Armagedone—Ntoa ea Molimo e Tla Felisa Lintoa Tsohle
“Ba nka hore ho bolaea motho e mong ke ketso e sehlōhō; kahoo, ntoa ke ntho e sa utloahaleng le e nenoang, ke lentsoe leo ba se nang lona puong ea bona.”—KE KAMOO MOFUPUTSI OA MONORWAY EA BITSOANG FRIDTJOF NANSEN A ILENG A HLALOSA MAINUITE A GREENLAND KA 1888.
NA HO na le motho ea ke keng a rata ho phela har’a batho ba nkang ntoa e le “ntho e sa utloahaleng le e nenoang”? Ke mang ea sa labalabeleng ho phela lefatšeng leo ho lona ho se nang lentsoe ntoa hobane ntoa e sa tsejoe? Lefatše le joalo le ka ’na la utloahala e le toro feela, haholo-holo haeba re tšepile hore le tla tlisoa ke batho.
Leha ho le joalo, boprofeteng ba Esaia, Molimo o tšepisa hore o tla tlisa lefatše le joalo, ha a re: “Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”—Esaia 2:4.
Ho hlakile hore lefatše la kajeno, leo ho lona ho nang le masole a limilione tse 20 ’me ho ntseng ho kupa lintoa tse ka bang 20, le tla lokela ho fetoha haholo e le hore tšepiso ena e phethahale. Ha ho makatse hore ebe Molimo ea matla ’ohle, Jehova, o tla lokela ho kenella litabeng tsa batho. Ketso ena eo Jehova a tla e etsa e tla fihla tlhōrōng ka seo Bibele e reng ke Armagedone.—Tšenolo 16:14, 16.
Le hoja morao tjena lentsoe “Armagedone” le sebelisoa ha ho buuoa ka ntoa ea nyutlelie ea lefatše lohle, dikishinari e ’ngoe e hlalosa moelelo oa mantlha oa lentsoe lena tjena: “Ke sebaka seo ho sona makhotla a botle le bobe a tla loana ntoa e khōlō le ea makhaola-khang.” Na ho na le mohla botle bo tla hlōla bobe, kapa ntoa e joalo ke toro feela?
Re ka tiea moko ka ho tseba hore Bibele e bolela khafetsa hore bokhopo bo tla fela. Mopesaleme e mong o ile a profeta a re: “Baetsalibe ba tla timetsoa lefatšeng; ha e le ba khopo, ha ba sa tla hlola ba e-ba teng.” (Pesaleme ea 104:35) Buka ea Liproverbia e re: “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.”—Liproverbia 2:21, 22.
Bibele e boetse ea hlakisa hore batho ba khopo ba ke ke ba inehela habonolo feela; ke kahoo ho hlokahalang ntoa ea Molimo ea makhaola-khang e tla felisa bobe bohle, ho akarelletsa le ntoa. (Pesaleme ea 2:2) Lentsoe leo Bibele e le sebelisang bakeng sa ntoa ena e khethehileng, e leng Armagedone, ke la bohlokoa haholo.
Lintoa Tsa Nakong e Fetileng Tse Neng li Loanela Haufi le Megido
“Armagedone” e bolela “Thaba ea Megido.” Motse oa boholo-holo oa Megido, hammoho le Thota ea Jezriele e o potolohileng, o tsebahala ka lintoa tsa makhaola-khang tse neng li loanela teng. Rahistori ea bitsoang Eric H. Cline o buile tjena bukeng ea The Battles of Armageddon: “Ho theosa le lilemo, lintoa tse ileng tsa fetola boemo ba lefatše li ’nile tsa loanela Megido le Phuleng ea Jezriele.”
Tumellanong le mantsoe a Cline, hangata lintoa tse neng li loanela haufi le Megido e ne e le tsa makhaola-khang. Mabotho a Mongolia a ileng a hapa karolo e khōlō ea Asia lekholong la bo13 la lilemo, a ile a hlōloa ka lekhetlo la pele phuleng ena. Haufinyane le Megido, mabotho a Brithani a neng a laoloa ke molaoli ea bitsoang Edmund Allenby a ile a hlōla Turkey ntoeng ea pele ea lefatše. Rahistori e mong oa tsa sesole o ile a re tlhōlo e ileng ea fihlelloa ke Allenby “e ne e le e ’ngoe ea litlhōlo tse finyeletsoeng kapele ka ho fetisisa le tsa makhaola-khang lintoeng tsohle tse kileng tsa loana.”
Lintoa tsa makhaola-khang tse tlalehiloeng ka Bibeleng, le tsona li ile tsa loanela haufi le Megido. Ke hona moo Moahloli Barake a ileng a hlōla mabotho a Kanana a Sisera teng. (Baahloli 4:14-16; 5:19-21) Gideone hammoho le lebotho le lenyenyane la banna ba 300, ba ile ba hlōla lebotho le leholo la Bamidiane sebakeng seo. (Baahloli 7:19-22) Morena Saule le mora oa hae Jonathane ba ile ba shoella Thabeng ea Gilboa e haufi le moo ha mabotho a Bafilista a hlōla lebotho la Baiseraele.—1 Samuele 31:1-7.
Kaha Megido le phula e haufi le eona li ne li le sebakeng se setle, lintoa tse ngata li ’nile tsa loanela teng ho theosa le lilemo tse 4 000 tse fetileng. Rahistori e mong o boletse hore bonyane ke lintoa tse 34 tse loanetseng moo!
Ha ho pelaelo hore lentsoe la “Armagedone” le sebelisitsoe ka tsela ea tšoantšetso ka lebaka la histori ea Megido le ho ba ha eona sebakeng se setle. Le hoja lentsoe leo le hlaha hanngoe feela ka Bibeleng, tsela eo le sebelisitsoeng ka eona bukeng ea Tšenolo e bontša ka ho hlaka hore Armagedone e tla ama motho e mong le e mong lefatšeng.
Tsela eo Armagedone e Sebelisitsoeng ka Eona ka Bibeleng
Le hoja lintoa tse ngata tsa nakong e fetileng tse ileng tsa loanela haufi le Megido e ile ea e-ba tsa makhaola-khang, ha ho le e ’ngoe ea tsona e ileng ea felisa bokhopo. Ha ho le e ’ngoe ea tsona eo ho eona ho neng ho loantšana makhotla a botle le bobe, ka kutloisiso e feletseng. Ho hlakile hore ke Molimo ea ka tlisang ntoa ea mofuta oo. Joalokaha Jesu a kile a bolela, “ha ho ea molemo, haese a le mong, Molimo.” (Luka 18:19) Ho feta moo, Bibele e bolela ka ho toba hore Armagedone ke ntoa ea Molimo.
Ka Bibeleng, buka ea Tšenolo e re “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” a tla bokelleloa “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” (Tšenolo 16:14) Ka mor’a moo, tlaleho eo ea boprofeta e phaella ka ho re: “Tsa a bokellela sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Har–Magedone,” kapa Armagedone.a (Tšenolo 16:16) Hamorao Tšenolo e hlalosa hore “marena a lefatše le mabotho a ’ona” a tla ‘bokana ho loantša ea palameng pere le lebotho la hae.’ (Tšenolo 19:19) Ho thoe mopalami enoa oa pere ke Jesu Kreste.—1 Timothea 6:14, 15; Tšenolo 19:11, 12, 16.
Re lokela ho etsa qeto efe ka litemana tsee? Ea hore Armagedone ke ntoa e pakeng tsa Molimo le makhotla a batho ba sa mameleng. Ke hobane’ng ha Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste, ba loana ntoa e joalo? Lebaka le leng ke hore Armagedone e tla “felisa ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Ho phaella moo, e tla hleka sebae bakeng sa lefatše le nang le khotso, e leng ‘lefatše le lecha leo re le letetseng ho ea ka tšepiso ea Molimo,’ leo “ho loka ho tla aha” ho lona.—2 Petrose 3:13.
Ke Hobane’ng ha Armagedone e Hlokahala?
