Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/91 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lihloohoana
  • BEKE E QALANG KA JUNE 3
  • BEKE E QALANG KA JUNE 10
  • BEKE E QALANG KA JUNE 17
  • BEKE E QALANG KA JUNE 24
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 6/91 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso

BEKE E QALANG KA JUNE 3

Pina 202

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse loketseng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso.

20 mets: “Sebelisa Boinehelo ba Bomolimo Joaloka Kreste.” Se akaretsoe ka lipotso le likarabo, ’me lirapa 1-5, 7, 8 li baloe. Etsa pontšo ka mpho ea buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo joalokaha ho hlahisitsoe serapeng 6.

15 mets: “Etelletsa Molimo Pele Bophelong ba Hao ba Lelapa!” Puo e theiloeng ho Molula-Qhooa, May 15, 1991, maqephe 4-7.

Pina 100 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA JUNE 10

Pina 116

5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Bala litlhaloso tsa Mokhatlo tsa kananelo bakeng sa ho tšehetsa mosebetsi oa ’Muso ka lichelete. Hape, leboha phutheho ka menehelo e amohetsoeng.

20 mets: “Ho Bontša Thahasello ea Botho ho ba Bang.” Lipotso le likarabo. Buisana le phutheho ka hore na ke eng se ka etsoang sebakeng sa lōna ho sebelisa boitsebiso bona.

10 mets: Liphihlelo tsa ho sebelisa buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo mosebetsing oa ho bolela tšimong ea sebaka sa lōna, hammoho le ho etsa maeto a ho boela le lithutong tsa lehae tsa Bibele.

10 mets: Karolo ea Lipotso. Puisano ena e tsamaisoe ke molebeli oa sekolo.

Pina 177 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA JUNE 17

Pina 133

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Totobatsa ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse tsoang limakasineng tsa morao-rao. Khothalletsa bahoeletsi ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana.

20 mets: “Ho Nehelana ka Taba tse Molemo—Ka Limakasine Tšimong e Akaretsoang Khafetsa.” Lipotso le likarabo. Ha le buisana ka serapa 3, ere mocha ea lokiselitseng hantle a sebelise makasine oa morao-rao ho bontša kamoo bahoeletsi ba bacha lilemong ba ka buisanang le beng ba matlo le ho nehelana ka lingoliloeng. Mohlomong a ka re: “Lumela. Lebitso la ka ke ______. Ke u tliselitse boitsebiso ba bohlokoa haholo bo buang ka [bolela taba kapa sehlooho]. Ke thabetse ntlha ena. [’Montše ntlha e tobileng kapa u hlalose setšoantšo se itseng.] E nthusitse [bolela hore na u ruile molemo ofe], ’me ke nahana hore le uena u tla e thabela. Nka thabela ho u siela limakasine tsena tse peli ka monehelo oa R1,40.”

15 mets: Litlhoko tsa phutheho kapa puo e bontšang Bohlokoa ba Bopaki bo sa Reroang. Buisana le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba amohetseng ’nete ka bopaki bo sa reroang. Khothalletsa phutheho ho falimehela menyetla ea ho etsa bopaki bo sa reroang.

Pina 216 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA JUNE 24

Pina 139

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Khothalletsa phutheho ho tšehetsa litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo tsa mafelo-beke. Ka bokhutšoanyane totobatsa ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse thahasellisang tse tsoang limakasineng tsa morao-rao.

20 mets: “Ho Phethahatsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso Tšimong.” Sehlooho se buisanoe ka lipotso le likarabo. Bontša kamoo lintlha tse lirapeng 2-6 li ka sebelisoang ka teng. Ha le buisana ka serapa 5, e-ba le pontšo e bontšang mohoeletsi ea thatafalloang ke ho qalisa thuto ea Bibele ’me a atamela molebeli oa tšebeletso hore a mo thuse. Molebeli oa tšebeletso o sebelisa Index ha a thusa mohoeletsi enoa. Haeba Index e le sieo ka puo ea sebakeng sa lōna, bontša lintlha tsena ka ho sebelisa tlhahlamano ea lihlooho ea selemo le selemo litokollong tsa December 15 le 8 tsa Molula-Qhooa le Tsoha!

15 mets: “Ho Qalisa Lithuto ka ho Sebelisa Buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo.” Lipotso le likarabo. Ha le buisana ka serapa 6, e re bahoeletsi ba tšoanelehang har’a bamameli ba fane ka litlhahiso tse tobileng le litlhaloso tsa ho qalisa thuto ka ho sebelisa khaolo 11 kapa khaolo 13.

Pina 14 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela