Molimo o Hlokomela ba Hōlileng
HA HO makatse hore ebe kajeno ho tšoara batho ba hōlileng hampe ke ntho e atileng haholo. Khale koana, Bibele e ile ea bolela esale pele hore “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena e hanyetsang Molimo, batho e ne e tla “ba baithati . . . [le] ba se nang lerato la tlhaho.” (2 Timothea 3:1-3) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lerato la tlhaho” le ka akarelletsa lerato leo ka tloaelo le bang teng ho batho ba amanang. Tumellanong le boprofeta ba Bibele, hoa bonahala hore lerato la mofuta oo lea haella kajeno.
Ho fapana ka ho feletseng le ba tšoarang batho ba hōlileng hampe, Jehova Molimo o ananela haholo batho ba tsofetseng ebile oa ba hlokomela. Nahana kamoo sena se bontšoang kateng ka Bibeleng.
“Moahloli oa Bahlolohali”
Ka Mangolong a Seheberu, ho totobetse hore Jehova Molimo o amehile ka batho ba hōlileng. Ka mohlala, ho Pesaleme ea 68:5, Davida o re Molimo ke “moahloli oa bahlolohali,” bao ka tloaelo e leng batho ba hōlileng.a Liphetolelong tse ling tsa Bibele, lentsoe lena “moahloli” le fetoleloa e le “mosireletsi,” “mohlokomeli” le “moloaneli.” Ho hlakile hore Jehova o hlokomela bahlolohali. Ha e le hantle, Bibele e bolela hore ha ba tšoaroa hampe, bohale ba hae boa tuka. (Exoda 22:22-24) Molimo o ananela bahlolohali hammoho le bohle ba hōlileng, ’me le bahlanka ba hae baa ba ananela. Liproverbia 16:31 e hlalosa maikutlo a Jehova Molimo le a batho ba hae ha e re: “Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.”
Ha ho makatse hore ebe ho hlompha batho ba hōlileng e ne e le karolo ea bohlokoa ea Molao oo Jehova a ileng a o fa Baiseraele. Baiseraele ba ile ba laeloa tjena: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u nahanele motho ea tsofetseng, ’me u tšabe Molimo oa hao. Ke ’na Jehova.” (Levitike 19:32) Kahoo, naheng ea Iseraele ho hlompha ba hōlileng e ne e le taba e amanang haufi-ufi le kamano ea motho le Jehova Molimo. Motho o ne a ke ke a bolela hore o rata Molimo haeba a sotla batho ba hōlileng.
Bakreste ha ba tlas’a Molao oa Moshe. Leha ho le joalo, ba tlas’a “molao oa Kreste” o susumetsang boitšoaro ba bona le boikutlo ba bona haholo, ’me seo se akarelletsa ho rata batsoali le ba hōlileng esita le ho ameha ka bona. (Bagalata 6:2; Baefese 6:1-3; 1 Timothea 5:1-3) Ho feta moo, Bakreste ha ba bontše lerato feela hobane ba laeloa ho etsa joalo empa ba bontša lerato hobane ba susumetsoa ke lipelo tsa bona. Moapostola Petrose o ile a khothatsa a re: “Le ratane ka matla haholo ho tloha pelong.”—1 Petrose 1:22.
Morutuoa Jakobo o fana ka lebaka le leng hape la hore re hlokomele ba hōlileng. O ile a ngola a re: “Mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang ponong ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona: ho hlokomela likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona, le hore motho a ipoloke a se na letheba lefatšeng.” (Jakobo 1:27) Jakobo o bua ka taba e amang maikutlo. Taba eo e re hlokomelisa kamoo bana ba ratehang e leng ba bohlokoa kateng ho Jehova.
Kahoo, ha hoa lekana ha re qoba feela ho tšoara ba hōlileng hampe. Ho e-na le hoo, re lokela hore re hle re bontše hore re amehile ka bona ka ho etsa lintho tse ba tsoelang molemo. (Bona lebokose le reng “Ho Bontša Lerato ka Liketso,” leqepheng la 6-7.) Jakobo o ile a ngola tjena: “Tumelo e se nang mesebetsi e shoele.”—Jakobo 2:26.
Ho Tšelisa ba Hōlileng “Matšoenyehong a Bona”
Ho na le taba e ’ngoe eo re ka ithutang eona mantsoeng a Jakobo. Hlokomela hore Jakobo o ile a bolella Bakreste hore ba hlokomele bahlolohali “matšoenyehong a bona.” Ha e le hantle lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ‘matšoenyeho’ le bolela tsieleho, mahlomola, kapa tlhokofatso tse bakoang ke likhatello tseo re bang le tsona bophelong. Ha ho pelaelo hore ba bangata ba hōlileng ba phela tsielehong e joalo. Ba bang ba jeoa ke bolutu. Ba bang ba nyahamisoa ke mefokolo eo ba nang le eona ka lebaka la ho tsofala. Esita le ba ntseng ba sebeletsa Molimo ka mafolofolo ba ka nyahama. Nahana ka John,b eo e bileng ’moleli ea tšepahalang oa ’Muso oa Molimo ka lilemo tse fetang mashome a mane, ’me a qetile tse mashome a mararo tsa tsona a le tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng. Hona joale John, ea lilemong tsa bo-80 oa lumela hore ka linako tse ling oa nyahama. O re: “Hangata kea nahana ebe ke hopola liphoso tsa ka, liphoso tse ngata haholo. Ke lula ke ntse ke nahana hore nka be ke entse ka tsela e molemo ho feta eo.”
Ba joalo ba ka utloisisa hore le hoja Jehova a phethahetse, ha a lebelle phetheho ho rōna. Le hoja a hlokomela liphoso tsa rōna, Bibele e re ka eena: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema?” (Pesaleme ea 130:3) Ka sebele Jehova ha a tsepamise maikutlo liphosong tsa rōna, empa o lemoha se ka lipelong tsa rōna. Re tseba joang hore o etsa joalo?
Morena Davida—ea ileng a etsa sebe ’me a etsa le liphoso tse ngata—o ile a susumetsoa ke Molimo hore a qape mantsoe a latelang, a tlalehiloeng Pesalemeng ea 139:1-3: “Jehova, u ntlhahlobisisitse ka hohle, ’me ua ntseba. U tseba ho lula ha ka le ho ema ha ka. U etse hloko monahano oa ka u le hōle. U lekantse leeto la ka le ho robala ha ka ke thakhaletse, u tloaelane le litsela tsohle tsa ka.” Poleloana e sebelisitsoeng mona e le “lekantse,” ha e le hantle e bolela “ho sefa,” ka tsela e tšoanang le eo sehoai se olōsang ’mōkō ka eona hore ho sale lijo-thollo. A bululetsoe ke Molimo, Davida o re tiisetsa hore Jehova o tseba ho sefa liphoso tsa rōna ’me a hopole mesebetsi ea rōna e metle.
Ntate oa rōna ea mosa oa leholimo o hopola mesebetsi ea rōna e metle le ho e ananela hafeela re lula re tšepahala ho eena. Ha e le hantle, Bibele e bolela hore o ne a tla ho nka e le ho se loke haeba a ne a ka lebala mosebetsi oa rōna le lerato leo re le bontšitseng bakeng sa lebitso la hae.—Baheberu 6:10.
“Lintho Tsa Pele li Fetile”
Bibele e bontša hore e ne e se morero oa Molimo hore moloko oa batho o be le mathata a botsofali. E bile feela ka mor’a hore batsoali ba rōna ba pele, e leng monna oa pele le mosali oa pele, ba fetohele ’Mōpi oa bona moo batho ba ileng ba qala ho tsofala. (Genese 3:17-19; Baroma 5:12) Sena se ke ke sa tsoela pele ka ho sa feleng.
Joalokaha re se re hlokometse, maemo a mabe a mangata ao re thulanang le ’ona kajeno—ho akarelletsa tšoaro e mpe ea ba hōlileng—a fana ka bopaki ba hore re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena ea lintho. (2 Timothea 3:1) Morero oa Molimo ke hore a tlose liphello tse bakiloeng ke sebe, tse kopanyelletsang botsofali le lefu. Bibele e re: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.