Na u sitoa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova, “Molimo oa lerato,” a ka khetha Mora oa hae, “Khosana ea Khotso,” hore a loane? (2 Bakorinthe 13:11; Esaia 9:6) Ha ho pelaelo hore ho utloisisa mabaka a bona ho tla hlakisa litaba. Buka ea Pesaleme e re Jesu ke mohlabani ea palameng pere. Ke hobane’ng ha a loana? Mopesaleme o re Kreste o palama “molemong oa ’nete le boikokobetso le ho loka.” O loana hobane a rata ho loka ’me a hloile bokhopo.—Pesaleme ea 45:4, 7.
Ka ho tšoanang, Bibele e hlalosa hore na Jehova o ikutloa joang ka ho hloka toka hoo a ho bonang lefatšeng kajeno. Moprofeta Esaia o re: “MORENA o bone sena, ’me ha aa thaba hore ebe ha ho na toka. O tla apara toka joaloka seaparo sa tšireletso sa sesole ’me a roale matla a poloko joaloka helmete. O tla apara takatso e matla ea ho lokisa lintho le ho fana ka kotlo le ho pheteletsa liketso tse mpe tseo batho ba hlokofatsoang ke tsona.”—Esaia 59:15, 17, Today’s English Version.
Hafeela batho ba khopo ba ntse ba busa, batho ba lokileng ba ke ke ba ba le khotso le tšireletseho. (Liproverbia 29:2; Moeklesia 8:9) Ho hlakile hore re ke ke ra felisa ho se tšepahale le bokhopo hafeela batho ba bo etsang ba ntse ba le teng. Ke kahoo ho hlokahalang hore ho felisoe batho ba khopo e le hore ho ka ba le khotso le toka ka ho sa feleng. Solomone o itse: “Ea khopo ke thekollo bakeng sa ea lokileng.”—Liproverbia 21:18.
Kaha Molimo ke eena Moahloli, re ka kholiseha hore maemong ’ohle o tla ahlola batho ba khopo ka ho loka. Abrahama o ile a botsa potso ena: “Na Moahloli oa lefatše lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?” Abrahama o ile a lemoha hore Jehova o etsa se nepahetseng ka linako tsohle! (Genese 18:25) Ho feta moo, Bibele e re tiisetsa hore Jehova ha a thabele ho timetsa batho ba khopo; o ba timetsa hobane a se na boikhethelo.—Ezekiele 18:32; 2 Petrose 3:9.
Ho Nkela Armagedone Hloohong
Re tla ema ka lehlakoreng la mang ntoeng ee ea makhaola-khang? Boholo ba rōna re nka hore ho totobetse hore re ka lehlakoreng la ho loka. Empa re ka netefatsa joang hore re ba ka lehlakoreng leo? Moprofeta Sofonia o re eletsa tjena: “Batlang ho loka, le batle bonolo.” (Sofonia 2:3) Moapostola Pauluse o re thato ea Molimo ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:4.
Bohato ba pele bo lebisang polokong ke ho ithuta ’nete ka Jehova le morero oa hae oa ho felisa bokhopo lefatšeng. Bohato ba bobeli bo tla etsa hore Molimo a re hauhele le ho re sireletsa, ke ho tloaela ho etsa ho loka.
Haeba re nka mehato ena ea bohlokoa, re ka lebella Armagedone ka thabo, e leng ntoa e tla felisa lintoa tsa batho. Ha ntoa eo e lala, batho libakeng tsohle ba tla nka ntoa e le ntho e sa utloahaleng le e nenoang. “Ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”—Esaia 2:4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana tlhakiso ea hore na Armagedone ke sebaka sa sebele kapa che, sheba sehlooho sa “Babali ba Batla ho Tseba,” leqepheng la 31.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Bohato boo Molimo a tla bo nka ha a kenella litabeng tsa batho bo bitsoa Armagedone
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Megido
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Gideone le banna ba hae ba ile ba hlōla ntoa ea makhaola-khang haufi le Megido
[Setšoantšo se leqepheng la 6, 7]
Ha Armagedone e lala, batho libakeng tsohle ba tla nka ntoa e le ntho e sa utloahaleng le e nenoang
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Bohato ba pele bo lebisang polokong ke ho ithuta ’nete ka Jehova le morero oa hae