E-ba ea Tenyetsehang, E-ba ea Lekanyetsang Lintho Hantle
“Tsoela pele ho ba hopotsa . . . hore ba tenyetsehe.”—TITE 3:1, 2, NW, ftn.
1, 2. Mangolo a re’ng ka ho tenyetseha, hona ke hobane’ng ha ho loketse?
JEHOVA, Ntate oa rōna ea leholimong ea lerato, o bohlale ka ho fetisisa. Kaha re libōpuoa tsa hae, re batla hore e be eena ea re tataisang bophelong. (Pes. 48:14) Morutuoa oa Mokreste Jakobo o re bolella hore “bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso, kahlolo e molemo [boa tenyetseha, NW, ftn.], bo itokiselitse ho mamela, bo tletse mohau le litholoana tse molemo, ha bo khetholle ka leeme, ha bo na boikaketsi.”—Jak. 3:17.
2 Moapostola Pauluse o fana ka khothatso ena: “Ho ba le kahlolo e molemo [“ho tenyetseha,” Kingdom Interlinear] ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.”a (Bafil. 4:5) Kreste Jesu ke Morena ebile ke Hlooho ea phutheho ea Bokreste. (Baef. 5:23) Ke taba ea bohlokoa hakaakang hore e mong le e mong oa rōna a itšoare ka tsela e bontšang kahlolo e molemo, a bontše ho tenyetseha ka ho ikokobelletsa tataiso ea Kreste a be a tenyetsehe ha a sebelisana le batho ba bang!
3, 4. (a) Bontša hore na re rua molemo ofe ha re tenyetseha. (b) Re tla tšohla eng?
3 Re rua molemo haeba re ikemiselitse ho tenyetseha le ho lekanyetsa lintho hantle. Ho etsa mohlala: Ka mor’a hore morero oa likhukhuni oa ho hlasela o utulloe Brithani, bapalami ba bangata ba lifofane ba ne ba bonahala ba ikemiselitse ho mamela melao e neng e ba hanela ho kena ka sefofaneng le thepa eo pele ba neng ba lumelloa ho kena ka eona. Ha re khanna koloi, re bona bohlokoa ba ho bontša ho tenyetseha ka ho emela bakhanni ba bang hore ba fete, mohlomong nakong eo re tsamaeang selikalikoeng sa sephethephethe, e le ho etsa bonnete ba hore batho bohle ba sireletsehile le hore sephethephethe se phalla hantle.
4 Ba bangata ba rōna ba fumana hore ho tenyetseha hase ntho e bonolo. Ho tšohla lintlha tse tharo tse mabapi le ho tenyetseha, e leng sepheo sa rōna, maikutlo a rōna ka ba boholong le hore na re lokela ho tenyetseha ho fihlela kae, ho tla re thusa.
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tenyetseha?
5. Tlas’a Molao oa Moshe, ke sefe se neng se ka susumelletsa lekhoba hore le khethe ho lula le mong’a lona?
5 Mohlala oa mehleng ea pele ho Bokreste o re hlokomelisa haholo ka taba ea ho tenyetseha ka sepheo se setle. Tlas’a Molao oa Moshe, Baheberu bao e neng e le makhoba ba ne ba lokela ho lokolloa bokhobeng selemong sa bosupa kapa selemong sa Jubile, ho ea ka hore na ke hofe ho neng ho tla pele. Leha ho le joalo, lekhoba le ne le ka ikhethela ho lula e ntse e le lekhoba. (Bala Exoda 21:5, 6.) Ke sefe se neng se ka susumelletsa lekhoba ho etsa see? Lerato le ne le susumetsa lekhoba hore le lule e le lekhoba, tlas’a bolaoli ba mong’a lona ea nahanelang.
6. Lerato le ameha joang tabeng ea hore re tenyetsehe?
6 Ka tsela e tšoanang lerato la rōna ho Jehova le re susumelletsa hore re inehele ho eena ebe re phelela boinehelo ba rōna. (Bar. 14:7, 8) Moapostola Johanne o ngotse sena: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” (1 Joh. 5:3) Lerato lena ha le ipatlele lithahasello tsa lona. (1 Bakor. 13:4, 5) Ha re sebelisana le batho ba bang, lerato la moahelani le re susumelletsa hore re tenyetsehe ’me re batle lithahasello tsa bona pele ho tsa rōna. Ho e-na le hore re lumelle moea oa boithati hore ebe oona o re laolang, re ela hloko lithahasello tsa batho ba bang.—Bafil. 2:2, 3.
