Molimo o fa Basali Tlhompho le Seriti
HA A ne a le lefatšeng, Jesu o ne a bonahatsa botho ba Ntate oa hae ea leholimong ka ho phethahetseng le ka tsela eo a neng a etsa lintho ka eona. O ile a re: “Ha ke etse letho le itsoelang ho ’na; empa feela joalokaha Ntate a nthutile [kea] bua . . . kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.” (Johanne 8:28, 29; Bakolose 1:15) Kahoo, ha re hlahloba tsela eo Jesu a neng a sebelisana le basali ka eona le kamoo a neng a ba talima kateng, re khona ho bona le ho utloisisa hore na Molimo o talima basali joang le hore o lebeletse eng ho bona.
Ho latela se tlalehiloeng Likosepeleng, litsebi tse ngata lia lumela hore tsela eo Jesu a neng a talima basali ka eona e ne e fapane haholo le tsela eo basali ba neng ba talingoa ka eona nakong eo. E ne e fapane joang? Habohlokoa le ho feta, na le kajeno lithuto tsa Jesu li etsa hore basali ba ikutloe ba lokolohile?
Kamoo Jesu a Neng a Tšoara Basali Kateng
Jesu o ne a sa talime basali e le batho feela bao ho ka kopaneloang liphate le bona. Ho ea ka seo baeta-pele ba bang ba bolumeli ba Sejuda ba se bolelang, ho ikopanya le basali ho ne ho ka etsa hore motho a be le takatso e litšila. Basali ba ne ba sa lumelloa ho bua le banna phatlalatsa kapa ho tsoela ka ntle ba sa roala lesira kaha ho ne ho tšajoa hore ba tla lihela banna molekong. Ka lehlakoreng le leng, Jesu eena o ile a eletsa banna hore ba laole litakatso tsa bona tsa nama ’me ba tšoare basali ka tlhompho ho e-na le hore ba ba khetholle.—Matheu 5:28.
Jesu o ile a boela a re: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae ’me a nyala e mong oa feba, ’me oa mo siteloa.” (Mareka 10:11, 12) Kahoo o ile a qoba lithuto tsa bo-rabi tse neng li atile li bile li lumella banna ho hlala basali ba bona “ka lebaka leha e le lefe.” (Matheu 19:3, 9) Bajuda ba bangata ba ne ba sa nke hore ha monna a feba o siteloa mosali oa hae. Bo-rabi ba ne ba ba ruta hore monna a ke ke a siteloa mosali oa hae ka ho etsa bofebe—mosali ke eena feela ea ke keng a tšepahala! Buka e ’ngoe e hlalosang Bibele e bolela ho re, “Jesu o ile a etsa hore basali ba hlomphuoe ka ho ruta hore molao oa boitšoaro ha o tlame basali feela empa ka ho tšoanang o tlama le banna.”
Thuto ea Jesu e na le melemo efe kajeno? Phuthehong ea Bokreste ea Lipaki Tsa Jehova, basali ba bua le banna ka bolokolohi. Leha ho le joalo, ha ba tšabe hore banna ba tla ba sheba ka tsela e sa lokelang kapa ba ba tloaele ka ho feteletseng, kaha banna ba Bakreste ba hlokolosi hore ba tšoara “basali ba baholo joaloka bo-’mè, basali ba bacha joaloka likhaitseli tsa [bona] ka tlhoeko eohle.”—1 Timothea 5:2.
Jesu o ne a ipha nako ea ho ruta basali. Ho fapana le tloaelo ea bo-rabi e neng e atile ea hore basali ba lokela ho lula ba sa tsebe letho, Jesu o ne a ruta basali a bile a ba khothalletsa hore ba ntše maikutlo a bona. Jesu o ile a bontša hore mosebetsi oa mosali hase ho hlokomela lelapa feela, ke kahoo a sa kang a tima Maria monyetla oa ho ithuta. (Luka 10:38-42) Ausi oa Maria, e leng Maretha, le eena o ile a ithuta ho hong ho Jesu kaha ha a buisana le Jesu ka mor’a lefu la Lazaro o ile a araba ka tsela e bohlale.—Johanne 11:21-27.
Jesu o ne a thabela ho utloa maikutlo a basali. Ka nako eo basali ba bangata ba Bajuda ba ne ba lumela hore se tlisetsang mosali thabo ke ha a ka ba le mora ea hlaheletseng ’me haeba ho khoneha e be moprofeta. Ha mosali e mong a ne a hoeletsa a re: “Ho thaba pōpelo e ileng ea u jara!” Jesu o ile a sebelisa monyetla oo ho mo bolella ntho e ’ngoe e molemo. (Luke 11:27, 28) Ha a mo bontša kamoo ho mamela melao ea Molimo ho leng bohlokoa kateng, Jesu o ile a mo hlokomelisa ntho e ’ngoe e fapaneng hōle le melao ea batho e neng e imela basali.—Johanne 8:32.
Thuto ea Jesu e na le melemo efe kajeno? Banna ba rutang ka phuthehong ea Bokreste ba thabela ho utloa ha basali ba arabela libokeng tsa phutheho. Ba hlompha basali ba hōlileng ka hore ebe ke “mesuoe ea se molemo” le ka mohlala oa bona, ebang ba har’a batho kapa che. (Tite 2:3) Hape ba tšepetsoe ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo phatlalatsa.—Pesaleme ea 68:11; sheba lebokose le reng, “Na Moapostola Pauluse o Ile a Hanela Basali ho Bua?” leqepheng la 9.
Jesu o ne a tsotella basali. Mehleng ea Bibele bashanyana ba ne ba ratoa ho feta banana. Talmud, e leng pokello ea lineano tsa Sejuda, e tšehetsa seo ha e re: “Ho thaba eo bana ba hae e leng ba batona ’me ho malimabe eo bana ba hae e leng ba batšehali.” Batsoali ba bang ba ne ba nka ngoan’a ngoanana e le moroalo—ba ne ba lokela ho mo batlela molekane ba be ba fe monna eo chelete ’me ba ne ba ke ke ba lebella hore a ba hlokomele ha ba se ba tsofetse.
Jesu o ile a bontša hore bophelo ba ngoanana ke ba bohlokoa joaloka ba moshanyana—o ile a tsosa morali oa Jairuse bafung joalokaha a ile a tsosa mora oa mohlolohali oa Naine. (Mareka 5:35, 41, 42; Luka 7:11-15) Ka mor’a ho folisa mosali ea neng a tšoenngoa ke “moea o mo fokolisitseng ka lilemo tse leshome le metso e robeli,” Jesu o ile a mo bitsa “morali oa Abrahama,” e leng polelo e neng e le sieo libukeng tsa Bajuda. (Luka 13:10-16) Ka ho mo bitsa ka tsela e hlomphang le e mosa joalo, ha aa ka a bontša feela hore ke motho oa bohlokoa sechabeng empa le hore o na le tumelo e matla.—Luka 19:9; Bagalata 3:7.
Thuto ea Jesu e na le melemo efe kajeno? Polelo e ’ngoe ea Maasia e re: “Ho hōlisa ngoan’a ngoanana ho tšoana le ho nosetsa tšimo ea moahelani oa hao.” Bo-ntate ba lerato ba Bakreste ha ba susumetsoe ke monahano o joalo, ho e-na le hoo ba hlokomela bana bohle ba bona, ebang ke bashanyana kapa banana. Batsoali ba Bakreste ba etsa bonnete ba hore bana bohle ba bona ba fumana thuto e loketseng le tlhokomelo ’meleng.
Jesu o ile a fa Maria Magdalena tlotla ea ho tlalehela baapostola hore o tsositsoe bafung
Jesu o ne a tšepa basali. Makhotleng a Bajuda, bopaki boo mosali a neng a fana ka bona bo ne bo nkoa feela joaloka bopaki ba lekhoba. Josephus, e leng rahistori oa lekholong la pele la lilemo o ile a fana ka keletso ena: “Ho se ke ha nkoa bopaki bo tsoang ho basali hobane ka tlhaho ke batho ba nkang lintho habobebe ebile baa tella.”
Ho fapana le hoo, Jesu o ile a khetha hore basali e be bona ba fanang ka bopaki ba tsoho ea hae. (Matheu 28:1, 8-10) Le hoja basali bana ba tšepahalang e ile ea e-ba lipaki tse boneng ka mahlo ha Morena oa bona a bolaoa le ha a patoa, ho ile ha e-ba thata hore baapostola ba ba kholoe. (Matheu 27:55, 56, 61; Luka 24:10, 11) Leha ho le joalo, ka ho hlaha ho basali bao pele, Kreste ea tsositsoeng o ile a bona hore basali bana le bona ba ntse ba ka fana ka bopaki hantle feela joaloka barutuoa ba bang ba hae.—Liketso 1:8, 14.
Thuto ea Jesu e na le melemo efe kajeno? Liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova, banna ba nang le boikarabelo ba bontša ho hlompha basali ka ho ba mamela ka hloko ha ba e-na le litlhahiso. Banna ba Bakreste ba nyetseng bona ba “abela [basali ba bona] tlhompho” ka ho ba mamela ka hloko.—1 Petrose 3:7; Genese 21:12.
Melao-motheo ea Bibele e Etsa Hore Basali ba Thabe
Batho ba latelang melao-motheo ea Bibele ba hlompha basali ’me ba ba siela seriti
Ha banna ba etsisa Kreste, basali ba ikutloa ba hlomphuoa ebile ba lokolohile e leng sona seo Molimo a neng a se rerile ho tloha qalong. (Genese 1:27, 28) Ho e-na le ho tšehetsa maikutlo a hore banna ba phahametse basali, banna ba Bakreste ba lumela ho tataisoa ke melao e tsoang ka Bibeleng, e leng se etsang hore basali ba bona ba thabe.—Baefese 5:28, 29.
Ha Yelena a qala ho ithuta Bibele, monna oa hae o ne a mo tšoere habohloko empa a letse taba ena ka ’mele. Monna oa hae o ne a hōliselitsoe sebakeng se tletseng pefo, moo ho shobelisa basali le ho ba hlekefetsa e neng e le lintho tse tloaelehileng. Yelena o re: “Seo ke ileng ka ithuta sona ka Bibeleng se ile sa nkhothatsa haholo. Ke ile ka ithuta hore ho na le motho ea nthatang haholo, ea ntsotellang le ea ntalimang ke le motho oa bohlokoa. Ke ile ka boela ka hlokomela hore haeba monna oa ka a ka ithuta Bibele, o tla fetola tsela eo a ntalimang ka eona.” O ile a thaba haholo ha qetellong monna oa hae a ithuta Bibele a ba a kolobetsoa hore e be e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Yelena o re: “O ile a ipabola tabeng ea ho laola bohale ba hae. Re ile ra ithuta ho tšoarelana ka bolokolohi.” Yelena o ile a fihlela qeto efe? O re: “Ka sebele melao-motheo ea Bibele e nthusitse hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa le ea sireletsehileng lenyalong la ka.”—Bakolose 3:13, 18, 19.
Hase Yelena feela ea ileng a etsahalloa ke sena. Basali ba Bakreste ba limilione ba thabile hobane bona hammoho le banna ba bona ba leka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele manyalong a bona. Bakreste-’moho le bona baa ba hlompha ebile ba ikutloa ba lokolohile ha ba e-na le bona.—Johanne 13:34, 35.
Banna le basali ba Bakreste baa elelloa hore ke baetsalibe ’me ha baa phethahala, ke karolo ea pōpo ea Molimo e ileng ea “behoa tlas’a lefeela.” Leha ho le joalo, haeba ba e-ba le kamano e ntle le Molimo eo e leng Ntate oa bona ea lerato, Jehova, ba ka ba le tšepo ea ho “lokolloa bokhobeng ba ho bola” ’me ba be le “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” Eo ke tebello e babatsehang hakaakang eo Molimo a e fang banna le basali!—Baroma 8:20, 21.