Na Lebitso la Jehova le Lokela ho Hlaha Testamenteng e Ncha?
NA KE habohlokoa hore lebitso la Molimo le hlahe ka Bibeleng? Ha ho pelaelo hore Molimo o bone ho hlokahala. Lebitso la hae, le emeloang ke litlhaku tsa Seheberu tse tsejoang e le Tetragrammaton, le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 mangolong a pele a Seheberu ao ka tloaelo ho thoeng ke Testamente ea Khale.a
Litsebi tsa Bibele lia lumela hore lebitso la Molimo lea hlaha Testamenteng ea Khale, kapa Mangolong a Seheberu. Leha ho le joalo, tse ngata li nahana hore le ne le sa hlahe libukeng tsa pele tsa Segerike tse ngotsoeng ka letsoho tsa seo ho thoeng ke Testamente e Ncha.
Joale mongoli oa Testamente e Ncha o ne a etsa joang ha a qotsa litemana Testamenteng ea Khale tse nang le litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo? Boemong boo, ho e-na le ho ngola lebitso la Molimo, bafetoleli ba bangata ba ngola “Morena.” Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ha e latele tloaelo eo. E sebelisa lebitso la Jehova ka makhetlo a 237 Mangolong a Segerike a Bakreste, kapa Testamenteng e Ncha.
Bafetoleli ba Bibele ba kopana le mathata afe ha ba etsa qeto ea hore na ba sebelise lebitso la Molimo Testamenteng e Ncha kapa che? Na ho na le mabaka a utloahalang a ho sebelisa lebitso la Molimo karolong ee ea Mangolo a Halalelang? ’Me ho sebelisoa ha lebitso la Molimo ka Bibeleng ho u ama joang?
Bothata bo Hlahileng ha ho Fetoleloa
Libuka tse teng kajeno tse ngotsoeng ka letsoho tsa Testamente e Ncha hase tsa pele-pele. Libuka tsa pele-pele tseo Matheu, Johanne, Pauluse, le ba bang ba neng ba li ngotse ka letsoho li ne li sebelisoa haholo, ’me ha ho pelaelo hore li ile tsa tsofala. Ka lebaka leo, ho ile ha ngoloa likopi, ’me ha li tsofala ha ngoloa tse ling hape. Boholo ba likopi tse likete tsa Testamente e Ncha tse teng hona joale li ngotsoe lilemo tse ka bang makholo a mabeli ka mor’a hore ho ngoloe tsa pele-pele. Kamoo ho bonahalang kateng, ka nako eo, batho ba neng ba kopitsa libuka tseo tse ngotsoeng ka letsoho ba ile ba tlosa litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo eaba ba ngola Kuʹri·os kapa Kyʹri·os, e leng lentsoe la Segerike le bolelang “Morena,” kapa ba ile ba kopitsa libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tse neng li entse joalo.b
Ha mofetoleli a tseba sena, o lokela ho fumana hantle hore na ho na le bopaki bo lekaneng ba hore libukeng tsa pele-pele tsa Segerike tse ngotsoeng ka letsoho ho ne ho e-na le litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo. Na bopaki bo joalo bo teng? Nahana ka lintlha tse latelang:
Ha Jesu a qotsa Testamente ea Khale kapa a e bala, o ne a sebelisa lebitso la Molimo. (Deuteronoma 6:13, 16; 8:3; Pesaleme ea 110:1; Esaia 61:1, 2; Matheu 4:4, 7, 10; 22:44; Luka 4:16-21) Mehleng ea Jesu le barutuoa ba hae, litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo li ne li hlaha mangolong a Seheberu a seo hangata ho thoeng ke Testamente ea Khale, joalokaha li ntse li hlaha le kajeno. Leha ho le joalo, ka lilemo tse makholo litsebi li ne li nahana hore litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo li ne li sa hlahe libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa phetolelo ea Testamente ea Khale tsa Septuagint ea Segerike, hammoho le libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Testamente e Ncha. Eaba bohareng ba lilemo tsa bo-1900 litsebi li lemoha ntho e hlollang—hore ho sibolotsoe likaroloana tsa khale-khale tsa phetolelo ea Septuagint ea Segerike e neng e le teng mehleng ea Jesu. Lebitso la Molimo le ngotsoeng ka litlhaku tsa Seheberu lea hlaha likaroloaneng tseo.
Jesu o ile a sebelisa lebitso la Molimo a ba a le tsebisa ba bang. (Johanne 17:6, 11, 12, 26) Jesu o buile ka ho toba, a re: “Ke tlile ka lebitso la Ntate.” Hape o ile a hlakisa hore o ne a etsa lintho “ka lebitso la Ntate [oa hae].” Ha e le hantle, lebitso la Jesu le bolela “Jehova ke Poloko.”—Johanne 5:43; 10:25.
Lebitso la Molimo le hlaha le khutsufalitsoe Mangolong a Segerike. Ho Tšenolo 19:1, 3, 4, 6, lebitso la Molimo le teng ho “Alleluia,” kapa “Hallelujah.” Lentsoe lena le bolela “Rorisang Jah, lōna batho!” Jah ke khutsufatso ea lebitso la Jehova.
Lingoliloeng tsa boholo-holo tsa Bajuda li bontša hore Bakreste ba Bajuda ba ne ba ngola lebitso la Molimo ka har’a lingoliloeng tsa bona. The Tosefta, e leng pokello ea melao ea neano e ngotsoeng e phethiloeng hoo e ka bang ka 300 C.E., e bua tjena mabapi le lingoliloeng tsa Bakreste tse ileng tsa chesoa ka Sabatha: “Libuka tsa Baevangeli le tsa minim [bao ho nahanoang hore ke Bakreste ba Bajuda] ha ba li tšole mollong. Empa li tloheloa hore li chelle hona moo, . . . tsona hammoho le likarolo tse buang ka Lebitso la Molimo tse hlahang ka har’a tsona.” Ha sengoliloeng sona seo se qotsa Rabbi Yosé oa Galilea, ea neng a phela qalong ea lilemo tsa bo-100 C.E., se re o ile a re ka matsatsi a mang a beke “motho o ne a tabola likarolo tse buang ka Lebitso la Molimo tse ho tsona [lingoliloeng tsa Bakreste] ebe o li beha kae-kae, ’me o chesa ho setseng.” Kahoo, ho na le bopaki bo matla ba hore Bajuda ba neng ba phela lilemong tsa bo-100 C.E. ba ne ba lumela hore Bakreste ba ne ba ngola lebitso la Jehova ka har’a lingoliloeng tsa bona.
Bafetoleli ba Sebelitse Taba ee Joang?
Na Phetolelo ea Lefatše le Lecha ke eona feela Bibele e khutliselitseng lebitso la Molimo sebakeng sa lona ha e fetolela Mangolo a Segerike? Ha ho joalo. Ho ea ka bopaki bo boletsoeng pejana, bafetoleli ba bangata ba Bibele ba entse qeto ea ho khutlisetsa lebitso la Molimo sebakeng sa lona ha ba fetolela Testamente e Ncha.
Ka mohlala, liphetolelo tse ngata tsa Testamente e Ncha tsa lipuo tsa Afrika, Amerika, Asia, le sehlekehlekeng sa Pacific li sebelisa lebitso la Molimo ka makhetlo a mangata. (Sheba chate e leqepheng la 21.) Tse ling tsa liphetolelo tsena hase khale li le teng, joaloka Bibele ea Serotuman (1999), e sebelisang Jihova ka makhetlo a 51 litemaneng tse 48 tsa Testamente e Ncha, le phetolelo ea Sebatak-Toba (1989) sa Indonesia, e sebelisang Jahowa ka makhetlo a 110 Testamenteng e Ncha. Lebitso la Molimo le boetse le hlaha Libibeleng tsa Sefora, Sejeremane le Sepanishe. Ka mohlala, Pablo Besson o fetoletse Testamente e Ncha ka Sepanishe mathoasong a lilemo tsa bo-1900. Bibele ea hae e sebelisa Jehová ho Juda 14, ’me mengolo e ka bang 100 e botlaaseng ba leqephe e bontša moo e ka ’nang eaba lebitso la Molimo le ne le lokela ho hlaha.
Ka tlaase mona ho na le mehlala e seng mekae ea liphetolelo tsa Senyesemane tse sebelisitseng lebitso la Molimo Testamenteng e Ncha:
A Literal Translation of the New Testament . . . From the Text of the Vatican Manuscript, ea Herman Heinfetter (1863)
The Emphatic Diaglott, ea Benjamin Wilson (1864)
The Epistles of Paul in Modern English, ea George Barker Stevens (1898)
St. Paul’s Epistle to the Romans, ea W. G. Rutherford (1900))
The Christian’s Bible—New Testament, ea George N. LeFevre (1928)
The New Testament Letters, ea J.W.C. Wand, Mobishopo oa London (1946)
Haufinyane tjena, khatisong ea 2004 ea phetolelo e ratoang ea New Living Translation ho ile ha buuoa mantsoe ana selelekeleng sa eona, tlas’a sehlooho se reng “Ho Fetolela Mabitso a Molimo”: “Ka kakaretso re fetoletse litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo (YHWH) ka tsela e tšoanang e le ‘MORENA,’ re sebelisa mokhoa o tloaelehileng liphetolelong tsa Senyesemane oa ho le ngola ka litlhaku tse khōlō. Ho etsa joalo ho tla le khetholla lebitsong la ʹadonai, leo re le fetoletseng e le ‘Morena.’” Joale, ha e bua ka Testamente e Ncha, e re: “Lentsoe la Segerike kurios le fetoletsoe ka mokhoa o tšoanang e le ‘Morena,’ le hoja le ngotsoe e le ‘MORENA’ hohle moo Testamente e Ncha e qotsang ka ho toba Testamenteng ea Khale, ’me temaneng eo le ngotsoe ka litlhaku tse khōlō.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Kahoo, bafetoleli ba Bibele ena baa lumela hore ho lokela ho ba le lentsoe le nkang sebaka sa litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo (YHWH) litemaneng tsa Testamente e Ncha tse qotsitsoeng.
Hoa thahasellisa hore ebe tlas’a sehlooho se reng “Litlhaku Tse ’nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo Testamenteng e Ncha,” The Anchor Bible Dictionary e re: “Ho na le bopaki bo itseng ba hore ha litokomane tsa T[estamente e] N[cha] li ne li qala ho ngoloa, litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo, Yahweh, li ne li hlaha kae-kae kapa hohle moo T[estamente e] N[cha] e qotsitseng T[estamente ea] K[hale].” Hape, setsebi se bitsoang George Howard se re: “Kaha litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo li ne li ntse li ngotsoe Bibeleng ea Segerike [e leng Septuagint] eo e neng e le karolo ea Mangolo a kereke ea boholo-holo, hoa utloahala ho lumela hore bangoli ba T[estamente e] N[cha], ha ba qotsa Mangolo, ba ile ba sebelisa litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo litemaneng tsa Bibele.”
Mabaka a Mabeli a Kholisang
Ka lebaka leo, ho hlakile hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ne e se eona Bibele ea pele ea ho ngola lebitso la Molimo Testamenteng e Ncha. Joaloka moahloli ea bitsoang hore a tl’o ahlola nyeoeng eo ho eona ho se nang lipaki tse boneng ka mahlo, Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e ile ea hlahlobisisa bopaki bohle ka hloko. E ile ea sebelisa bopaki boo e bo fumaneng ’me ea etsa qeto ea ho ngola lebitso la Jehova ha e fetolela Mangolo a Segerike a Bakreste. Hlokomela mabaka a mabeli a kholisang ao e entseng joalo ka ’ona.
(1) Bafetoleli ba ne ba lumela hore kaha Mangolo a Segerike a Bakreste e ne e le karolo e bululetsoeng ke Molimo e tlatselletsang Mangolo a Seheberu a halalelang, ho ne ho bonahala e le ho ikhanyetsa hore ebe ka tšohanyetso lebitso la Jehova ha le sa hlaha.
Ke hobane’ng ha qeto ee e utloahala? Hoo e ka bang ka 61 C.E., morutuoa Jakobo o ile a re ho baholo ba Jerusalema: “Symeone o phetile ka ho phethahetseng kamoo ka lekhetlo la pele Molimo a ileng a lebisa tlhokomelo ea hae lichabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae.” (Liketso 15:14) Na ho ne ho ka utloahala hore Jakobo a bue mantsoe a joalo haeba nakong eo ho ne ho se motho ea tsebang lebitso la Molimo kapa ea le sebelisang?
(2) Ha ho ne ho fumanoa likopi tsa Septuagint tse sebelisang lebitso la Molimo ho e-na le ho sebelisa Kyʹri·os (Morena), bafetoleli ba ile ba bona ka ho hlaka hore mehleng ea Jesu likopi tsa Mangolo a pele a Segerike le a Seheberu li ne li e-na le lebitso la Molimo.
Kamoo ho bonahalang kateng, e bile moraonyana moo ho bileng le tloaelo e hlomphollang Molimo ea ho tlosa lebitso la hae libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike. U na le maikutlo afe ka see? Na Jesu le baapostola ba hae ba ne ba ka se khothalletsa?—Matheu 15:6-9.
Ipiletse “Lebitsong la Jehova”
Ha e le hantle, Mangolo a paka ntle ho tika-tiko hore Bakreste ba boholo-holo ba ne ba sebelisa lebitso la Jehova ka har’a lingoliloeng tsa bona, haholo-holo ha ba qotsa litemana tseo le hlahang ho tsona Testamenteng ea Khale. Kahoo, ha ho pelaelo hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha e na le mabaka a utloahalang a ho khutlisetsa lebitso la Molimo, Jehova, Mangolong a Segerike a Bakreste.
Taba ee e u ama joang? Ha moapostola Pauluse a qotsa Mangolo a Seheberu, o ile a hopotsa Bakreste ba Roma, a re: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” Eaba oa botsa: “Ba tla ipiletsa joang ho eo ba sa behang tumelo ho eena? Hape, ba tla beha tumelo joang ho eo ba e-s’o utloele ka eena?” (Baroma 10:13, 14; Joele 2:32) Libibele tse sebelisang lebitso la Molimo moo ho loketseng, li u thusa hore u atamele ho Molimo. (Jakobo 4:8) Ruri ke tlotla e tsotehang hore re fuoe monyetla oa ho tseba lebitso la Molimo, Jehova, le ho ipiletsa ho lona.
a Tetragrammaton ke litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo, YHWH. Ka tloaelo li fetoleloa e le Jehova ka Sesotho.
b Bakeng sa lintlha tse eketsehileng tabeng ena, sheba bukana ea Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, leqepheng la 23-27.