7. Ho tenyetseha ho phetha karolo efe tšebeletsong ea rōna?
7 Lipuo tsa rōna le liketso tsa rōna ha lia lokela ho khopisa ba bang. (Baef. 4:29) Ka sebele, lerato le tla re susumelletsa hore re qobe ho etsa ntho efe kapa efe e ka ’nang ea sitisa batho ba hōlisitsoeng ka litsela tse sa tšoaneng le tsa rōna le ba litso tse sa tšoaneng le tsa rōna hore ba sebeletse Jehova. Hangata sena se akarelletsa hore re be ba tenyetsehang. Ho tea mohlala, baralib’abo rōna ba baromuoa ba tloaetseng ho itlotsa ka litlolo kapa ho roala likausi, ha ba batle ho khopisa batho ba bang ka ho tsitlella ho sebelisa lintho tsena libakeng tseo ho tsona ba bang ba ka ’nang ba nahana hore ke batho ba boitšoaro bo bobe.—1 Bakor. 10:31-33.
8. Ho rata Molimo ho ka re thusa joang hore re itšoare joaloka ‘ba banyenyane’?
8 Ho rata Jehova ho re thusa ho hlōla boikhohomoso. Ka mor’a hore ho tsohe khang har’a barutuoa ea hore na ke mang eo e neng e le e moholo har’a bona, Jesu o ile a emisa ngoana e monyenyane har’a bona. Eaba oa hlalosa: “Mang kapa mang ea amohelang ngoana enoa e monyenyane ka lebitso la ka le ’na oa nkamohela, ’me mang kapa mang ea nkamohelang o amohela le ea nthomileng. Etsoe ea itšoarang joaloka e monyenyane har’a lōna kaofela ke eena e moholo.” (Luka 9:48; Mar. 9:36) Re le batho ka bomong, re ka ’na ra fumana ho le thata haholo ho itšoara joaloka “e monyenyane.” Ho se phethahale hoo re ho futsitseng le tloaelo ea ho ikhohomosa ho ka ’na ha re susumelletsa hore re batle ho hlahella, empa boikokobetso bo tla re thusa hore re tenyetsehe.—Bar. 12:10.
9. E le hore re tenyetsehe ke eng eo re lokelang ho e ela hloko?
9 E le hore re tenyetsehe, re lokela ho ela hloko bolaoli ba batho ba khethiloeng ke Molimo. Bakreste bohle ba ’nete ba ela hloko molao-motheo oa bohlokoa oa bohlooho. Moapostola Pauluse o hlalositse sena ka ho hlaka ho Bakorinthe: “Ke batla hore le tsebe hore hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.”—1 Bakor. 11:3.
10. Ho tenyetseha e le hore re ikokobeletse bolaoli ba Jehova ho bontša eng?
10 Ho tenyetseha e le hore re ikokobeletse bolaoli ba Molimo ho bontša hore rea mo tšepa joaloka Ntate oa rōna ea lerato. O hlokomela sohle se etsahalang ’me a ka re putsa ka tsela e tšoanetseng. Hoa thusa ho hopola seo haeba ba bang ba sa re tšoare ka tlhompho kapa ba halefa ’me ba fela pelo. Pauluse o ile a ngola: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.” Pauluse o ile a hatisa keletso ena ka taelo ena: “Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka; kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’”—Bar. 12:18, 19.
11. Re ka bontša joang hore re ikokobelletsa bohlooho ba Kreste?
11 Ka phuthehong ea Bokreste re tlameha ho hlompha bolaoli bo behiloeng ke Molimo. Tšenolo khaolo ea 1 e hlalosa Kreste Jesu a tšoere “linaleli” tsa phutheho letsohong la hae le letona. (Tšen. 1:16, 20) Ka kakaretso, “linaleli” tsena li emela lihlopha tsa baholo kapa balebeli, ka hare ho liphutheho. Balebeli bao ba khethiloeng ba ikokobelletsa boeta-pele ba Kreste ’me ba etsisa tsela e mosa eo a sebelisanang le ba bang ka eona. Bohle ka hare ho phutheho ba ikokobelletsa tokisetso eo Jesu a e entseng ka “lekhoba le tšepahalang le le masene” ea hore le fane ka lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng. (Mat. 24:45-47) Kajeno, ha re ikemisetsa ho ithuta le ho sebelisa seo re ithutang sona re bontša hore re ikokobelletsa bohlooho ba Kreste e leng se etsang hore ho be le khotso le bonngoe.—Bar. 14:13, 19.
Re Lokela ho Tenyetseha ho Fihlela Kae?
12. Ke hobane’ng ha ho tenyetseha ho na le meeli?
12 Leha ho le joalo, ho tenyetseha ha ho bolele hore re sekisetsa tumelo ea rōna kapa melao-motheo ea Molimo. Bakreste ba pele ba ile ba etsa joang ha ba ne ba laeloa ke baeta-pele ba bolumeli hore ba khaotse ho ruta ka lebitso la Jesu? Ka sebete Petrose le baapostola ba bang ba ile ba re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Lik. 4:18-20; 5:28, 29) Kahoo, kajeno ha babusi ba leka ho re qobella hore re khaotse ho bolela litaba tse molemo ha re khaotse, empa re ka ’na ra fetola tsela eo re bolelang ka eona e le hore re sebetse litaba ka bohlale. Haeba ho e-na le lithibelo tsa ho etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo, re ka ’na ra leka ho fumana litsela tse ling tsa ho kopana le beng ba matlo e le hore re ’ne re phethe mosebetsi oo re o filoeng ke Molimo. Ka tsela e tšoanang, haeba “balaoli ba phahameng” ba thibela liboka tsa rōna, re kopana ka bohlale ka lihlopha tse nyenyane.—Bar. 13:1; Baheb. 10:24, 25.
13. Jesu o ile a re’ng ka ho ikokobelletsa balaoli?
13 Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a bontša bohlokoa ba ho ikokobelletsa bolaoli: “Haeba motho a batla ho ea khotla le uena ’me a batla ho inkela seaparo sa hao sa ka hare, u tlohele le seaparo sa hao sa ka ntle se ee ho eena; ’me haeba e mong ea nang le bolaoli a u qobella hore u tsamaee le eena maele e le ’ngoe, u ee le eena limaele tse peli.” (Mat. 5:40, 41)b Ho nahanela ba bang le ho rata ho ba thusa ho re susumelletsa hore ha re ba thusa, re etse se fetang se lebeletsoeng.—1 Bakor. 13:5; Tite 3:1, 2.
14. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho inehela bokoenehing?
14 Leha ho le joalo, le hoja re lakatsa ho ba batho ba tenyetsehang, seo ha sea lokela ho etsa hore re qetelle re khema le bakoenehi. Ho hlokahala hore ka ho hlakileng re eme re tiile tabeng ena e le hore ’nete e ka lula e hloekile le phutheho e le bonngoeng. Mabapi le “barab’abo rōna ba bohata” Pauluse o ngotse: “Ha rea ka ra inehela ho bona ka ho ipeha tlaase, che, leha e le ka hora, e le hore ’nete ea litaba tse molemo e ka lula le lōna.” (Bagal. 2:4, 5) Makhetlong a fokolang ao bokoenehi bo bang teng ka ’ona, Bakreste ba inehetseng ba tla lula ba emela se nepahetseng.
