Lethathamo la Tse ka Hare
November 15, 2014
© 2014 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG
LA 29 DECEMBER, 2014–LA 4 JANUARY, 2015
Tsoho ea Jesu—Kamoo e re Amang Kateng
LEQEPHENG LA 3 • LIPINA: 5, 60
LA 5-11 JANUARY, 2015
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Halalela?
LEQEPHENG LA 8 • LIPINA: 119, 17
LA 12-18 JANUARY, 2015
Re Lokela ho Halalela Boitšoarong Bohle ba Rōna
LEQEPHENG LA 13 • LIPINA: 65, 106
LA 19-25 JANUARY, 2015
“Batho Bao Molimo oa Bona e Leng Jehova”
LEQEPHENG LA 18 LIPINA: 46, 63
LA 26 JANUARY, 2015–LA 1 FEBRUARY, 2015
LEQEPHENG LA 23 • LIPINA: 112, 101
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG
▪ Tsoho ea Jesu—Kamoo e re Amang Kateng
Re tl’o ithuta hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jesu o ile a tsosoa bafung le hore o oa phela kajeno. Sehlooho sena se boetse se tl’o re bontša kamoo ho tsosetsoa ha Kreste bophelong ba ho se shoe leholimong ho lokelang ho re ama kateng le ho ama mosebetsi oa rōna oa ho bolela ka ’Muso.
▪ Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Halalela?
▪ Re Lokela ho Halalela Boitšoarong Bohle ba Rōna
Lihlooho tsena tse thehiloeng bukeng ea Levitike, li tl’o re bontša hore na ke hobane’ng ha Jehova a batla hore batho ba hae ba halalele le hore na re ka etsa seo joang. Re tla boela re tšohle litsela tseo re ka bontšang ka tsona hore rea halalela boitšoarong bohle ba rōna.
▪ “Batho Bao Molimo oa Bona e Leng Jehova”
▪ “Joale le Sechaba sa Molimo”
Batho ba bang bao re ithutang Bibele le bona ba thatafalloa ho utloisisa hore Jehova o na le mokhatlo o le mong feela lefatšeng. Ba nahana hore sohle se hlokahalang ke hore motho a rate Molimo ho tsoa pelong ho sa tsotellehe hore na o bolumeling bofe. Lihlooho tsena li tla re bontša hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tseba batho ba Molimo le ho sebeletsa Jehova hammoho le bona.
SEKOAHELONG: Bahoeletsi ba ’Muso ba bolela Santiago de Cuba, e leng motse oa bobeli o moholo ka ho fetisisa sehlekehlekeng seo, o tsebahalang ka ’mino le tantši ea setso
CUBA
BAAHI
11 163 934
BAHOELETSI
96 206
BO-PULA-MALIBOHO BA KAMEHLA
9 040