Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 9/1 maq. 26-29
  • Lefatše le Tšoeroe ke “Feberu”—Na ho na le Pheko?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le Tšoeroe ke “Feberu”—Na ho na le Pheko?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlahloba Lefatše
  • Moo Likarabo li ka Fumanoang Teng
  • Lefatše le Entsoe ka Morero
  • Re Lebeletse Bokamoso bo Thabisang
  • Boemo ba Leholimo bo Ferekaneng
    Tsoha!—1998
  • Na Lefatše le Kotsing?
    Tsoha!—2008
  • Na Batho ba Tla Senya Lefatše ka ho Feletseng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ho Etsahala’ng ka Boemo ba Leholimo?
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 9/1 maq. 26-29

Lefatše le Tšoeroe ke “Feberu”—Na ho na le Pheko?

MATŠOAO aa bonahala​—mocheso o ntse o eketseha. Mohlala oa sena ke motsana oa Alaska o bitsoang Newtok, o leng ka boroa ho Arctic Circle. Sekoko se bitsoang permafrost seo Newtok e hahiloeng holim’a sona sea qhibiliha. Moahi oa moo ea bitsoang Frank o re: “Ha ke sa batla ho lula sekokong. Ho qhafuqhafu.” Lipatlisiso li bontša hore pele ho feta lilemo tse leshome, ho ka etsahala hore motsana ona o lebōpong la leoatle o hoholehe.

Intergovernmental Panel on Climate Change (IPCC) e re: “Ha ho pelaelo hore lefatše le ntse le futhumala.” Mocheso o ntseng o eketseha lefatšeng lohle o tiisa seo. Seo bo-rasaense ba reng ke ho fetoha ha tlelaemete ho feletse ka boemo ba leholimo bo feteletseng, ho akarelletsa le komello, likhohola, mocheso o matla le maholiotsoana lefatšeng ka bophara. Lefatše la rōna le tla fella kae? Na ho na le pheko?

Ho Hlahloba Lefatše

Bo-rasaense ba boemo ba leholimo ba shebile matšoao a lefatše ka hloko joalokaha eka ke mokuli ea robetseng sepetlele. Lisathalaete li lisitse maqhoa a ntseng a qhibiliha, liteishene tsa boemo ba leholimo li boloka tlaleho ea pula, mechine e lekola hore na botebong ba leoatle ho chesa hakae kapa ho bata hakae, sefofane se lekola boemo ba likhase tse sepakapakeng. Lintlha tsena tsohle tse amanang le boemo ba leholimo li kenngoa lik’homphieutheng tse matla haholo. Ho etsoa litlhahlobo k’homphieutheng e le hore ho bonoe hore na boemo ba leholimo bo tla ba joang lilemong tse mashome kapa tse makholo ho tloha hona joale.

Ke’ng se fumanoang? Ba bang ba lumela hore sepakapaka se imetsoe ke lera la likhase tse silafatsang. Makasine ea Time e re ka 2006 feela, carbon dioxide eo lefatše le e ntšang “e ne e ka ba boima ba lithane tse limilione tse likete tse 32.” Joaloka likhalase tsa ntlo ea limela, likhase tse joalo li koalla mocheso oa lefatše, li o thibela ho tsoela sepakapakeng, kahoo li etsa hore lefatše le futhumale. Ho tla etsahala joang nakong e tlang? Ho latela IPCC, ha likhase li ntse li tsoa ka bongata boo li tsoang ka bona hona joale ho tla ba le “liphetoho tse ngata boemong ba leholimo lefatšeng lohle,” ’me ho ka etsahala hore bo senyehe le ho feta. Hona joale ba bangata baa lumela hore pheko e ka tlisoa ke ho fokotsa carbon dioxide e tsoang. Leha ho le joalo, le haeba likhase tsena li ka fokotsoa, litlhahlobo tsa lik’homphieutha li bontša hore ho ka etsahala hore “mofuthu le ho phahama ha leoatle [ho bakoang ke oona] ho tsoele pele ka lilemo tse makholo.”

Moo Likarabo li ka Fumanoang Teng

Ka sebele ha ho bonolo ho bolela esale pele hore na boemo ba leholimo bo tla ba joang nakong e tlang. Bukeng e Inthaneteng ea Earth Observatory ho na le lipotso tsena: “Ka mohlala, ho tla etsahala’ng ka maru ha Lefatše le ntse le futhumala? Na maru a fofelang holimo a bakang mocheso a tla ba mangata ho feta a teteaneng a thibang letsatsi?” Karabo e re’ng? “Bo-rasaense ba ke ke ba khona ho araba lipotso tsena hona joale.”

Ka lehlakoreng le leng, Bibele e re tiisetsa hore Jehova Molimo ke “Moetsi oa leholimo le lefatše,” ho akarelletsa le “maru holimo.” (Genese 14:19; Liproverbia 8:28) O ile a itlhalosa ka puo ea liroki hore o kentse “bohlale marung.” Ruri Jehova o utloisisa ka ho feletseng seo bo-rasaense ba ke keng ba se utloisisa.—Jobo 38:36.

Hlokomela hore na Molimo o ile a re’ng ka Bibeleng ha a bua ka sepakapaka lilemong tse ka bang 2 700 tse fetileng, o itse: ‘Pula e tšoloha maholimong ’me ha e khutlele sebakeng seo, ntle le hore e nosetse lefatše.’ (Esaia 55:10) Mantsoe aa a hlalosa potoloho ea metsi ka tsela e tobileng hakaakang! Mouoane o marung oa hoama ’me o na e le pula, e ‘nosetsang lefatše.’ Mocheso oa letsatsi o etsa hore mongobo o fetohe mouoane ’me o “khutlele sebakeng seo,” kapa sepakapakeng, e le hore o qale potoloho eo hape. Lentsoe la Jehova le ile la senola makolopetso a hlollang mabapi le tlelaemete ea lefatše lilemo tse makholo pele ho libuka tse sa thehoang Bibeleng. Na seo ha se etse hore u tšepe ’Mōpi haholoanyane u be u tiisehe ka seo a khonang ho se etsa? Kahoo, tabeng ea hore na boemo ba leholimo ba hona joale bo tla fella kae, na ha ho molemo hore re tšepe “’Mōpi oa moea,” ‘ntate oa pula,’ ea tsebang hore lefatše lee le sebetsa joang?—Amose 4:13; Jobo 38:28.

Lefatše le Entsoe ka Morero

Le hoja ho na le maikutlo a sa tšoaneng mabapi le bokamoso ba lefatše, re tiisehile ka ntho e le ’ngoe: Lefatše lea ikhetha. Ho fapana le lipolanete tse ling, le na le mefuta-futa ea lintho tse phelang. See se khoneha joang? Bo-rasaense ba fana ka mabaka a mangata. Ka ho khetheha, lefatše le na le metsi a mangata; le sebakeng se nepahetseng ho tloha letsatsing; ’me le na le motsoako o nepahetseng oa likhase tse sepakapakeng, ho akarelletsa le oksijene e ngata.

U ka ’na ua makala ha u utloa hore buka ea Bibele ea Genese e bua ka lintho tsona tsena tlalehong ea pōpo. Ka mohlala, Genese 1:10 e bolela hore Molimo o ile a bokella ‘metsi ao a ileng a a bitsa Maoatle’—e bua ka ho hlaka ka metsi a mangata. Genese 1:3 e re: “Molimo a re: ‘Leseli le ke le be teng.’” Lefatše la rōna le lutse sebakeng se loketseng ho tloha letsatsing hoo boholo ba metsi a lona bo lulang bo le teng, ’me ha le haufi haholo hoo metsi kaofela a ka fetohang mouoane ’me a leba sepakapakeng.

Genese 1:6 e re Molimo o ile a etsa “sepakapaka.” Joale, temana ea 11 le 12 e re Molimo o ile a hlahisa joang, limela le lifate. Sena sohle se bontša hore ho ile ha e-ba le oksijene, e neng e tla etsa hore motho le liphoofolo li phele ka hore li heme.

Joale, re ka etsa qeto efe? E tlameha ebe ha Molimo a bōpa lefatše​—le nang le metsi a mangata, le sebakeng se loketseng ho tloha letsatsing, le nang le motsoako o loketseng oa likhase—​o ne a e-na le lebaka, a e-na le morero. Bibele e re: ‘[Molimo] ha aa ka a bōpela lefatše lefeela, o le etselitse hore le be le baahi.’ (Esaia 45:18) Pesaleme ea 115:16 e re: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, empa lefatše o le file bara ba batho.” Ka sebele, lefatše le bōpiloe ka morero oa hore batho ba lule ho lona.

Ho latela Bibele, Molimo o ile a bōpa batho ba pele ba babeli a ba beha serapeng sa Edene, paradeiseng e ntle. Ba ne ba lokela ho “se lema le ho se hlokomela.” (Genese 2:15) Molimo o ile a boela a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.” (Genese 1:28) Ak’u inahanele feela hore na ba ne ba lebeletse bokamoso bo babatsehang hakaakang! Ba ne ba lokela ho atolosetsa Paradeise lefatšeng lohle le ho lula teng ka ho sa feleng. A bokamoso bo hlollang!

Ka masoabi, ho e-na le hore batho ba pele ba babeli ba mamele Molimo ka boikokobetso, ba ile ba ikhethela ho itaola, e leng seo boholo ba moloko oa batho bo se khethang ho fihlela kajeno. (Genese 3:1-6) Phello e bile efe? Ho e-na le hore motho a leme lefatše le ho le hlokomela, o ‘senya lefatše’ ka tsela e sa lebelloang. (Tšenolo 11:18) Empa re ka khothatsoa ke ho tseba hore morero oa Molimo ka lefatše ha oa fetoha. Bibele e re: “[Molimo] o thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng; le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 104:5) ’Me Jesu o ile a tšepisa Thutong ea Thabeng a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Matheu 5:5) See se tla finyelloa joang?

Re Lebeletse Bokamoso bo Thabisang

Mopresidente oa mehleng oa United States o ile a re: “Ho fetoha ha boemo ba leholimo ke bothata ba lefatše lohle.” Na joale ua lumela hore ho hlokahala tharollo ea lefatše lohle? Jesu Kreste o ile a bua ka tharollo eo—e leng ’Muso oa Molimo. O ile a laela balateli ba hae hore ba rapele ba re: “’Muso oa hao o ke o tle.” (Matheu 6:9, 10) Ho latela boprofeta ba Bibele, haufinyane ’Muso ona o leholimong o tlang ho busa lefatše lohle o tla “silakanya o felise mebuso ena kaofela [ea kajeno].” (Daniele 2:44) Ho feta moo, o tla “felisa ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Ho hlakile hore batho ba senyang lefatše ’me ba sebelisa matlotlo a lona hampe ba tla ikarabella ’me ba felisoe.

Leha ho le joalo, ho tla etsahala’ng ka lefatše la rōna le silafetseng? Rea hlokomela hore Jesu ha a le lefatšeng, o ile a etsa mehlolo a bontša hore o na le matla a phahametseng lintho tsa tlhaho tse kang moea le leoatle. O ile a khutsisa sefefo se matla ka ho bua mantsoe a seng makae feela. (Mareka 4:35-41) Ha Jesu a se a busa leholimong e le “Khosi ea likhosi le Morena oa marena,” o tla sebelisa matla a maholo le ho feta ao lefatšeng le boemong ba leholimo. (Tšenolo 17:14) Ha e le hantle, Jesu o ile a re ’muso oa hae ke ‘pōpo e entsoeng bocha.’ (Matheu 19:28) Bibele e ’ngoe e sebelisa polelo e reng ‘nchafalo ea tsohle.’ (Bibele ea Sesotho) Jesu o tla nchafatsa maemo lefatšeng, a etse hore a tšoane le a neng a le teng serapeng sa Edene. Paradeise e tla tsosolosoa. (Luka 23:43) ’Muso oa Molimo o tla phekola “feberu” e tšoereng lefatše.

Le hona joale, u ka rua molemo ’Musong oo. Joang? Jesu o ile a profeta a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matheu 24:14) Ka lebaka leo, batho ba limilione ba amohela molaetsa ona. Ba fetola bophelo ba bona. Ba lahla mekhoa e mebe e bolaeang. Bophelo ba malapa boa ntlafala. Lehloeo la morabe lea fela ’me ho rena lerato. Ha e le hantle, ’Muso oa Molimo o finyella lintho tse ke keng tsa finyelloa ke mebuso ea batho. O kopantse batho ba ka bang limilione tse supileng ba linaha tse fetang 235 hore e be mokhatlo oa bara ba motho! Ka sebele, e le bafo ba ’Muso oa Molimo, ba itokisetsa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng lena.

Lefatše lena le na le bokamoso bo sireletsehileng. E se eka bokamoso ba hao bo ka ba joalo!

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Bibele e hlalositse potoloho ea metsi lilemo tse makholo pele ho libuka tse sa thehoang Bibeleng

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Jesu o ile a “khalemela moea ka matla [a] re ho leoatle: ‘Thōla! Khutsa!’ Eaba moea oa kokobela, ’me khutso e khōlō ea e-ba teng”

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ha Paradeise e tsosolosoa, “feberu” e tšoereng lefatše e tla phekoloa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

Godo-Foto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela