Re U Lome Tsebe?
Na Jerusalema e kile ea lika-liketsoa ka lithupa tse nchocho, joalokaha Jesu a ne a ile a profeta?
Ha Jesu a profeta ka ho felisoa ha motse oa Jerusalema, o ile a re: “Matsatsi a tla u tlela ha lira tsa hao li tla haha thibello e nang le lithupa tse nchocho ho u likoloha ’me li tla u pota-pota li u bakele mahlomola ka mahlakoreng ’ohle.” (Luka 19:43) Mantsoe a Jesu a ile a phethahala ka selemo sa 70 C.E. ha Baroma ba neng ba eteletsoe pele ke Titus, ba haha lekhoakhoa la lithupa tse motsu ho potoloha motse oo. Titus o ne a e-na le mabaka a mararo a ho etsa sena—o ne a thibela Bajuda hore ba se ke ba baleha, a batla hore ba inehele, a bile a batla ho bolaisa baahi tlala ho fihlela ba inehela.
Ho latela rahistori oa lekholong la pele la lilemo, Flavius Josephus, hang ka mor’a hore ho etsoe qeto ea ho haha lekhoakhoa la lithupa tse nchocho, mabotho a fapa-fapaneng a maholo le a manyenyane a sesole sa Roma a ile a hlōlisana ho bona hore na ke lebotho lefe le neng le tla qeta ho haha karolo ea lona pele ho a mang. Ho ile ha rengoa lifate sebakeng se ka etsang lik’hilomithara tse 16 ho potoloha motse bakeng sa ho etsa lithupa tsa lekhoakhoa, ’me lekhoakhoa leo le bileng bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang tse supileng le ile la qetoa ka matsatsi a mararo feela. Joale Josephus o re ka mor’a moo, “ho ne ho se na mokhoa oa hore Bajuda ba ka baleha.” Ka har’a motse, batho ba ile ba bolaoa ke tlala ’me lihlotšoana tse sa tšoaneng tse hlometseng tsa bolaeana hoo qetellong ka mor’a likhoeli tse hlano, motse o ileng oa oela matsohong a Baroma.
Na ruri Morena Ezekiase ke eena ea hahileng kotopo e kenang Jerusalema?
Ezekiase e ne e le morena oa Juda ho ella mafelong a lekholo la borobeli la lilemo B.C.E., nakong eo Juda e neng e loana le ’muso o matla oa Assyria. Bibele e re bolella hore o ile a ikitlaelletsa ho sireletsa Jerusalema le metsi a eona. Har’a lintho tseo a ileng a li haha e bile kotopo, kapa thanele e bolelele ba limithara tse 533 eo metsi a liliba a neng a tlisoa ka eona motseng.—2 Marena 20:20; 2 Likronike 32:1-7, 30.
Ho ile ha sibolloa kotopo e joalo lekholong la bo19 la lilemo. E ile ea tsejoa e le Kotopo ea Ezekiase, kapa Kotopo ea Siloame. Ka har’a kotopo eo ho ile ha fumanoa mongolo o hlalosang karolo ea ho qetela ea ha e ne e chekoa. Sebōpeho sa litlhaku tsa mongolo oo se ile sa etsa hore litsebi tse ngata li fihlele qeto ea hore ke oa mehleng ea Ezekiase. Leha ho le joalo, lilemong tse leshome tse fetileng ba bang ba ile ba re ba nahana hore kotopo eo e hahiloe hoo e ka bang lilemo tse 500 hamorao. Ka 2003, moifo oa bo-rasaense ba Iseraele o ile oa phatlalatsa seo o se fumaneng ha o ne o etsa lipatlisiso mabapi le hore na ebe kotopo eo e hahiloe neng. O ile oa fihlela qeto efe?
Dr. Amos Frumkin oa Univesithi ea Seheberu e Jerusalema, o re: “Liteko tseo re ileng ra li etsa ka carbon-14 linthong tse phelang tse fumanoeng seretseng se litseng Kotopo ea Siloame, hammoho le uranium-thorium e fumanoeng majoeng a leketlileng ka kotopong eo a bakiloeng ke metsi a rothang, li bontša hantle hore e hahiloe mehleng ea Ezekiase.” Sehlooho se seng sa saense se hatisitsoeng koranteng ea Nature, se re: “Bopaki bo tsoang mehloling e meraro—e leng tsela ea ho fumana nako eo ntho e etsahetseng ka eona ka ho hlahloba ho bola ha metsoako e ntšang mahlaseli a kotsi, litlhahlobo tse entsoeng mengolong ea boholo-holo hammoho le tlaleho ea histori—kaofela bo lumellana ka nako e le ’ngoe, e leng hoo e ka bang ka 700 BC ’me sena se etsa hore Kotopo ea Siloame e be oona feela mohaho o hlahang ka Bibeleng oa Mehleng ea Tšepe o ntseng o le teng le kajeno.”