Liboka Tsa Tšebeletso Tsa April
Beke e Qalang ka la 5 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hlahloba “Na re ka Fana ka Buka ea Creator?” Mema bohle ba thahasellang hore ba be teng puong e khethehileng ea phatlalatsa ka la 18 April. Puo eo e na le sehlooho se reng “Setsoalle sa ’Nete le Molimo le Moahelani.”
15 mets: “Bolelang Litaba Tse Molemo ka Tabatabelo.” Kenyelletsa sehlooho sena ka nako e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo. Qetella ka khothatso e thehiloeng ho Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 191-2, serapeng sa 12-13.
20 mets: “Kamoo Litho Tsa Lelapa li Sebelisanang Hammoho Kateng Hore li Kopanele ka Botlalo—Tšebeletsong.” Puisano ka sehlopha sa lelapa. Hlahloba mabaka ao ka oona lelapa le lokelang ho talima tšebeletso ea tšimo e le tloaelo ea kamehla ea beke le beke eo bohle ba kopanelang ho eona. Hlahloba khothatso e fanoeng ho Molula-Qhooa oa September 1, 1993, leqepheng la 17-19, serapeng sa 9-12. Mema batsoali har’a bamameli hore ba phete kamoo ba atlehileng kateng ho hlophisa mosebetsi oa tšebeletso ea beke le beke bakeng sa malapa a bona.
Pina 67 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 12 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: “Ho Eketsa Matla a ho Paka ha Bofelo bo Ntse bo Atamela.” Lipotso le likarabo. Buisana ka lipotso le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli bao ka nako e ’ngoe ho neng ho se mohla ba kileng ba nahana hore ba ka kopanela mosebetsing oa ho bolela empa hona joale ba etsa joalo kamehla kahobane ba ile ba bona tlhokahalo e potlakileng ea ho hasa molaetsa oa ’Muso. Ha nako e lumela, kopanyelletsa le liphihlelo tse peli tse tsoang ho Buka ea Selemo ea 1997, leqepheng la 42-8, ho bontša kamoo bahoeletsi ba matlafalitseng boiteko ba bona ba ho paka ka ho ea moo batho ba leng hona teng.
Pina 93 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 19 April
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
10 mets: “Na U na le Odara e Tobileng?” Puo, ho ka ba molemo ha e fanoa ke moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea tšoarang limakasine. Tsebisa phutheho hore na ho amoheloa limakasine tse kae ka khoeli le hore na ka karolelano ho tlalehoa hore ho tsamaisitsoe tse kae. Ha rea lokela ho tlohella limakasine hore li phaellane. Etsa litlhahiso tsa hore na likopi tsa khale li ka abjoa joang.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea July 1993, leqepheng la 1.
30 mets: “Bopula-maliboho—Ho Sebelisa Nako ea Rōna ka Bohlale!” Lipotso le likarabo. Abela batho ba bararo ba sa tšoaneng hore ba phete liphihlelo tse serapeng sa 5-7. Qetella ka ho mema bohle ba ka khonang hore ba nahane ka ho etsa kōpo ea tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang kapa ba kamehla. Liforomo tsa kōpo li fumaneha ho setho leha e le sefe sa Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho. Bolela hore esale nako hore ho ka tlisoa likōpo tsa ho ba pula-maliboho ea thusang ka May.
Pina 165 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 26 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba tlise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa April. Tsebisa mabitso a bao e tla ba bo-pula-maliboho ba thusang ka May, ’me u khothalletse ba bang hore ba etse kōpo. Fana ka litlhahiso tse molemo bakeng sa ho nehelana ka limakasine tsa morao-rao.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1996, leqepheng la 12.
17 mets: “Ke Lokela ho Etsa’ng?” Ka mor’a ho hlahloba sehlooho sena le bamameli hakhutšoanyane, shebella mocha a buisana le motsoali oa hae ka merero ea hae ea kamoso ka mor’a hore a qete sekolong se phahameng qetellong ea selemo. Ba hlahloba hammoho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea July 1998, leqepheng la 4. Motsoali o fana ka keletso tumellanong le khothatso e fanoeng ho Molula-Qhooa oa February 1, 1996, leqepheng la 14 le oa December 1, 1996, leqepheng la 17-19. Kaha joale lihora tse hlokahalang tsa bopula-maliboho li fokolitsoe, mocha o hlahloba monyetla oa ho bula maliboho ha a ntse a qetella thuto ea sekolo.
18 mets: Buisana ka Lipotso le Bo-pula-maliboho ba Thusang. Molebeli oa tšebeletso o buisana ka lipotso le bahoeletsi ba bang bao e leng bo-pula-maliboho ba thusang khoeling ena hammoho le ba bang ba ileng ba bula maliboho nakong e fetileng. Ba meme hore ba phete a mang a mahlohonolo ao baa thabetseng, seo ba se finyelletseng, le hore na ke hobane’ng ha ba lebeletse ka cheseho ho ba bo-pula-maliboho ba thusang hape bonyane khoeli e le ’ngoe kapa tse peli selemo le selemo.
Pina 69 le thapelo e koalang.