Balebeli ba Lokela ho Tenyetseha
15. Balebeli ba Bakreste e ka ba ba tenyetsehang joang ha ba e-na le seboka?
15 E ’ngoe ea lintho tse hlokahalang ho batho ba khethoang hore e be balebeli ke hore e be batho ba ikemiselitseng ho tenyetseha. Pauluse o ile a ngola: “Ka hona molebeli e lokela ho ba . . . ea nang le kahlolo e molemo [“ea tenyetsehang,” NW, ftn.].” (1 Tim. 3:2, 3) Sena ke sa bohlokoa haholo-holo ha banna ba khethiloeng ba kopana ho tšohla litaba tsa phutheho. Pele ho fihleloa qeto, e mong le e mong o lokolohile hore a ka hlahisa maikutlo a hae ka ho hlaka, le hoja e se tlamo hore moholo e mong le e mong a hlahise maikutlo. Nakong ea lipuisano, maikutlo a motho a ka fetoha ha a utloa ba bang ba bua ka melao-motheo ea Mangolo e sebetsang tabeng eo. Ho e-na le hore a tsitlelle maikutlong ao eena a nang le ’ona, moholo ea hōlileng moeeng oa tenyetseha. E ka ’na eaba qalong ho ne ho e-na le maikutlo a sa tšoaneng, empa ho nahanisisa ka lintho ka thuso ea thapelo ho etsa hore ho be le bonngoe har’a baholo ba ikokobelitseng le ba tenyetsehang.—1 Bakor. 1:10; Bala Baefese 4:1-3.
16. Molebeli oa Mokreste o lokela ho bontša moea ofe?
16 Linthong tsohle tseo a li etsang, moholo oa Mokreste o lokela ho etsa boiteko ba ho latela taolo ea puso ea Molimo. O lokela ho bontša moea oo le ha a lisa mohlape, e leng se tla mo thusa hore a nahanele ba bang a be a ba tšoare ka mosa. Petrose o ile a ngola: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna, eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka tabatabelo.”—1 Pet. 5:2.
17. Bohle ba ka phuthehong ba ka bontša moea oa ho ikokobetsa joang ha ba sebelisana le ba bang?
17 Litho tse hōlileng tsa phutheho li ananela thuso ea bohlokoa eo li e fuoang ke ba bacha lilemong ’me li ba tšoara ka tlhompho. Ka tsela e tšoanang, ba bacha le bona ba hlompha batho ba baholo ba nang le lilemo tse ngata ba sebeletsa Jehova. (1 Tim. 5:1, 2) Baholo ba Bakreste ba batla banna ba tšoanelehang bao ba ka ba arolelang boikarabelo bo itseng, e le hore ba ba koetlisetse hore ba ba thuse ho hlokomela mohlape oa Molimo. (2 Tim. 2:1, 2) Mokreste e mong le e mong o lokela ho nka keletso ena ea Pauluse e bululetsoeng e le ea bohlokoa: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase [“le ikokobetse,” NW, ftn.], kaha ba lula ba lebetse meea ea lōna joaloka ba tla ikarabella; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.”—Baheb. 13:17.
Ho Tenyetseha re le Litho Tsa Lelapa
18. Ke hobane’ng ha ho ba le moea oa ho tenyetseha ho loketse ka lapeng?
18 Moea oa ho tenyetseha oa hlokahala le ka lapeng. (Bala Bakolose 3:18-21.) Bibele e bontša hore na karolo e phethoang ke litho tse sa tšoaneng tsa lelapa la Bokreste ke efe. Ntate ke hlooho ea mosali oa hae ebile ke eena eo ka ho khetheha a nang le boikarabelo ba ho tataisa bana. Mosali o lokela ho ela hloko bolaoli ba molekane oa hae, ’me bana ba lokela ho etsa boiteko ba hore ba mamele batsoali ba bona, e leng se khahlisang Morena. Setho ka seng sa lelapa se ka etsa hore ho be le bonngoe le khotso ka lapeng ka hore se tenyetsehe ka tsela e loketseng le e bontšang ho lekanyetsa lintho hantle. Bibele e na le mehlala e re thusang hore re utloisise ntlha ena.
19, 20. (a) Bontša phapang pakeng tsa tsela eo Eli a ileng a amohela liketso tsa bara ba hae ka eona le tsela eo Jehova a ileng a amohela litlhahiso tsa lengeloi ka eona. (b) Batsoali ba ka ithuta eng mehlaleng ee?
