Lebisa ba Bacha Phuthehong ea Molimo
“Ratang banab’abo lōna bohle.”—1 PETROSE 2:17.
1, 2. Ntle ho lintho tse rutoang ke eng e fetisoang ke baruti ba Bakreste?
MOSEBETSI oa moruti ke ho fana ka mabaka. Empa moruti ea molemo o etsa ho fetang hoo. O fetisetsa melemo ho seithuti, o thusa seithuti hore se bone bohlokoa ba seo se ithutang sona le ho se bontša kamoo se ka se sebelisang hamolemo. Ka ho khethehileng, moruti oa Mokreste o etsa sena. Ke ’nete, o lokela ho fetisa “ ’nete ea Molimo.” (Ba-Roma 1:25) Empa hoo ho ama ho fetang ho tseba lintho tse rutoang. Bibele e khothalletsa ho ruta ho tšaba Jehova hammoho le litšobotsi tsa molemo le kelello.—Pesaleme ea 34:11; 119:66.
2 Jesu o boletse litaba tse ling tse lokelang ho rutoa: “Le rute lichaba tsohle; . . . le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mattheu 28:19, 20) ‘Tsohle tse laetsoeng’ li akarelletsa ho kopanela mosebetsing oa ho bolela lefatšeng lohle o ileng oa profeteloa mehla ea rōna. (Mattheu 24:14) ’Me ho na le ho hong hape hoo re lokelang ho ho fetisetsa ho liithuti tsa rōna tsa Bibele. Ke hofe? Ho fumana karabelo, nahana ka tšebeletso ea moapostola Pauluse ’me u hlokomele ho hong ho neng ho hlahella haholo thutong ea hae.
Pauluse e le Mohlophisi
3. Pauluse o ile a tsoela pele joang ha a ruta ba sa tsoa thahasella Korinthe?
3 Ha moapostola Pauluse a qala ho etela Korinthe, a fumana batho ba bangata ba mamelang, ho sa tsotellehe khanyetso ea batho ba Bajode. Leha ho le joalo, Pauluse ha a ka a ruta bana ba thahasellang bocha lekunutung la motho ka mong. Rea bala: “Eitse ha a e-tsoa teng [synagogeng ea Bajode], a kena tlung ea monna e mong ea bitsoang Justuse, ea tšabang Molimo, eo ntlo ea hae e neng e tšoarane le synagoge.” (Liketso 18:7) Ntlo eo ea fetoha sebaka seo barutuoa ba bacha ba kopanelang ho sona le ho rapela ho sona hammoho. Kapele Pauluse a ba hlophisa ho ba phutheho.—1 Ba-Korinthe 1:2.
4. Ke eng e ileng ea hlaha kapele Efese hoba Pauluse a qale ho ruta moo?
4 Hamorao Pauluse a leba Efese moo ho ileng ha etsahala ntho e tšoanang. A ruta batho ba thahasellang moo ba leng bang, ‘ka ntlo le ntlo.’ (Liketso 20:20) Empa hape a potlakela ho etsa litokisetso tsa hore barutuoa ba bacha ba ka bokana hammoho. A “khetha barutuoa [ho Bajode], a ntoo ruta ka matsatsi ’ohle sekolong sa e mong ea bitsoang Tyranno.” (Liketso 19:9) Kapele le sona sehlopha sena sa Bakreste sa hlophisoa ho ba phutheho e nang le baholo ba khethiloeng.—Liketso 20:17, 18.
5. Baruti ba pele ba Bakreste ba ile ba etsa joang ka ba bacha kapele kamoo ba ka khonang?
5 Ka ho hlakileng, ha ba bacha ba amohela ’nete lekholong la pele la lilemo, ba ne ba sa siuoe hore ba iponele hore ba tsoa joang. Ba ne ba bokelloa ho ba liphutheho. Liphutheho tsena li ne li amohela khothatso e tsoang ho sehlopha se busang sa nako eo. Baena ba hōlileng tsebong, ba kang Pauluse le Barnabase, ba ne ba sebelisa nako e ngata ho ruta liphutheho tsena tse theiloeng bocha ’me “ba ntse ba ruta, ba bolela lentsoe la Morena, ba e-na le ba bang ba bangata.” (Liketso 15:30-35) Hobane’ng? Ke hobane’ng ha ba bacha ba ne ba sa siuoe hore ba iponele hore ba tsoa joang ’me ba itšetlehe ka matsoalo a bona a rutiloeng bocha hore a ba tsamaise ho etsa se nepahetseng?
