Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 2/1 maq. 12-17
  • Na u ea Ikhotsofatsang—Kapa ea Itelang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u ea Ikhotsofatsang—Kapa ea Itelang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SE AMEHANG
  • BOHLOKOA BA HO FALIMEHA
  • “JOALE KA SEFI”
  • Ho Hlaolela Moea oa ho Itela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Ho Sebeletsa Jehova ka Moea oa Boitelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Kamoo re ka Lulang re E-na le Moea oa Boitelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Latela Jesu ka ho Tsoelang Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 2/1 maq. 12-17

Na u ea Ikhotsofatsang—Kapa ea Itelang?

“Eaba Jesu o re ho barutuoa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, ’me a ntšale morao.”—Matt. 16:24.

1. Boikutlo ba batho ba baloang ka bongata ke bofe kajeno?

HO BATHO ba bangata lefatšeng kajeno, mohopolo oa ho itella motho e mong, kapa sesosa se itseng, ha o hlile ha o ipiletse haholo. Ka sebele, boikutlo ba batho ba bangata ka ho eketsehileng ke ho batla lintho tse bonahalang ka bongata, boithabiso bo bongata le bolokolohi bo bongata ho etsa eng le eng eo ba e lakatsang, ba sa re letho haholo ka Molimo kapa motho. Le hona ho utloisisa ho itella lelapa la habo motho ho ntse ho nyamela lilemong tsa morao tjena, ha ho qhalana ha malapa le litlhalano li phahamela holimo lichabeng ka ho latellana.

2. Ke hobane’ng ha tšekamelo ena ea ho icheba e se e’ tšohanyetsang liithuti tsa Bibele?

2 Tšekamelo ena ea ho icheba ha e tle e le mohlolo ho ba lutseng ba falimehile Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo, Bibele e Halalelang. Ka mokhoa o nepahetseng Lentsoe leo la boprofeta le hlile la bolela hore ‘mehleng ea qetello’ ba bangata e ne e tla ba “baithati,” “ba ratang chelete,” “ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.” Batho ba bang ba na le maikemisetso a ho phehella litsela tsa bona tsa ho ikhaba hoo Bibele e reng ke “ba sa tsebeng ho itšoara.” Hona ho ka bonoa hape keketsehong e kholo ea ho lemalla botahoa, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali lilemong tsa morao tjena.—2 Tim. 3:1-4.

3. Ke boikutlo bofe bo hananang le boo bo teng, ’me bo buelloa ke mang?

3 Leha ho le joalo, ho boetse ho teng boikutlo bo fapaneng le boo, boo ba ho itella ba bang. Ke tsela e sa khothalletsoeng ke mang kapa mang haese ’Mōpi ea Matla ’ohle oa bokahohleng, Jehova Molimo ka boeena. Empa tsela e joalo ea boitelo—na ha e-ea felloa ke linako mehleng ea kajeno? Ke hobane’ng ha motho mang kapa mang a ka rata ho thahasella hoo ha batho ba bangata ba sa ho thahaselle?

SE AMEHANG

4, 5. Jesu o buile joang ka tsela ea boitelo, ’me o ne a bolela eng ka mantsoe a hae?

4 Ke ha bohlokoa haholo hore re be le maikutlo a nepahetseng ka taba ena ea ho itela kamoo e hananang le ho icheba. Mabapi le sena, Jesu Kreste o itse: “Ekare ha e mong a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, ’me a ntšale morao. Hobane ea ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timelloa ke bona; empa ea timelloang ke bophelo ba hae ka baka la ka, ke eena ea tla bo boloka. Molemo ho motho e ka ba eng, leha a rua lefatše kaofela, ha itimetsa, leha a itahla.”—Luka 9:23-25.

5 Mona Jesu o ne a hlalosa tsela ea boitelo. ’Me o ne a etella pele ho bontšeng hore na hona ho bolela eng? O itse: “Ha ke batle ho ratoang ke ’na, ke mpa ke batla ho ratoang ke Ntate ea nthomileng.” (Joh. 5:30) Kahoo, lebaka leo ka lona Jesu a ileng a nka tsela ea boitelo e ne e le hore a ka phethahatsa ka botlalo thato ea Ntate oa hae oa leholimo, Jehova. Tsela ke eo Jesu a ileng a e buella ho balateli ba hae. O boletse hore ba lokela ho utloisisa ho ‘itela’ a bolela hore ba buse litakatso tseo e leng tsa bona tsa nama le ho etsa hore ho etsoa ha thato ea Molimo e be ntho e ka sehloohong bophelong ba bona.

6. (a) Ke tšenyehelo efe e ka amehang tseleng ea boitelo? (b) Ka ho etsa thato ea Molimo, motho a ka ‘pholosa moea oa hae’ joang?

6 Ke ’nete, bophelo bo joalo ba boitelo ha bo bonolo. Bo akarelletsa tšenyehelo, e kenyelletsang nako le boiteko. Mabakeng a mang e ka ’na ea bolela ho lahleheloa ke bophelo matsohong a ba hlorisang bahlanka ba Molimo. Leha ho le joalo, kamoo Jesu a bontšitseng, ea etsang thato ea Molimo o tla ‘boloka’ moea oa hae, kapa bophelo. Ka tsela efe? Ka hore o tla fumana kamohelo ea Jehova le moputso oa qetello oo Molimo o o tšepisang bohle ba O sebeletsang, hobane ke “moputsi oa ba o batlang.” (Ba-Heb. 11:6) Ho bahlanka ba bangata ba tšepahalang ba Molimo, moputso oo ke bophelo bo sa feleng taolong e ncha ea ho loka mona lefatšeng: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pes. 37:29) ’Me ba “iketle khotsong e kholo.” (Pes. 37:11) Leha e le hore lefu ka bolona le ka ema tseleng ea moputso ona, hobane Jehova o tiisa hore ho tla ba le ‘ho tsohela bophelong.’—Joh. 5:29.

7. Ke hobane’ng ha nako e tlang e tšepisoang ke Jehova e lokeloa ke tšenyehelo leha e le efe ho rōna?

7 E, bophelo bo kotsing tabeng ena ea boitelo kamoo e hananang le ho icheba! ’Me ke bophelo bo tsotehang hakaakang—ho phela ka ho sa feleng har’a maemo a paradeise a tlang ho etsa letsatsi le leng le le leng hore ebe ‘thabo ea ’nete’! Kannete, boo e tla ba bophelo ka sebele. Ha ho tsela bophelong eo u ka e khethang hona joale lefatšeng lena, ha ho tekanyo leha e le efe ea mosebetsi o boima tšebetsong leha e le efe, ha ho liketso tsa botšepehi ho batho kapa tsamaiso leha e efe ea lefatše lena tse ka hlahisang bokamoso bo kang bo tšepisoang ke Jehova ho ba mo sebeletsang. Ka sebele, he, bo lokela sehlabelo leha e le sefe se ka etsoang se amehang.

BOHLOKOA BA HO FALIMEHA

8, 9. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re tiise boiteko ba rōna ho lula re falimehile le ho itela hona joale?

8 Ha re kenella ka ho teba “mehleng ea qetello” ho ntse ho hlokahala haholoanyane ho lula re falimehile moeeng le ho tiisa boithaopo ba rona ho itella ho sebeletsa Molimo ka ho amohelehang. Lebaka le leng la hona ke ’nete ea hore Satane Diabolose o tseba hore ‘o na le nako e khutšoanyane’ pele a hlekoa tseleng. (Tšen. 12:12; 20:1-3) Kaha nako ea hae ho tla fihlela joale e khutšoanyane haholo, re ka mo lebella hore o tla tiisa boiteko ba hae ba bohlanya ho silafatsa le ho senya. Ha ho letho le leng le molemo leo a ka le ratang ho feta ho susumetsa bahlanka ba Jehova ho fifatsa pono ea bona ea moea le hore ba lahleheloe ke kelello ea bona ea ho potlaka mabapi le linako tsena tse thata. ’Me a ka thaba ka ho fetisisa haeba ba ne ba ka fokotsa, kapa ba tlohela ho hang, ho bolela ha bona ‘litaba tse molemo’ tsa ’muso oa Molimo ho ba bang.—Matt. 24:14.

9 Ha rea lokela ho nyenyefatsa matla a Satane a thetso le kotsi. Lentsoe le bululetsoeng la Jehova lea lemosa, le re: “Le tsohe masene, le falimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang. Hanang ho eena ka ho tiea tumelong.” (1 Pet. 5:8, 9) Haeba motho ea bohlale a ne a ka tseba hore tau e hlaha e lokolotsoe sebakeng seo, o ne a tla itlhokomela kahohle le lelapa la hae, na ha ho joalo?

