Jesu—Mohlala o Phethahetseng oo re Lokelang ho o Latela
NA U lakatsa ho ba motho ea molemo le ea thabileng haholoanyane? Moapostola Petrose o hlalosa hore na sena re ka se etsa joang. O re: “Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Petrose 2:21) Kaha Jesu Kreste ka sebele o ile a phela bophelo bo khethehileng, re ka ithuta ho hongata ho eena. Ruri re ka ba batho ba molemo le ba thabileng haholoanyane ha re ithuta ka Jesu le ho latela mohlala oa hae bophelong. A re ke re lekoleng tse ling tsa litšobotsi tseo motho enoa e moholo a nang le tsona ’me re bone hore na re ka fola molemo ofe mohlaleng oa hae.
Jesu o ne a phela bophelo bo leka-lekaneng. Le hoja Jesu a ile a re “ha a na moo a ka behang hlooho ea hae teng,” ha aa ka a itšotla kapa a ruta batho ho phela bophelo ba ho itšotla. (Matheu 8:20) O ne a e-ea meketeng. (Luka 5:29) Mohlolo oa hae oa pele o ileng oa ngoloa fatše—ha a ne a fetola metsi veine moketeng o mong oa lenyalo—o bontša hore o ne a sa itšehle thajana kapa hona ho ba motho ea thata. (Johanne 2:1-11) Ho ntse ho le joalo, Jesu o ne a etsa hore ho hlake hore na ntho ea bohlokoa bophelong ba hae ke efe. O ile a re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.”—Johanne 4:34.
□ Na u kile ua itlhahloba e le ho bona hore na u na le pono e loketseng mabapi le lintho tse bonahalang le lintho tsa moea?
Batho ba ne ba sa tšabe ho tla ho Jesu. Bibele e hlalosa Jesu e le motho ea lerato le ea botsoalle. O ne a sa tenehe ha batho ba tla ho eena ka mathata a bona kapa ba mo botsa lipotso tse thata. Ka lekhetlo le leng ha a ne a pota-potiloe ke letšoele, mosali e mong ea neng a bile matšoenyehong ka lilemo tse 12, o ile a ama seaparo sa hae a tšepile hore o tla fola. Le hoja batho ba bang ba ne ba ka nka hore o ne a sa lokela ho etsa joalo, Jesu eena ha aa ka a mo nyatsa, ho e-na le hoo, ka mosa o ile a re: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse.” (Mareka 5:25-34) Bana le bona ba ne ba sa tšabe ho tla ho eena kaha ba ne ba tseba hore o tla ipha nako ea bona. (Mareka 10:13-16) O ne a buisana le barutuoa ba hae ka botšepehi le ka tsela e mosa. Ba ne ba sa qea-qee ha ba lokela ho tla ho eena.—Mareka 6:30-32.
□ Na ho bonolo hore batho ba bang ba tle ho uena?
O ne a e-na le qenehelo le kutloelo-bohloko. E ’ngoe ea litšobotsi tse hlaheletseng tseo Jesu a neng a e-na le tsona ke hore o ne a utloisisa maemo ao batho ba leng ho ’ona, a ba utloela bohloko a bile a ba tšehetsa ha ba hloka thuso. Moapostola Johanne o tlaleha hore ha Jesu a bona Maria a llela khaitseli ea hae, e leng Lazaro ea neng a shoele, Jesu o ile “a bobola moeeng ’me a khathatseha” a ba “a ntša meokho.” Ba shebeletseng ba ile ba utloisisa hore Jesu o ne a rata lelapa leo haholo hoo a neng a se lihlong ho bontša boikutlo ba hae ka pel’a batho. Joale o ile a bontša kutloelo-bohloko e kaakang ha a tsosa motsoalle eo oa hae lefung!—Johanne 11:33-44.
Ka lekhetlo le leng, monna ea neng a tšoeroe ke lepera—lefu le tšabehang le neng le mo arotse ho batho ba bang—o ile a kōpa Jesu ka tieo: “Morena, haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.” Jesu o ile a etsa ntho e ’ngoe e amang pelo: “A otlolla letsoho, a mo ama, a re: ‘Kea batla. Hloeka.’” (Matheu 8:2, 3) Jesu o ne a sa phekole batho ka lebaka feela la ho phethahatsa boprofeta. O ne a batla ho ba hlakola meokho. O ne a etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe a ipapisitse le polelo ea hae e sa lebaleheng e reng: “Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.”—Luka 6:31.
□ Na liketso tsa hao li bontša hore u utloela batho ba bang bohloko?
