Letsoalo la Hao le Bua le Uena
“Batho ba lichaba ba se nang molao [oa Molimo] ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao.”—BAROMA 2:14.
1, 2. (a) Batho ba bangata ba bontšitse joang hore ba amehile ka ba bang? (b) Mangolo a na le mehlala efe ea ba ileng ba bontša hore ba amehile ka batho ba bang?
MOHLANKANA e mong ea lilemo li 20 o ile a oela seporong sa terene a tšoeroe ke sethoathoa. Ha monna e mong a bona sena, o ile a tlohela barali ba hae eaba o jethemela seporong. O ile a hulela mohlankana eo pakeng tsa liporo, a paqama holim’a hae e le hore a mo sireletse ha terene e ntse e chiphiritsa ho fihlela e ema ka holim’a bona. Batho ba bang ba ne ba ka bitsa monna eo mohale, empa o ile a re: “Motho o lokela ho etsa se nepahetseng. Ke ile ka susumetsoa ke qenehelo. Hase hore ke ne ke batla botumo kapa thoriso.”
2 Mohlomong ho na le motho eo u mo tsebang ea ileng a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a thuse batho ba bang. Ba bangata ba ile ba etsa seo nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ba pata batho bao ba sa ba tsebeng. Hape hopola se ileng sa hlahela moapostola Pauluse le batho ba bang ba 275 bao sekepe sa bona se ileng sa soahlamana Malta, pel’a Sicily. Batho ba moo ba ile ba ba phallela le hoja ba sa ba tsebe, ba ba bontša “mosa o fetang o tloaelehileng.” (Liketso 27:27–28:2) Kapa na u sa hopola ngoanana oa Moiseraele, eo le hoja a sa ka a beha bophelo ba hae kotsing, a ileng a qenehela e mong oa Basyria ba neng ba mo hapile? (2 Marena 5:1-4) Hape nahana ka papiso ea Jesu e tsebahalang haholo ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani. Moprista le Molevi ba ile ba koekoetla Mojuda oa habo bona ea neng a le makhatheng a lefu, empa Mosamaria o ile a itella ho mo thusa. Ka lilemo tse makholo-kholo papiso ena e ’nile ea ama lipelo tsa batho ba litso tse ngata.—Luka 10:29-37.
3, 4. Hore ebe batho ba bangata ba itella ho thusa ba bang ho re bolella eng ka khopolo ea ho iphetola ha lintho?
3 Ke ’nete hore re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona’; batho ba bangata ba “bohale bo tšosang” ebile ‘ba hloka lerato la se molemo.’ (2 Timothea 3:1-3) Ho ntse ho le joalo, na ha re e-s’o bone batho ba etsa lintho tse molemo, mohlomong ra ba ra rua molemo ho tsona? Ho thusa batho ba bang, le haeba re lahleheloa, ho tloaelehile hoo ba bang ba reng ke ho ba le “botho.”
4 Merabeng le litsong tsohle ho na le batho ba ikemiselitseng ho thusa ka tsela eo esita le haeba ba lahleheloa, ’me seo hase lumellane le taba ea hore liphoofolo li fetoha batho. Rasaense e mong oa Leamerika ea bitsoang Francis. S. Collins, o ile a re: “Batho ba lumelang khopolo ea hore lintho li iphetotse ba lumela hore liphoofolo le batho ba icheba bobona le ba mofuta oa bona feela. Empa ha e le hantle, batho ba rata ho thusa ba bang esita le haeba ba itella batho bao e seng ba mofuta oa habo bona le bao ba sa amaneng le bona. Sena ha se lumellane le tumelo ea hore lintho li iphetotse.”
‘Seo Letsoalo le re Bolellang Sona’
5. Hangata ho ’nile ha hlokomeloa eng ka batho?
5 Dr. Collins o re mabapi le tšobotsi e ’ngoe ea ho itella ho thusa batho ba bang: “Letsoalo le re bolella hore re thuse batho ba bang esita le haeba re sa boelloe ke letho.”a Ha a bua ka “letsoalo” re ka ’na ra hopola hore moapostola Pauluse o ile a re: “Neng kapa neng ha batho ba lichaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao, batho bana, le hoja ba se na molao, ke molao ka bobona. Ke bona ba bontšang hore boitsebiso ba molao bo ngotsoe ka lipelong tsa bona, ha matsoalo a bona a ntse a ba pakela ’me, menahanong ea bona, ba ntse ba qosoa kapa ba bile ba emeloa.”—Baroma 2:14, 15.