Ke ka Baka La’ng ho ba le Liphutheho?
6. Ke hobane’ng ha Bakreste ba pele ba ne ba hlophisitsoe ka liphutheho?
6 Ho na le mabaka a mangata, ’me re tla bolela a mang a oona. Pele, ha motho a fetoha Mokreste, o khaotsa ho tšoana le lefatše le mo potolohileng. (Johanne 17:14, 15) Haeba a ne a siiloe a le mong, boemo boo bo ne bo ka ba bolutu haholo. Leha ho le joalo, haeba a ne a kopanela le Bakreste ba bang phuthehong ea habo, o ne a tla matlafatsoa ke bona hore a lule a arohile. Ho phaella moo, Jesu o boletse hore barutuoa ba hae e ne e tla ba ‘ntho e le ’ngoe.’ (Johanne 17:11) Bonngoe boo bo hlile ba bonoa liphuthehong. Jesu a boela a re: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:35) Hore Bakreste ba bontše lerato lena ka tsela eo le neng le tla sebeletsa e le pontšo ho ba kantle, ba ne ba tlameha ho ba ka lihlopha. Lihlopha tseo e le liphutheho tsa libaka, tseo Bakreste ba neng ba lisa boemo ba moea le katleho ea e mong le e mong. (Ba-Filippi 2:4) Ka mohlala, phallelo ea bahlolohali eo Pauluse a buang ka eona le Timothea ka ho hlakileng e ne e hlophisoa ka liphutheho.—1 Timothea 5:3-10.
7. (a) Bohlokoa ba mantsoe a Pauluse ho Ba-Heberu 10:24, 25 ke bofe? (b) Karolo ea liphutheho tsa Bokreste tsa lekholo la pele la lilemo mosebetsing oa boboleli e ne e le efe?
7 Ka hona, mantsoe a Pauluse e ne e le khothatso e tobileng ea ho tšehetsa phutheho ea sebaka ha a re: “A re lebelaneng, re tle re isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra ngala liphutheho tsa rōna, kamoo e leng mokhoa oa ba bang; re mpe re khothatsane, haholo etsoe le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Ba-Heberu 10:24, 25) Ho phaella moo, ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso ho phethahalitsoeng haholo hakana lekholong la pele la lilemo ka ho hlakileng ho ne ho etsoa ka mokhoa o hlophisitsoeng ka liphutheho. (Ba-Roma 10:11-15) Ka hona, moea o halalelang oa tataisa baholo Antioke hore ba romele Pauluse le Barnabase e le baromuoa libakeng tse ka thōko, ’me Pauluse a amohela taelo ea baholo phuthehong ea Jerusalema mabapi le libaka tseo a neng a lokela ho bolela ho tsona.—Liketso 13:1-3; Ba-Galata 2:8-10.
Liphutheho tsa Libaka Kajeno
8, 9. Ke hobane’ng ha le rōna re lokela ho lebisa ba thahasellang phuthehong ea sebaka seo?
8 Rōna kajeno re ka ithuta eng lintlheng tsena tsa histori? Hore le rōna re lokela ho lebisa ba thahasellang bocha phuthehong ea sebaka seo ea Bokreste. Kajeno, joaloka mehleng ea Pauluse, Bokreste hase bolumeli ba ba itšehlang thajana. Maele a lemosa hore, “Motho ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a inotši.” (Liproverbia 18:1) Le teng, “ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa.” (Liproverbia 13:20) Ba bacha ba hloka ho tšehetsoa moeeng, boitšoarong le maikutlong a fanoang ke phutheho ea Bokreste. Ba hloka ho utloa lerato la balumeli bahabo bona, tšebeletso ea baholo le bonngoe bo monate bo etsang hore ho ba Mokreste ebe phihlelo e monate le e ikhethang hakana.—Pesaleme ea 133:1.
9 Le kajeno, boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso bo etsoang lefatšeng lohle bo laoloa ka tsela e hlophisitsoeng haholo-holo ka liphutheho tsa Bokreste tsa libaka. (Mattheu 24:14) Ka hona, ha re ruta ba bacha tlameho ea bona ea ho kopanela mosebetsing oo, re lokela ho ba lebisa phuthehong ea moo ’me re ba bontše hore na ba ka sebelisana joang le eona.
Boena ba Lefatše Lohle
10. Bolela litemana tse ling tse supang bonngoe ba lefatše lohle ba Bakreste ba lekholo la pele la lilemo.
10 Leha ho le joalo, moapostola Pauluse ha a ka a tsebisa ba bacha phutheho ea habo bona feela. A re ho Baefese: “ ’Mele o mong, le Moea o mong, joale kaha le bilelitsoe tebello e le ’ngoe ka ho bitsoa ha lōna.” (Ba-Efese 4:4) “ ’Mele” o ne o le mong lefatšeng lohle, e seng liphutheho tsa palo eitseng tse qhalaneng, le tse ipusang tsa libaka ka bomong. Jesu le eena o ne a supa litho tse phelang tsa “ ’mele” ona o lefatšeng ha a bua ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” ea neiloeng matla a ‘ho fepa’ “bahlanka.” (Mattheu 24:45-47) Bakreste ka bomong ba lefatšeng lohle ba ne ba tla tlameha ho ela hloko litaelo tsa “mohlanka” enoa haeba ba lakatsa ho ‘fepuoa’ ke eena. Hona ho ne ho tla fella ka mokhatlo oa lefatše lohle oa Bakreste.
11. (a) Petrose o ile a re phutheho ena ea lefatše lohle ea Bakreste ke eng? (b) Ke tokisetso efe e ileng ea boloka bonngoe thutong ho Bakreste ba lekholo la pele la lilemo? Pauluse o bontšitse joang hore o ela hloko tokisetso eo?
11 Ka hona, moapostola Petrose o buile ka Bakreste bohle ba mehleng ea hae e le “mokhatlo ’ohle oa baena.” (1 Petrose 2:17, NW) Batho bana e ne e tla ba “mokhatlo” oa lefatše lohle (“baena,” adelphotesʹ, ka Segerike). Ba bacha ha baa ka ba fetoha karolo ea liphutheho tsa habo bona feela empa ea boena ba lefatše lohle. Liphutheho li ne li amana. (Ba-Kolosse 4:15, 16) Ha ho ne ho e-na le lipotso mabapi le thuto, Bakreste ba ne ba sa iketsetse liqeto tsa bona. Bakeng sa karabelo e nang le matla, ba ne ba lebella ho baholo ba phutheho ea Jerusalema ba neng ba sebeletsa e le sehlopha se busang sa lefatše mehleng eo. (Liketso 15:2, 6-22) Pauluse ka boeena o ne a ela hloko matla a ho ruta a sehlopha seo. Le hoja a ne a amohetse ’nete ka tšenolo e khethehileng e tsoang ho Jesu Kreste, leha ho le joalo, a ea Jerusalema ’me a ba hlalosetsa litaba tse molemo tseo a li rutang, ‘hore e se be mohlomong o titimela lefeela.’—Ba-Galata 1:11, 12.; 2:1, 2, 7-10.
12. Ke mekhoa efe hape e neng e momahanya “mokhatlo oa baena”?
12 Ho boloka bonngoe ba monahano le ketso ba “mokhatlo ‘ohle” oa ba baena, basebeletsi ba tsamaeang, ba kang Timothea, Tite le Ephafrodite, ba romeloa ho ba etela le ho ba haha, ’me mangolo a kang a Pauluse, Petrose, Jakobo, Johanne le Juda a potoloha har’a bona. Kaha boena bo joalo bo ne bo le teng, Bakreste ba ruileng linaheng tse ling ba utloa ka tlhoko ea baena ba bona Judea nakong ea mathata moo, ’me Pauluse—ka liphutheho—a hlophisa litsela tsa ho ba phallela. (1 Ba-Korinthe 16:1-4) Bakreste ka bomong le bona ba khothatsoa ha ba utloa litlaleho tsa mamello le tumelo ea ‘mokhatlo ’ohle oa baena ba bona lefatšeng.’—1 Petrose 5:9.
