“Mpho e Khōlō” e Fuoeng Poland
KA LA 6 July, 1525, ’Musisi Albrecht oa Hohenzollern o ile a phatlalatsa hore Bolutere ke bolumeli ba Naha. Kahoo, Ducal Prussia, e neng e le taolong ea ’muso oa Poland ka nako eo, e ile ea e-ba eona naha ea pele Europe e ileng ea amohela lithuto tsa Martin Luther ka molao.
Albrecht o ne a batla ho etsa hore motse-moholo oa Prussia Bochabela o bitsoang Königsberg, e be setsi sa Boprostanta. O ile a bula univesithi motseng oo ’me a tšehetsa mosebetsi oa ho hatisa lingoliloeng tsa bolumeli ba Lutere ka lipuo tse ’maloa. Ka 1544 ’musisi eo o ile a boela a laela hore Mapolishe a linaheng tse taolong ea hae a balloe Mangolo a Halalelang ka puo ea habo ’ona. Leha ho le joalo, ka nako eo ho ne ho se na phetolelo ea Bibele ka Sepolishe.
Phetolelo ea “Puo e Buuoang Letsatsi le Letsatsi”
E le ho lokisa boemo boo, Albrecht o ile a qala ho batla motho ea ka khonang ho hlahisa phetolelo ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Sepolishe. Hoo e ka bang ka selemo sa 1550, o ile a hira mongoli, mohatisi le morekisi oa libuka ea bitsoang Jan Seklucjan. Seklucjan o ne a fumane mangolo Univesithing ea Leipzig ’me a tsebahala ka ho qholotsa Kereke e K’hatholike ka ho jala lithuto tsa Boprostanta. Ha e le hantle, pejana ho moo o ne a ile a balehela Königsberg e le hore a qobe nyeoe eo ho eona a neng a qosoa ka ho phatlalatsa lithuto tsa hae tsa bolumeli.
Jan Seklucjan o ne a labalabela khatiso ea phetolelo ea Mangolo ka puo ea Sepolishe. Selemo feela ka mor’a hore Seklucjan a fuoe mosebetsi oo, ho ile ha hatisoa likopi tsa pele tsa Kosepele ea Matheu. Khatiso ena e ne e boetse e e-na le litlhaloso tse batsi le lintlha tse ngotsoeng moeling oa leqephe tse neng li bontša litsela tse ling tseo litemana tse itseng li neng li ka fetoleloa ka tsona. Nakoana ka mor’a moo, Seklucjan o ile a tsamaisa mosebetsi oa ho hatisa phetolelo e nang le Likosepele tsohle tse ’nè. Le pele ho feta lilemo tse tharo, o ne a se a hatisitse Mangolo ’ohle a Segerike a Bakreste.
E le hore mofetoleli a hlahise phetolelo e nepahetseng, o ne a sebelisa litemana tse ngotsoeng ka Segerike. Ho phaella moo, selelekela sa khatiso ea 1551 se ile sa re ‘ho ile ha hlahlojoa liphetolelo tsa Selatine le liphetolelo tsa lipuo tse ling.’ Stanisław Rospond, mongoli oa Studies on the Polish Language of the 16th Century, o hlalosa hore phetolelo ena e ngotsoe “ka puo e monate le e phollatsi e tloaelehileng.” Rospond o re mofetoleli ha aa ka a susumetsoa ke “puo e phahameng ea bangoli.” Ho e-na le hoo, o ile a leka ka hohle hore a sebelise mantsoe a Sepolishe a neng a “tšoana hantle le a puo e buuoang letsatsi le letsatsi.”
Le hoja Seklucjan a ile a tsamaisa mosebetsi oa khatiso ena, bopaki bo bontša hore hase eena ea e fetoletseng. Kahoo, mofetoleli oa eona eo e neng e le setsebi ke mang? Ke Stanisław Murzynowski, eo mohlomong a neng a le ka holimonyana ho lilemo tse 20 ha Seklucjan a mo hira hore a etse mosebetsi ona o thata.
Murzynowski o hlahetse motseng o mong oa mahaeng, empa ha a se a hōlile ka ho lekaneng, ntat’ae o ile a mo isa Königsberg e le hore a e’o qalisa lithuto tsa hae tsa Segerike le Seheberu. Ka mor’a moo, Murzynowski o ile a ingolisa Univesithing ea Wittenberg, Jeremane, moo mohlomong a ileng a kopana le Martin Luther teng. Mocha eo oa seithuti o ile a mamela lithupelo tsa Philipp Melanchthon, eo ntle ho pelaelo a ileng a mo thusa hore a tsebe Segerike le Seheberu hantle. Ka mor’a hore Murzynowski a ntšetse pele lithuto tsa hae Italy, o ile a khutlela Königsberg ’me a kōpa mosebetsi ho ’Musisi Albrecht.
Maria Kossowska o ngotse tjena bukeng ea hae ea The Bible in the Polish Language: “Murzynowski o ile a etsa mosebetsi o tsoileng matsoho ka mafolofolo, empa ha aa ka a ipatlela likhau, a hahamalla boemo bo phahameng, kapa a kōpa hore lebitso la hae le ngoloe leqepheng la boitsebiso la phetolelo eo.” Ha e le hantle, mohlankana enoa o ngotse tjena mabapi le bokhoni ba hae: “Ha ke tsebe ho ngola Selatine kapa Sepolishe hantle.” Ho sa tsotellehe lipelaelo tsa hae, Murzynowski o khathile tema e khōlō e le hore Mapolishe a fumane Lentsoe la Molimo. Mosebetsi-’moho le eena, Seklucjan, o ile a hlalosa phetolelo eo ba e hlahisitseng e le “mpho e khōlō” e fuoeng Poland.
E ’Ngoe ea Limpho Tse Khōlōhali
Haesale ho hatisoa phetolelo eo ea pele ea Bibele ea Sepolishe, ho se ho hatisitsoe tse ling tse ngata. Ka 1994 ho ile ha lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste, ’me ka 1997, ha lokolloa Bibele e feletseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Sepolishe. Hase feela hore bafetoleli ba eona ba sa ipatleleng likhau ba ile ba ikitlaelletsa ho fetolela Lentsoe la Molimo ka mokhoa o nepahetseng, empa ba ile ba boela ba leka ho le fetolela ka puo e tloaelehileng kajeno, eseng ka puo ea lekholong la bo16 la lilemo.
Kajeno Bibele e fumaneha ka likarolo tse feletseng kapa tse sa fellang ka lipuo tse ka bang 2 400. Haeba u ka khona ho fumana phetolelo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo ka puo ea heno, eo ke e ’ngoe ea limpho tse khōlōhali eo u ka e fumanang, e leng mpho eo Jehova Molimo a u fileng eona hore e u tataise.—2 Timothea 3:15-17.
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Lejoe la sehopotso la Stanisław Murzynowski, ea fetoletseng “Testamente e Ncha” ka Sepolishe
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Khaolo ea boraro ea buka ea Matheu e fetoletsoeng ke Stanisław Murzynowski
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Dzięki uprzejmości Towarzystwa Naukowego Płockiego