Liithuti Tsa Gileade li Fumana Thupelo e Amang Pelo
KA LA 9 SEPTEMBER, 2006, sehlopha sa bo121 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se ile sa abeloa mangolo Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York. Lenaneo leo le ne le khothatsa haholo.
Geoffrey Jackson, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, o ile a bula lenaneo leo ka ho amohela liithuti tse 56 le bamameli ba 6 366 ba tsoang linaheng tse sa tšoaneng. O ile a tšohla Pesaleme ea 86:11, e reng: “Jehova, nthupele ka tsela ea hao. Ke tla tsamaea ’neteng ea hao. Momahanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.” Mor’abo rōna Jackson o ile a bua ka lintho tse tharo tse hatisoang temaneng ena. O ile a re: “Polelo ea pele ea temana ena, ke taeo; ea bobeli, ke tšebeliso; ’me ea boraro ke tšusumetso. Lintho tsena tse tharo li bohlokoa haholo ho lōna baromuoa ha le ea likabelong tsa lōna.” Ka mor’a moo o ile a rōla letoto la lipuo le lipuisano tse ileng tsa hatisa lintho tsena tse tharo kaofela.
Mantsoe a Khothatsang a Taeo
William Malenfant, ea sebetsang ntlo-khōlō, o ile a tšohla sehlooho se reng, “Bophelo bo Molemo ka ho Fetisisa.” O ile a bua ka mohlala oa Maria, morali’abo Maretha. Ka lekhetlo le leng ha Jesu a ne a ba etetse lelapeng la bona, Maria o ile a khetha ho lula maotong a hae e le hore a mo mamele, a etsa hore eo e be ntho ea bohlokoa ho eena. Jesu o ile a re ho Maretha: “Maria o khethile karolo e ntle, ’me a ke ke a e amohuoa.” (Luka 10:38-42) Sebui se ile sa re: “Ak’u nahane feela ka mantsoe ao. Kamehla Maria o tla lula a hopola hore o ile a lula maotong a Jesu a ba a mamela linnete tse babatsehang tsa moea tse tsoang ho eena ka ho toba—sena sohle se etsahetse hobane o ile a etsa khetho e nepahetseng.” Ka mor’a ho babatsa liithuti ka lintho tse ntle tsa moea tseo li li khethileng, sebui se ile sa re: “Lintho tseo le li khethileng li entse hore le be le bophelo bo molemo ka ho fetisisa.”
Ka mor’a moo, Anthony Morris, e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a tšohla sehlooho se reng, “Le Apare Morena Jesu Kreste,” se thehiloeng ho Baroma 13:14. Re ka etsa see joang? Mor’abo rōna Morris o ile a re: “Ho ‘apara Morena Jesu Kreste’ ho akarelletsa ho etsisa mekhoa ea Morena.” Kahoo sena se bolela ho etsisa mohlala oa Jesu le botho ba hae. Sebui se ile sa re: “Jesu o ne a etsa hore batho ba phutholohe, hobane o ne a ba rata e le kannete, ’me ba ne ba lemoha seo.” Joale sebui se ile sa tšohla kamoo liithuti li neng li fumane tsebo e ngata kateng lithutong tsa tsona tsa Gileade, “e le hore [li] ka khona ho utloisisa . . . kelellong . . . bophara le bolelele le bophahamo le botebo” ba ’nete, joalokaha Baefese 3:18 e bolela. Empa se ile sa hopotsa liithuti temana ea 19, eo ha e tsoela pele e reng: “Le ho tseba lerato la Kreste le fetang tsebo.” Mor’abo rōna Morris o ile a khothatsa liithuti a re: “Ha le ntse le tsoela pele ka thuto ea lōna ea botho, le nahane kamoo le ka etsisang qenehelo e lerato ea Kreste ’me ka sebele le ‘apare Morena Jesu Kreste.’”
Keletso ea ho Qetela ea Barupeli ba Gileade
Puo e latelang e ile ea fanoa ke morupeli oa Gileade e leng Wallace Liverance, eo sehlooho sa hae se neng se thehiloe ho Liproverbia 4:7. O ile a bolela hore le hoja bohlale ba ho tšaba Molimo e le ba bohlokoa, re boetse re lokela ho “fumana kutloisiso,” e akarelletsang ho kopanya linnete tse fapa-fapaneng le ho bona kamoo li amanang kateng e le hore re utloisise moelelo oa taba. Sebui se ile sa bontša hore ho fumana kutloisiso hoa thabisa. Ka mohlala, mehleng ea Nehemia, Balevi ‘ba ne ba hlalosa molao’ ba bile ba ‘etsa hore o utloisisoe.’ Ka mor’a moo, sechaba se ile sa tsoela pele se ‘thabile haholo, kaha se ne se utloisisitse mantsoe ao se neng se a tsebisitsoe.’ (Nehemia 8:7, 8, 12) Mor’abo rōna Liverance o ile a lihela likhala ka ho re: “Thabo e tsoaloa ke ho utloisisa Lentsoe la Molimo le bululetsoeng ke moea.”
Morupeli e mong oa Gileade, e leng Mark Noumair, o ile a tšohla sehlooho se reng: “Hantle-ntle Sera sa Lōna ke Mang?” Ntoeng, masole a mangata a bolaoa ke masole a leng lebothong le le leng le ’ona. O ile a botsa: “Ntoeng ea moea eo re leng ho eona teng ho joang? Haeba re se hlokolosi, re ka ’na ra ferekana hore na hantle-ntle sera ke mang eaba re lematsa masole a habo rōna.” Mōna o ka ’na oa ferekanya ba bang. O ile oa etsa hore Morena Saule a leke ho bolaea Davida, eo e neng e le morapeli-’moho le eena, ha bonneteng Bafilista e ne e le bona lira. (1 Samuele 18:7-9; 23:27, 28) Joale sebui se ile sa tsoela pele sa re: “Ho ne ho tla etsahala’ng haeba u ne u sebetsa le moromuoa ea ipabolang linthong tse ngata? Na u ne u tla lematsa lesole la heno ka ho le hlaba ka mantsoe, kapa na u ne u tla lumela ’nete ea hore ho na le batho ba tla ’ne ba u phahamele ka litsela tse sa tšoaneng? Ho sheba haholo ho se phethahale ha batho ba bang ho ka etsa hore re ferekane hore na hantle-ntle sera ke mang. Loantšang Satane, eo e hlileng e leng eena sera.”
Liphihlelo Tse Thabisang le Lipuisano Tse Rutang
Puo e latelang e reng, “U Etse Mosebetsi oa Moevangeli,” e ile ea fanoa ke Lawrence Bowen eo e leng morupeli oa Gileade ’me e ne e akarelletsa lipuisano le liphihlelo. Sebui se ile sa phaella ka ho re: “Mosebetsi o ka sehloohong oa moromuoa ea koetlisitsoeng Gileade ke ho hasa litaba tse molemo, ’me sehlopha sena se entse sena hohle moo se neng se ka fumana batho.” Ho ile ha etsoa lipontšo ka liphihlelo tse thabisang tseo liithuti li bileng le tsona.
Ka mor’a moo ho ile ha latela lipuo tse peli tsa lenaneo, e ’ngoe e ile ea fanoa ke Michael Burnett, e ’ngoe ea fanoa ke Scott Shoffner, bobeli ba bona ke litho tsa lelapa la Bethele. Ba ile ba buisana le litho tsa Likomiti Tsa Makala tse tsoang Australia, Barbados, Korea le Uganda. Litlhaloso tsa litho tsena tsa likomiti li ile tsa bontša kamoo ho etsoang boiteko bo matla kateng tabeng ea ho hlokomela baromuoa ka lintho tseo ba li hlokang, tse akarelletsang ho ba fumanela bolulo bo loketseng le ho ba hlokomela ha ba kula. Litho tsena tsa likomiti li ile tsa totobatsa hore baromuoa ba atlehang ba ikemisetsa ho ikamahanya le maemo a sebaka seo ba phelang ho sona.
Ho Qetella ka Tsela e Susumetsang le e Amang Maikutlo
Puo ea sehlooho lenaneong e ne e re, “Tšabang Molimo ’me le mo Tlotlise,” ’me e ile ea fanoa ke John E. Barr, eo e leng khale e le setho sa Sehlopha se Busang. O ile a tšohla Tšenolo 14:6, 7, e balehang tjena: “Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng, ’me le ne le e-na le litaba tse molemo tse sa feleng hore le li bolele e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang, le re ka lentsoe le phahameng: ‘Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile.’”
Mor’abo rōna Barr o ile a khothalletsa liithuti hore li hopole lintho tse tharo tse builoeng ke lengeloi leo. Ea pele, le ne le lokela ho bolela litaba tse molemo tse sa feleng tsa hore hona joale Kreste o busa ka matla a feletseng a ’Muso. Sebui se ile sa re: “Re kholisehile ka ho feletseng hore o ile a behoa teroneng ka 1914. Kahoo litaba tsena tse molemo li lokela ho boleloa lefatšeng lohle.” Ea bobeli, lengeloi leo le itse: “Tšabang Molimo.” Sebui se ile sa hlalosa hore liithuti li lokela ho thusa liithuti tsa tsona tsa Bibele hore li tšabe Molimo e le hore li se ke tsa etsa letho le mo khopisang. Ea boraro, lengeloi le ile la laela: ‘Tlotlisang Molimo.’ Liithuti li ile tsa fuoa khothatso e reng: “Le se ke la lebala hore, re sebeletsa ho tlotlisa Molimo, eseng ho itlotlisa.” Ka mor’a moo Mor’abo rōna Barr o ile a tšohla karolo e reng “hora ea ho ahlola,” eaba o re: “Ho setse nakoana e seng kae hore ho lihuoe kahlolo eo ea ho qetela. Batho ba bangata masimong a rōna ba sa ntse ba lokela ho utloa molaetsa oa litaba tse molemo pele metsotso e ja babeli.”
Ha mantsoe ana a ntse a luma litsebeng tsa tsona, liithuti tsena tse 56 li ile tsa fuoa mangolo a tsona eaba li romeloa lipheletsong tsa lefatše. Liithuti hammoho le bohle ba neng ba le teng ba ile ba matlafatsoa haholo ke keletso e susumetsang eo ba e fumaneng letsatsing lena la thabo.
[Lebokose le leqepheng la 17]
LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA
Palo ea linaha tse emetsoeng: 6
Palo ea linaha tseo li abetsoeng ho tsona: 25
Palo ea liithuti: 56
Karolelano ea lilemo: 35,1
Karolelano ea lilemo li le ’neteng: 18,3
Karolelano ea lilemo li le tšebeletsong ea nako e tletseng: 13,9
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Sehlopha sa Bo121 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo
Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng ka mong.
(1) Fox, Y.; Kunicki, D.; Wilkinson, S.; Kawamoto, S.; Consolandi, G.; Mayen, C. (2) Santiago, N.; Clancy, R.; Fischer, M.; de Abreu, L.; Davis, E. (3) Hwang, J.; Hoffman, D.; Wridgway, L.; Ibrahim, J.; Dabelstein, A.; Bakabak, M. (4) Peters, M.; Jones, C.; Ford, S.; Parra, S.; Rothrock, D.; Tatlot, M.; Perez, E. (5) de Abreu, F.; Kawamoto, S.; Ives, S.; Burdo, J.; Hwang, J.; Wilkinson, D. (6) Fox, A.; Bakabak, J.; Cichowski, P.; Forier, C.; Mayen, S.; Consolandi, E.; Wridgway, W. (7) Parra, B.; Perez, B.; Tatlot, P.; Santiago, M.; Ibrahim, Y.; Kunicki, C. (8) Burdo, C.; Cichowski, B.; Ives, K.; Ford, A.; Rothrock, J.; Hoffman, D.; Davis, M. (9) Peters, C.; Dabelstein, C.; Jones, K.; Clancy, S.; Fischer, J.; Forier, S.