Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 8/1 leq. 30
  • Ke Lokela ho Nehela Bokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Lokela ho Nehela Bokae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Melao le Menehelo ea Boithatelo ea Nakong e Fetileng
  • Na Bakreste ba na le Sekepele Seo ba Lokelang ho se Ntša?
  • Mosebetsi oa Lōna o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Bontša Hore U Ananela ho Fana ha Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Jehova o Rata Batho ba Fanang ba Thabile
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Re ka fa Jehova Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 8/1 leq. 30

Babali ba Batla ho Tseba

Ke Lokela ho Nehela Bokae?

“Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakorinthe 9:7) Batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba tseba mantsoe ao. Leha ho le joalo, batho ba bang ba kenang kereke ba ka ’na ba ikutloa ba tlameha ho ntša koleke e ka holim’a matla a bona. Ha e hantle, likerekeng tse ling batho ba beheloa sekepele sa hore na ba ntše koleke ea bokae. Sena se bitsoa ho ntša karolo ea leshome, e leng se bolelang hore motho o fa kereke karolo ea leshome ea chelete eo a e amohelang.

Na kannete Bibele e re menehelo ea rōna e tlameha ho beheloa sekepele? Mohlomong ua ipotsa, ke lokela ho nehela bokae?

Melao le Menehelo ea Boithatelo ea Nakong e Fetileng

Bibele e na le litaelo tse hlakileng tse neng li fuoe Baiseraele mabapi le tekanyo eo Molimo a neng a batla hore ba mo fe ka eona. (Levitike 27:30-32; Numere 18:21, 24; Deuteronoma 12:4-7, 11, 17, 18; 14:22-27) Melao ena e ne e se boima. Jehova o ne a tšepisitse hore haeba sechaba se mamela melao ea hae, o ne a tla etsa hore se “ateloe haholo.”—Deuteronoma 28:1, 2, 11, 12.

Maemong a mang, Baiseraele ba ne ba ka nehela kamoo ba ratang kateng, ebang ke haholo kapa hanyenyane. Ka mohlala, ha Morena Davida a ne a rera ho hahela Jehova tempele, bafo ba hae ba ile ba nehela “khauta e ka rekoang ka litalenta tse likete tse hlano.”a (1 Likronike 29:7) Bapisa sena le seo Jesu a ileng a se bona ha a le lefatšeng. O ile a bona “mohlolohali ea itseng ea hlokang a akhela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane haholo” ka polokelong ea matlotlo a tempele. Chelete eo a nehetseng ka eona e ne e le bokae? Chelete e neng e lefshoa motho ka letsatsi e ne e mena monehelo oo oa hae ka makhetlo a 64. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re chelete eo e nyenyane ea amoheleha.—Luka 21:1-4.

Na Bakreste ba na le Sekepele Seo ba Lokelang ho se Ntša?

Bakreste ha ba tlas’a Molao oa selekane o neng o filoe Baiseraele. Ka hona, ha ho na sekepele sa hore na ba lokela ho fa Molimo hakae. Leha ho le joalo, phuthehong ea Bakreste ba ’nete, ho fana ho tlisa thabo e khōlō. Jesu Kreste ka boeena o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.

Lipaki Tsa Jehova li nehela ka seo li ratang ho nehela ka sona e le ho tšehetsa mosebetsi oa tsona oa boboleli o etsoang lefatšeng ka bophara. Menehelo ena e sebelisetsoa ho hatisa lingoliloeng tse kang makasine ena eo u ntseng u e bala, le ho haha libaka tsa tsona tsa borapeli tse tsejoang e le Liholo Tsa ’Muso hammoho le ho li lokisa. Ha ho na chelete e sebelisetsoang ho lefa batho ba itseng. Ba bang ba tetseng boholo ba nako ea bona e le hore ba etse mosebetsi oa ho etsa barutuoa ba fumana thuso e itseng e le hore ba khone ho lefella litšenyehelo tsa lipalangoang le lintho tse ling tseo ba li hlokang. Empa ha ho na motho ea nkang hore o tlameha ho fumana chelete eo. Ha e le hantle, Lipaki Tsa Jehova tse ngata ha li fuoe thuso ea lichelete e le hore li ka etsa mosebetsi oa ho bolela molaetsa oa Bibele. Ho e-na le hoo, tse ngata lia sebetsa, joalokaha Pauluse le eena a ne a sebetsa a etsa litente.—2 Bakorinthe 11:9; 1 Bathesalonika 2:9.

Haeba motho a batla ho fana ka chelete e itseng e le ho tšehetsa mosebetsi o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova, o lokela ho fana ka bokae? Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”—2 Bakorinthe 8:12; 9:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka 2008, ka kakaretso ounce e le ’ngoe ea khauta e ne e rekisoa ka $871, e leng monehelo o ka etsang R50 106 234 750.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela