Bopaki ba Khale ba Lethathamo la Libuka Tsa Bibele
TOKOMANE e ’ngoe ea boholo-holo e ile ea hlalosoa tjena: “Ho bonahala mola o mong le o mong o ngoletsoe ho tsosa tjantjello ea ba thahasellang histori ea khale ea Bokreste.” Na u ka nahana hore na ke tokomane efe eo?
Ho ka etsahala hore ebe u kile ua utloa batho ba bua ka eona kapa ha u e-s’o utloe, e bitsoa Muratorian Fragment. Ebang u kile ua utloa batho ba bua ka eona kapa che, u ka ’na ua ipotsa, ‘Ke eng e ikhethang hakaalo ka Muratorian Fragment?’ Ke lethathamo la khale haholo le ntseng le le teng, kapa le amohelehang la libuka tsa Mangolo a Segerike a Bakreste.
U ka ’na ua nka habonolo feela hore libuka tse itseng ke tsa Bibele. Leha ho le joalo, na ebe u ka makala ha u ka tseba hore ho na le nako eo ka eona batho ba bang ba neng ba ipotsa hore na ke libuka life tse lokelang ho akarelletsoa lethathamong la libuka tsa Bibele? Muratorian Fragment, e thathamisa libuka tseo ho nkoang hore li bululetsoe ke Molimo. Le uena u tla utloisisa hore taba e ka Bibeleng ke ea bohlokoa haholo. Kahoo, tokomane eo e ile ea senola eng mabapi le libuka tseo e leng Mangolo a Segerike a Bakreste hona joale? Pele ho tsohle, a re hlahlobeng boitsebiso bo amanang le tokomane ena.
Ho Sibolloa ha Eona
Muratorian Fragment ke karolo ea buka e ’ngoe e ngotsoeng ka letsoho e nang le maqephe a 76, le leng le le leng le le bolelele ba limithara tse 27 le bophara ba limithara tse 17. Ludovico Antonio Muratori (1672-1750), eo e leng rahistori ea hlomphuoang oa Motaliana, o ile a e fumana Laebraring ea Mohalaleli Ambrose, e Milan, Itay. Muratori o ile a phatlalatsa seo a se fumaneng ka 1740, ke kahoo e bitsoang Muratorian Fragment. Ho bonahala eka buka ena e ngotsoeng ka letsoho e entsoe lekholong la borobeli la lilemo sebakeng sa boholo-holo sa baitlami sa Bobbio, haufi le Piacenza, Italy leboea. E ile ea isoa Laebraring ea Mohalaleli Ambrose qalong ea lekholo la bo17 la lilemo.
Muratorian Fragment ke mela e 85 ea boitsebiso bo ngotsoeng leqepheng la 10 le la 11 bukeng eo e ngotsoeng ka letsoho. E ngotsoe ka Selatine, ’me ho hlakile hore e ile ea ngoloa ke mongoli ea neng a se hlokolosi. Empa liphoso tse ling tsa hae li fumanoe ha ho bapisoa boitsebiso ba hae le bo bong bo tšoanang le bona bo akarelelitsoeng libukeng tse ’nè tse ngotsoeng ka letsoho tsa lekholong la lilemo la bo11 le la bo12.
E Ngotsoe Neng?
Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa hore na boitsebiso ba Muratorian Fragment bo ile ba ngoloa neng ka lekhetlo la pele. Ho bonahala boitsebiso ba pele bo ile ba ngoloa ka Segerike lilemo tse makholo pele ho Muratorian Fragment, eo e leng phetolelo ea Selatine e nkiloeng Segerikeng. Ntho e thusang ho fumana hore na ea pele e ngotsoe neng ke ena. Muratorian Fragment e bua ka buka eo e seng ea Bibele e bitsoang Shepherd, ’me e bolela hore monna e mong ea bitsoang Hermas o ile a e ngola “haufi tjena, mehleng ea rōna, motseng oa Roma.” Litsebi li bolela hore Shepherd ea Hermas e ile ea qeta ho ngoloa pakeng tsa 140 le 155 C.E. Kahoo, u ka bona hore na ke hobane’ng ha tokomane ea pele ea puo ea Segerike eo Muratorian Fragment ea Selatine e nkiloeng ho eona ho boleloa hore e ngotsoe pakeng tsa 170 le 200 C.E.
Ho bua ka motse oa Roma ka mokhoa o tobileng le o sa tobang ho bolela hore mohlomong e ile ea ngolloa teng. Empa ho ntse ho phehisanoa khang ka hore na e ngotsoe ke mang. Ho ’nile ha nahanoa hore e ngotsoe ke Clement oa Alexandria, Melito oa Sardise le Polycrates oa Efese. Leha ho le joalo, litsebi tse ngata li bolela hore e ngotsoe ke mongoli e mong oa libuka tse ngata ea bitsoang Hippolytus, ea neng a ngola ka Segerike ’me a lula Roma nakong eo ho nahanoang hore boitsebiso ba Muratorian Fragment bo ile ba ngoloa ka eona. Le hoja u ka nka hore sena ha se u ame ka letho, mohlomong u tla rata ho tseba haholoanyane ka boitsebiso ba eona bo etsang hore e be ea bohlokoa hakana.
Boitsebiso ba Eona
Ha ea ngoloa feela lethathamo la libuka tsa Mangolo a Segerike a Bakreste. E boetse e hlalosa libuka tsena le bangoli ba tsona. Ha u e bala, u tla bona hore mela ea pele ea buka e ngotsoeng ka letsoho ha e eo, ebile ho bonahala eka taba e ngotsoeng e fella feela sebakeng. E qala ka Kosepele ea Luka, ’me tokomane ena e bolela hore mongoli oa buka ena ea Bibele e ne e le ngaka. (Bakolose 4:14) E bolela hore Kosepele ea Luka ke ea boraro, kahoo u ka bona hore mohlomong karolo ea pele e sieo e bua ka Kosepele ea Matheu le ea Mareka. Haeba qeto ea hao ke eona eo, u ne u tla tšehetsoa ke Muratorian Fragment, e bolelang hore Kosepele ea bone ke ea Johanne.
Muratorian Fragment e paka hore buka ea Liketso Tsa Baapostola e ile ea ngoloa ke Luka a e ngolla “Theofilase ea khabane ka ho fetisisa.” (Luka 1:3; Liketso 1:1) Ka mor’a moo e thathamisa mangolo a moapostola Pauluse a eang ho Bakorinthe (a mabeli), ho Baefese, ho Bafilipi, ho Bakolose, ho Bagalata, ho Bathesalonika (a mabeli), ho Baroma, ho Filemone, ho Tite le ho Timothea (a mabeli). Lengolo la Juda le mangolo a mabeli a Johanne le ’ona ho boleloa hore ke libuka tse bululetsoeng. Ho ne ho se ho ile ha buuoa ka mokhoa o sa tobang ka lengolo la pele la moapostola Johanne le ka Kosepele ea hae. Apocalypse, kapa Tšenolo, ke eona ea ho qetela libukeng tseo ho nkoang hore li bululetsoe ke Molimo.
Ke habohlokoa hore ebe Muratorian Fragment e bua ka Apocalypse ea Petrose empa e bolela hore ba bang ba nahana hore ha ea lokela ho baloa ke Bakreste. Mongoli oa eona o lemosa hore mehleng ea hae, ho ne ho se ho ntse ho ajoa libuka tsa bolotsana. Muratorian Fragment e hlalosa hore ha lia lokela ho amoheloa, “hobane ha hoa lokela hore nyooko e tsoakoe le mahe a linotši.” Tokomane ena e boetse e bua ka libuka tse ling tse neng li sa lokela ho akarelletsoa libukeng tse halalelang. Mohlomong e le hobane li ngotsoe ka mor’a nako ea baapostola, joalokaha ho ne ho le joalo ka Shepherd ea Hermas, kapa hobane li ile tsa ngolloa ho tšehetsa bokhelohi.
Mohlomong se seng se boletsoe se u hlokomelisitse hore lengolo la Baheberu, mangolo a mabeli a Petrose le la Jakobo ha a boleloe lethathamong lena la libuka tsa ’nete tsa Bibele. Leha ho le joalo, ka mor’a ho bua ka mosebetsi oa mongoli ea ileng a kopitsa buka ena, Dr. Geoffrey Mark Hahneman o ile a bolela hore “hoa utloahala ho bolela hore mohlomong [Muratorian] Fragment e ne e e-na le boitsebiso bo bong bo lahlehileng hona joale, le hore Jakobo le Baheberu (le Petrose oa Pele) li ne li le teng ho bona.”—The Muratorian Fragment and the Development of the Canon.
Kahoo, Muratorian Fragment e paka hore libuka tse ngata tsa hona joale tsa Mangolo a Segerike a Bakreste, li ne li se li ntse li nkoa e le karolo ea libuka tsa Bibele lekholong la bobeli la lilemo C.E. Ha e le hantle, ho amoheleha ha libuka tsa Bibele—ke hore, tokelo ea tsona ea hore li akarelletsoe ka Bibeleng, ha hoa itšetleha ka hore li thathamisoe lethathamong le itseng la boholo-holo. Se pakang hore libuka tsa Bibele li ngotsoe ka moea o halalelang, ke litaba tsa tsona. Libuka tsa Bibele kaofela li paka hore li ngotsoe ke Jehova Molimo ’me li lumellana ka ho feletseng. Ho lumellana le ho nyallana ha libuka tse 66 tseo e leng karolo ea Bibele ho paka hore ke ntho e le ’ngoe le hore li feletse. Kahoo, u tla rua molemo ha u li amohela kamoo li leng kateng, e le Lentsoe la Jehova la ’nete e bululetsoeng, le bolokiloeng ho fihlela mehleng ea rōna.—1 Bathesalonika 2:13; 2 Timothea 3:16, 17.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ludovico Antonio Muratori
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Laebrari ea Ambrose
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Muratorian Fragment
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Diritti Biblioteca Ambrosiana. Vietata la riproduzione. Aut. No. F 157 / 05
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 13]
Fragments: Diritti Biblioteca Ambrosiana. Vietata la riproduzione. Aut. No. F 157 / 05; Muratori, based on line art: © 2005 Brown Brothers