Tsebisa ba Bacha “Mokhatlo ’Ohle”
13. Ho tšoana ho hong ke hofe pakeng tsa ‘mokhatlo ’ohle oa baena’ lefatšeng lohle lekholong la pele la lilemo le kajeno?
13 Na le kajeno ho na le “mokhatlo ’ohle oa baena”? E, o teng. “Mohlanka ea khabane, ea bohlale” o ntse a le teng ’me o ntse a ikarabella ka ‘ho fepa’ “bahlanka.” (Mattheu 24:45-47) Joaloka mehleng ea Pauluse, Sehlopha se Busang se emela “mohlanka” enoa ’me se tsamaisa mosebetsi oa lefatše lohle oa ho bolela ‘litaba tse molemo.’ Le kajeno bonngoe ba lefatše lohle bo tiisoa ka mangolo le ka lingoliloeng tse tsoang ho Sehlopha sena se Busang, hammoho le ka baruti ba hōlileng tsebong ba sebeletsang liphuthehong. Ka hona, ha motho a ithuta ’nete, o ithuta ho ba karolo ea phutheho ea moo hape le ho ikutloa e le karolo ea “mokhatlo ’ohle oa baena” lefatšeng lohle. Ke boikarabelo ba moruti oa Mokreste ho thusa liithuti tsa hae tsa Bibele ho etsa sena. A ka ho etsa joang?
Ho Thusa ba Bang ho Rata “Mokhatlo ’Ohle”
14. Ke litsela life tseo u fumaneng li atleha ho bolella liithuti tsa Bibele ka phutheho ea heno hape le ka phutheho ea lefatše lohle ea batho ba Molimo?
14 Moruti oa Mokreste a ka bolella seithuti sa hae ka phutheho le ka boena ba lefatše lohle, e be joale o se bontša ’ona. A ka ba bolella joang? Litsela tse ling tseo baruti ba nang le tsebo ba li fumaneng li le molemo ke tsena: Iphe nako pele kapa kamor’a thuto ea Bibele ho bua ka phutheho le bohlokoa ba eona ba Mangolo, hape le ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale” le tsela eo a re sebeletsang ka eona kajeno. Hlalosa Holo ea ’Muso le liboka. Bua ka lintho tse thahasellisang tseo u ithutileng tsona libokeng. Lithapelong tsa hao pele le kamorao ho thuto, bua ka phutheho ea moo le ka boena ba lefatše lohle.
15. Litsela tse ling tse ntle tsa ho bontša ba thahasellang phutheho ea heno le phutheho ea lefatše lohle ke life?
15 Empa a ka bontša lintho tsee joang? Litsela tse ling tse ipakileng li atleha ke tsena: Hang feela ha ho khoneha, mema litho tse ling tsa phutheho ho ea le uena thutong e le hore seithuti se qalise ho ba le metsoalle e mecha kapele kamoo ho ka khonehang. Ke habohlokoa hore a hlokomele hore botsoalle leha e le bofe bo mo lahlehelang tsamaisong ea khale ea lintho o tla bo fumana ka bongata har’a metsoalle e mecha ‘mokhatlong ’ohle oa baena.’ (1 Petrose 5:9; Mattheu 19:27-29) Sebelisa ka botlalo bukana Jehovah’s Witnesses in the Twentieth Century. E hlalosa phutheho ea kajeno ea lefatše lohle ea Lipaki tsa Jehova ’me e na le litšoantšo tse ling tse ntle tsa kopano e khōlō, Holo ea ’Muso, seboka se tsoelang pele, mosebetsi oa ho bolela, le tse joalo. E tla nea seithuti maikutlo a bonahalang a boholo ba “mokhatlo ’ohle oa baena.” Ka ho tšoanang, khaolo ea 23 ea buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e na le setšoantšo se setle se hlalosang phutheho ea Molimo kajeno.
16. (a) Re lokela ho potlakela ho etsa eng ka liithuti tsa rōna tsa Bibele? Ka lebaka lefe la Mangolo? (b) Re ka rua molemo joang ka leeto la molebeli oa potoloho kapa oa setereke ho thusa liithuti tsa rōna hore e be batho ba Molimo?
16 Hape u hopole hore Pauluse o ile a hlophisa liboka Efese kapele feela ha a fumane ba khahlehang. (Liketso 19:9, 10) A bolella phutheho ea Korinthe hore ha “ho kena ea sa lumelang, leha e le ea sa tsebeng” sebokeng se lokiselitsoeng hantle sa Bokreste, “makunutu a pelo ea hae a bonahatsoa, ’me o tla itihela fatše ka sefahleho, a rapele Molimo, ’me a bolele hore Molimo o har’a lōna ka sebele.” (1 Ba-Korinthe 14:24, 25) Ka ho tšoanang, le kajeno hang ha seithuti se qala ho kopanela le phutheho ea moo, kapele se tla lemoha moo ’nete e hlileng e leng teng. Ka lebaka lena, baruti ba Bakreste ba memela liithuti tsa bona ho ba teng libokeng tsa phutheho le likopanong tse kholoanyane kapele kamoo ho ka khonehang. Haeba ho hlokahala, ba tlohela mabaka a bona ’me ba ee ho ea khahlehang le ho ea le eena libokeng. Ha phutheho ea bona e etetsoe ke “Tite” kapa “Ephafrodite” oa kajeno, molebeli oa potoloho kapa oa setereke, ba tiisa hore seithuti sa bona sa Bibele se kopana le eena le mosali oa hae, mohlomong le ho memela baeti ho kopanela thutong ea ka mehla ea Bibele.
17. Kahoo, karolo ea bohlokoa ea mosebetsi oa rōna oa ho ruta le ho etsa barutuoa ke efe? (Mattheu 28:19, 20) E ruisa liithuti tsa rona molemo joang?
17 Phutheho ea Jehova ea lefatšeng lohle ea ba tlotsitsoeng ke “tšiea le motheo oa ’nete.” (1 Timothea 3:15) Hore ba bacha ba rue molemo ka “tšiea” eo, ba tlameha ho ikopanya le makholo a likete a ba bonolo ba khobokanang ho kopanela le bana ba tlotsitsoeng. (Zakaria 8:23) Ba bonolo bana kajeno ke baena ba lefatše lohle ba fetang limillione tse peli le halofo, ’me ba amohela ’nete ho akarelletsa ho kopanela le boena bona ba lefatše lohle. Ha ba thahasellang bocha ba fetoha karolo ea bona, ba thabela tšehetso eohle le tšireletso eo bo fanang ka eona. Ba nyakallela lerato la boena la Bakreste bahabo bona ’me le bona ba ba le monyetla oa ho rata. (Ba-Heberu 13:1) Hona ho boetse ho bolela hore ba fetoha karolo ea bongata bo se nang palo ba lefatše lohle bo tla pholoha mahlomola a maholo a tlang hore ba kene hammoho botsoalleng ba ka ho sa feleng ba thabo. (Tšenolo 7:9-17) Ka hona, le hoja u ruta liithuti tsa hao tsa Bibele se lumeloang, u se ke ua lebala ho li lebisa, le ho li ruta ho ba le lerato bakeng sa “mokhatlo ’ohle oa baena.”—1 Petrose 2:17.
Na u sa Hopola?
◻ Pauluse o ile a etsa joang ka ba bacha ba neng ba thahasella Efese le Korinthe?
◻ Ka baka leo Pauluse a ruisa ba bacha molemo joang?
◻ Ntle ho ho ruta se lumeloang, re lokela ho falimehela ho tsebisa liithuti tsa rōna tsa Bibele eng?
◻ Litsela tse ling tse molemo tsa ho etsa see ke life?
[Litšoantšo tse leqepheng la 14, 15]
Ba bacha ba amoheloa ka mofuthu ‘mokhatlong ’ohle oa baena’