Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 3/1 leq. 7
  • Tsoho ea Jesu e Bolela Bophelo bo sa Feleng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoho ea Jesu e Bolela Bophelo bo sa Feleng!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Kholisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • “Bafu ba Tla Tsosoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Tšepo ea Tsoho e na le Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • “Ke na le Tšepo ho Molimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 3/1 leq. 7

Tsoho ea Jesu e Bolela Bophelo bo sa Feleng!

TSOHO ea Jesu hase feela ketsahalo e etsahetseng khale e sa boleleng letho ho rōna kajeno. Moapostola Pauluse o ile a bolela bohlokoa ba eona ha a ne a re: “Kreste o tsositsoe bafung, litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung. Etsoe kaha lefu le teng ka motho, tsoho ea bafu le eona e teng ka motho. Etsoe feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.”—1 Bakorinthe 15:20-22.

Jesu o ile a tsosoa ka la 16 Nisane, ka selemo sa 33 sa Mehla e Tloaelehileng ea rōna, letsatsing leo ka lona Bajuda ba neng ba hlahisa litholoana tsa pele tsa lijo-thollo tsa bona ho Jehova Molimo sehalalelong tempeleng ea Jerusalema. Ha Pauluse a re Jesu ke litholoana tsa pele, o ne a bolela hore ho ne ho tla ba le batho ba bang ba neng ba tla tsosoa bafung.

Mantsoe a latelang a Pauluse a hlalosa seo tsoho ea Jesu e se finyeletseng. Pauluse o ile a re: “Kaha lefu le teng ka motho, tsoho ea bafu le eona e teng ka motho.” Ka lebaka la sebe le ho se phethahale hoo re ho futsitseng ho Adama, kaofela rea shoa. Leha ho le joalo, ka hore Jesu a fane ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le sehlabelo, o ile a bulela batho monyetla oa hore ba lokolloe bokhobeng ba sebe le lefu ka tsoho ea hae. Ha a beha taba ka bokhutšoaane, Pauluse o ile a ngola ho Baroma 6:23, a re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.”

Jesu ka boeena o ile a hlalosa seo lefu la hae le tsoho ea hae e se bolelang ho rōna. Ha a bua ka eena, o ile a re: “Mor’a motho o tla phahamisoa, e le hore e mong le e mong ea lumelang ho eena a ka ba le bophelo bo sa feleng. Etsoe Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:14-16.

Nahana feela—u se u phela ka ho sa feleng, ho se na lintho tse bohloko, mahlomola kapa mesarelo! (Tšenolo 21:3, 4) Ruri eo e tla ba ntho e thabisang hakaakang! Setsebi se seng se ile sa re: “Mabitla a ka ’na a re hopotsa kamoo bophelo bo leng bokhutšoaane kateng, empa tsoho eona e re tiisetsa hore haufinyane lefu le tla fela.” E, tsoho ea Jesu e bolela bophelo bo sa feleng!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela