Ha e le Hantle Ke’ng se Etsahalang ha Motho a E-shoa?
“Meea eohle ha e shoe, esita le ea ba khopo . . . Kaha e fuoa kotlo ea ho chesoa mollong o sa timeng ’me ha e shoe, ha ho kamoo mahlomola a eona a ka [felang] kateng.”—Clement oa Alexandria, mongoli oa lekholong la bobeli le la boraro la lilemo C.E.
JOALOKA Clement, batho ba buellang thuto ea hore lihele ke sebaka sa tlhokofatso ba nka hore moea oa motho ha o shoe. Na Bibele e tšehetsa thuto ee? Hlokomela seo Lentsoe la Molimo le se buang ha le araba lipotso tse latelang.
Na Adama, e leng motho oa pele, o ne a e-na le moea o sa shoeng? Phetolelo ea Maprostanta e bitsoang King James Version, kapa Authorized Version, ha e bua ka ho bōptjoa ha Adama e re: “MORENA Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” (Genese 2:7) Hlokomela hore lengolo lena ha le re Adama o ile a fuoa moea.
Ke’ng se ileng sa etsahalla Adama qetellong ha a se a entse sebe? Kahlolo eo Molimo a ileng a e liha e ne e se ea ho hlokofatsoa ka ho sa feleng liheleng. Ho e-na le hoo, kahlolo ena ea Molimo e baleha tjena ho New American Bible ea Mak’hatholike: “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao, ho fihlela u khutlela mobung, oo u ntšitsoeng ho oona, hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna; Genese 3:19) Ho hang kahlolo ea Molimo ha e fane ka maikutlo a hore ho na le karolo leha e le efe ea Adama e ileng ea pholoha ha a e-shoa. Ha Adama a e-shoa, moea o bitsoang Adama o ile oa shoa.
Na ho na le motho leha e le ofe ea nang le moea o sa shoeng? Molimo o ile a re ho moprofeta Ezekiele: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4, Bibele ea Sesotho) Moapostola Pauluse o itse: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong [Adama], le lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le fetetse ho batho bohle, hobane bohle ba entse sebe.” (Baroma 5:12, Bibele—Phetolelo e Ncha [BPN]) Haeba batho bohle ba etsa sebe, joale qeto e utloahalang eo re ka e etsang ke hore meea eohle ea shoa.
Na ho na le ntho eo moea o shoeleng o e tsebang kapa o e utloang? Lentsoe la Molimo le re: “Ba phelang bona baa tseba hore ba tla shoa, athe bafu bona ha ho letho leo ba le tsebang.” (Moeklesia 9:5, BPN) Ha Bibele e hlalosa se etsahalang ha motho a e-shoa, e re: “O khutlela mobung, ka lona letsatsi leo o khaotsa ho nahana.” (Pesaleme ea 146:4, KJ) Haeba bafu “ha ho letho leo ba le tsebang” ’me ba “khaotsa ho nahana,” ba ka utloa joang ha ba hlokofatsoa liheleng?
Jesu Kreste o ile a bapisa lefu le boroko, eseng boemo ba hore motho oa phela ka tsela e itseng.a (Johanne 11:11-14) Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba hanyetsa taba eo ka hore Jesu o ile a ruta hore lihele lia chesa le hore baetsalibe ba tla lahleloa mollong oa lihele. A re ke re hlahlobeng hore na hantle-ntle Jesu o ile a re’ng ka lihele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka taba ena, sheba sehlooho se reng “Re Ithuta’ng ho Jesu—Ka Tšepo Bakeng sa Bafu?” leqepheng la 16 le la 17.