Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/01 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 11 June
  • Beke e Qalang ka la 18 June
  • Beke e Qalang ka la 25 June
  • Beke e Qalang ka la 2 July
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 6/01 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 11 June

Pina 178

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Litaba tsa Puso ea Molimo.

15 mets: “Tsoela Pele ‘ho Etsa se Setle.’” Puo ea Mangolo e khothatsang ka moholo.

20 mets: “Finyella Pelo ea Seithuti sa Hao.”a Akarelletsa le litlhahiso tse sebetsang mabapi le mokhoa oa ho thusa ba bacha hore ba hlaolele tumelo le lerato lipelong tsa bona bakeng sa Jehova le Jesu. Sebelisa lintlha tsa sehlooho tsa Molula-Qhooa oa July 15, 1999, leqepheng la 14, serapeng sa 18-20.

Pina 184 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 18 June

Pina 194

5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

10 mets: Ho Arabela ba Khaoletsang Moqoqo. Puisano le bamameli. Hlahloba “Litlhaloso” bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 15-16. Ho tloha leqepheng la 16-20, khetha likhanyetso tse ling tseo ho tobanoang le tsona tšimong ea lōna. Kōpa bamameli hore ba phete hore na ke likarabelo life tseo ba li sebelisitseng le hona hobane’ng.

30 mets: “Na U ka Ithaopa?” Puo e khothatsang e kopaneng le litlhaloso tse tsoang ho bamameli ha ba arabela lipotso tse lokiselitsoeng serapeng sa 13 le 18-24. Khothalletsa batsoali hore ba thuse bana ba bona hore ba nahane ka tšebeletso ea Bethele e le mosebetsi oo ba ka o etsang. Buella hore malapa a ithute kenyelletso ena thutong ea ’ona ea lelapa.

Pina 197 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 25 June

Pina 2

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba nehelano ea lingoliloeng bakeng sa July le August. Totobatsa libukana tse peli tse teng setokong sa phutheho. Etsa lipontšo tse lokiselitsoeng hantle tsa kamoo ho ka nehelanoang ka tsona tšebeletsong. Bakeng sa linehelano tseo ho entsoeng litlhahiso ka tsona, bona leqephe le ka morao la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea July le August 1995 ho fihlela litokollong tsa 1998.

15 mets: “Tlaleho ea Tsoelo-pele ea Liholo Tsa ’Muso.” Puo le puisano le bamameli ka molebeli ea okamelang. Hlalosa hore na ho hlokahala hore ho etsoe mosebetsi ofe oa ho lokisa Holong ea lōna ea ’Muso. Haeba phutheho e sa kopanele Holong ea ’Muso, bua ka hore ho tlameha ho etsoe eng ho fumana holo. (Bona kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea May 2000.) Bontša kananelo le ho babatsa phutheho ka monehelo oa eona oa khoeli le khoeli o eang Letlōleng la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso. Haha cheseho bakeng sa kaho ea Liholo tsa ’Muso ’me u khothalletse ba eketsehileng hore ba ithaope. E-ba le liforomo tsa Kingdom Hall Construction Worker Questionnaire (S-82).

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

Pina 29 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 2 July

Pina 5

13 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba ise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa June ho bakhanni ba bona ba thuto ea buka. Hlahloba lebokose la “Na ho na le Libuka Tsa Selemo Tse Sieo Laebraring ea Hao?” Bolella bamameli liphihlelo tse khutšoanyane tse nkiloeng Libukeng Tsa Selemo tse boletsoeng sehloohong seo ho bontša bohlokoa ba seo li se fupereng. Khothalletsa bohle ba se nang Libuka Tsa Selemo lilaebraring tsa bona hore ba li odare ha li sa ntse li le teng.

15 mets: Bacha—Le be Bohlale ha le Khetha Mosebetsi oa Lōna. Ena ke puo ea pele ea lipuo tse tharo tsa Seboka sa Tšebeletso tseo ho tlang ho hlahlojoa ka tsona melao-motheo ea Mangolo e amanang le thuto ea tlatsetso. Bacha ba bang ba Bakreste ba phehella mesebetsi ea lefatše ka thuto e phahameng, e bang le tšusumetso e mpe bomoeeng ba bona. Puo ena ke puisano pakeng tsa batsoali ba babeli le mora kapa morali oa bona ea lilemong tsa bocha. Mocha o mothating oo ho hlokahalang hore a etse qeto e tebileng ka lipakane tsa nako e tlang. Le hoja ba bang ba ka ’na ba rata ho phehella melemo ea lichelete, botumo, kapa mabothobotho a bophelo, lelapa le hlahloba Bibele ho bona hore na e khothalletsa eng. (Bona Bacha Baa Botsa, leqepheng la 174-5; Molula-Qhooa oa August 15, 1997, leqepheng la 21 le oa September 1, 1999, leqepheng la 19-21, serapeng sa 1-3 le 5-6.) Mocha oa lumela hore ke bohlale ho phehella tsela ea bophelo e tlang ho mo tsoela molemo ho finyelleng lipakane tsa puso ea Molimo mabapi le ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso.

17 mets: “Falimehelang ho Fumana Batho ba Litholo Tšimong ea Lōna.”b Haeba ho e-na le lenane, bolela hore na ke batho ba bakae ba litholo ba lulang tšimong ea phutheho ea lōna. Hlahloba karolo e reng “Ho fumana batho ba buang puo e ’ngoe” lengolong le eang ho liphutheho tsohle la la 1 June, 2000. Pheta phihlelo e ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1998, leqepheng la 3, serapeng sa 7.

Pina 32 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela