‘Nka Etsa Eng?’
1 ‘Nka etsa eng?’ Ha ho pelaelo hore potso eo e ne e le likelellong tsa litho tsa sehlopha se senyenyane sa thuto ea Bibele se neng se hlophisitsoe ke Charles Taze Russell ka bo-1870. Ha li ntse li tsoela pele ho utloisisa thato ea Molimo, e tlameha ebe liithuti tseo tsa pele tsa Bibele li ile tsa ipotsa hore na li ka etsa’ng ho thusa ba bang ho ithuta ka morero oa Molimo. Ka sebele e ne e le mosebetsi oa motonanahali hore li finyelle lefatše lohle ka tsebo ea Bibele eo li neng li e fumana.
2 Ho re thabisang ke hore li ile tsa tobana le phephetso eo ka katleho. Joang? Motho e mong le e mong o ile a phetha karolo ea hae e neng e bonahala e se ea bohlokoa, hoo kajeno Lipaki tsa Jehova li tsebahalang lefatšeng ka bophara—e le mokhatlo oa baboleli ba ’Muso ba ka bang limilione tse tšeletseng, ba sebeletsang liphuthehong tse ka bang 90 000 linaheng le lihlekehlekeng tsa leoatle tse 234!— Esa. 60:22.
3 Tšehetsa ka Hohle-Hohle: Ke habohlokoa hore e mong le e mong oa rōna a be le tema eo a e khathang mosebetsing ona o babatsehang oo Jesu a boletseng esale pele hore o ne o tla phethoa matsatsing ana a ho qetela. (Mar. 13:10) Ka sebele mosebetsi ona o ke ke oa siuoa ka ho feletseng ho baholo ba fokolang ka palo; leha e le hore tšebeletso ea boboleli e ka jarisoa bo-pula-maliboho feela. Ha e le hantle, Mokreste e mong le e mong ea inehetseng o na le karolo ea bohlokoa eo a lokelang ho e phetha. Kaofela ha rōna re ka kenya letsoho mofuteng o itseng oa tšebeletso ea boboleli. (1 Tim. 1:12) Ho sa tsotellehe hore na re etsa sena ho isa bohōleng bofe, re ithuisa molemo re bile re ruisa ba bang molemo.—1 Tim. 4:16.
4 E mong le e mong a ka boela a tšehetsa ka hohle-hohle kamano ea rōna ea bara ba motho ea Bokreste ka litsela tse ling tsa bohlokoa. Re ka tšehetsa liboka tsa phutheho ka ho ba teng kamehla le ka ho kopanela ka cheseho. (Pes. 122:1, 8, 9) Re ka phetha karolo ea rōna bakeng sa ho boloka phutheho e hloekile boitšoarong. Re ka tšehetsa mosebetsi oa lefatše ka bophara ka lichelete ho ea kamoo re ka khonang kateng. Re ka kopanela ho hloekiseng Holo ea ’Muso. E mong le e mong a ka tlatsetsa moeeng o mofuthu oa lerato le bonngoe ka phuthehong ka ho thusa ba bacha ’neteng, ba banyenyane le ba hōlileng ka ho tšoanang.—Bakol. 3:12, 14.
5 Kahoo u ka ’na ua botsa, ‘Nka etsa eng?’ Le hoja boiteko ba hao u le motho ka mong bo ka ’na ba bonahala bo le bonyenyane, ka ho phetha karolo ea hao, u tlatsetsa ho etseng hore ho be le phutheho e matla, e mafolofolo le e phelang hantle. Kahoo kaofela ha rōna re na le karolo ea bohlokoa ho tlotliseng lebitso la Jehova!