Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 7 May ho ea ho la 20 August, 2001. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.
[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]
Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:
1. Thapelo eo ho buuoang ka eona ho Nehemia 2:4 e ne e le ea ho tsieleha, ea motsotso oa ho qetela. [1, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 2/15 leq. 25 ser. 8.]
2. Lentsoe “phutheho” le fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike ek·kle·siʹa, e leng lentsoe le akarelletsang khopolo ea bonngoe le ho tšehetsana. [2, w99-SU 5/15 leq. 25 ser. 4]
3. Le hoja bahlanka ba Jehova ba qoba mekhoa e amanang le lefu e hanyetsanang le Lentsoe la Molimo, ha ba hane mekhoa eohle e amanang le lefu. (Joh. 19:40) [7, rs-SU leq. 221 ser. 4]
4. Mehleng ea Jobo, e ne e le eena feela motho ea neng a tšepahala ho Jehova. (Jobo 1:8) [6, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 8/1 leq. 25 lir. 3-4.]
5. ’Nete ea hore Saule kapa Pauluse, o ne a iphelisa ka ho etsa litente, e bontša hore o ne a e-tsoa lelapeng le futsanehileng. (Lik. 18:2, 3) [7, w99-SU 5/15 leq. 30 ser. 2–leq. 31 ser. 1]
6. Le hoja Davida a ile a etsa libe tse khōlō, Jehova o ne a ka re ‘o ntatetse ka pelo eohle ea hae’ ka lebaka la pako ea Davida le litšoaneleho tsa hae tse ntle. (1 Mar. 14:8) [9, w99-SU 6/15 leq. 11 ser. 4]
7. Ntle leha ntho eo re e tšepisitseng e sa lumellane le Mangolo, re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho phethahatsa litšepiso tsa rōna le haeba hamorao re fumana hore ho etsa joalo ho thata. (Pes. 15:4) [13, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 9/15 leq. 28 ser. 5.]
8. Pesaleme ea 22:1 e bontša hore tlas’a khatello Davida o ile a felloa ke tumelo ka nakoana. [14, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 8/15 leq. 20 ser. 19.]
9. Mokreste a ka ’na a “oa” ka lebaka la ho ferekana, ho soetseha le mathata a molao kapa a lichelete, empa ka thuso ea moea oa Molimo le barapeli ba hae ba lerato, a ke ke a “tabana fatše” ka ho feletseng. (Pes. 37:23, 24) [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 11/1 leq. 30 ser. 14.]
10. Genese khaolo ea 1 e ruta hore Molimo o ile a bōpa lefatše lena ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24. [16, rs-SU leq. 142 ser. 2]
Araba lipotso tse latelang:
11. Esdrase le bathusi ba hae ba ile ba ‘kenya moelelo’ joang Molaong? (Neh. 8:8) [2, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 2/15 leq. 26 ser. 4.]
12. “Thabo ea Jehova” e hlahisoa ke eng? (Neh. 8:10) [2, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 2/15 leq. 26 ser. 9.]
13. Ke hobane’ng ha ba ‘ileng ba ithaopela ho lula Jerusalema’ ba ile ba hlohonolofatsoa? (Neh. 11:2) [3, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 2/15 leq. 26 ser. 12.]
14. Ke hobane’ng ha Esthere a ile a lieha ho tsebisa morena morero oa hae o tobileng? (Esth. 5:6-8) [5, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 3/15 leq. 24 ser. 18.]
15. Bukeng ea Jobo ho arabeloa lipotso life tse peli tsa bohlokoa? [6, si-SU leq. 95 ser. 1]
16. Ke hobane’ng ha keletso ea Elifaze e ile ea nyahamisa Jobo ea ba ea hlōleha ho mo khothatsa? (Jobo 21:34; 22:2, 3) [9, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 2/15 leq. 27 lir. 5-6.]
17. Pesaleme ke eng? [12, si-SU leq. 101 ser. 2]
18. “Ntho ea lefeela” eo lichaba li tsoelang pele ho “honotha” ka eona ke efe, joalokaha ho tlalehiloe ho Pesaleme ea 2:1? [12, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 8/15 leq. 20 ser. 5.]
19. Tšebeletsong ea Filipi e amang Basamaria le letona la Ethiopia, re ka ithuta’ng e molemo tabeng ea ho se be leeme? (Lik. 8:6-13, 26-39) [15, w99-SU 7/15 leq. 25 ser. 2]
20. Jobo o ile a bontša joang hore o kholisehile hore Molimo a ka mo tsosa lebitleng leo a neng a le nka e le sebaka sa ho ipatela mathata a hae? (Jobo 14:7, 13-15) [7, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w00-SU 5/15 leq. 27 ser. 7–leq. 28 ser. 1.]
Ngola (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:
21. Esthere 8:17 e bolela hore batho ba ne ba “ipolela hore ke Bajuda”; ka tsela e tšoanang kajeno, “․․․․․․․․” ba “linku tse ling” bo tšehetsa ․․․․․․․․. (Tšen. 7:9; Joh. 10:16; Zak. 8:23) [5, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 3/15 leq. 25 ser. 14.]
22. Joalokaha Liketso 1:7 e bontša, le hoja Jehova a le seli haholo ka ․․․․․․․․, letsatsi la hae la hore batho ba ikarabelle le tla tla joaloka ․․․․․․․․, ha ba tla be ba sa le lebella. (2 Pet. 3:10) [8, w99-SU 6/1 leq. 5 lir. 2-3]
23. Ho 2 Petrose 3:7, 10, mantsoe “maholimo” le “lefatše” a sebelisitsoe ka ․․․․․․․․; joalokaha moelelo o bontša, “lefatše” ke ․․․․․․․․. [11, rs-SU leq. 211 lir. 2-4]
24. Puisano e hahang e ba teng ka lebaka la kholiseho, ho tšepa le ho utloisisana, ’me litšoaneleho tsena li hlaha ha lenyalo le nkoa e le kamano ea ․․․․․․․․ ’me ho entsoe ․․․․․․․․ ba ’nete ba ho etsa hore le atlehe. [14, w99-SU 7/15 leq. 21 ser. 3]
25. Tšusumetso e ntle ea lithaka e ka re thusa ho ․․․․․․․․ se hlokoang ho rōna boitšoarong le moeeng ’me kahoo ea re thusa ho sebeletsa Jehova ka ․․․․․․․․. [16, w99-SU 8/1 leq. 24 ser. 3]
Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
26. ‘Ho lula ha Mordekai hekeng ea morena’ ho bontša hore e ne e le (molebeli oa morena; e mong oa matona a Morena Assueruse; ea emetseng ho tla buisana le morena). (Esth. 2:19, 20) [4, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 3/15 leq. 24 ser. 9.]
27. Joalokaha ho tlalehiloe ho Jobo 19:25-27, Jobo o ile a bontša tumelo ea hore o tla “bona Molimo” ka hore o ne a tla (hauheloa ka pono; a tla tsosetsoa bophelong ba leholimo; a tla tutubolloa mahlo a kutloisiso ’neteng ea Jehova). [8, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w94-SU 11/15 leq. 19 ser. 17.]
28. Jobo o hopoloa haholo ka ho ba ha hae le (lerato; mosa; mamello). (Jak. 5:11) [11, si-SU leq. 100 ser. 41]
29. Ho ngoloa ha buka ea Lipesaleme ho nkile hoo e ka bang lilemo tse (makholo a mararo; makholo a mahlano; sekete). [12, si-SU leq. 101 ser. 4]
30. Ho hlakile hore (Davida; Asafe; Esdrase) ke eena ea ileng a qetella ho bokelloa ha buka ea Lipesaleme. [13, si-SU leq. 102 ser. 6]
Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:
Neh. 3:5; Pes. 12:2; 19:7; 2 Tim. 3:16, 17; Jak. 5:14-16
31. Re lokela ho ikemisetsa ho ikitlaetsa, ’me re se ke ra ikhula ka boikhohomoso, re nka hore mosebetsi o boima o theola boemo ba rōna. [Neh. 3:5] [1,’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 2/15 leq. 25 lir. 12, 19.]
32. Mokreste ea amehileng phosong e tebileng o lokela ho bolela sebe sa hae ho baholo. [Jak. 5:14-16] [4, rs-SU leq. 148 ser. 6]
33. Le hoja linakong tse fetileng Molimo a ne a sebelisa litoro ho fana ka litemoso, taeo le boprofeta ho batho ba hae, hona joale o lokiselitse poloko ka Lentsoe la hae le ngotsoeng le bululetsoeng. [2 Tim. 3:16, 17] [8, rs-SU leq. 263 ser. 6]
34. Haeba re batla setsoalle sa Molimo, re lokela ho ba ba tšepahalang botebong ba lipelo tsa rōna, re hloke boikaketsi. [Pes. 12:2] [13, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 9/15 leq. 27 ser. 1.]
35. Ho mamela molao oa Molimo ho hlabolla moea ’me ho etsa joalo ho hōlisa boiketlo ba motho. [Pes. 19:7] [14, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w00-SU 10/1 leq. 13 ser. 4.]