6. Ke hobane’ng ha batho bohle ba ikarabella ho ’Mōpi?
6 Lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla Baroma, o ile a bontša hore batho ba ikarabella ho Molimo hobane lintho tseo re li bonang ke bopaki ba hore O teng le ba litšobotsi tsa hae. Bo ’nile ba bonahala “ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele.” (Baroma 1:18-20; Pesaleme ea 19:1-4) Ke ’nete hore ba bangata ba iphapanyetsa ’Mōpi oa bona ’me ba phela ka boitšoaro bo hlephileng. Leha ho le joalo, thato ea Molimo ke hore batho ba tsebe hore o lokile ’me ba bake mekhoeng ea bona e mebe. (Baroma 1:22–2:6) Bajuda ba ne ba e-na le lebaka le matla la ho etsa joalo—ba ne ba filoe Molao oa Molimo ka Moshe. Empa le batho ba neng ba sa fuoa “liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo” ba ne ba lokela ho lemoha hore Molimo o teng.—Baroma 2:8-13; 3:2.
7, 8. Ho utloisisa toka ho atile hakae, hona see se bontša eng?
7 Lebaka le matla leo ka lona batho bohle ba lokelang ho lumela hore Molimo o teng ’me ba bontše seo ka liketso ke hore ba utloisisa se nepahetseng le se fosahetseng. Hore ebe re utloisisa toka ho bontša hore re na le letsoalo. Nahana ka taba ena: Bana ba bang ba fotse moleng oa ho ea palama soinki. Ebe ngoana e mong o ba eta ka pele a sa ba tsotelle. Ba bangata ba bona ba re, ‘Ua re qhekella!’ Joale ipotse, ‘Ho tla joang hore ebe ka tlhaho le bana ba bangata ba bontša hore ba rata toka?’ Ka ho etsa joalo, ba bontša hore ba utloisisa hore na boitšoaro bo nepahetseng ke bofe. Pauluse o ile a ngola tjena: “Neng kapa neng ha batho ba lichaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao.” Ha aa ka a re, “Haeba le ka mohla,” joalokaha eka ke ntho e etsahalang ngope-setšoha. O ile a re “neng kapa neng” kapa “ha,” e leng se fanang ka maikutlo a ntho e etsahalang khafetsa. Ka mantsoe a mang, batho “ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao,” e leng se bolelang hore kutloisiso ea boitšoaro bo nepahetseng e ba susumelletsa hore ba etse lintho tse lumellanang le seo re se balang molaong oa Molimo o ngotsoeng.
8 Linaheng tse ngata ho ’nile ha bonahala hore batho ba na le tšekamelo eo ea ho utloisisa hore na boitšoaro bo nepahetseng ke bofe. Moprofesa e mong oa Cambridge o ile a bolela hore melao ea boitšoaro ea Bababylona, Baegepeta le Bagerike, esita le Maaborigine a Australia le Matsoalloa a Amerika e ne e akarelletsa “e khahlanong le khatello, polao, bolotsana le ho bua leshano, ’me e akarelletsa litaelo tse tšoanang tsa hore batho ba baholo, ba banyenyane le ba fokolang ba tšoaroe ka mosa.” ’Me Dr. Collins o re: “Ho bonahala eka lefatšeng lohle batho ka kakaretso ba utloisisa se nepahetseng le se fosahetseng ka tsela e tšoanang.” Na seo ha se u hopotse Baroma 2:14?
Letsoalo la Hao le Sebetsa Joang?
9. Letsoalo ke eng, hona le ka u thusa joang pele u etsa ntho e itseng?
9 Bibele e bontša hore letsoalo ke boikutlo bo ka hare ho motho bo etsang hore a hlahlobe liketso tsa hae le ho li sekaseka. Ho joalokaha eka motho o na le lentsoe le ka hare ho eena le mo bolellang hore na ketso e itseng e nepahetse kapa che. Pauluse o ile a bua ka lona ha a re: “Letsoalo la ka lea mpakela ka moea o halalelang.” (Baroma 9:1) Ka mohlala, le ka ’na la bua esale pele ha u ntse u hlahloba hore na ntho e itseng e nepahetse kapa e fosahetse. Letsoalo la hao le ka ’na la u thusa ho sekaseka ketso eo u batlang ho e etsa nakong e tlang ebe le u bolella hore na u ne u tla ikutloa joang ka mor’a ho e etsa.
10. Hangata letsoalo le sebetsa joang?
10 Hangata letsoalo la motho le sebetsa ka mor’a hore a etse ntho e itseng. Ha Davida a ntse a baleha Morena Saule, o ile a ba le monyetla oa ho etsa ntho e eisang morena ea tlotsitsoeng ke Molimo, ’me a fela a e etsa. Ka mor’a moo, “pelo ea Davida ea ’na ea mo tšetšetha.” (1 Samuele 24:1-5; Pesaleme ea 32:3, 5) Tlalehong eo ha ho sebelisoe lentsoe “letsoalo”; empa ke sona seo Davida a ileng a se utloa—letsoalo la hae le ile la sebetsa. Kaofela ha rōna re kile ra tšetšethoa ke letsoalo. Re ile ra etsa ntho e itseng, eaba tsela eo re e entseng ka eona ea re tšoenya le ho re khathatsa. Batho ba bang ba sa kang ba lefa makhetho ba ile ba tšetšethoa ke matsoalo a bona hoo ba ileng ba lefa melato eo hamorao. Ba bang ba ’nile ba susumelletseha ho bolella balekane ba bona hore ba febile. (Baheberu 13:4) Empa, ha motho a nka bohato bo lumellanang le letsoalo, a ka ikutloa a khotsofetse a bile a e-na le khotso.
11. Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba kotsi hore re ‘itlohelle feela hore re tataisoe ke letsoalo’? Etsa mohlala.
11 Kahoo na re ka ‘itlohella feela hore re tataisoe ke letsoalo’? Bonneteng, ho molemo ho mamela letsoalo la rōna, empa le ka ’na la re khelosa hampe. Ka sebele, lentsoe la “motho eo re leng eena ka hare” le ka ’na la re khelosa. (2 Bakorinthe 4:16) Nahana ka mohlala ona. Bibele e re bolella ka molateli ea inehetseng oa Kreste ea bitsoang Setefane ea neng “a tletse mosa le matla.” Bajuda ba bang ba ile ba lahlela Setefane ka ntle ho Jerusalema eaba ba mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a e-shoa. Saule (eo hamorao e ileng ea e-ba moapostola Pauluse) o ne a eme haufi le moo ’me “o ne a lumellana le polao ea” Setefane. Ho bonahala eka Bajuda bao ba ne ba kholisehile hore ba entse se nepahetseng hoo matsoalo a bona a sa kang a ba tšoenya. E tlameha ebe le Saule o ne a ikutloa joalo, etsoe ka mor’a moo, o ne “a sa ntse a tletse tšokelo le polao khahlanong le barutuoa ba Morena.” Ho hlakile hore ka nako eo letsoalo la hae le ne le sa mo bolelle se nepahetseng.—Liketso 6:8; 7:57–8:1; 9:1.
12. E ka ’na eaba e ’ngoe ea lintho tse susumelitseng letsoalo la rōna ke efe?
12 Ho ka etsahala hore ebe letsoalo la Saule le ne le susumelitsoe ke eng? Har’a tse ling, e ka ’na eaba le ne le susumelitsoe ke batho bao a neng a tloaelane le bona. Bongata ba rōna re kile ra bua fonong le motho eo lentsoe la hae le tšoanang hantle le la ntat’ae. Ho ka etsahala hore ka tsela e itseng mora o futsitse lentsoe la ntat’ae, kapa mohlomong o boetse o susumelitsoe ke mokhoa oa ntat’ae oa ho bua. Ka ho tšoanang, e ka ’na eaba Saule o ne a susumelitsoe ke Bajuda bao a neng a tloaelane le bona ba neng ba hloile Jesu ba bile ba hanyetsa lithuto tsa hae. (Johanne 11:47-50; 18:14; Liketso 5:27, 28, 33) Ka sebele, ho ka etsahala hore seo letsoalo la Saule le neng le mo bolella sona se ne se susumelitsoe ke batho bao a neng a tloaelane le bona.
13. Tikoloho eo motho a phelang ho eona e ka ’na ea susumetsa letsoalo la hae joang?
13 Letsoalo le ka boela la susumetsoa ke setso kapa tikoloho eo motho a phelang ho eona, joalokaha tikoloho eo a phelang ho eona e ka etsa hore a bitse mantsoe ka tsela e itseng kapa a bue puo e itseng. (Matheu 26:73) Mohlomong ke sona se ileng sa etsahalla Baassyria ba mehleng ea boholo-holo. Ba ne ba tumme ka sesole se mabifi, ’me litšoantšo tsa bona tse betliloeng li bontša kamoo ba neng ba hlokofatsa batšoaruoa ba bona kateng. (Nahume 2:11, 12; 3:1) Ho thoe Banivive ba mehleng ea Jonase ba ne ba sa tsebe “phapang pakeng tsa letsoho la bona le letona le letsoho la bona le letšehali.” Seo se bolela hore ba ne ba se na melao e nepahetseng ea ho khetholla se setle le se sebe ho ea ka pono ea Molimo. U ka inahanela hore na tikoloho e joalo e ne e ka ama letsoalo la motho ea hōlelang Ninive joang! (Jonase 3:4, 5; 4:11) Esita le kajeno, letsoalo la motho le ka susumetsoa ke boikutlo ba batho bao a phelang le bona.
Re ka Koetlisa Letsoalo la Rōna Joang?
14. Letsoalo la rōna le paka se boletsoeng ke Genese 1:27 joang?
14 Jehova o ile a fa Adama le Eva letsoalo, ’me re futsitse letsoalo ho bona. Genese 1:27 e re bolella hore batho ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo. Seo hase bolele hore re tšoana le Molimo ka sebōpeho, kaha ke moea ’me rōna re nama. Re bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo ka kutloisiso ea hore re na le litšobotsi tsa hae ka hare ho rōna, ho akarelletsa le kutloisiso ea boitšoaro bo nepahetseng le bo fosahetseng hammoho le letsoalo le sebetsang. Sena se re bontša tsela e ’ngoe eo ka eona re ka matlafatsang letsoalo la rōna, e le hore le tšepahale haholoanyane. Re ka etsa seo ka ho ithuta haholoanyane ka ’Mōpi, ’me re atamele ho eena.
15. Ke tsela efe hape eo ka eona re ka ruang molemo ka ho tseba Ntate oa rōna?
15 Bibele e bontša hore ka tsela e itseng Jehova ke Ntate oa rōna kaofela. (Esaia 64:8) Ho sa tsotellehe hore na Bakreste ba tšepahalang ba lebeletse ho ea leholimong kapa ho phela lefatšeng la paradeise, ba ka re Molimo ke Ntate. (Matheu 6:9) Re lokela ho lakatsa ho atamela haufi-ufi le Ntate oa rōna ’me re ithute tsela eo a talimang lintho ka eona le melao ea hae. (Jakobo 4:8) Ba bangata ha ba thahaselle ho etsa joalo. Ba tšoana le Bajuda bao Jesu a ileng a re ho bona: “Ha lea utloa lentsoe la hae ka nako leha e le efe kapa la bona sebōpeho sa hae; ’me lentsoe la hae ha lea lula ho lōna.” (Johanne 5:37, 38) Ha re e-s’o utloe lentsoe la Molimo ka ho toba, empa lentsoe la hae le ka ba ka hare ho rōna, la etsa hore re tšoane le eena ’me re ikutloe joaloka eena.
16. Tlaleho ea Josefa e bontša joang hore ke habohlokoa ho koetlisa le ho mamela letsoalo la rōna?
16 Tlaleho ea ha Josefa a le ntlong ea Potifaro e bontša seo. Mosali oa Potifaro o ile a leka ho hoka-hoka Josefa. Le hoja Josefa a phetse mehleng eo ho neng ho e-s’o ngoloe buka le e ’ngoe ea Bibele, ’me ho e-s’o fanoe ka Melao e Leshome, o ile a araba ka ho re: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?” (Genese 39:9) O ne a sa arabe joalo hobane feela a batla ho thabisa ba lelapa labo; ba ne ba lula hōle. Ka ho khetheha, o ne a batla ho thabisa Molimo. Josefa o ne a tseba molao-motheo oa Molimo bakeng sa lenyalo—e leng hore monna ka mong a be le mosali a le mong, bobeli ba bona e be “nama e le ’ngoe.” ’Me ho ka etsahala hore o ne a utloetse kamoo Abimeleke a ileng a ikutloa kateng ha a utloa hore Rebeka o nyetsoe—a hlokomela hore ho mo nka ho ne ho tla be ho fosahetse, ’me ho etse hore sechaba sa hae se be molato. Ha e le hantle Jehova o ile a fela a hlohonolofatsa qetello ea seo, a bontša hore na o talima bofebe joang. Ho ka etsahala hore tsebo ea seo e ile ea etsa hore letsoalo leo Josefa a le futsitseng le sebetse, e leng se ileng sa mo susumelletsa ho hana ho kopanela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate.—Genese 2:24; 12:17-19; 20:1-18; 26:7-14.
17. Ke joang re hlomeletsoeng hamolemo ho feta Josefa hore re tšoane le Ntate oa rōna?
17 Kannete rōna re hlomeletsoe hamolemo kajeno. Re na le Bibele eohle eo ho eona re ithutang monahano le maikutlo a Ntate oa rōna, ho akarelletsa le seo a se ratang le seo a se hanelang. Re ka atamela haufi-ufi le Molimo le ho tšoana le eena haeba re etsa sohle se matleng a rōna hore re tsebe Mangolo. Ha re etsa joalo, letsoalo la rōna le ka susumetsoa ke monahano oa Ntate oa rōna haholoanyane. Le tla lumellana haholoanyane le thato ea hae.—Baefese 5:1-5.
18. Ho sa tsotellehe lintho tseo mohlomong li ileng tsa re susumetsa nakong e fetileng, re ka koetlisa letsoalo la rōna joang hore le tšepahale?
18 Tikoloho e ka susumetsa letsoalo la rōna joang? Mohlomong re susumelitsoe ke monahano le liketso tsa beng ka rōna le tsa batho bao re hōletseng har’a bona. Kahoo, e ka ’na eaba molaetsa oa letsoalo la rōna o ne o sa utloahale hantle kapa o fosahetse. Le ne le susumelitsoe ke batho bao re phelang har’a bona. Ke ’nete hore re ke ke ra fetola lintho tse etsahetseng; leha ho le joalo, re ka ikemisetsa ho khetha metsoalle le tikoloho e tla susumetsa letsoalo la rōna hamolemo. Ntho e ka sehloohong e ka re thusang ke hore re lule re e-na le Bakreste ba inehetseng ba ’nileng ba leka ka nako e telele hore ba be joaloka Ntate oa bona. Liboka tsa phutheho, hammoho le ho thabela botsoalle pele le ka mor’a tsona, ho re fa menyetla e babatsehang ea ho etsa joalo. Re ka hlokomela tsela e thehiloeng Bibeleng eo Bakreste-’moho le rōna ba nahanang le ho etsa lintho ka eona, le kamoo ba potlakelang ho mamela kateng ha letsoalo la bona le ba susumelletsa ho etsa lintho tse lumellanang le maikutlo a Molimo le litsela tsa hae. Qetellong sena se ka re thusa hore re lumellanye letsoalo la rōna le melao-motheo ea Bibele, e leng se ka etsang hore re bonahatse setšoantšo sa Molimo hamolemo. Ha re lumellanya letsoalo la rōna le melao-motheo ea Ntate oa rōna ’me re latela tšusumetso e ntle ea Bakreste-’moho le rōna, ruri letsoalo la rōna le tla tšepahala ’me ho tla ba bonolo hore re le mamele.—Esaia 30:21.
19. Re sa ntse re tšoanela ho hlahloba likarolo life mabapi le letsoalo?
19 Ho ntse ho le joalo, ho boima hore batho ba bang ba mamele letsoalo la bona letsatsi le letsatsi. Sehlooho se latelang se tla tšohla maemo a itseng ao Bakreste ba ileng ba tobana le ’ona. Ho tšohla maemo a joalo ho ka etsa hore re hlakeloe ke mosebetsi oa letsoalo, hore na ke hobane’ng ha letsoalo la batho le sebetsa ka litsela tse sa tšoaneng le hore na ke joang re ka nolofalloang ke ho mamela letsoalo la rōna.—Baheberu 6:11, 12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ithuta ka liphoofolo ho ka ’na ha se re thuse ho utloisisa lebaka leo ka lona batho ka tlhaho ba tsotellanang. Ho ka etsahala hore ke hobane Molimo a re bōpelletse le litšobotsi tse kang letsoalo tse etsang hore re itšoare ka tsela ena.
U Ithutile Eng?
• Ke hobane’ng ha batho ba litso tsohle ba utloisisa se nepahetseng le se fosahetseng, kapa ba e-na le letsoalo?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra itlohella feela hore re tataisoe ke letsoalo?
• Re ka koetlisa letsoalo la rōna ka litsela life tse ling e le hore le re bolelle se nepahetseng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Davida o ile a tšetšethoa ke letsoalo . . .
empa ha lea ka la tšetšetha Saule oa Tarsase
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Re ka koetlisa letsoalo la rōna