SEHLOOHO SE KA NTLE | SEO U KA SE ETSANG HORE U THABELE MOSEBETSI OA HAO
U ka Etsa’ng Hore U Thabele ho Sebetsa ka Thata?
“Motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata. Ke mpho ea Molimo.” (Moeklesia 3:13) Na hase ho utloahalang hore haeba Molimo a batla hore re thabele mosebetsi, a re bontše kamoo re ka o thabelang kateng? (Esaia 48:17) Se thabisang ke hore o etsa seo a sebelisa Lentsoe la hae, Bibele. Nahana ka keletso ena ea Bibele e bontšang hore na ke joang u ka thabelang mosebetsi.
E-BA LE BOIKUTLO BO BOTLE KA MOSEBETSI
Ho sa tsotellehe hore na mosebetsing oa hao u sebelisa kelello, matla kapa u li sebelisa ka bobeli, hlokomela hore “ka mofuta o mong le o mong oa ho sehla ho ba le molemo.” (Liproverbia 14:23) Molemo ofe? Ka mohlala, ho sebetsa ho re thusa hore re fumane lintho tseo re li hlokang. Ke ’nete hore Molimo o tšepisa hore o tla fa batho ba mo sebeletsang ka botšepehi lintho tseo ba li hlokang. (Matheu 6:31, 32) Empa Molimo o lebeletse hore re phethe karolo ea rōna ka hore re sebetse.—2 Bathesalonika 3:10.
Kahoo, re lokela ho talima mosebetsi oa rōna e le tsela ea ho fumana lintho tseo re li hlokang. Mosebetsi ke tsela e hlomphehang ea ho phetha boikarabelo ba rōna. Joshua ea lilemo li 25 o re: “Ha motho a khona ho ithekela lintho tseo a li hlokang, o finyeletse ntho ea bohlokoa. Haeba ho joalo, ha u sebeletse lefeela.”
Ho feta moo, ho sebetsa ho etsa hore motho a itlhomphe. Ha e le hantle, ha ho na mosebetsi o bobebe. Haeba re ikitlaelletsa ho etsa mosebetsi oa rōna ho sa tsotellehe hore na o tena hakae kapa o boima hakae, re ka khotsofatsoa ke ho tseba hore re entse sohle se matleng a rōna. Ha re etsa joalo, re tla be re hlōtse botsoa. (Liproverbia 26:14) Kahoo, mosebetsi o ka re khotsofatsa. Aaron eo ho buuoeng ka eena sehloohong se fetileng o re: “Kea khotsofala ka mor’a ho sebetsa ka thata letsatsi lohle. Ka linako tse ling ke chaisa ke khathetse ’me ho ka etsahala hore ebe ha ho na motho ea hlokometseng mosebetsi oo ke o entseng, empa kea tseba hore ho na le seo ke se entseng.”
RATA MOSEBETSI OA HAO
Bibele e bua hantle ka monna ea “nang le tsebo mosebetsing oa hae” le mosali ea thabelang ho sebetsa ka matsoho a hae. (Liproverbia 22:29; 31:13) Ke ’nete hore motho a ke ke a tseba mosebetsi ka mohlolo. Hape hase hangata re thabelang mosebetsi oo re sa o tsebeng hantle. Mohlomong batho ba bangata ha ba thabele mosebetsi oa bona hobane ba sa ikitlaelletse ho o tseba hantle.
Ha e le hantle, motho a ka thabela mosebetsi ofe kapa ofe hafeela a o rata, a bile a ithuta ho o etsa hantle. William ea lilemo li 24 o re: “Ha u sebetsa ka thata, u ua thaba ha u bona litholoana tsa mosebetsi oa hao. Leha ho le joalo, u ke ke ua ikutloa ka tsela eo ha u etsa hlahla-fethe.”
NAHANA HORE NA BA BANG BA KA RUA MOLEMO JOANG MOSEBETSING OA HAO
U se ke ua lula u nahanne ka hore na u khola bokae. Ho e-na le hoo, ipotse lipotso tse kang tsena: ‘Ke hobane’ng ha mosebetsi oo e le oa bohlokoa? Ho ka etsahala’ng haeba o sa etsoe kapa o sa etsoe hantle? Mosebetsi oa ka o tsoela ba bang molemo joang?’
Potso ena ea ho qetela ke ea bohlokoa kaha rea khotsofala ha re bona kamoo batho ba ruang molemo kateng mosebetsing oa rōna. Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Bareki le bahiri hase bona feela ba ruang molemo litšebeletsong tsa rōna. Malapa a rōna le batho ba hlokang le bona ba rua molemo.
Ba malapa a rōna. Ha hlooho ea lelapa e sebetsa ka thata ho hlokomela ba lelapa, e ba thusa linthong tse peli. Ea pele, e tiisa hore ba na le lintho tseo ba li hlokang e leng lijo, liaparo le bolulo. Kahoo, e phetha boikarabelo boo e bo filoeng ke Molimo ba hore e “lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae.” (1 Timothea 5:8) Ea bobeli, hlooho ea lelapa e sebetsang ka thata e behela ba lelapa mohlala o motle tabeng ea ho sebetsa ka thata. Shane eo ho buuoeng ka eena sehloohong se fetileng o re: “Ntate ke mohlala o motle oa motho ea sebetsang ka thata. Ke motho ea tšepahalang ’me haesale a sebetsa ka thata e le ’metli oa mapolanka. Mohlaleng oa hae ke ithutile bohlokoa ba ho sebetsa ka matsoho hore ke etse lintho tseo batho ba li sebelisang.”
Batho ba hlokang. Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore ba “sebetse ka thata. . . e le hore [ba] ka ba le ho hong hoo [ba] ho abelang ea hlokang.” (Baefese 4:28) Ka sebele, haeba re sebetsa ka thata hore re hlokomele ba malapa a rōna, re ka boela ra thusa batho ba hlokang. (Liproverbia 3:27) Kahoo, ho sebetsa ka thata ho ka re thusa hore re fumane thabo e tlisoang ke ho fana.
IKITLAETSE
Thutong ea hae e tsebahalang ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Haeba e mong ea nang le bolaoli a u qobella hore u tsamaee le eena maele e le ’ngoe, u ee le eena limaele tse peli.” (Matheu 5:41) U ka sebelisa molao-motheo oo joang ha u le mosebetsing? Ho e-na le hore u etse ho honyenyane feela, ikitlaelletse ho etsa se fetang se lebeletsoeng. Ikemisetse ho etsa mosebetsi oa hao hantle kapa kapele ho feta kamoo ho lebeletsoeng. E-ba motlotlo ka mosebetsi oo u o etsang, esita le linthong tse nyenyane.
Ha u etsa se fetang se lebeletsoeng, u ka thabela mosebetsi oa hao. Hobane’ng? Hobane ke uena ea laolang seo u se etsang. U etsa mosebetsi o mongata hobane u batla, eseng hobane motho e mong a u qobella. (Filemone 14) Tabeng ena, re ka nahana ka molao-motheo o ho Liproverbia 12:24, o reng: “Matsoho a ba khothetseng a tla busa, empa letsoho le monyebe le tla etsa mosebetsi o qobelloang.” Ke ’nete hore hase batho ba bangata ba etsoang makhoba kapa ba qobelloang ho sebetsa. Leha ho le joalo, motho ea etsang ho honyenyane feela o ikutloa e le lekhoba le lulang le khannoa hore le sebetse. Empa motho ea ithaopelang ho etsa se fetang se lebeletsoeng ho eena, oa ikhanna. O laola seo a se etsang.
U SE KE UA BA LEKHOBA LA MOSEBETSI
Ke ntho e ntle ho sebetsa ka thata, empa re lokela ho hopola hore bophelong ho na le lintho tsa bohlokoa ho feta mosebetsi. Ke ’nete hore Bibele e re eletsa hore re be batho ba khothetseng. (Liproverbia 13:4) Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore re be makhoba a mosebetsi. Moeklesia 4:6 e re: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.” Re ithuta’ng lengolong lee? Re ithuta hore motho eo e leng lekhoba la mosebetsi a ke ke a thabela litholoana tsa mosebetsi oa hae haeba mosebetsi oo o mo jella nako e ngata ebile o mo qeta matla. Ha e le hantle, mosebetsi oa hae e ba o se nang thuso joaloka “ho lelekisa moea.”
Bibele e ka re thusa ho ba le pono e ntle ka mosebetsi. Le hoja e re khothalletsa ho ikitlaetsa mosebetsing, e boetse e re eletsa hore re ‘nepisise lintho tsa bohlokoa haholo.’ (Bafilipi 1:10) Lintho tsa bohlokoa haholo ke life? Li akarelletsa ho ba le nako ea ba lelapa le metsoalle. Empa habohlokoa le ho feta ke lintho tsa moea, tse kang ho bala Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona.
Batho ba nang le pono e ntle ka mosebetsi ba ka thabela mosebetsi oa bona le ho feta. William eo ho buuoeng ka eena pejana o re: “Mohiri oa ka oa mehleng, ke mohlala o motle oa motho ea nang le pono e ntle ka mosebetsi. Oa ikitlaetsa mosebetsing ’me bareki baa mo rata kaha o etsa mosebetsi o tsoileng matsoho. Leha ho le joalo, ha a chaisa o lebala ka mosebetsi ’me o ipha nako ea lelapa la hae le ea borapeli. Empa seo ke se hlokometseng ke hore ke e mong oa batho ba thabileng ka ho fetisisa!”