Lefatšeng le lecha la Molimo, bohloko le mahlaba a botsofali e tla ba lintho tsa nako e fetileng. Ka ho tšoanang, ho tšoara batho ba hōlileng hampe ho ke ke ha hlola ho e-ba teng. (Mikea 4:4) Esita le ba shoeleng bao Molimo a ntseng a ba hopotse ba tla tsosoa, e le hore le bona ba be le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Johanne 5:28, 29) Nakong eo, ho tla totobala ho feta leha e le neng pele hore Jehova Molimo ha a hlokomele ba hōlileng feela empa o hlokomela le bohle ba mo mamelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ke ’nete hore bahlolohali ba bang ha baa tsofala. Empa, ho Levitike 22:13 ho bontšoa hore Molimo o hlokomela le bahlolohali ba bacha.
b Hase lebitso la hae hantle.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 6, 7]
Ho Bontša Lerato ka Liketso
Har’a Lipaki Tsa Jehova, baholo ba phutheho ba etella pele tabeng ea ho hlokomela ba hōlileng. Ba nka ka ho teba keletso ea moapostola Petrose e reng: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna.” (1 Petrose 5:2) Ho hlokomela ba hōlileng ka litsela tse molemo ke karolo ea ho hlokomela mohlape oa Molimo. Empa see se ka ’na sa kopanyelletsa eng?
Ho hlokahala mamello, mohlomong le ho etela motho ea hōlileng ka makhetlo a mangata le ho qoqa le eena hore u fumane hantle hore na litlhoko tsa hae ke life. Mohlomong o hloka thuso ea ho eloa mabenkeleng kapa ho hloekisetsoa, ho isoa ka koloi libokeng tsa Bokreste, ho balloa Bibele le lingoliloeng tsa Bokreste, le lintho tse ling tse ngata. Moo ho khonehang, ho lokela hore ho etsoe litokisetso tse molemo le tse tsitsitseng ’me li phethahatsoe.c
Ho thoe’ng haeba mor’abo rōna kapa morali’abo rōna ea hōlileng ka phuthehong a le tsietsing, mohlomong a hloka ho thusoa ka chelete? Taba ea pele, ho tla ba molemo ho fumana hore na ho na le bana ba hae kapa beng ka eena ba bang ba ka mo thusang. Sena se tla be se lumellana le se boletsoeng ho 1 Timothea 5:4: “Haeba mohlolohali leha e le ofe a e-na le bana kapa litloholo, bana ba ke ba ithute pele ho tloaela ho sebelisa boinehelo ba bomolimo ho ba ntlo ea bona le ho ’na ba lefa puseletso e loketseng ho batsoali le batsoali ba batsoali ba bona, kaha hona hoa khahlisa mahlong a Molimo.”
Mohlomong ho hlokahala hore motho ea hōlileng a thusoe hore na oa tšoaneleha ho fumana thuso leha e le efe eo ’muso o fanang ka eona. Mohlomong ba bang ka phuthehong ba ka khona ho thusa. Haeba menyetla ena e boletsoeng e sa fumanehe, baholo ba ka etsa qeto ea hore na motho eo oa tšoaneleha hore phutheho e mo thuse. Maemong a mang, sena se ne se lumelloa phuthehong ea lekholong la pele la lilemo, kaha moapostola Pauluse o ile a ngolla mosebetsi-’moho le eena Timothea a re: “Mohlolohali a ke a kenngoe lethathamong ea seng ka tlaase ho lilemo tse mashome a tšeletseng, mosali oa monna a le mong, ea pakoang ka mesebetsi e metle, haeba a ile a hōlisa bana, haeba a ile a amohela basele, haeba a ile a hlatsoa maoto a bahalaleli, haeba a ile a imolla ba matšoenyehong, haeba a ile a latela ka khothalo mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—1 Timothea 5:9, 10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
c Ho fumana lintlha tse ling, bona sehlooho se reng “Ho Finyella Litlhokahalo Tsa Batho ba Rōna ba Hōlileng—Phephetso ea Bokreste,” tokollong ea Molula-Qhooa ea July 15, 1988.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Dorkase o ne a hlokomela bahlolohali ba hlokang.—Liketso 9:36-39