Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/96 maq. 5-6
  • Tlhahlobo ea Sekolosa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolosa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lihloohoana
  • Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 4/96 maq. 5-6

Tlhahlobo ea Sekolosa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahloo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebetso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 6 May ho ea ho la 19 August,1996. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata ka moo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo ka ’ngoe ka ’Nete kapa Bohata:

1. Morero oa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso ke ho lokisetsa banna hore ba hlomamisoe. [10, jv-SU leq. 231 ser. 3]

2. Mangolong banyalani ba eletsoa ho arohana tlas’a maemo a itseng. [9, td-SU 21A]

3. Le hoja Molao oa Moshe o ile oa fela, Bibele ha e fane ka sesupo leha e le sefe sa hore Melao e Leshome e akarellelitsoe ho se ileng sa felisoa. [15, rs-SU leq. 383 ser. 2].

4. Boemo boo re bo nkang tabeng ea tšelo ea mali bo thehiloe tsebong ea rōna e phahameng ea bongaka. [2, jv-SU leq. 186 ser. 2]

5. Selekane se boleloang ho Jeremia 31:31, 33 ke selekane sa ’Muso seo Jesu a se etsang le balateli ba hae ba tlotsitsoeng. [13, si-SU leq. 129 ser. 38]

6. Buka ea Lillo tsa Jeremia e entsoe ka lipina tse hlano tsa lithoko, tseo tse ’nè ho tsona li ngotsoeng ho latela alfabeta ea Seheberu. [14, si-SU leq. 130 ser. 6]

7. Ka mor’a tsoho ea hae Jesu o ile a bonahala ka makhetlo a fapa-fapaneng—empa moo ho leng teng barutuoa ba hae feela. [1, rs-SU leq. 428 ser. 1]

8. Bakreste ba ’nete ba kena phomolong ea Molimo ka ho bontša tumelo sehlabelong sa Kreste le ho tlohela mesebetsi eo ba lekang ho itokafatsa ka eona. (Ba-Heb. 4:10) [17, rs-SU leq. 385 ser. 2]

9. Polelo e ho Tšenolo 20:5 mabapi le “bafu ba bang” ba tsosoang, e supa tsohong ea lefatšeng ea linku tse ling. [6, rs-SU leq. 432 lir. 1-4]

10. Lipaki tsa Jehova li bona bopaki bo sa foseng ba hore mokhatlo ona o hlophisitsoeng oo li leng ho oona hase oa batho empa ke oa Molimo le hore Mora oa Molimo ka sebele, Jesu Kreste, ke eena ea o tsamaisang. [11, jv-SU leq. 235 ser. 5]

Araba lipotso tse latelang:

11. Ho ne ho boleloa’ng ha Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa June 1, 1938, o bua ka “Mokhatlo”? [8, jv-SU leq. 219 ser. 2]

12. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova Jeremane li ile tsa hana ho re: “Heil Hitler”? [5, jv-SU leq. 196 ser. 1]

13. Ke eng seo re ithutang sona ka litšobotsi tsa Jehova ka ho bala buka ea Lillo tsa Jeremia? (Lillo 3:22, 23, 32) [15, si-SU leq. 132 lir. 13, 15]

14. Ke tlhaloso efe e sebelisoang khafetsa e lebisitsoeng ho Ezekiele le Jesu Kreste? [16, si-SU leq. 133 ser. 2].

15. Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho lumela hore ba tsosetsoang bophelong lefatšeng ba tla ahloloa ka liketso tsa bona tsa nakong e tlang? (Ba-Roma 6:7) [5, rs-SU leq. 431 ser. 4])

16. Pauluse, Timothea le Tite ba ile ba matlafatsa liphutheho tseo ba neng ba li sebeletsa joang, ka hona ba behela balebeli ba tsamaeang mohlala kajeno? [9, jv-SU leq. 222 ser. 1]

17. Ke hobane’ng ha ka ho nepahetseng re ka bolela hore liketsahalo tse amanang le ho ba teng ha Kreste li etsahala nakong ea lilemo tse ngata? (Matt. 24:37-39) [8, rs-SU leq. 153 ser. 1]

18. Ke tumelo efe e hlahisitsoeng ke phetolelo ea King James Version ho Ba-Roma 13:1 e ileng ea etsa hore Liithuti tsa Bibele li hlōlehe ho boloka ho se nke lehlakore ho tiileng morao ka 1918? [3, jv-SU leq. 191 lir. 3, 4]

19. Pele Selekane sa Versailles se tekenoa ka June 1919, ke eng se ileng sa boleloa ke Lekhotla le Kopaneng la Likereke tsa Kreste Amerika? [4, jv-SU leq. 192 ser. 3])

20. Ke hobane’ng ha Bakreste ba se tlas’a tlamo ea ho boloka letsatsi la Sabbatha la beke le beke? (Ba-Roma 10:4) [12, rs-SU leq. 380 ser. 3–leq. 381 ser. 1]

Fana ka lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetella polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Ebede-Meleke o ne a tšoantšetsa․․․․․․․․, tse tlang ho bolokoa ka ․․․․․․․․ hobane li bile mosa esita le ho thusa ․․․․․․․․ a baena ba Kreste. [9, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w83-SU 4/1 leq. 28 ser. 11.]