19 Ha Samuele e ne e sa le moshanyana, Eli e ne e le moprista ea phahameng Iseraele. Leha ho le joalo, bara ba Eli, Hofni le Finease “e ne e le banna ba se nang molemo” ba ‘sa eleng Jehova hloko.’ Eli o ile a fumana litlaleho tse mpe ka bona, ho akarelletsa le taba ea hore ba ne ba etsa bohlola le basali ba neng ba sebeletsa monyako oa tente ea pokano. Eli o ile a etsa joang? O ile a ba bolella hore haeba ba ne ba sitetsoe Jehova, ho ne ho se motho ea tla ba rapella. Empa o ile a hlōleha ho ba kenya tseleng le ho ba khalemela. Ka lebaka leo, bara ba Eli ba ile ba tsoela pele tseleng ea bona e mpe. Qetellong, ka nepo Jehova o ile a bona hore ba lokela ho fumana kotlo ea lefu. Ha a utloa hore ba shoele, Eli le eena o ile a shoa. Ebile litholoana tse bosula hakaakang! Ho hlakile hore ho ne ho sa nepahala hore ebe ka tsela e sa lokelang Eli o ile a mamella liketso tsa bona tse khopo ka hore a li lumelle hore li tsoele pele.—1 Sam. 2:12-17, 22-25, 34, 35; 4:17, 18.
20 Ho fapana le se entsoeng ke Eli, nahana ka tsela eo Molimo a ileng a sebetsana ka eona le bara ba hae ba mangeloi. Moprofeta Mikaia o ile a ba le pono e hlollang ea seboka seo Jehova a ileng a ba le sona le mangeloi a Hae. Jehova o ile a botsa hore na ke lengeloi lefe le neng le ka thetsa Morena Akabe oa Iseraele e le hore morena eo ea khopo a ka theoloa boemong ba hae. Jehova o ile a mamela litlhahiso tsa bara ba hae ba moea ba sa tšoaneng. Joale lengeloi le leng le ile la bolela hore le ne le tla mo thetsa. Jehova o ile a le botsa hore na le ne le tla ho etsa joang. A khotsofetse ke karabo ea lona, Jehova o ile a laela lengeloi leo hore le mo thetse. (1 Mar. 22:19-23) Boemong ba batho, na litho tsa malapa li ke ke tsa ithuta ho hong mabapi le ho tenyetseha ketsahalong eo? Monna oa Mokreste eo e bileng e leng ntate o lokela ho mamela maikutlo le litlhahiso tsa mosali oa hae le bana. Ka lehlakoreng le leng, basali le bana ba lokela ho hlokomela hore haeba ba hlahisitse maikutlo a bona kapa ba bontšitse hore na bona ba ne ba ka rata ha ho etsahala eng, ho ka ’na ha hlokahala hore ba ikokobetse e le hore ba hlomphe taelo ea eo Mangolo a mo fileng matla a ho etsa qeto.
21. Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
21 Ruri re motlotlo ka likhopotso tsa Jehova tse lerato le tse bohlale mabapi le hore re be batho ba tenyetsehang! (Pes. 119:99) Sehlooho sa rōna se latelang se tla tšohla hore na ho tenyetseha ka tsela e lekanyetsang lintho hantle ho ka etsa hore batho ba thabe joang lenyalong.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Moapostola Pauluse o sebelisitse lentsoe leo ho leng thata ho le fetolela ka lentsoe le le leng la Sesotho. Buka e ’ngoe e re: “Se amehang mona ke hore motho a bontše ho tenyetseha ka ho ikemisetsa ho tela litokelo tseo a nang le tsona e le hore a bontše ho nahanela ba bang le ho ba mosa ho bona.” Kahoo lentsoe leo le na le moelelo oa ho tenyetseha le ho ba le kahlolo e molemo, eseng ho tsitlallela hore ho phethoe molao kapa hore motho a batle litokelo tsa hae.
b Sheba sehlooho se reng “Ha U Qobeletsoe ho Etsa Mosebetsi,” Molula-Qhooeng oa February 15, 2005, leqepheng la 23-6.
U ka Araba Joang?
• Ho tenyetseha ho ka hlahisa litholoana life tse molemo?
• Balebeli ba ka bontša moea oa ho tenyetseha joang?
• Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore batho ba bontše moea oa ho tenyetseha bophelong ba lelapa?
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Baholo ba etsisa mokhoa o mosa oo Kreste a sebetsanang le batho ba bang ka oona
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ha baholo ba phutheho ba kopane, ho nahanisisa lintho ka thuso ea thapelo le ho ba le moea oa ho tenyetseha ho etsa hore ho be le bonngoe