Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/94 leq. 2
  • Liboka tsa Tšebeletso tsa April

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka tsa Tšebeletso tsa April
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka April 4
  • Beke e Qalang ka April 11
  • Beke e Qalang ka April 18
  • Beke e Qalang ka April 25
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 4/94 leq. 2

Liboka tsa Tšebeletso tsa April

Beke e Qalang ka April 4

Pina 16

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka litokisetso tsa phutheho bakeng sa Letsatsi le khethehileng la Limakasine ka Moqebelo, April 9. Hlahloba tse ling tsa lintlha tsa sehlooho lengolong la February 15, 1994. Khothalletsa bahoeletsi hore ba fumane limakasine tsa bona. Hopotsa bohle ka puo e khethehileng ka April 10. Ho lokela ho etsoa boiteko bo khethehileng ho thusa ba bacha ’neteng hore ba be teng.

15 mets: “Molula-Qhooa le Tsoha!—Likoranta tsa ’Nete.” Lipotso le likarabo. Mema bamameli hore ba bolele mekhoa eo ba e sebelisitseng ho eketsa kabo ea limakasine. E re ba bang ba phete liphihlelo haeba nako e lumela.

20 mets: “Nehelana ka Limakasine tse Molemo ka ho Fetisisa Lefatšeng.” Bua ka boitsebiso le bamameli, u hatelle melemo e khethehileng ea limakasine. Ha le akaretsa serapa 2, e re mohoeletsi ea atlehang a hlalose kamoo ho ka tloaelanoang le litaba tse ka hare le kamoo ho ka lokisetsoang nehelano. Lokisetsa lipontšo tse peli tse bontšang litsela tsa ho buella litokollo tsa April 1 le 15. Phetha ka ho fana ka litlhahiso lihloohong tse ka sebelisoang ha ho nehelanoa ka litokollo tsa morao-rao tsa Tsoha!

Pina 69 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka April 11

Pina 80

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bua ka lintlha tsa sehlooho tsa Lebokose la Lipotso.

15 mets: “Seboka sa Tšebeletso Sea re Hlomella Bakeng sa Mosebetsi o Mong le o Mong o Motle.” Lipotso le likarabo. Kopanyeletsa pontšo ea ha lelapa le lokisetsa seboka; hatisa bohlokoa ba (1) ho lokisetsa esale pele, (2) ho mamela ka hloko, le (3) ho ba le seabo.

20 mets: “Sebeletsa Jehova Ntle ho Tšitiso.” Kenyeletso. Lipotso le likarabo. Koahela lirapa 1 ho ea ho 6.

Pina 90 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka April 18

Pina 100

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea lichelete le liteboho tsa menehelo leha e le efe tse tsoang ho Mokhatlo.

15 mets: “Khutlela Moo U Tsamaisitseng Limakasine.” Buisana le bamameli. Kōpa litlhaloso tabeng ea hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re tloaelane hantle le litaba tse ka hare tsa limakasine le ho hlahloba ka hloko tsela eo mong’a ntlo a ileng a arabela ka eona lekhetlong le fetileng e le ho rera mokhoa oa katamelo o tla ba molemo ka ho fetisisa. Ha nako e lumela, e re bahoeletsi ba atlehang ba etse pontšo ka linehelano tse boletsoeng.

20 mets: “Sebeletsa Jehova Ntle ho Tšitiso.” Kenyeletso. Lipotso le likarabo. Koahela lirapa 7 ho ea ho 12.

Pina 51 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka April 25

Pina 70

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. “Thuso Bakeng sa ho Hlōla Mathata a Letsatsi le Letsatsi.” Khothalletsa bahoeletsi hore ba kopanele ka botlalo tšebeletsong ea tšimo bekeng ena ea ho qetela ea April le ho tiisa hore ba fana ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo ha khoeli e fela. Re iketselitse pakane ea ho ba le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ka April ’me re tla ananela tšebelisano-’moho ea hao hore pakane ena e finyelloe.

13 mets: Tumelo. E thehiloe bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqephe 434-8. Puisano pakeng tsa moholo le sehlopha sa bacha. Moholo o bua ka tlhaloso ea tumelo, joale o botsa sehlopha lipotso. Ke hobane’ng ha ba bangata ba se na tumelo? Motheo oa tumelo ea rōna ke ofe? Re ka boloka tumelo e matla joang? Re bonahatsa tumelo e joalo joang? Moholo o qetella ka ho babatsa le ho khothatsa sehlopha.

17 mets: “Bohloeki bo Tlotlisa Molimo.” Moholo o buisana ka sehlooho le bamameli. Phetha ka puo e khutšoaane e hlahlobang keletso e fanoeng ho Molula-Qhooa, June 1, 1989, maqephe 15-20.

Pina 75 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela