Latela Jesu ka ho Tsoelang Pele
1 Ka lekhetlo le leng Jesu o kile a re: “Haeba leha e le mang a batla ho ntšala morao, a a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso ’me a ntatele ka ho tsoelang pele.” (Mat. 16:24) Ka sebele re batla ho arabela ka ho nka khato mantsoeng a Jesu. A re hlahlobeng se akarelletsoang ke poleloana ka ’ngoe ea memo ea hae.
2 “A a Itatole”: Nakong eo re nehelang bophelo ba rōna ho Jehova, rea itatola. Moelelo oa motheo oa lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ‘ho itatola’ ke “ho re che.” Sena se bolela hore ka boikhethelo re tela lipakane tsa rōna, litakatso, boiketlo le menyaka ea boithati—re ikemiselitse ho thabisa Jehova ka ho sa feleng.—Baroma 14:8; 15:3.
3 “A Nke Thupa ea Hae ea Tlhokofatso”: Bophelo ba Mokreste ke ba ho nka thupa ea tlhokofatso ea tšebeletso ea boitelo ho Jehova. Tsela e ’ngoe ea ho bonahatsa moea oa boitelo ke ka ho ikitlaetsa ka matla tšebeletsong. Ho fihlela joale selemong sena, bahoeletsi ba bangata ba ’nile ba thabela mosebetsi oa bopula-maliboho bo thusang. Mohlomong u e mong oa bona ’me u ka bolela ka tieo hore litlhohonolofatso tseo u li fumanang li feta boitelo boo u bo etsang. Ba sa khoneng ho sebeletsa joaloka bo-pula-maliboho ba thusang hangata ba ile ba lokisetsa ho sebetsa nako e eketsehileng mosebetsing oa boboleli joaloka bahoeletsi ba phutheho. Bakeng sa ho finyella pakane eo, liphutheho tse ling li tšoara liboka tsa tsona tsa tšebeletso ea tšimo metsotso e ’maloa pelenyana ho feta kamoo li kileng tsa etsa kateng. Bahoeletsi ba bangata ba ananela ho ba le nako e teletsana bakeng sa tšebeletso ea tšimo. Ba bang ba bile le liphello tse ntle haholo ha ba etsa qeto ea hore ba mpe ba ‘kene ntlong e le ’ngoe feela ea ho qetela’ kapa ea hore ba mpe ba sebetse ‘metsotsoana e meng e seng mekae feela.’
4 Tsela e ’ngoe ea ho bonahatsa moea oa boitelo ke ka ho ipehela lipakane. Ka tokisetso e entsoeng ka hloko le ka ho fetola kemiso ea bona, ba bang e bile bo-pula-maliboho ba kamehla. Ba bang ba ile ba khona ho lokisa maemo a bona hore e be ba fumanehang bakeng sa Bethele kapa tšebeletso ea boromuoa. Ba bang ba ile ba fallela libakeng tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ea baboleli ba ’Muso.
5 “A Ntatele ka ho Tsoelang Pele”: Le hoja barutuoa ba Jesu ba bile le liteko tse ngata, ba ile ba khothatsoa ke cheseho ea hae le mamello tšebeletsong. (Joh. 4:34) Ba ile ba ikutloa ba tsosolositsoe moeeng ke boteng ba hae le ke molaetsa oa hae. Ke ka lebaka leo ba neng ba mo latela ba neng ba bonahatsa thabo ea sebele. (Mat. 11:29) Le rōna ka tsela e tšoanang a re khothatsaneng hore re mamelle mosebetsing oa bohlokoa ka ho fetisisa oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa.
6 E se eka kaofela re ka arabela ka ho nka khato memong ea Jesu ea ho mo latela ka ho tsoelang pele ka ho hlaolela moea oa boitelo. Ha re ntse re etsa joalo, re tla ba le thabo e khōlō hona joale ’me re ka lebella esita le litlhohonolofatso tse khōloanyane nakong e tlang.