Jesu o ne a e-na le kutloisiso le temohisiso. Le hoja Jesu a ne a sa etse liphoso, le ka mohla ha aa ka a lebella hore batho ba etse lintho tse phethahetseng kapa hona ho iphahamisetsa bona ’me ha aa ka a ba tšoara ka tsela e se nang kutloisiso. Ka nako e ’ngoe, mosali e mong “ea neng a tsebahala motseng . . . e le moetsalibe” o ile a bontša tumelo le kananelo ea hae ka ho hlatsoa maoto a Jesu ka meokho ea hae. Jesu o ile a mo lumella ho etsa joalo e leng se ileng sa makatsa monna ea neng a mo memile, ea neng a nka mosali eo e le motho e mobe. Kaha Jesu o ne a lemoha hore mosali eo o etsa seo ka pelo eohle, ha aa ka a mo nyatsa ka lebaka la libe tsa hae. Ho e-na le hoo, o ile a re: “Tumelo ea hao e u pholositse; tsamaea ka khotso.” Kaha Jesu o ile a mo tšoara ka mosa, ho bonahala mosali eo a ile a susumelletseha ho fetola litsela tsa hae.—Luka 7:37-50.
□ Na batho ba u tseba u le motho ea potlakelang ho babatsa ’me a lieha ho tšoaea liphoso?
O ne a sa ee ka leeme a bile a hlompha. Mohlomong ka lebaka la hore Johanne le Jesu ba ne ba e-na le botho bo batlang bo tšoana ba bile ba amana, Jesu o ne a rata morutuoa enoa oa hae ka tsela e khethehileng.a Leha ho le joalo, o ne a sa mo tšoare ka tsela e fapaneng le ea ba bang, kapa hona ho mo nka a phahametse barutuoa ba bang. (Johanne 13:23) Ha e le hantle, ha Johanne le ngoan’abo Jakobo ba ne ba ikōpela ho fuoa maemo a phahameng ’Musong oa Molimo, Jesu o ile a re ho bona: “Ha e le ho lula ka ho la ka le letona kapa ka ho le letšehali hase ’na ea ka fanang ka hona.”—Mareka 10:35-40.
Kamehla Jesu o ne a hlompha batho ba bang. O ne a se na leeme le neng le atile mehleng ea hae. Ka mohlala, batho ba ne ba atisa ho khella basali tlaase. Empa Jesu eena o ne a siela basali seriti se ba tšoanetseng. Motho oa pele eo Jesu a ileng a mo bolella ka ho toba hore ke eena Mesia, e ne e se Mojuda empa e ne le mosali oa Mosamaria; ka tloaelo Bajuda ba ne ba khesa Basamaria, ho se ho sa thoe letho ka ho ba lumelisa. (Johanne 4:7-26) Hape Jesu o ile a fa basali tokelo ea hore e be bona ba pele ba ileng ba fana ka bopaki ba hore o tsohile.—Matheu 28:9, 10.
□ Na u motho ea sa eeng ka leeme ha u sebelisana le batho ba morabe o mong, ba bong bo fapaneng le ba hao, ba puo e ’ngoe, kapa ba sechaba se seng?
O ne a phetha boikarabelo ba hae joaloka mora le ngoana e moholo ka lapeng. Ho bonahala eka Josefa, e leng ntate oa Jesu ea mo hōlisitseng, o ile a hlokahala Jesu e sa le mocha. E tlameha ebe Jesu o ile a sala a hlokometse ’mè oa hae le barab’abo le likhaitseli tsa hae ka ho sebetsa e le ’metli. (Mareka 6:3) Ha a le makhatheng a ho shoa, o ile a siea ’mè oa hae liatleng tsa morutuoa oa hae Johanne.—Johanne 19:26, 27.
□ Na u ka etsisa Jesu ka ho phetha boikarabelo ba hao ka lapeng?
Jesu e ne e le motsoalle oa sebele. Jesu e ne e le motsoalle oa ’makhonthe. Ka tsela efe? Ha aa ka a lahla metsoalle ea hae hobane feela e ne e etsa liphoso, esita leha e ne e pheta liphoso tse tšoanang. Barutuoa ba hae ba ne ba atisa ho etsa lintho tseo a sa li rateng. Empa o ne a bontša hore ke motsoalle oa bona ka ho sheba lintho tse ntle tseo ba li etsang ho e-na le ho ba nahanela hampe. (Mareka 9:33-35; Luka 22:24-27) O ne a sa tsitlelle hore ba bone lintho ka tsela eo a li talimang ka eona, empa o ne a ba khothalletsa hore ba ntše maikutlo a bona ka bolokolohi.—Matheu 16:13-15.
Ntlha ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore Jesu o ne a rata metsoalle ea hae. (Johanne 13:1) O ne a e rata hakae? O ile a re: “Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.” (Johanne 15:13) Na ho na le ntho leha e le efe ea bohlokoa eo motho a ka e tellang metsoalle ea hae ho feta ho e tella bophelo ba hae?
□ Na u tla lula u le motsoalle oa motho esita leha a u halefisa kapa a u khopisa?
O ne a sa tšabe a bile a le sebete. Ho hang Jesu e ne e se motho ea fokolang, joalokaha bataki ba bang ba litšoantšo ba mo hlahisa a le joalo. Likosepele li bua ka eena e le motho ea matla le ea sehlahlo. Ka makhetlo a mabeli, Jesu o ile a leleka bahoebi le thepa ea bona ka tempeleng. (Mareka 11:15-17; Johanne 2:14-17) Ha mahoohoo a tlil’o tšoara “Jesu Monazaretha,” o ile a ikisa ho ’ona, eaba o sireletsa barutuoa ba hae ka hore a bolele a sa tšabe, a re: “Ke ’na enoa. Ka hona, haeba ke ’na eo le mo batlang, le tlohele bana ba tsamaee.” (Johanne 18:4-9) Ha ho makatse hore ebe Ponse Pilato ha a bona Jesu a le sebete le hoja a ne a tšoeroe a bile a hlokofatsoa, o ile a re: “Bonang! Monna!”—Johanne 19:4, 5.
□ Na u nka khato ka sebete u sa tšabe ha u bona seo u lokelang ho se etsa?
Ke litšobotsi tsena tse hlaheletseng hammoho le tse ling tse etsang hore Jesu e be mohlala oa rōna o phethahetseng. Haeba re etsisa boitšoaro ba hae, re tla ba batho ba molemo le ba thabileng haholoanyane. Ke ka lona lebaka lena moapostola Petrose a ileng a khothalletsa Bakreste hore ba latele mehato ea Jesu haufi-ufi. Na u etsa sohle se matleng a hao hore u latele mehato ea Jesu haufi-ufi?
E ne e se Feela Mohlala oo re Lokelang ho o Latela
Leha ho le joalo, Jesu, e ne e se feela mohlala oo re lokelang ho o latela. O ile a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6) Kantle le hore Jesu o ile a ruta batho ’nete mabapi le Molimo, e leng se ileng sa ba bulela tsela ea ho atamela haufi le Molimo, o ile a fa batho ba tšepahalang monyetla oa bophelo.—Johanne 3:16.
Ha Jesu a bolela lebaka leo a tlileng ka lona lefatšeng, o ile a re: “Mor’a motho [ha aa] ka a tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) Ka ho nehela bophelo ba hae e le sehlabelo, Jesu o ile a rala motheo oa hore batho ba fumane bophelo bo sa feleng. Motho ka mong o lokela ho etsa’ng e le hore a rue molemo tokisetsong ee? Jesu oa hlalosa: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.
Ka hona, hore re fumane bophelo bo sa feleng, ho hlokahala hore re tsebe Jesu, re etsise tsela eo a neng a phela ka eona, re be re lumele sehlabelong sa lefu la hae. Re u khothalletsa hore u ke u iphe nako ea ho ithuta Bibele e leng mohloli oa tsebo eo ’me u leke ho latela seo u se balang joalokaha Jesu a ile a etsa.b
Mohlala oo Jesu a re behetseng oona o re ruta hore na re lokela ho ba batho ba mofuta ofe. Lefu la hae la sehlabelo le ka re lokolla sebeng le moputsong oa sona e leng lefu. (Baroma 6:23) Re ka be re le boemong bo hlomolang pelo hakaakang ha e ne e se ka Jesu Kreste! Le ka mohla, u se ke ua lumella ho tšoareha haholo mesebetsing ea letsatsi le letsatsi le matšoenyeho a bophelo hore li u sitise ho latela haufi-ufi mohlala oa motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela—Jesu Kreste.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ka etsahala hore Salome, ’mè oa Johanne, e ne e le ngoan’abo Maria, ’mè oa Jesu. Bapisa Matheu 27:55, 56 le Mareka 15:40 le Johanne 19:25.
b Fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le bophelo ba Jesu ha a sa le lefatšeng ka ho bala buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]
◼ Jesu o ne a sa ee ka leeme a bile a hlompha batho bohle
◼ E bile motsoalle oa sebele ho isa qetellong
◼ O ne a le sebete
Na u etsa sohle se matleng a hao hore u latele mehato ea Jesu haufi-ufi?
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Jesu o ne a phela bophelo bo leka-lekaneng . . .
batho ba ne ba sa tšabe ho tla ho eena . . .
o ne a e-na le kutloelo-bohloko