Na U Talima Lintho Tse Halalelang ka Tsela eo Jehova a li Talimang ka Eona?
“Le lebela ka hloko . . . hore ho se ke ha e-ba le sehlola kapa leha e le mang ea sa ananeleng lintho tse halalelang.”—BAHEBERU 12:15, 16.
1. Ke maikutlo afe a atileng ao bahlanka ba Jehova ba se nang ’ona?
KA KAKARETSO, lefatše le ntse le tsoela pele ho hlokomoloha lintho tse halalelang. Setsebi sa kahisano sa Lefora se bitsoang Edgar Morin se ile sa re: “Metheo eohle eo melao ea boitšoaro e thehiloeng ho eona—e leng Molimo, tlhaho, naha ea habo motho, histori le monahano—e se e belaelloa. . . . Batho ba ikhethela melao ea boitšoaro eo ba batlang ho phela ka eona.” Sena se bontša “moea oa lefatše,” kapa “moea oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele.” (1 Bakorinthe 2:12; Baefese 2:2) Batho ba inehetseng ho Jehova le bao ka ho rata ba ikokobelletsang bobusi ba hae bo loketseng ha ba amohele moea oo o bontšang ho hloka tlhompho. (Baroma 12:1, 2) Ho e-na le hoo, bahlanka ba Molimo ba lemoha kamoo khalalelo e leng bohlokoa kateng borapeling ba bona ho Jehova. Ke lintho life tse lokelang ho halalela bophelong ba rōna? Sehloohong sena ho tla tšohloa lintho tse hlano tse halalelang ho bahlanka bohle ba Molimo. Sehloohong se latelang ho tla tsepamisoa maikutlo tabeng ea ho halalela ha liboka tsa rōna tsa Bokreste. Empa ha e le hantle lentsoe “halalela” le bolela’ng?
2, 3. (a) Mangolo a totobatsa joang hore Jehova oa halalela? (b) Re bontša joang hore re nka lebitso la Jehova le halalela?
2 Ka Seheberu sa Bibele, lentsoe “halalela” le bolela ho behella ka thōko. Borapeling teng, lentsoe “halalela” le bolela ntho e khethetsoeng mosebetsi o itseng, kapa e nkoang e halalela. Jehova o halalela ka botlalo. O bitsoa “Ea Halalelang ka ho Fetisisa.” (Liproverbia 9:10; 30:3) Iseraele ea boholo-holo, moprista ea phahameng o ne a roala tuku eo ho eona ho neng ho faseletsoa lekapa la khauta le ngotsoeng, “Khalalelo ke ea Jehova.” (Exoda 28:36, 37) Ka Mangolong, ho bontšoa hore likerubime le lirafime tsa leholimo tse haufi le terone ea Jehova li ntse li phatlalatsa li re: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova.” (Esaia 6:2, 3; Tšenolo 4:6-8) Pheta-phetane ena e hatisa hore Jehova oa halalela o bile o hloekile ka tekanyo e phahameng ka ho fetisisa. Ha e le hantle, ke eena Mohloli oa khalalelo eohle.
3 Lebitso la Jehova le khethehile kapa lea halalela. Mopesaleme o ile a re: “Ba ke ba roke lebitso la hao. Le leholo ’me lea tšabeha, lea halalela.” (Pesaleme ea 99:3) Jesu o ile a re ruta hore re rapele tjena: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Matheu 6:9) ’Mè oa Jesu oa lefatšeng, e leng Maria o ile a re: “Moea oa ka o tlotlisa Jehova, . . . Ea matla o nketselitse liketso tse khōlō, ’me lebitso la hae lea halalela.” (Luka 1:46, 49) Kaha re bahlanka ba Jehova, re nka lebitso la hae le halalela ’me re qoba ho etsa ntho leha e le efe e ka tlisang thohako lebitsong leo le halalelang. Ho feta moo, re talima lintho tse halalelang ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona, ke hore lintho tseo Jehova a li nkang li halalela, le rōna re li nka li halalela.—Amose 5:14, 15.
Lebaka Leo ka Lona re Hlomphang Jesu ka ho Teba
4. Ke hobane’ng ha Bibele e bolela hore Jesu ke “Mohalaleli”?
4 Kaha Jesu ke “mora ea tsoetsoeng a ’notši” oa Molimo ea halalelang, Jehova, o ile a bōptjoa a halalela. (Johanne 1:14; Bakolose 1:15; Baheberu 1:1-3) Ka lebaka lena o bitsoa “Mohalaleli oa Molimo.” (Johanne 6:69) O ile a lula a ntse a halalela ha bophelo ba hae bo ne bo fetisetsoa lefatšeng ho tloha leholimong, kaha Maria o ile a beleha Jesu ka matla a moea o halalelang. Lengeloi le ne le ile la re ho eena: “Moea o halalelang o tla theohela holim’a hao . . . se tsoetsoeng se tla bitsoa se halalelang, Mor’a Molimo.” (Luka 1:35) Ha Bakreste ba Jerusalema ba ne ba rapela Jehova, ka makhetlo a mabeli ba ile ba bua ka Mor’a Molimo e le “mohlanka oa hao ea halalelang Jesu.”—Liketso 4:27, 30.
5. Jesu o ile a phetha mosebetsi ofe o halalelang ha a le lefatšeng, hona ke hobane’ng ha mali a hae e le a bohlokoa?
5 Ha Jesu a le lefatšeng o ne a lokela ho phetha mosebetsi o halalelang. Ha Jesu a ne a kolobetsoa ka 29 C.E., o ile a tlotsoa e le Moprista ea Phahameng oa tempele e khōlō ea moea ea Jehova. (Luka 3:21, 22; Baheberu 7:26; 8:1, 2) Ho phaella moo, o ne a lokela ho shoa e le sehlabelo. Mali a hae a tšolotsoeng a ne a tla fana ka thekollo eo ka eona batho ba baetsalibe ba neng ba ka bolokeha. (Matheu 20:28; Baheberu 9:14) Ka hona, re nka mali a Jesu a halalela, e le a “bohlokoa.”—1 Petrose 1:19.
6. Re ikutloa joang ka Kreste Jesu, hona hobane’ng?
6 Ha moapostola Pauluse a bontša hore re hlompha ka ho teba Morena oa rōna le Moprista ea Phahameng, Kreste Jesu, o ile a ngola a re: “Molimo le eena o ile a phahamisetsa [Mora oa hae] boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle, e le hore lengole le leng le le leng la ba leholimong le ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu le ka khumama ka lebitso la Jesu, ’me leleme le leng le le leng le bolele pepenene hore le ela hloko hore Jesu Kreste ke Morena thorisong ea Molimo Ntate.” (Bafilipi 2:9-11) Re bontša hore re talima lintho tse halalelang ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona ka hore ka thabo re ikokobelletse Moeta-pele le Morena oa rōna ea busang, Kreste Jesu, e leng Hlooho ea phutheho ea Bokreste.—Matheu 23:10; Bakolose 1:18.
7. Re bontša joang hore re ikokobelletsa Kreste?
7 Ho ikokobelletsa Kreste ho boetse ho akarelletsa ho bontša tlhompho e loketseng ho banna bao a ba sebelisang hore ba etelle pele mosebetsing oo a o tsamaisang hona joale. Karolo e phethoang ke ba tlotsitsoeng ka moea bao e leng Sehlopha se Busang le e phethoang ke balebeli ba khethiloeng ke sona makaleng, literekeng, lipotolohong le liphuthehong e lokela ho talingoa e le boikarabelo bo halalelang. Ka hona, re lokela ho hlompha tokisetso ena ka ho teba re be re ikokobelletse eona.—Baheberu 13:7, 17.
Sechaba se Halalelang
8, 9. (a) Baiseraele e ne e le sechaba se halalelang ka tsela efe? (b) Jehova o ile a hatisa molao-motheo oa khalalelo joang ho Baiseraele?
8 Jehova o ile a etsa selekane le Baiseraele. Kamano eo e ile ea etsa hore sechaba seo se secha se be le boemo bo khethehileng. Se ile sa halaletsoa kapa sa behelloa ka thōko. Jehova ka boeena o ile a se bolella a re: “Le halalele ho ’na, hobane ’na Jehova kea halalela; ’me ke le arola ho lichaba hore le be ba ka.”—Levitike 19:2; 20:26.
9 Ha sechaba sa Iseraele se ne se thehoa, Jehova o ile a hatisa molao-motheo oa khalalelo ho Baiseraele. E le hore ba se ke ba shoa, ba ne ba sa lokela esita le ho ama thaba eo Melao e Leshome e ileng ea fanoa ho eona. Ka nako eo, Thaba ea Sinai e ne e nkoa e halalela ka tsela e itseng. (Exoda 19:12, 23) Boprista, tabernakele le thepa ea eona le tsona li ne li lokela ho nkoa li halalela. (Exoda 30:26-30) Boemo ke bofe ka phuthehong ea Bokreste?
10, 11. Ke hobane’ng ha ho ka thoe phutheho ea Bokreste ea batlotsuoa ea halalela, hona see se ba le phello efe ho “linku tse ling”?
10 Phutheho ea Bokreste ea batlotsuoa ea halalela mahlong a Jehova. (1 Bakorinthe 1:2) Ha e le hantle, sehlopha sohle sa Bakreste ba tlotsitsoeng ba lefatšeng ka nako leha e le efe, se tšoantšoa le tempele e halalelang, le hoja bona e se tempele e khōlō ea moea ea Jehova. Jehova o lula tempeleng eo ka moea oa hae o halalelang. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Bonngoeng le [Kreste Jesu] mohaho oohle, o kopantsoe hammoho ka tumellano, o hōla ho ba tempele e halalelang bakeng sa Jehova. Bonngoeng le eena, le lōna, le ntse le hahuoa hammoho hore le be sebaka seo Molimo a ahang ho sona ka moea.”—Baefese 2:21, 22; 1 Petrose 2:5, 9.
11 Pauluse o ile a boela a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng a re: “Na ha le tsebe hore le tempele ea Molimo, le hore moea oa Molimo o lula ho lōna? . . . Tempele ea Molimo ea halalela, tempele eo ke lōna.” (1 Bakorinthe 3:16, 17) Ka moea oa hae o halalelang, Jehova o ‘lula’ har’a batlotsuoa ebile o ‘tsamaea har’a bona.’ (2 Bakorinthe 6:16) O lula a tataisa “lekhoba” la hae le tšepahalang. (Matheu 24:45-47) “Linku tse ling” li ananela tokelo ea tsona ea ho amahanngoa le ba sehlopha sa “tempele.”—Johanne 10:16; Matheu 25:37-40.
Lintho Tse Halalelang Bophelong ba Rōna ba Bokreste
12. Ke lintho life tse halalelang bophelong ba rōna, hona hobane’ng?
12 Ha ho makatse hore ebe lintho tse ngata tse amanang le bophelo ba litho tse tlotsitsoeng tsa phutheho ea Bokreste le metsoalle ea tsona li nkoa li halalela. Kamano ea rōna le Jehova ke ntho e halalelang. (1 Likronike 28:9; Pesaleme ea 36:7) Ke ea bohlokoa ho rōna hoo re sa lumelleng letho kapa motho leha e le ofe hore a fokolise kamano eo re nang le eona le Molimo oa rōna, Jehova. (2 Likronike 15:2; Jakobo 4:7, 8) Thapelo e phetha karolo ea bohlokoa hore re be le kamano e haufi le Jehova. Thapelo e ne e le ea bohlokoa ho moprofeta Daniele hoo esita leha a ne a behile bophelo ba hae kotsing, a ileng a tsoela pele a tšepahala mokhoeng oa hae oa ho rapela Jehova. (Daniele 6:7-11) “Lithapelo tsa bahalaleli,” kapa Bakreste ba tlotsitsoeng, li tšoantšoa le libano tse neng li sebelisoa borapeling bo neng bo etsoa tempeleng. (Tšenolo 5:8; 8:3, 4; Levitike 16:12, 13) Tšoantšetso eo e hatisa kamoo thapelo e halalelang kateng. Ka sebele ke tokelo e khōlō hore re khone ho buisana le ’Musi oa bokahohle! Hase feela thapelo e halalelang hakana bophelong ba rōna!
13. Ke matla afe a halalelang, hona re lokela ho a lumella joang hore a sebetse bophelong ba rōna?
13 Ho na le matla a teng bophelong ba Bakreste ba tlotsitsoeng le ba metsoalle ea bona ao ntle ho pelaelo ba a nkang a halalela—ke moea o halalelang. Moea oo ke matla a Jehova a sebetsang, ’me kaha kamehla o sebetsa tumellanong le thato ea Molimo ea halalelang, ka nepo o bitsoa “moea o halalelang,” kapa “moea oa khalalelo.” (Johanne 14:26; Baroma 1:4) Ka moea ona o halalelang, Jehova o fa bahlanka ba hae matla a ho bolela litaba tse molemo. (Liketso 1:8; 4:31) Jehova o fana ka moea oa hae o halalelang ho “ba mo mamelang e le ’musi,” e leng ‘ba ntseng ba tsamaea ka moea,’ eseng ba latelang litakatso tsa nama. (Liketso 5:32; Bagalata 5:16, 25; Baroma 8:5-8) Matla ana a maholo a thusa Bakreste hore ba hlahise “litholoana tsa moea”—e leng litšobotsi tse ntle—le ‘liketso tse halalelang tsa boitšoaro le liketso tsa boinehelo ba bomolimo.’ (Bagalata 5:22, 23; 2 Petrose 3:11) Haeba re nka moea o halalelang e le ntho e halalelang, re tla qoba ho etsa ntho leha e le efe e ka soabisang moea oo, kapa e ka o sitisang ho sebetsa bophelong ba rōna.—Baefese 4:30.
14. Ke tokelo efe eo batlotsuoa ba e nkang e halalela, hona linku tse ling li ba le seabo joang tokelong ee?
14 Ntho e ’ngoe hape eo re e nkang e halalela ke tokelo ea ho bitsoa ka lebitso la Molimo ea halalelang, Jehova, le ea ho ba Lipaki tsa hae. (Esaia 43:10-12, 15) Jehova o entse hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšoanelehele ho ba “basebeletsi ba selekane se secha.” (2 Bakorinthe 3:5, 6) Ka lebaka leo, ba filoe mosebetsi oa ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” le ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.’ (Matheu 24:14; 28:19, 20) Ba phetha mosebetsi ona ka botšepehi, ’me batho ba limilione ba kang linku ba nka bohato tumellanong le oona, ka tšoantšetso ba re ho batlotsuoa: “Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.” (Zakaria 8:23) Batho bana ba bonolo ba sebeletsa ka tsela ea moea e le “lihoai” le “balemi . . . ba morara” bakeng sa “basebeletsi ba Molimo oa rōna” ba tlotsitsoeng. Ka tsela eo, linku tse ling li thusa batlotsuoa haholo hore ba phethe tšebeletso ea bona lefatšeng lohle.—Esaia 61:5, 6.
15. Ke mosebetsi ofe oo moapostola Pauluse a neng a o talima o halalela, hona ke hobane’ng ha le rōna re o talima ka tsela e tšoanang?
15 Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a talima tšebeletso ea hae ea phatlalatsa e le ntho e halalelang, kapa e khethehileng. O ile a ipolela hore ke “mohlanka oa sechaba oa Kreste Jesu lichabeng, ea tšoarehileng mosebetsing o halalelang oa litaba tse molemo tsa Molimo.” (Baroma 15:16) Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Korinthe, o ile a bolela hore tšebeletso ea hae ke “letlotlo.” (2 Bakorinthe 4:1, 7) Re tsebahatsa “liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo” ka tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa. (1 Petrose 4:11) Ka hona, ebang re batlotsuoa kapa re ba linku tse ling, re talima ho ba le seabo mosebetsing oa ho fana ka bopaki e le tokelo e halalelang.
“Re Phethahatse Khalalelo ka ho Tšaba Molimo”
16. Ke’ng e tla re thusa ho qoba hore re be batho ba “sa ananeleng lintho tse halalelang”?
16 Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste-’moho le eena hore e se ke ea e-ba batho ba “sa ananeleng lintho tse halalelang.” Ho e-na le hoo, o ile a ba eletsa hore ba ‘phehelle khalaletso,’ ba ntse ba “lebela ka hloko . . . e le hore ho se ke ha e-ba le motso o chefo o ka hlahang eaba o baka khathatso le hore ba bangata ba se ke ba silafatsoa ke oona.” (Baheberu 12:14-16) Poleloana e reng “motso o chefo” e bolela ba seng bakae ka phuthehong ea Bokreste ba ka ’nang ba nyatsa tsela eo lintho li etsoang ka eona. Ka mohlala, ba ka ’na ba hanyetsa pono ea Jehova ea hore lenyalo lea halalela kapa ea hore bohloeki boa hlokahala boitšoarong. (1 Bathesalonika 4:3-7; Baheberu 13:4) Kapa ba ka ’na ba kopanela lipuong tsa bokoenehi, e leng “lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang,” tse khothalletsoang ke ‘ba khelohileng ’neteng.’—2 Timothea 2:16-18.
17. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore batlotsuoa ba tsoele pele ho etsa boiteko ba ho bonahatsa pono ea Jehova ka khalalelo?
17 Pauluse o ile a ngolla barab’abo ba tlotsitsoeng, a re: “Baratuoa, a re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo.” (2 Bakorinthe 7:1) Polelo ena e bontša hore Bakreste ba tlotsitsoeng, “ba nang le kabelo pitsong ea leholimo,” ba lokela ho tsoela pele ba etsa boiteko ba ho paka hore ba bonahatsa pono ea Jehova ka khalalelo likarolong tsohle tsa bophelo ba bona. (Baheberu 3:1) Ka ho tšoanang, moapostola Petrose o ile a eletsa barab’abo ba tsoetsoeng ka moea a re: “Joaloka bana ba mamelang, le khaotse ho ba ka sebōpeho sa litakatso tseo le neng le e-na le tsona pele ho hlokeng tsebo ha lōna, empa, tumellanong le Mohalaleli ea le bitsitseng, le lōna le fele le halalele boitšoarong bohle ba lōna.”—1 Petrose 1:14, 15.
18, 19. (a) Bao e leng karolo ea “bongata bo boholo” ba bontša joang hore ba talima lintho tse halalelang ka tsela e tšoanang le eo Jehova a li talimang ka eona? (b) Sehloohong se latelang ho tla tšohloa karolo efe e halalelang bophelong ba rōna ba Bokreste?
18 Ho thoe’ng ka bao e leng karolo ea “bongata bo boholo,” bo tla pholoha “matšoenyehong a maholo”? Le bona ba lokela ho bontša hore ba talima lintho tse halalelang ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona. Bukeng ea Tšenolo, ka tšoantšetso ho boleloa hore ba etsetsa Jehova “tšebeletso e halalelang” lebaleng le lefatšeng la tempele ea hae ea moea. Ba lumetse sehlabelong sa thekollo sa Kreste, ’me ka tšoantšetso ba ‘hlatsoa liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufatsa maling a Konyana.’ (Tšenolo 7:9, 14, 15) Sena se etsa hore ba be le boemo bo hloekileng ka pel’a Jehova ’me se ba tlama hore ba ‘itlhatsoe litšila tsohle tsa nama le tsa moea, ba phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo.’
19 Karolo ea bohlokoa bophelong ba Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona ke ea ho kopana kamehla hore ba rapele Jehova le ho ithuta Lentsoe la hae. Jehova o talima ho bokana ha batho ba hae e le ntho e halalelang. Sehloohong se latelang ho tla tšohloa hore na re ka talima lintho tse halalelang joang joaloka Jehova karolong ena ea bohlokoa ’me ho tšohloe le mabaka ao re lokelang ho etsa joalo ka ’ona.
Tlhahlobo
• Ke pono efe ea lefatše eo bahlanka ba Jehova ba se nang eona?
• Ke hobane’ng ha Jehova e le Mohloli oa sohle se halalelang?
• Re bontša joang hore re hlompha khalalelo ea Kreste?
• Ke lintho life tseo re lokelang ho li nka li halalela bophelong ba rōna?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Iseraele ea boholo-holo, boprista, tabernakele le thepa ea eona li ne li lokela ho nkoa li halalela
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Bakreste ba tlotsitsoeng ba lefatšeng ke tempele e halalelang
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Thapelo le tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa ke tokelo e halalelang