22. Lefu la Jesu Kreste le hopoloa selemo le selemo ka la ․․․․․․․․, empa ha e ea ba ho fihlela ka ․․․․․․․․ ha litho tsa bongata bo boholo li ne li mengoa ka ho tobileng ho ba teng Sehopotsong. [17, jv-SU leq. 242 ser. 2, leq. 243 ser. 2]

23. Liketsahalo tse tlalehiloeng ho Jeremia 52:5-11 li etsahetse ka ․․․․․․․․ B.C.E. [13, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 4/1 leq. 14 ser. 18.]

24. Ha Tšenolo 1:7 e bolela hore ka mor’a ho khutla ha Kreste “mahlo ’ohle a tla ’mona,” ho buuoa ka pono eo e seng ea ․․․․․․․․, empa ․․․․․․․․ ea kelello. [10, rs-SU leq. 155 ser. 1]

25. Ka mor’a tsoho ea hae, Jesu ha aa ka a iponahatsa kamehla ka ․․․․․․․․ o le mong, mohlomong e le ho tiisa likelellong tsa barutuoa ’nete ea hore joale e se e le ․․․․․․․․, kahoo le metsoalle ea hae e haufi-ufi ha ea ka ea mo ․․․․․․․․ kapele-pele. [2, rs-SU leq. 428 ser. 4]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Bophelo ba leholimong bo lekanyelitsoe ho ba leng ’meleng oa Kreste o sa kopanyeletseng (Andrease, ․․․․․․․․; Jakobo). [7, td-SU 6B]

27. Mohato oa bohlokoa oa ho theha kaheho ea phutheho tumellanong le mohlala oa baapostola o etsahetse ka (1879; 1886; 1895) ha Moena Russell a ne a ngola ka tlhokahalo ea (barekisi ba libuka tsa bolumeli; ․․․․․․․․; bahlanka ba sebeletsang) hore ba khethoe k’hamphaning (phuthehong) e ’ngoe le e ’ngoe ho hlokomela mohlape. [6, jv-SU leq. 206 ser. 2]

28. Lithibelo tsa boitšoaro ha lia felisoa le Molao oa Moshe o neng o akarelletsa Melao e Leshome hobane tlas’a tokisetso ea Bokreste (sechaba ka seng se ne se tla iketsetsa litekanyetso tsa sona tsa boitšoaro; batho ba lokela ho tataisoa ke matsoalo a bona; litekanyetso tse ngata tsa Melao e Leshome li ile tsa phetoa hape Mangolong a Segerike a Bakreste). [16, rs-SU leq. 384 ser. 1]

29. Jehova o ile a ‘thetsa’ Jeremia ka hore A mo (qhekelle hore a bolele molaetsa oa kahlolo; a mo sebelise hore a finyelle seo a neng a ke ke a se etsa ka matla a hae; a se ke a tlisa timetso eo Jeremia a neng a profetile ka eona). (Jer. 20:7) [3, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 5/1 leq. 31.]

30. Ka la 23 April, 1900, ofisi ea pele ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e ile ea thehoa (Australia; Engelane; Jeremane). [7, jv-SU leq. 210 ser. 3]

Bapisa mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:Tite 2:4; Jer. 23:33; 32:9, 10; 1 Tim. 3:2, 3, 8; Ba-Heb. 10:23-25

31. Esita leha maemo a etsa hore ho be thata, Lipaki tsa Jehova li ikitlaetsa ka matla ho ba teng libokeng tsa tsona kamehla. [Ba-Heb. 10:23-25] [12, jv-SU leq. 236 ser. 1]

32. Ke boikarabelo ba batsoali ba Bakreste ho bontša bana ba bona lerato, ho fana ka nako le tlhokomelo. [Tite 2:4] [11, td-SU 21C]

33. Ho noa joala ho tlōlisa ho ka etsa hore moena a se tšoanelehe bakeng sa ho thabela litokelo ka phuthehong. [1 Tim. 3:2, 3, 8] [1, jv-SU leq. 182 ser. 3]

34. Molaetsa oa boprofeta oa bohlokoa o tsoang Lentsoeng la Molimo o tletse timetso, o phatlalatsa timetso e haufi ea Bokreste-’mōtoana. [Jer. 23:33] [4, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w94-SU 3/1 leq. 12 lir. 18, 20.]

35. Ha re kenela litšebelisano tsa khoebo le barapeli-’moho le rōna ba Jehova, tumellano e ngotsoeng e ka thibela liphapang tse ka ’nang tsa hlaha hamorao. [Jer. 32:9, 10] [7, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 5/1 leq. 30.]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela