Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/01 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 9 July
  • Beke e Qalang ka la 16 July
  • Beke e Qalang ka la 23 July
  • Beke e Qalang ka la 30 July
  • Beke e Qalang ka la 6 August
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 7/01 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 9 July

Pina 4

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Molebeli oa tšebeletso o bua ka litokisetso tsa tšimo e sa abuoang—matsatsi, sebaka se lokelang ho sebetsoa, marobalo, litokisetso tsa ho tsamaea le lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona. Hlahloba lengolo la la 30 May, 2001.

15 mets: Tlaleho ea Tšebeletso ea April. Puo le lipuisano ’me e fanoe ke mongoli. Lebisa tlhokomelo tlalehong ea tšebeletso ea tšimo ea April bakeng sa phutheho. Buisana le bahoeletsi ba sa tšoaneng ba ileng ba etsa boiteko bo eketsehileng tšebeletsong khoeling eo. E-re ba bolele thabo eo ba e latsoitseng ka ho kopanela ka botlalo le hore na ba etsa eng ho lula ba tšoarehile tšebeletsong.—Bona kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 2001, serapeng sa 28-30.

18 mets: “Na U ka Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane?”a Kopanyelletsa le liphihlelo tse khothatsang tseo bahoeletsi ba phutheho ba bileng le tsona tšimong e ka thōko kapa e sa sebetsoeng kamehla. (Bona buka ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 112-13.) Hape bua ka lethathamo le reng “Ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane” bakeng sa libaka tse hlokang thuso.

Pina 42 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 16 July

Pina 10

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

15 mets: Bacha—Lekanyetsang Litšenyehelo Tsa Mosebetsi oa Lōna. Ntate le mora kapa morali oa hae ba atamela moholo ea nang le phihlelo ea ho sebetsa mosebetsi oa boipheliso. Ka mor’a ho nahana ka puo ea Seboka sa Tšebeletso libekeng tse peli tse fetileng e neng e bua ka ho khetha mosebetsi, mocha o nahana ka ho teba ka ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla empa ha a tsebe hantle hore na o tla itlhokomela joang linthong tse bonahalang. Moholo o hatisa bohlokoa ba ho ba le pono e leka-lekaneng. (Molula-Qhooa oa September 1, 1999, leqepheng la 11, serapeng sa 13) Ke bohlale ho batla mofuta o itseng oa tsebo ea mosebetsi e le hore u ka itlhomella bakeng sa ho iphelisa. Ba bangata ba entse hantle ka ho ithuta tsebo ea motheo e hlokang nako le chelete e fokolang. (Molula-Qhooa oa February 1, 1996, leqepheng la 14; Bacha Baa Botsa, leqepheng la 178) Ba buisana hammoho ka Tsoha! ea March 8, 1996, leqepheng la 9-11, le ho hlahloba litlhahiso tse ling tse sebetsang mabapi le ho fumana kapa ho qapa mosebetsi o loketseng oa boipheliso.

20 mets: Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng? Puisano le bamameli le pontšo. Hlahloba bukana ena le ho bua ka hore na e ka sebelisoa joang ho tsebisa ba bang ka rōna le mosebetsi oa rōna. E bolela hore na re bo-mang (leqepheng la 3-5), e totobatsa e ’ngoe ea histori ea rōna ea kajeno le litšebeletso tsa rōna (leqepheng la 6-11), e thathamisa litumelo tse re khethollang malumeling a mang (leqepheng la 12-14), e hlalosa litaba tse molemo tseo re li bolelang le hore na re li bolela joang (leqepheng la 15-21), e bontša kamoo mosebetsi oa rōna o tsoelang sechaba molemo kateng (leqepheng la 22-4), e fana ka pono ea machaba ea mokhatlo oa rōna (leqepheng la 25-6) hape e araba lipotso tse atisang ho botsoa ka rōna (leqepheng la 27-31). Etsa pontšo ea mohoeletsi ea sebelisang bukana ena ho araba e ’ngoe ea lipotso tse leqepheng la 29 e botsoang ke mong’a ntlo ea bohelehele, ka mor’a moo mohoeletsi o sebelisa memo e leqepheng le ka morao ho mo mema. Khothalletsa bohle hore ba sebelise bukana ena ho re tsebisa beng ka bona bao e seng Lipaki, ho hlaolela thahasello ka maeto a ho boela, le ho lebisa liithuti tsa Bibele mokhatlong o hlophisitsoeng.

Pina 50 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 23 July

Pina 19

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Bua ka litokisetso tsa ho qetela tsa tšimo e sa abuoang.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Itokisetse ho Ithuta Boprofeta ba Esaia!”b Ka bokhutšoanyane hlalosa kamoo re tlang ho rua molemo kateng ka ho ithuta buka ea Esaia. (Bona khaolo ea 1, serapeng sa 10-12, bukeng ea Boprofeta ba Esaia I.) Khothalletsa bohle ho ba teng Thutong ea Buka ea Phutheho kamehla.

Pina 53 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 30 July

Pina 22

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bahoeletsi hore ba ise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa July ho mokhanni oa bona oa Thuto ea Buka ea Phutheho.

20 mets: Bacha—Lemohang ha le Rera Thuto ea Lōna. Moholo o buisana le batsoali le bana ba bona ba lilemong tsa bocha ka thuto ea tlatsetso. Moholo o etella pele ho tšohloa ha Molula-Qhooa oa September 1, 1999, leqepheng la 16-17, serapeng sa 11-13, a hatisa mabaka a hore na ke hobane’ng ha tšebeletso ea nako e tletseng e lokela ho ba ka sehloohong lethathamong la bona la lintho tse tlang pele. (Molula-Qhooa oa December 1, 1996, leqepheng la 18-19, serapeng sa 13-15) Joale sehlopha seo se hlahloba keletso e ho Tsoha! ea March 8, 1998, leqepheng la 27, se hatisa hore hoa hlokahala ho sebelisa temoho ho lekanyetsa melemo le litšitiso tsa thuto ea tlatsetso le ho e lekanyetsa ho se hlokahalang bakeng sa ho iphelisa ha ka cheseho se phehella tšebeletso. Bohle baa lumela hore ba lokela ho tataisoa ke keletso ea Jesu ea ho etelletsa ’Muso pele.—Mat. 6:33.

15 mets: Good News for All Nations. Puisano le bamameli le pontšo ea hore na bukana ena e nang le molaetsa o mokhutšoanyane ka lipuo tse 59 e ka sebelisoa joang. Karolo e ntseng e eketseha ea baahi ba naha ena e na le batho ba buang lipuo lisele. Bontša kamoo re ka ba pakelang re sebelisa bukana ena ea Good News for All Nations. Akaretsa “Tšebeliso ea Bukana Ena,” leqepheng la 2 ebe u bala nehelano e hlahang ka puo ea phutheho ea heno. Etsa pontšo ea seo u ka se etsang ha motho ea buang puo e ’ngoe a arabela monyako. Pheta liphihlelo leha e le life tse ntle tsa kamoo sena se ’nileng sa etsoa kateng tšimong ea heno.—Bona kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1998, serapeng sa 9-10.

Pina 57 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 6 August

Pina 25

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tsa ho paka ka tsela e sa reroang ha ba ntse ba reka, ba le phomolong, mosebetsing, sekolong, kapa ba etetse beng ka bona bao e seng Lipaki.

10 mets: “Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho.” Puo. Tsebisa hore na kopano ea potoloho e latelang e tla ba neng. Bohle ba lokela ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho mema liithuti tsa Bibele. Khothalletsa bahoeletsi ba sa kolobetsoang hore ba nahane ka ho teba ka ho tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova kopanong e latelang. Khothalletsa bohle ho ba teng mananeong ao letsatsi le leng le le leng.

20 mets: “U se ke Ua Tsilatsila!”c Ha nako e lumela, pheta liphihlelo tse ho Molula-Qhooa oa December 15, 1999, leqepheng la 25.

Pina 63 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela