ba leqe ho iteanya le tsona. Mantsiboeeng a mang, tšepe ea monyako e ile ea lla. Mora oa ka o ile a ea monyako eaba o khutla a potlakile, a re, “’Mè, batho bane bao u itseng u tla bua le bona ka thelefono ba teng.” Ke ile ka makala eaba ke re, “Ba bolelle hore ha ke eo!” Empa o ile a nkaraba ka ho re: “’Mè, ua tseba hore ha kea tšoanela ho qala leshano.” Ha a qeta ho mpontša phoso ea ka, ke ile ka bula monyako. Ha ke lumelisa baeti bana, ke ile ka hlokomela hore ba maketse. Ba ne ba tlil’o bona motho e mong ea neng a hirile moo ea neng a se a faletse. Ke ile ka re ba kene ka tlung ’me ka ba botsa lipotso tse ngata eaba ba mpha likarabo tse nepahetseng tse tsoang ka Bibeleng.
Bekeng e latelang, ke ile ka qala ho ithuta Bibele kamehla le Lipaki tsena, re sebelisa buka e bitsoang ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Thuto ena e ile ea tsosa lerato la ka la ho ithuta ka Molimo. Libeke tse peli hamorao ke ile ka ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste Jesu. Ke ile ka qala ho ba teng libokeng Sontaha se seng le se seng, ’me ka nakoana feela ke ne ke e-ba teng le libokeng tsa har’a beke. Hape ke ile ka qala ho bolella batho ba bang lintho tseo ke ntseng ke ithuta tsona. Ke ile ka hlokomela hore ho thusa ba bang ho ithuta linnete tsa Bibele ho hlaphola kelello ea ka le maikutlo a ka. Likhoeli tse tšeletseng hamorao, ke ile ka kolobetsoa kopanong ea setereke ea Perth.
Ha ke ntse ke hatela pele moeeng, ke ile ka utloisisa pono ea Jehova ka khalalelo ea lenyalo, hammoho le molao-motheo o ho 1 Bakorinthe 7:13, o reng: “Mosali ea nang le monna ea sa lumelang, ’me leha ho le joalo monna eo a lumela ho lula le eena, a se ke a tlohela monna oa hae.” Lengolo lena le ile la ntšusumelletsa hore ke khutlele ho Alec.
Ke Khutlela Derby
Ke ile ka fihla Derby ka la 21 June, 1979, ka mor’a hore ke tlohe ho monna oa ka ka lilemo tse fetang tse hlano. Ha e le hantle, ke ne ke ferekane ’me ke ipotsa hore na o tla nkamohela joang. Ke ile ka makala ha a thabela hore ebe ke khutlile, le hoja a ile a soabisoa ke hore ebe ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Kapele feela o ile a khothalletsa hore ke ee kerekeng ea hae, eo ke neng ke e kena pele ke e-ea Perth. Ke ile ka mo hlalosetsa hore nke ke ka etsa joalo. Ke ile ka leka ka matla ho hlompha bohlooho ba hae ’me ka ikitlaelletsa ho etsa sohle se matleng a ka joaloka mosali oa Mokreste. Ke ile ka leka ho bua le eena ka Jehova le litšepiso tsa Hae tse babatsehang bakeng sa nako e tlang, empa o ne a sa thabele seo ke mo bolellang sona.
Leha ho le joalo, qetellong, Alec ha aa ka a tloaela tsela e ncha eo ke phelang ka eona feela empa hape o ile a qala ho nthusa ka chelete e le hore ke ee likopanong tse khōlō le tse nyenyane, haesita le libokeng tsa beke le beke. Kaha koloi ke ntho ea bohlokoa haholo libakeng tsena tse thōko tsa Australia, ke ile ka leboha haholo ha a e reka e le hore ke e sebelise tšebeletsong ea Bokreste. Bara le baralib’abo rōna, ho akarelletsa le molebeli oa potoloho, khafetsa ba ne ba robala matsatsi a mangata lelapeng la rōna. Sena se ile sa thusa Alec hore a tsebe Lipaki tse fapa-fapaneng, ’me ho ne ho bonahala a rata ho ba har’a tsona.
Ke Ile ka Ikutloa Joaloka Ezekiele
Ke ne ke thabela ho eteloa ke bara le baralib’abo rōna, empa ke ne ke thulana le bothata. Ke ne ke le Paki ke le mong toropong ea Derby. Phutheho e haufi e ne e le Broome, lik’hilomithara tse 220 ho tloha Derby. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea hore ke etse sohle seo nka se khonang hore ke phatlalatse litaba tse molemo. Ka thuso ea Jehova, ke ile ka hlophisa lintho eaba ke qala ho paka ka ntlo le ntlo. Mosebetsi ona o ne o nthatafalla, empa ke ile ka ’na ka ikhopotsa mantsoe ana a moapostola Pauluse: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilipi 4:13.
Baruti ba mona ba ne ba sa rate mosebetsi oa ka, haholo ha ke pakela Maaborijene a heso. Ba ile ba leka ho ntšosa le ho nthibela hore ke se ke ka bolela litaba tse molemo. Khanyetso ea bona e ile ea mpha matla haholo hore ke tsoele pele, ’me ke ne ke rapela Jehova kamehla hore a nthuse. Khafetsa ke ne ke hopola mantsoe ana a khothatsang a ileng a bolelloa Ezekiele: “Bona! Ke entse hore sefahleho sa hao se be thata hantle feela joaloka lifahleho tsa bona le phatla ea hao e be thata hantle feela joaloka liphatla tsa bona. Ke entse hore phatla ea hao e be joaloka daemane, e thata ho feta lejoe le thata. U se ke ua ba tšaba, ’me u se ke ua tšosoa ke lifahleho tsa bona.”—Ezekiele 3:8, 9.
Ka makhetlo a mangata banna ba babeli ba sehlopha sa kereke e ’ngoe ba ile ba tla ho ’na ha ke ntse ke reka mabenkeleng. Ba ile ba ntšoma ba entse lerata le tšabehang, ba leka ho mema mahlo a bareki ba bang. Ke ile ka ba hlokomoloha. Ka lekhetlo le leng ha ke ne ke khutletse ho motho e mong ea thahasellang litaba tse molemo, moruti oa kereke ea moo o ile a tla eaba o nqosa ka hore ha ke lumele ho Jesu. O ile a choabola Bibele letsohong la ka, a e tsoka ka pel’a mahlo a ka, eaba o e khutlisetsa ka letsohong la ka. Ke ile ka mo sheba ka mahlong, ka bonolo empa e le ka tieo ka qotsa Johanne 3:16 eaba ke mo tiisetsa hore ke lumela ho Jesu. Ho mo araba ha ka ka sebete ho ile ha mo tšerehanya eaba o tsamaea a sa re letho.
Ke ile ka thabela ho pakela Maaborijene a Derby. Moprista e mong oa mona o ile a leka ho nthibela hore ke se ke ka bua le batho ba motse o itseng, empa o ile a tlosoa eaba o isoa sebakeng se seng. Kahoo, ke ile ka khona ho ba isetsa molaetsa oa Bibele. E ne e bile takatso ea ka kamehla hore ke be moromuoa joaloka ’Mangoane, ’me joale ke ne ke etsa mosebetsi oa boromuoa, ke thusa batho ba bang hore ba ithute Lentsoe la Molimo. Maaborijene a mangata a ile a amohela seo ke neng ke a bolella sona, ’me ke ile ka qala lithuto tse ngata tsa Bibele.
Ho Ela Hloko Tlhoko ea ka ea Moea
Ke ile ka ba Paki ea Jehova ke le mong ka lilemo tse hlano Derby. Ho ne ho le thata hore ke lule ke le matla moeeng ha ke sa khothatsoe kamehla ke liboka le barapeli-’moho le ’na. Ketsahalong e ’ngoe, ke ne ke nyahame haholo eaba ke tsoa ka koloi. Ha ke khutlela hae mantsiboeeng ao, morali e mong oabo rōna o ne a le teng le bana ba hae ba supileng ba nkemetse. Ba ne ba ntletse le lingoliloeng tse tsoang phuthehong e hōle ea Broome. Ho tloha ka nako eo, morali enoa oabo rōna, e leng Betty Butterfield, o ile a lokisetsa hore a tle Derby hang ka khoeli ebe o lula le ’na mafelo-beke a le mang. Re ne re e-ea boboleling hammoho ebe re ithuta Molula-Qhooa hammoho lapeng ha ka. Le ’na ke ne ke e-ea Broome hang ka khoeli.
Barab’abo rōna ba Broome ba ne ba nthusa haholo ’me ka linako tse ling ba ne ba nka leeto le lelelele la ho ea Derby ho tla nthusa tšimong. Ba ne ba khothalletsa bara kapa baralib’abo rōna ba tsoang litoropong tse ling ba neng ba feta Derby hore ba mphapohele le hore ba kopanele le ’na tšebeletsong. Batsamai bana ba ne ba tla le litheipi tsa lipuo tsa phatlalatsa. Ba bang ba ne ba ithuta Molula-Qhooa le ’na. Ho eteloa ka nako ena e khutšoanyane ho ne ho nkhothatsa haholo.
Thuso e ’Ngoe e ne e le Haufi
Ka lilemo tse itseng, ke ile ka matlafatsoa hape ha banyalani ba bang ba neng ba le pensheneng, e leng Arthur le Mary Willis, ba karolong e ka boroa ea Australia Bophirimela, ba ne ba tla ho tla nthusa ka likhoeli tse tharo linakong tsa mariha. Mor’abo rōna Willis o ne a tšoara boholo ba liboka le ho etella pele tšebeletsong ea tšimo. Re ne re tsamaea hammoho ho ea likarolong tse thōko haholo tsa Kimberley Plateau, re etela metebong ea libaka tsena tse hōle. Nako le nako ha Mor’abo rōna le morali’abo rōna Willis ba ne ba tsamaea, ke ne ke hlora haholo.
Qetellong, ho ea bofelong ba selemo sa 1983, ke ile ka bolelloa litaba tse monate tsa hore Danny Sturgeon le mosali oa hae Denise le bara ba bona ba bane—ba ne ba tlil’o lula Derby. Hoba ba fihle, re ile ra tšoara liboka tsa beke le beke le ho tsamaea hammoho tšebeletsong ea tšimo. Phutheho e ile ea thehoa ka 2001. Kajeno, Derby e na le phutheho e matla ea bahoeletsi ba ’Muso ba 24, ’me ho na le baholo ba babeli le mohlanka a le mong ea sebeletsang ba re hlokometseng hantle moeeng. Ka linako tse ling, re ba le ba ka bang 30 libokeng tsa rōna.
Ha ke nahana ka lilemo tse fetileng, ke thabela ho bona kamoo Jehova a ileng a nthusa kateng hore ke mo sebeletse. Le hoja monna oa ka e e-s’o be molumeli-’moho le ’na, o ntse a nthusa ka litsela tse ling. Litho tse hlano tsa lelapa ke Lipaki tse kolobelitsoeng—barali ba ka ba babeli, litloholo tsa ka tse peli tsa basetsana le ngoana oa ’nake. Ho phaella moo, beng ka ’na ba bang ba bangata ba ithuta Bibele le batho ba Jehova.
Ke leboha e le kannete hore ebe Jehova o ile a nthusa hore ke mo fumane. Ke ikemiselitse ho mo sebeletsa ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 65:2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova empa hona joale ha e sa hatisoa.
[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 15]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
AUSTRALIA
Wyndham
Kimberley Plateau
Derby
Broome
Perth
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Kangaroo and lyrebird: Lydekker; koala: Meyers
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ke mooki sepetleleng sa Wyndham, ka 1953
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Phutheho ea Derby, ka 2005