Bethele ea Brooklyn—E Qeta Lilemo Tse Lekholo
SELEMO sa 1909 e bile sa bohlokoa nalaneng ea New York City. Ho ile ha buloa Borokho ba Queensboro, bo kopanyang toropo ea Queens le ea Manhattan, ha ba ha buloa le Borokho ba Manhattan, bo kopanyang Manhattan le Brooklyn.
E ile ea boela ea e-ba selemo sa bohlokoa nalaneng ea Lipaki Tsa Jehova. Pejana ho moo, Charles Taze Russell, eo e neng e le mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society, e leng mokhatlo oa molao o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova, o ne a ile a bona hore mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o ntse o ka atolosoa. (Matheu 24:14) O ne a lumela hore mohato oa bohlokoa oa ho finyella seo e ne e ka ba ho tlosa ntlo-khōlō ea Mokhatlo Pittsburgh, Pennsylvania ’me e isoe Brooklyn, New York. Litokisetso tsa ho falla li ile tsa qala ka 1908 ’me mathoasong a selemo se hlahlamang, ntlo-khōlō e ile ea isoa Brooklyn.
Ke Hobane’ng ha e Ile ea Isoa Brooklyn?
Ba neng ba etella pele mosebetsi oa ho bolela lilemong tseo tsa pele ba ne ba tseba hore ho hasa evangeli ka ho e hatisa likoranteng e ne e le tsela e atlehang ea ho phatlalatsa ’nete ea Bibele. Ha e le hantle, ka selemo sa 1908, beke le beke lipuo tsa Bibele tsa Russell li ile tsa hlaha likoranteng tse 11 tse sa tšoaneng tse neng li hatisa likopi tse 402 000 li kopane.
Leha ho le joalo, Russell o ile a ngola: “Baena ba tloaelaneng le mokhoa oa ho hatisa likoranteng . . . ba ile ba re kholisa hore haeba lipuo tsa beke le beke li ne li ka phatlalatsoa motseng o moholo, seo se ne se ka ’na sa etsa hore lipuo tseo li hatisoe United States kaofela; le hore le pele selemo se fela ho ka ’na ha be ho se ho e-na le likoranta tse makholo tse li hatisang kamehla.” Ka lebaka leo, ho ile ha qaloa letšolo la ho batla sebaka se botleng sa ho atolosa mosebetsi oa ho bolela evangeli.
Ke hobane’ng ha ho ile ha khethoa Brooklyn? Russell o ile a re: “Ka mor’a ho rapella taba ena, re ile ra etsa qeto re le ntsoe-leng ea hore kaha Brooklyn, N.Y., e na le baahi ba bangata . . . ebile e tsebahala e le ‘Motse oa Likereke,’ e ne e tla ba sona setsi se loketseng haholo bakeng sa mosebetsi oa kotulo.” Liphello tsa seo li bontša hore eo e bile qeto e bohlale. Ka mor’a nakoana, lipuo tsa Russell li ne li se li hatisoa likoranteng tse 2 000.
Ho na le lebaka le leng hape le neng le etsa hore New York e be sebaka se loketseng. Ka 1909, ho ne ho se ho thehiloe liofisi tsa makala Great Britain, Jeremane le Australia, ’me a mang a ne a le haufi le ho thehoa. Ka lebaka leo, ho ne ho utloahala hore ntlo-khōlō ea lefatše lohle e be motseng o nang le boema-kepe le o nang le mebila e mengata le liporo tsa terene tse neng li ea libakeng tse ling.
Ke Hobane’ng ha e Ile ea Bitsoa Bethele?
Ntlo-khōlō ea pele ea Watch Tower Bible and Tract Society e ile ea thehoa lilemong tsa bo-1880, Allegheny (eo hona joale e oelang Pittsburgh), Pennsylvania. Mehleng eo e ne e bitsoa Ntlo ea Bibele. Ka 1896, ho ne ho e-na le basebetsi ba 12 mohahong ona.
Leha ho le joalo, ha ntlo-khōlō e fallisetsoa Brooklyn ka 1909, lehae le lecha la basebetsi bana le ile la bitsoa Bethele.a Empa ke hobane’ng ha e ile ea bitsoa Bethele? Mehaho eo Watch Tower Society e ileng ea e reka e neng e le 13-17 Hicks Street e ne e le ea moruti ea tummeng ea bitsoang Henry Ward Beecher ’me e ne e tsejoa e le Beecher Bethel (Bethele ea Beecher). Watch Tower Society e ile ea boela ea reka sebaka seo Beecher a neng a lula ho sona pele, e leng 124 Columbia Heights. Makasine ea Molula-Qhooa oa March 1, 1909, e ile ea tlaleha hore: “Ka sebele hoa thahasellisa hore ebe re fumane Bethele ea Beecher ’me le hoja re ne re sa lebella ebe re fumana le moo a neng a lula teng. . . . Lehae lena le lecha re tla le bitsoa ‘Bethele,’ ha ofisi e ncha le holo tsona li tla bitsoa ‘Tabernakele ea Brooklyn’; ’me mabitso ana a tla nka sebaka sa lebitso ‘Ntlo ea Bibele.’”
Kajeno, mehaho e atolositsoeng haholo ea Brooklyn le ea libakeng tse ling tse peli tse New York State, e leng Wallkill le Patterson, ho akarelletsa sebaka sa bolulo, setsi sa khatiso le liofisi, e bitsoa Bethele. Ha e le hantle, lefatšeng ka bophara, hona joale ho na le mahae a Bethele linaheng tse 113. Moo ho na le basebeletsi ba fetang 19 000 ba thusang ka ho aba molaetsa o amanang le Bibele.
Baeti ba Amoheloa ka Mofuthu
Mehaho ena e ile ea neheloa ka la 31 January, 1909. Mantaha oa la 6 September, 1909, e ne e le Letsatsi la Baeti, Bethele. Liithuti Tsa Bibele tse baloang ka makholo, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng mehleng eo, li ile tsa etela mehahong eo. Ba bangata ba ile ba toba moo ha ba tsoa kopanong ea Bakreste e neng e tšoaretsoe Saratoga Springs, e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 320 ka leboea ho New York City. Charles Taze Russell ka boeena o ile a amohela baeti a ba a ba lumelisa.b
Baeti ba sa ntse ba amoheloa ka mofuthu Bethele. Ha e le hantle, selemo le selemo batho ba fetang 40 000 ba etela mehaho e Brooklyn. Bethele ea Brooklyn e sa ntse e khatha tema ea bohlokoa ho atoloseng mesebetsi e amanang le ’Muso oa Jehova ’me seo se tlisetsa batho ba limilione litlhohonolofatso.
a Lentsoe la Seheberu “Bethele” le bolela “Ntlo ea Molimo.” Ka Bibeleng, Bethele e ne e le motse o tummeng oa Baiseraele. Ke motse oa Jerusalema feela oo ho buuoang ka oona hangata ho feta oa Bethele.
b E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ketsahalo ena ea bohlokoa historing, bala buka e bitsoang Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, leqepheng la 718-723, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
Lehae la Bethele 122-124 Columbia Heights
13-17 Hicks Street (1909-1918)
18 Concord Street (1922-1927)
117 Adams Street (ka 1927 ho tla fihlela kajeno)