10, 11. (a) Jesu o fane ka temoso efe ka ho ikhotsofatsa? (b) Ke hobane’ng ha mantsoe a Jesu a sebetsa le ho ba bang ba ka phuthehong ea Jehova kajeno?

10 Jesu o ile a bua ka bohlokoa ba ho ba seli ha a ne a bua mabapi le ho timetsoa ha tsamaiso ena ea hona joale e khopo ea lintho, a re: “Le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ’me letsatsi leo la le tšoara sehloho; hobane le tla oela ba ahileng lefatšeng joale ka sefi. Falimehang ke hona, ’me le rapele ka mehla, le tle le neoe tokelo ea ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ea ho ema pel’a Mor’a motho.”—Luka 21:34-36.

11 Jesu o ne a bua le bo-mang? Tabeng ena o ne a buisana le balateli ba hae. Leha ho le joalo a ba lemosa hore, ntle le ha ba lula ba falimehile, ba bang le hona har’a bona ba ne ba tla pitloa ba sa lebela ha letsatsi la Jehova la timetso le fihla. Ke’ng se neng se tla etsa hore ba pitloe ba sa lebella? Ba ne ba tla tšoareha haholo linthong tsa bophelo ba tsatsi le leng le le leng, kapa ka ho ikenya menateng ka ho tlolisa. Mantsoe ao a temoso a Jesu ke temoso ea sebele ho rōna kajeno. Kaha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ha boa s’o fihle, ba bang ba sebeletsang Jehova ba ka ’na ba kena molekong oa ho khoehlisa takatso ea bona ea ho itela. Ba ka ’na ba nahana hore taolo ea oona e ncha e sa le hole haholo nakong e tlang hore ba ka nka boemo ba hona joale e le bo potlakileng. Ba ka ’na ba ikutloa hore ba tlameha ho ameha haholo ka ho phela bophelo boo ho thoeng ke “bo tloaelehileng.”

12. Na hoa utloahala ho batla bophelo bo “tloaelehileng” tsamaisong ee?

12 Leha ho le joalo, maikutlong a Molimo, na ho na le tsela leha e le efe e ka bang e “tloaelehileng” tsamaisong ee ea lintho? Lefatše lena le tlas’a tšusumetso ea Satane le bademona ba hae, e busoang ke litsamaiso tse khahlapetsang tsa lipolotiki, lithahasello tse meharo tsa khoebo le bolumeli ba bohata ba boithati. Le tlatsitsoe tšabo, lehloeo, pefo, boitšoaro bo bobe, litšila, mathata a tsa moruo, ho kula le lefu. Hona hohle ho hole le bophelo bo tloaelehileng boo Jehova a bo reretseng batho, e leng bo kopanyelletsang ho phela hantle ’meleng, ho sireletseha ka ho phethahetseng le thabo, hammoho le bophelo bo sa feleng, ’me hona hohle lefatšeng la paradeise. Kahoo, hona joale bophelo bo hole le ho tloaelehileng. Ho hang ha boa tloaeleha, ho tla lula ka tsela eo ho fihlela Jehova a thumakanya tsamaiso ena e khopo kaofela ha eona hore e se be teng, a hleka tsela bakeng sa taolo ea hae e khanyang e ncha. Ka hona ke ho ithetsa ho batla ntho e tloaelehileng lefatšeng le sa tloaelehang.

13. Mehlala e meng ea batho ba hlōtsoeng ke Satane ka baka la ho ikhotsofatsa ke efe?

13 E ne e tla ba tlokotsi e kaakang, ha nako e se e jele setsi hakana, hore Mokreste a hlokomolohe temoso ea Jesu, a khoehlise ho itebela hoa hae ’me a bee kamano ea hae le Jehova kotsing! Ea joalo a ka itlohela a bulehetse hore a ka oela “lerabeng la Diabolose ea ba tšoasitseng ho etsa kamoo a ratang kateng.” (2 Tim. 2:26) Ke sona se hlileng sa etsahala lekholong la pele la lilemo ka Demase, eo e neng e kile ea e-ba Mokreste. Ka eena, moapostola Pauluse o itse: “Demase o ntahlile ka ho rata lefatše la joale.” (2 Tim. 4:10) Mosali oa Lota ke e mong ea ileng a oela lerabeng la Satane. Ka ho se mamele a hetla morao Sodoma ha e ne e timetsoa, ’me a ‘lahleheloa ke moea oa hae.’ Ke ka lebaka le letle Jesu a ileng a re: “Hopolang mosali oa Lota.” (Luka 17:32, Phet. e Ncha) Joale ho teng Esau, ea ileng a fana ka tokelo ea hae ea tsoalo bakeng sa molemo oa nakoana o bonahalang. O ile a ahlola litaba hampe hakaakang! (Gen. 25:29-34) E mong ke Akane, ea ileng a nahana haholo ka chelete le liaparo tse ntle ho feta morero oa Jehova. (Josh. 7:1, 20-25) Ka masoabi, bohle ba joalo ba ile ba lefa ka boima ka hore ba be le moea oa ho icheba bobona ho e-na le ho ba le moea oa boitelo. Che, ho hlōloa ke moea oa ho icheba bouena ho hongata. Ho ’nile ha etsahalla bahlanka ba bang ba Molimo mehleng ea khale e fetileng, ’me ho etsahalletse ba bang mehleng ea kajeno. Ho ka ’na ha etsahala hape.

“JOALE KA SEFI”

14. Timetso e tlang ea lefatše e tšoantšoa le sefi joang?

14 Ha Jesu a ne a bua ka ho tla ha letsatsi la Jehova, o itse le tla tla “joale ka sefi.” (Luka 21:35) Sefi se pitla phoofolo e sa lebellang letho ha e itsamaela e sa ela hloko tseleng ea kotsi. Ka hoo, le bofelo ba tsamaiso ena bo tla tla ka tšohanyetso, ha batho ba bangata ba sa ho lebella. Batho ba joalo ba ka ’na ba akarelletsa batho ba neng ba qalisitse ‘tseleng e isang bophelong,’ empa e le ba itlohelletseng hore ba haptjoe ke telekiso ea lintho tsa lefatše, ’me ba khelohetse hole tseleng e fosahetseng.—Matt. 7:14.

15. Na boemo bo sa nyaroseng haholo ba lefatše ke bopaki ba hore bofelo ba tsamaiso bo sa le hole haholo?

15 Leha ho le joalo, na boemo bo nyarosang hanyenyane ba lefatše, kapa ponahalo ea ka ntle ea lintho ea nala libakeng tse sa tšoaneng, e ke ke ea nea ba bang lebaka le utloahalang la ho ikutloa hore bofelo bo sa le hole? Ha e le hantle, ho ka bolela ho fapaneng le hoo hantle. Ela hloko mantsoe a Jesu, a reng: “Joale ka ha ho bile mehleng ea Noe, le ho tleng ha Mor’a motho ho tla ba joalo. Hobane joaleka mehleng e bileng teng pele ho moroallo oa metsi, ha batho ba ne ba e-ja, ba e-noa, ba nyala, ba nyalisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Noe a keneng arekeng ka lona; ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona; ho tla ba joalo le ho tleng ha Mor’a motho.” Ke ka baka leo Jesu a ileng a boela a lemosa: “Le Iōna, itokiseng ke hona; hobane Mor’a motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.”—Matt. 24:37-39, 44.

16. Pauluse le Petrose ba entse lipolelo life ka ho tšohanyetsa ha bofelo ba tsamaiso ee?

16 Moapostola Pauluse, le eena, o ile a hlokomela tšohanyetso eo tsamaiso ena e tla fihla bofellong ba eona ka eona, ho sa lebelloa ke batho ba bangata. O itse: “Le tsoe le tseba hantle-ntle le lōna hoba letsatsi la Morena le tla hlaha joale ka lesholu la bosiu. Hobane mohla ba tla re: Ho khotso, ho iketliloe! ke moo tšenyeho e tla ba oela holimo ka sehlōhō joale ka pelehi.” (1 Ba-Thess. 5:2, 3) Moapostola Petrose o ile a boela a bua ka ’nete ea hore “letsatsi la Morena [Jehova] lona le tla tla ka mokhoa oa lesholu,” le sa lebelloa ke ba sa falimehang moeeng. (2 Petrose 3:10) Ke ka baka leo Pauluse a ileng a eletsa, a re: “A re se keng ra robala joale ka ba bang, re mpe re falimehe, ’me re tšabe botahoa.”—1 Ba-Thess. 5:6.

17. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ikutloa hore Jehova o liehisitse letsatsi la hae la bohale?

17 Letsatsi la bohale ba Jehova khahlanong le bokhopo le tla tla hantle kamoo a le reretseng kateng. Le ke ke la lieha le ka motsotsoana feela. Ka baka leo, ha ho motho ea ratang Jehova ea lokelang hore a oele mohopolong kapa mokhoa oa bophelo o fanang ka maikutlo a ho se lumele morero oa Jehova oa ho felisa bokhopo lefatšeng le ho hloma taolo e ncha ea ho loka. Haeba motho a ne a ka nka maikutlo ao a seng matle, o ne a tla tšoana haholo le bao ba hlalositsoeng ho 2 Petrose 3:3, 4, e reng: “mehleng ea morao, ho tla hlaha basomi ba tla tsamaea ka litakatso tsa bona, ba soma, ba re: E kae pallo ea ho tla ha hae? Hobane, ha e sa le ho eshoa bo-ntate moholo, ntho tsohle li sa ntse li tiile, li sa le joale ka qalong, ha li hloloa.”

18. (a) Ke bopaki bofe bo teng ba hore mehla ea rōna ka sebele e fapane lea ‘tšimolohong ea popo’? (b) Ke hobane’ng ha boiteko bo boholo ba rōna e lokela hore e be bo tobisoang ho etsoeng ha thato ea Jehova?

18 Ke ’nete, mekhoa ea tšebetso ea mantlha ea bophelo e ’nile ea tsoela pele ho tla fihlela joale. Leha ho le joalo, lekholong lena la lilemo, bopaki bohle ba ‘mehla ea qetello’ bo holim’a rōna ka botlalo. Litlokotsi tse kholohali tsa pale li qobellane lekholong lena la lilemo. ’Me hona joale motho o na le matla a ho senya bophelo bohle bo lefatšeng lena. Ka sebele, bopaki bohle bo phethahatsong ea boprofeta ba Bibele bo bontša hore lefatše lena le phallela bofelong ba lona ka potlako. ’Me ha bo fihla, bo tla bolela nako ea khathatso eo ho seng e ka lekanang le eona bakeng sa batho. Jesu o ile a bo bitsa “mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng.” (Matt. 24:21) Nakong eo litsamaiso tsohle tsa lefatše lena tsa lipolotiki, moruo le bolumeli ba bohata li tla timetsoa. Ka hoo, ka nako ena eohle, boiteko le tšenyehelo tse ’nileng tsa tsoela ho bolokeng litsamaiso tseo li tla felloa ke mosebetsi. Ruri ho ke ke ha hlokahala hore Bakreste ba lebise tlhokomelo ea bona boitekong bo boholo ba lintho tseo tse ke keng tsa tšoarella. Botšepehi ba bona bo boholo le boitelo li tlameha ho tobisoa ho hoo e leng ha ka ho sa feleng: “Lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Joh. 2:17.

19. ‘Mahlomoleng a moholo,’ boiteko bo tla hlokahala joang ba ho itela, hona bo tla tšoanela ho tsoa ho bomang?

19 ‘Mahlomoleng a maholo’ a tlang ntle ho pelaelo sebaka se tla ba sengata bakeng sa bahlanka ba Jehova ho bontša moea oa boitelo. Ba tla tšoanela ho thusa Bakreste bahabo bona ka litsela tse ngata, ho kopanyelletsa ho abelana le bona lintho tse hlokahalang tse bonahalang. (Ba-Heb. 13:16) Ka lebaka la ho sisinyeha ho hoholo ho tla etsahala litsamaisong tsa lipolotiki, tulisano le moruo, bahlanka ba Molimo ba ka ba ’na ba lahleheloa ke matlotlo a mang kapa matlotlo ’ohle a bona. Ka baka leo, bao ka nako ena ba beang lithahasello tsa Jehova pele bophelong ba bona, le ba seng ba ntse ba e-na le moea oa boitelo, ka mokhoa o tšoanang ba tla ho fumana ho le bonolo haholoanyane ho itella se tla beng se hlokahala ka nako eo.

20. Taba ea ho itela e tebile hakae?

20 Re ke ke ra balehela ’nete ea potso e reng, “Na u ea ikhotsofatsang—kapa ea itelang?” ke taba ea bophelo kapa lefu ha e talingoa ponong ea Jehova. Haeba re rata bophelo, ’me re batla ho phela bophelo bo phethahetseng taolong e ncha ea Molimo, joale ho hlokahala moea oa boitelo ho sebeletsa Jehova ka ho amohelehang hona joale.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela