Jehova ke Molimo ea Bontšang Kananelo
“Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.”—BAHEBERU 6:10.
1. Jehova o ile a bontša joang hore o ananela Ruthe oa Moabe?
JEHOVA o ananela ka ho teba boiteko ba batho ba batlang ho etsa thato ea hae e le kannete, ’me o ba putsa haholo. (Baheberu 11:6) Monna ea tšepahalang ea bitsoang Boaze o ne a tseba hore Molimo o na le tšobotsi ena e babatsehang, hobane o ile a re ho Ruthe oa Moabe, ea neng a hlokometse matsala’e oa mohlolohali ka lerato: “E se eka Jehova a ka putsa tsela eo u sebetsang ka eona, ’me e se eka ho ka ba le moputso o phethahetseng bakeng sa hao o tsoang ho Jehova.” (Ruthe 2:12) Na Molimo o ile a hlohonolofatsa Ruthe? Hantle haholo! Ke ka lebaka leo taba ea hae e ngotsoeng ka Bibeleng! Ho feta moo, o ile a nyaloa ke Boaze eaba e e-ba e mong oa bo-nkhono ba Morena Davida le ba Jesu Kreste. (Ruthe 4:13, 17; Matheu 1:5, 6, 16) Mohlala ona ke o mong feela har’a e mengata e ka Bibeleng e bontšang hore Jehova o ananela bahlanka ba hae.
2, 3. (a) Ke eng e etsang hore e be ho hlollang ha Jehova a bontša kananelo? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a khona ho bontša kananelo e le kannete? Etsa mohlala.
2 Jehova oa ananela hobane a nka hore ho se ananele ke ho hloka toka. Baheberu 6:10 e re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.” Polelo ena ea hlolla hobane e bontša hore Molimo o ananela batho ba inehetseng ho eena le hoja e le baetsalibe ’me ba haelloa ke khanya ea hae.—Baroma 3:23.
3 Kaha ha rea phethahala, re ka ’na ra nahana hore liketso tseo re bontšang boinehelo ba bomolimo ka tsona, hase tsa bohlokoa ebile hase tseo Molimo a ka li hlohonolofatsang. Leha ho le joalo, Jehova o utloisisa ka botlalo sepheo sa rōna le maemo a rōna, ’me ka sebele o ananela tšebeletso ea rōna e etsoang ka moea oohle. (Matheu 22:37) Ka mohlala: Ha re re ’Mè o fumana mpho ea sefaha sa theko e tlaase tafoleng ea hae. A ka ’na a e qhelela koana ka ho se e natse hobane a nka hore ke mpho ea theko e tlaase. Leha ho le joalo, karete e behiloeng le mpho ena e bontša hore mpho eo e tsoa ho ngoananyana oa hae, ea e rekileng ka chelete eohle eo a neng a ntse a e boloka. ’Mè enoa joale o fetola maikutlo a hae ka mpho ena. Ebile ho ka etsahala hore a kope ngoana oa hae ka matsoho a sekisitse meokho, ebe o bontša kananelo e tlohang botebong ba pelo.
4, 5. Jesu o ile a etsisa Jehova joang ka ho bontša kananelo?
4 Kaha Jehova o bona ka ho hlaka sepheo sa rōna le mefokolo ea rōna, oa ananela ha re mo fa se molemohali, ebang se senyenyane kapa se seholo. Ntlheng ena, Jesu o ne a bonahatsa ka ho phethahetseng seo Ntate oa hae a leng sona. Hopola tlaleho ea Bibele ea cheletana ea mosali oa mohlolohali. “Eare ha [Jesu] a phahamisa mahlo a bona barui ba akhela limpho tsa bona ka matlōleng a polokelo ea matlotlo. Joale a bona mohlolohali ea itseng ea hlokang a akhela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane haholo moo, eaba o re: ‘Kannete kea le bolella, Mohlolohali enoa, le hoja e le mofutsana, o akhetse ho fetang hoo bohle ba ho akhetseng. Etsoe bana bohle ba akhetse limpho ho tsoa botlallong ba bona, empa mosali enoa ho tsoa bohloking ba hae o akhetse mokhoa oohle oa ho iphelisa oo a neng a e-na le oona.’”—Luka 21:1-4.
5 Kaha Jesu o ne a tseba maemo a mosali eo, hore e ne e le mohlolohali ebile e le mofutsana, o ile a utloisisa hore mpho ea hae ke ea bohlokoa e le kannete, ’me o ile a e ananela haholo. Jehova le eena o ne a tla e ananela. (Johanne 14:9) Na ha u khothale ha u tseba hore ho sa tsotellehe maemo a hao, Molimo oa rōna ea nang le kananelo le Mora oa hae, ba ka u bontša mohau?
Jehova o Putsa Moethiopia ea Tšabang Molimo
6, 7. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bontša kananelo ea hae ho Ebede-meleke, ’me o ile a e bontša joang?
6 Mangolo a bontša khafetsa hore Jehova o putsa ba etsang thato ea hae. Nahana ka tsela eo ka eona a ileng a tšoara Ebede-meleke, Moethiopia oa mehleng ea Jeremia ea neng a tšaba Molimo, eo e neng e boetse e le mohlanka oa ntlo oa Morena Tsedekia oa Juda ea neng a sa tšepahale. Ebede-meleke o ile a utloa hore likhosana tsa Juda li qositse moprofeta Jeremia ka leeme li re o hlohlelletsa bofetoheli, le hore li ne li mo lahletse ka lemeneng hore a e’o shoela teng ke tlala. (Jeremia 38:1-7) Kaha Ebede-meleke o ne a tseba hore Jeremia o hloiloe haholo ka lebaka la molaetsa oo a neng a o bolela, o ile a beha bophelo ba hae kotsing eaba o ipiletsa ho morena. Moethiopia enoa o ile a bua ka sebete a re: “Khosi ea ka morena, banna bana ba entse bobe ho sohle seo ba se entseng ho moprofeta Jeremia, eo ba mo lahletseng ka lemeneng, hoo a tla shoela teng ka lebaka la tlala.” Morena o ile a laela hore Ebede-meleke a nke banna ba 30 ’me a pholose moprofeta enoa oa Molimo.—Jeremia 38:8-13.
7 Jehova o ile a bona hore Ebede-meleke o na le tumelo, e ileng ea mo hlokisa tšabo leha e le efe eo a neng a ka ’na a ba le eona. Kahoo, Jehova o ile a bontša kananelo ea hae eaba o re Jeremia a re ho Ebede-meleke: “Ke phethahatsa mantsoe a ka holim’a motse ona bakeng sa tlokotsi eseng bakeng sa se molemo, . . . Letsatsing leo ke tla u lopolla, . . . ’me ho ke ke ha nehelanoa ka uena matsohong a batho bao u ba tšabang. Etsoe ruri ke tla u pholosa, . . . ka sebele u tla fumana moea oa hao e le thepa e hapuoeng, kahobane u ntšepile.” (Jeremia 39:16-18) Ka sebele Jehova o ile a lopolla Ebede-meleke le Jeremia ho likhosana tse khopo tsa Juda, ’me hamorao o ile a ba lopolla ho Bababylona ba ileng ba putula Jerusalema. Pesaleme ea 97:10 e re: “[Jehova] o lebela meea ea ba tšepahalang ba hae; o ba lopolla matsohong a ba khopo.”
“Ntat’ao ea Talimang Sephiring o Tla U Buseletsa”
8, 9. Joalokaha Jesu a bontšitse, Jehova o ananela lithapelo tsa mofuta ofe?
8 Bopaki bo bong ba hore Jehova oa ananela ebile o nka e le habohlokoa ha re bontša boinehelo ba bomolimo, bo ka bonoa ho seo Bibele e se buang ka thapelo. Monna ea bohlale o ile a re: ‘Thapelo ea ba lokileng e khahlisa Molimo.’ (Liproverbia 15:8) Mehleng ea Jesu, baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba ne ba rapela pontšeng hobane ba ne ba rata ho khahlisa batho, eseng hobane ba ne ba rapela ka moea oa sebele oa borapeli. Jesu o ile a re: “Ba se ba e-na le moputso oa bona ka botlalo.” O ile a laela barutuoa ba hae a re: “Leha ho le joalo, . . . ha u rapela, u kene ka kamoreng ea hao ’me, ka mor’a hore u koale monyako oa hao, u rapele Ntat’ao ea sephiring; joale Ntat’ao ea talimang sephiring o tla u buseletsa.”—Matheu 6:5, 6.
9 Ha e le hantle, Jesu o ne a sa nyatse thapelo e etsoang pontšeng, hobane eena ka boeena o ne a rapela pontšeng ka linako tse itseng. (Luka 9:16) Jehova o ananela haholo ha re mo rapela ka lipelo tse tšepahalang, re sa leke ho khahlisa batho ba bang. Ha e le hantle, lithapelo tseo re li etsang moo re leng bang, li bontša hantle hore na re rata Molimo ka botebo hakae le hore na re mo tšepa hakae. Kahoo, ha ho makatse hore ebe hangata Jesu o ne a batla libaka tseo a neng a ka rapella ho tsona a le mong. Ka lekhetlo le leng o ile a rapela “hoseng haholo, ho sa ntse ho le lefifi.” Ka lekhetlo le leng hape, o ile “a nyolohela thabeng a le mong ho ea rapela.” ’Me pele Jesu a khetha baapostola ba hae ba 12, o ile a qeta bosiu kaofela a le mong a ntse a rapela.—Mareka 1:35; Matheu 14:23; Luka 6:12, 13.
10. Ha lithapelo tsa rōna li senola hore re tiile le hore re lakatsa ka tieo ho khahlisa Molimo, re ka kholiseha ka eng?
10 Nahana hore na ebe Jehova o ile a mamela ka hloko hakae mantsoe a tlohang botebong ba pelo a Mora oa hae! Ka sebele, ka linako tse ling Jesu o ne a rapela “ka mehoo e matla le meokho, ’me a utluoa ka mokhoa o amohelehang ka lebaka la tšabo ea hae ea bomolimo.” (Baheberu 5:7; Luka 22:41-44) Ha lithapelo tsa rōna li senola hore rea tšepahala ebile re na le maikutlo a tebileng joalo, re ka kholiseha hore Ntat’a rōna ea leholimong o mamela ka hloko le ka kananelo. Ka sebele “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena, . . . ka ’nete.”—Pesaleme ea 145:18.
11. Jehova o ikutloa joang ka seo re se etsang moo re leng bang?
11 Haeba Jehova oa ananela ha re mo rapela sephiring, o tlameha a be a ananela hakaakang ha re mo mamela sephiring! Ka sebele Jehova o elelloa seo re se etsang moo re leng bang. (1 Petrose 3:12) Ha ho pelaelo hore ha re tšepahala le ha re mamela moo re leng bang re bontša hore re na le ‘lipelo tse feletseng’ ho Jehova, tse rerang lintho tse hloekileng le tse emelang ka tieo lintho tse nepahetseng. (1 Likronike 28:9) Boitšoaro bo joalo bo thabisa Jehova hakaakang!—Liproverbia 27:11; 1 Johanne 3:22.
12, 13. Re ka alosa likelello le lipelo tsa rōna joang hore re tšoane le morutuoa ea tšepahalang Nathanaele?
12 Kahoo, Bakreste ba tšepahalang ba ikalosa hore ka sephiri ba se ke ba etsa libe tse silafatsang likelello le lipelo, tse kang ho shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro le ho shebella pefo. Le hoja libe tse ling li ka pateloa batho, rea hlokomela hore “lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho eena.” (Baheberu 4:13; Luka 8:17) Ha re loanela ho qoba lintho tse sa khahliseng Jehova, re ba le letsoalo le hloekileng ’me rea thaba ha re tseba hore Molimo oa re amohela. Ka sebele ha ho pelaelo hore Jehova o ananela e le kannete motho “ea tsamaeang ka mokhoa o se nang molato ’me a etsa ho loka ebile a bua ’nete ka pelong ea hae.”—Pesaleme ea 15:1, 2.
13 Ebe re ka alosa likelello tsa rōna le lipelo tsa rōna joang lefatšeng lee le tletseng bobe? (Liproverbia 4:23; Baefese 2:2) Ntle le ho sebelisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a re fang eona hore re matlafatse tumelo ea rōna, re lokela ho ikitlaelletsa ho hana se sebe ’me re etse se setle, re nka khato ka potlako e le hore litakatso tse sa lokang li se ke tsa emara eaba li tsoala sebe. (Jakobo 1:14, 15) Nahana hore na u ne u tla thaba hakae ha Jesu a ne a ka u bolella seo a ileng a se bua ho Nathanaele ha a ne a re: “Bonang, [motho] eo ho seng thetso ho eena.” (Johanne 1:47) Hamorao Nathanaele, eo lebitso le leng la hae e leng Bartholome, o ile a fuoa tokelo ea ho ba e mong oa baapostola ba 12 ba Jesu.—Mareka 3:16-19.
“Moprista ea Phahameng ea Mohau le ea Tšepahalang”
14. Jesu o ile a fapana ka maikutlo joang le ba bang ka ketso ea Maria?
14 Kaha Jesu ke “setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng,” Jehova, kamehla o etsisa Ntate oa hae ka tsela e phethahetseng ha a bontša kananelo ho batho ba sebeletsang Molimo ka lipelo tse hloekileng. (Bakolose 1:15) Ka mohlala, matsatsi a mahlano pele Jesu a nehelana ka bophelo ba hae, eena le barutuoa ba bang ba hae e ne e le baeti lelapeng la Simone oa Bethani. Ka shoalane, Maria, ngoan’abo Lazaro le Maretha, o ile “a nka ponto ea oli e nkhang hamonate, nareda ea ’nete, e theko e boima haholo” (e ka rekoang ka chelete e batlang e lekana le moputso oa selemo kaofela), eaba o e tšela hloohong ea Jesu le maotong a hae. (Johanne 12:3) Ba bang ba ile ba re: “Ke hobane’ng ha ho etsoa tšenyo e kaale?” Leha ho le joalo, Jesu eena ha aa ka a bona ketso ea Maria e le tšenyo. O ile a e nka e le ketso e mosa haholo le ea bohlokoa haholo kaha o ne a tla tloha a e-shoa le ho patoa. Kahoo, ho e-na le hore Jesu a nyatse Maria, o ile a mo tlotla. O ile a re: “Kae kapa kae moo litaba tsena tse molemo li boleloang teng lefatšeng lohle, seo mosali enoa a se entseng le sona se tla boleloa e le sehopotso sa hae.”—Matheu 26:6-13.
15, 16. Hore ebe Jesu o ile a phela a ba a sebeletsa Molimo e le motho oa nama, ho re thusa ka eng?
15 Ke tlotla e kaakang hore ebe Moeta-pele oa rōna Jesu ke motho ea nang le kananelo! Ha e le hantle, tsela eo Jesu a ileng a phela ka eona ha a le lefatšeng e ile ea mo lokisetsa mosebetsi oo Jehova a neng a mo boloketse oona oa hore a qale ka ho sebeletsa e le Moprista ea Phahameng le Morena oa phutheho ea batlotsuoa, ebe ka mor’a moo o sebeletsa e le Moprista ea Phahameng le Morena oa lefatše.—Bakolose 1:13; Baheberu 7:26; Tšenolo 11:15.
16 Pele Jesu a tla lefatšeng, o ne a se a ntse a thahasella moloko oa batho ka botebo a bile a o rata ka ho khetheha. (Liproverbia 8:31) Kaha o ile a phela e le motho oa nama, o ile a utloisisa ka ho feletseng liteko tse re hlahelang ha re sebeletsa Molimo. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “[Jesu] o ile a tlameha ho ba joaloka ‘barab’abo’ ka litsela tsohle, e le hore e ka ba moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang . . . Etsoe ka hore o utloile bohloko ha a ntse a lekoa, o khona ho phallela ba ntseng ba lekoa.” Jesu a ka “utloela mefokolo ea rōna bohloko” hobane o ‘lekiloe ka litsela tsohle joaloka rōna, empa a se na sebe.’—Baheberu 2:17, 18; 4:15, 16.
17, 18. (a) Mangolo a eang ho liphutheho tse supileng tsa Asia Minor a senola eng mabapi le botebo ba kutloisiso ea Jesu? (b) Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba ne ba lokisetsoa eng?
17 Kutloisiso e tebileng eo Jesu a bileng le eona ka liteko tsa balateli ba hae e ile ea totobala ka mor’a hore a tsosoe. Nahana ka mangolo a hae a eang ho liphutheho tse supileng tsa Asia Minor, joalokaha a ngotsoe ke moapostola Johanne. Jesu o ile a re ho phutheho ea Smyrna: “Ke tseba matšoenyeho le bofutsana ba hao.” Ha e le hantle, mona Jesu o ne a re, ‘Ke utloisisa mathata a lōna hantle haholo, ke tseba hantle hore na le hlaheloa ke eng.’ Joale, ka qenehelo le ka matla ao Jesu a neng a a fumane ka lebaka la ho utloa bohloko ho isa lefung, o ile a phaella ka ho re: “U tšepahale esita le ho isa lefung, ’me ke tla u fa moqhaka oa bophelo.”—Tšenolo 2:8-10.
18 Mangolo a eang ho liphutheho tseo tse supileng a tletse lipolelo tse bontšang hore Jesu o hlokomela ka ho feletseng liteko tseo barutuoa ba hae ba leng ho tsona hammoho le hore o ananela e le kannete ha ba phela ka botšepehi. (Tšenolo 2:1–3:22) U hopole hore bao Jesu a neng a ba ngolla e ne e le Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba e-na le tšepo ea ho busa le eena leholimong. Joaloka Morena oa bona, ba ne ba lokisetsoa mosebetsi oa bohlokoa oo ba neng ba tla o etsa oa ho thusa hore ka qenehelo e khōlō ba abele moloko oa batho o kulang melemo ea sehlabelo sa thekollo sa Kreste.—Tšenolo 5:9, 10; 22:1-5.
19, 20. Litho tsa “bongata bo boholo” li bontša joang kananelo bakeng sa Jehova le Mora oa hae?
19 Ha e le hantle, lerato leo Jesu a ratang balateli ba hae ba tlotsitsoeng ka lona o boetse o le bontša le ho “linku tse ling” tsa hae tse tšepahalang, ’me hona joale linku tsena tse ling tse baloang ka limilione ke batho bao ho lebeletsoeng hore e tla ba ‘bongata bo boholo . . . bo tsoang lichabeng tsohle,’ bo tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo’ a tlang. (Johanne 10:16; Tšenolo 7:9, 14) Bongata bona bo boholo bo bokana ka lehlakoreng la Jesu ka lebaka la ho ananela sehlabelo sa hae sa thekollo le ka lebaka la tšepo ea bona ea bophelo bo sa feleng. Bo bontša kananelo ea bona joang? Ka ho “etsetsa [Molimo] tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare.”—Tšenolo 7:15-17.
20 Tlaleho ea lefatše lohle ea selemo sa tšebeletso sa 2006, e leqepheng la 27 ho ea ho la 30, e fana ka bopaki bo hlakileng ba hore basebeletsi bana ba tšepahalang ba hlile ba etsetsa Jehova “tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare.” Ha e le hantle, selemong seo feela, basebeletsi bana hammoho le sehlotšoana sa masala a Bakreste ba tlotsitsoeng, ba qetile lihora tse 1 333 966 199 tšimong, tse lekanang le lilemo tse ka holimo ho 150 000!
U se ke Ua Phetsa ho Ananela!
21, 22. (a) Tabeng ea ho bontša kananelo, ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho itebela ka ho khethehileng kajeno? (b) Ho tla buisanoa ka eng sehloohong se latelang?
21 Jehova le Mora oa hae ba bontšitse kananelo e khōlō ka tsela e tsotehang ha ba ntse ba sebelisana le batho ba sa phethahalang. Leha ho le joalo, hoa soabisa hore ebe batho ba bangata ha ba natse Molimo, ’me ba ichebetse mabaka a bona feela. Pauluse o ile a ngola ha a ne a hlalosa batho ba “matsatsing a ho qetela” a re: “Batho ba tla icheba bobona ka ho feletseng, ba be meharo ea chelete . . . Ba tla hloka teboho ka ho feletseng.” (2 Timothea 3:1-5, Phillips) Batho baa ba fapane hakaakang le Bakreste ba ’nete, ba bontšang ka thapelo e tlohang pelong, ka ho mamela ka boithatelo le ka tšebeletso e etsoang ka moea oohle hore ba ananela sohle seo Molimo a ba etselitseng sona!—Pesaleme ea 62:8; Mareka 12:30; 1 Johanne 5:3.
22 Sehloohong se latelang, re tla buisana ka tse ling tsa litokisetso tse ngata tseo Jehova a re etselitseng tsona ka lerato. E se eka kananelo ea rōna e ka hōla haholo ha re ntse re nahana ka ‘limpho tsena tse molemo.’—Jakobo 1:17.
U ka Araba Joang?
• Jehova o bontšitse joang hore ke Molimo ea ananelang?
• Ha re le bang, re ka thabisa pelo ea Jehova joang?
• Jesu o ile a bontša kananelo ka litsela life?
• Ho phela ha Jesu e le motho ho mo thusitse joang hore e be ’musi ea nang le qenehelo le kananelo?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Joalokaha motsoali a rata mpho ea theko e tlaase eo ngoana oa hae a mo fang eona, Jehova le eena oa ananela ha re mo fa se molemohali seo re nang le sona