Selallo—Seo re Lokelang ho se Tseba ka Tšebeletso Ena
HO NA le tšebeletso eo batho lefatšeng lohle ba e tšoarang kamehla—ebang ke ka makhetlo a ’maloa ka selemo, beke le beke, kapa esita le letsatsi le letsatsi. Leha ho le joalo, e bitsoa sephiri sa tumelo, ’me ba bangata ba e tšoarang ha ba e utloisise. E nkoa e halalela ’me ho bile ho thoe ke mohlolo.
Tšebeletso eo ke Selallo—seo e leng karolo ea ’Misa oa K’hatholike ha moprista a rapella bohobe le veine ebe phutheho e amohela Kreste Selallong.a Mopapa Benedict XVI o ile a re Mak’hatholike a re tšebeletso ena ke “karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea tumelo ea rōna.” Morao tjena, kereke e ile ea tšoara “Selemo sa Selallo” e le karolo ea ho leka ho “tsosolosa le ho eketsa tumelo Selallong.”
Esita le Mak’hatholike a seng matla tumelong ea ’ona a tšehetsa tšebeletso ena. Ka mohlala, sehloohong se sa tsoa ngoloa koranteng ea Time, mosali ea bolelang hore ke Mok’hatholike e mocha lilemong ea ntseng a hatela pele, o itse: “Ho sa tsotellehe ho se lumellane ka lithuto tsa Kereke e K’hatholike, re ntse re khomaretse se re kopanyang bolumeling ba K’hatholike: e leng ho rata ho kopanela tšebeletsong ea Selallo.”
Leha ho le joalo, Selallo ke eng? Na balateli ba Kreste ba tlameha ho se boloka? A re qaleng ka ho hlahloba hore na Selallo se qalile joang. Ka mor’a moo re ka araba potso ea bohlokoa le ho feta: Na ka sebele Selallo se tšoana le tšebeletso e ileng ea thehoa ke Jesu Kreste lilemong tse fetileng tse ka bang 2 000?
Selallo le Bolumeli bo Ipolelang Hore ke ba Bokreste
Ha ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho thoe Selallo ke mohlolo. Nako ea bohlokoa tšebeletsong ena ke thapelo e etsoang nakong ea Selallo. Ho latela Catechism of the Catholic Church, ka nako eo “matla a mantsoe a Kreste le seo a ileng a se etsa, le matla a Moea o Halalelang” a etsa hore ’mele oa Jesu le mali a hae “li be teng sakramenteng.” Ka mor’a hore moprista a je bohobe a be a noe veine, o mema ba tšepahalang hore ba je Selallo, ’me hangata ba ja bohobe feela.
Kereke e K’hatholike e ruta hore ka tsela ea mohlolo bohobe le veine li fetoloa ’mele oa Kreste le mali a hae. Thuto ena e ile ea tuma butle-butle, ’me ea hlalosoa ka lekhetlo la pele ea ba ea sebelisoa lekholong la bo13 la lilemo. Mehleng ea Phetohelo Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike, ba bang ba ne ba sa khotsofalle lintho tse ling tse mabapi le Selallo sa K’hatholike. Luther o ile a hana thuto ea hore bohobe le veine li fetoha ’mele oa Kreste le mali a hae ’me a buella thuto ea hore ’mele oa Kreste le mali a hae li ba teng bohobeng le veineng ea Selallo.
Ha nako e ntse e feta, ho ile ha hlaha liphapang likerekeng tse ipolelang hore ke tsa Bokreste mabapi le se boleloang ke Selallo esita le mokhoa oo se lokelang ho tšoaroa ka oona le makhetlo ao se lokelang ho tšoaroa ka ’ona. Leha ho le joalo, ka tsela e itseng tšebeletso ena e ntse e le ea bohlokoa likerekeng tsohle tse ipolelang hore ke tsa Bokreste. Leha ho le joalo, ha Jesu a theha tšebeletso ee o ile a e etsa joang?
Ho Theha “Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena”
Jesu o ile a theha “lijo tsa shoalane tsa Morena,” kapa Sehopotso sa lefu la hae. (1 Bakorinthe 11:20, 24) Leha ho le joalo, na o ile a theha tšebeletso ea mohlolo eo ho eona balateli ba hae ba neng ba tla ja ’mele oa hae ba be ba noe mali a hae?
Jesu o ne a qeta ho tšoara Paseka ea Bajuda ’me a se a lelekile Judase Iskariota, e leng moapostola ea neng a tla tloha a mo eka. Matheu, e mong oa baapostola ba 11 ba neng ba le teng, o re: “Ha ba ntse ba tsoela pele ho ja, Jesu a nka bohobe ’me, ka mor’a ho kōpa tlhohonolofatso, a bo qhetsola ’me, ha a bo fa barutuoa, a re: ‘Nkang, le je. Sena se bolela ’mele oa ka.’ Hape, a nka senoelo ’me, ha a lebohile, a ba fa sona, a re: ‘Noang ho sona, kaofela ha lōna; kaha sena se bolela “mali a selekane” a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.’”—Matheu 26:26-28.
Jesu, joaloka bahlanka bohle ba Molimo, o ne a tloaetse ho rapella lijo. (Deuteronoma 8:10; Matheu 6:11; 14:19; 15:36; Mareka 6:41; 8:6; Johanne 6:11, 23; Liketso 27:35; Baroma 14:6) Na ho na le lebaka la ho lumela hore ha Jesu a rapela, o ne a boetse a etsa mohlolo, a etsa hore balateli ba hae ba je nama ea hae ’me ba noe mali a hae?
Na e Lokela ho ba “Sena se Bolela” Kapa “Hona Ke”?
Ke ’nete hore Libibele tse ling li fetolela mantsoe a Jesu tjena: “Nkang, le je; hona ke ’mele oa ka,” hape li re, “Noelang ho sona bohle; hobane hona ke mali a ka.” (Matheu 26:26-28, Bibele ea Sesotho; Bibele—Phetolelo e Ncha) Hape ke ’nete hore lentsoe la Segerike e·stin΄, e leng mofuta oa leetsi la Segerike “ho ba,” ha e le hantle le bolela “ke.” Empa leetsi lena le ka boetse la bolela “ho tšoantšetsa.” Hoa thahasellisa hore ebe Libibeleng tse ngata leetsi lena le atisa ho fetoleloa e le “sena se bolela” kapa “sena se emela.”b Ho itšetlehile ka taba eo ho ntseng ho buuoa ka eona hore na ke moelelo ofe o nepahetseng ka ho fetisisa. Ka mohlala, Libibeleng tse ngata e·stin΄ e hlahang ho Matheu 12:7 e fetoletsoe e le “bolela”: “Haeba le ne le tsebile hore na sena se bolela [e·stin΄ ka Segerike] eng: Ke batla mohau eseng sehlabelo, le ka be le sa ahlola ba se nang molato.”—CEI; Douay Version.
Tabeng ena, litsebi tse ngata tsa Bibele tse tummeng li lumetse hore lentsoe “ke” ha le fetolele ka nepo seo Jesu a neng a se bolela. Ka mohlala, Jacques Dupont o ile a nahana ka setso le sechaba sa habo Jesu ’me a phetha ka ho re phetolelo “e neng e tla utloahala ka ho fetisisa” ea temana ena e lokela ho re: “Sena se bolela ’mele oa ka” kapa, “Sena se emela ’mele oa ka.”
Leha ho le joalo, Jesu o ne a ke ke a bolela hore balateli ba hae ba lokela ho ja ’mele oa hae le ho noa mali a hae. Hobane’ng? Ka mor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, ha Molimo a ne a lumella motho hore a je nama ea liphoofolo, o ile a fana ka taelo e tobileng e mo hanelang ho ja mali. (Genese 9:3, 4) Taelo ena e ile ea phetoa Molaong oa Moshe, oo Jesu a neng a o boloka ka botlalo. (Deuteronoma 12:23; 1 Petrose 2:22) Baapostola ba ile ba bululeloa ke moea o halalelang hore ba tsosolose molao o khahlanong le ho ja mali, e leng se ileng sa etsa hore molao oo o tlame Bakreste bohle. (Liketso 15:20, 29) Na Jesu o ne a tla simolla tšebeletso e neng e tla etsa hore balateli ba hae ba tlōle molao o halalelang oa Molimo Ea Matla ’Ohle? O ne a ke ke!
Kahoo, ho hlakile hore bohobe le veine eo Jesu a ileng a e sebelisa e ne e le tšoantšetso. Bohobe bo sa lomosoang bo ne bo bolela, kapa bo emela, ’mele oa hae o se nang sebe o neng o tla etsoa sehlabelo. Veine e khubelu e ne e tšoantšetsa mali a hae a neng a tla tšolloa “molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.”—Matheu 26:28.
Ke Hobane’ng ha ho Etsoa Tšebeletso ea Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?
Jesu o ile a phetha tšebeletso ea pele ea Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka mantsoe ana: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Ka sebele tšebeletso ena e re thusa ho hopola Jesu le lintho tse babatsehang tse tla etsahala ka lebaka la lefu la hae. E re hopotsa hore Jesu o ile a tšehetsa bobusi ba Ntate oa hae, Jehova. Hape e re hopotsa hore ka lefu la hae joaloka motho ea se nang sekoli le sebe, Jesu o ile a fana ka “moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” Thekollo e nolofalletsa mang kapa mang ea bontšang tumelo sehlabelong sa hae hore a lokolloe sebeng ’me a fumane bophelo bo sa feleng.—Matheu 20:28.
Leha ho le joalo, haholo-holo Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke lijo tseo ho tsona ho amehang batho ba bangata. Ho ameha (1) Jehova Molimo, ea ileng a lokisetsa thekollo, (2) Jesu Kreste, “Konyana ea Molimo,” ea faneng ka thekollo, le (3) barab’abo Jesu ba moea. Ha bara bana babo ba ja bohobe le ho noa veine, ba bontša hore ba bonngoeng le Kreste ka ho feletseng. (Johanne 1:29; 1 Bakorinthe 10:16, 17) Ba boetse ba bontša hore ba ‘selekaneng se secha’ e le barutuoa ba Jesu ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang. Ke bona ba tla busa le Kreste leholimong e le marena le baprista.—Luka 22:20; Johanne 14:2, 3; Tšenolo 5:9, 10.
Sehopotso se lokela ho tšoaroa neng? Re fumana karabo e hlakileng ha re hopola hore Jesu o ile a khetha letsatsi le khethehileng leo a ileng a theha tšebeletso ena ka lona—e leng la Paseka. Ka lilemo tse fetang 1 500, batho ba Molimo ba ne ba bokana selemo le selemo ka letsatsi lena la la 14 Nisane ho ea ka lialmanaka tsa bona, ho tšoara tšebeletso e ba hopotsang kamoo Jehova a ileng a pholosa batho ba hae ka tsela e babatsehang kateng. Ho hlakile hore Jesu o ne a laela balateli ba hae hore ka letsatsi leo ba hopole ketso e khōlō ka ho fetisisa ea poloko eo Molimo a neng a tla e etsa ka lefu la Kreste. Kahoo, balateli ba ’nete ba Jesu ba ba teng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena selemo le selemo ka letsatsi le oelang ho la 14 Nisane almanakeng ea Seheberu.
Na ba etsa see hobane feela e le tloaelo? Ha e le hantle, ke lona lebaka leo ba bangata ba thahasellang Selallo. Mongoli ea boletsoeng oa sehlooho se hlahileng makasineng ea Time o re: “Ho na le ntho e thabisang e le kannete ka ho kopanela litšebeletsong tsa boholo-holo tse tšoaroang ke batho ba bangata hakana.” Joaloka Mak’hatholike a mangata kajeno, mongoli enoa o re a ka thabela ha tšebeletso eo e ka etsoa ka Selatine joaloka nakong e fetileng. Ka lebaka lefe? O re: “Ke thabela ho utloa ha ho binoa ka puo eo ke sa e tsebeng ’Miseng hobane hangata ha ke thabele seo ke se utloang ha ho binoa ka Senyesemane.”
Ho sa tsotellehe hore na li lula hokae, Lipaki Tsa Jehova hammoho le batho ba bang ba limilione li thabela ho tšoara Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ka lipuo tsa tsona. Li thabela ho ntlafatsa kutloisiso ea tsona ea se boleloang ke lefu la Kreste le molemo oa lona. Ho bohlokoa ho nahanisisa ka linnete tsena le ho buisana ka tsona selemo sohle. Lipaki li fumana hore ho tšoara Sehopotso ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho lula li hopola lerato le matla la Jehova Molimo le Mora oa hae Jesu Kreste. Ho li thusa ho lula li “phatlalatsa lefu la Morena, ho fihlela a fihla.”—1 Bakorinthe 11:26.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tšebeletso ena e boetse e bitsoa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, ho qhetsoloa ha bohobe, Selallo, Sehlabelo se Halalelang, le ’Misa o Halalelang.
b Ka mohlala, sheba kamoo Matheu 13:38; 27:46; Luka 8:11; Bagalata 4:24 li fetoletsoeng kateng ho The New English Bible.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Ha Jesu a theha tšebeletso ee o ile a e etsa joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Jesu o ile a theha Sehopotso sa lefu la hae
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ho tšoeroe Sehopotso sa lefu la Jesu Kreste