Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka August: Bukana leha e le efe ho tse latelang tse nang le maqephe a 32 e ka sebelisoa: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso o Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Libukana tse kang Buka ea Batho Bohle le Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? li ka fanoa moo ho loketseng. September: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! November: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Lingoliloeng tse ling tse ka tsamaisoang ke Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste.
◼ Molebeli ea okamelang, kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 September kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se se se entsoe, a tsebise phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea liak’haonte.
◼ Ho qala selemong sena, bo-pula-maliboho ba kamehla ba ke ke ba hlola ba lumelloa ho ea Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho haeba ka la 1 September selemong seo ba e-s’o be lilemo li 16. Ho tla etsoa mokhelo haeba motsoali oa ngoana eo e leng pula-maliboho le eena a tšoaneleha ho ba sekolong seo.
◼ Ka la 30 le la 31 August, 2001 ho tla baloa setoko sa libuka tsohle tse teng Bethele. Ka lebaka la ho baloa hona ha setoko, ho ke ke ha etsoa likōpo tsa lingoliloeng tsa liphutheho bakeng sa ho isoa kapa ho latoa nakong ea matsatsi ao.
◼ Ho baloa ha setoko sa libuka le limakasine tsohle tse teng ho etsoang selemo le selemo ho lokela ho etsoa ka la 31 August, 2001, kapa e be haufi kamoo ho ka khonehang. Setoko sena se tšoana le ho baloa ha libuka ho etsoang ke mohokahanyi khoeli le khoeli, ’me likakaretso li lokela ho kenngoa foromong ea Setoko sa Libuka (S-18). Palo e akaretsang ea limakasine tse teng e ka fumanoa ho bahlanka ba limakasine phuthehong ka ’ngoe e sehlopheng sa kabo ea libuka. Phutheho ka ’ngoe e hokahanyang e tla amohela liforomo tse tharo tsa Setoko sa Libuka (S-18). Ka kōpo romelang kopi e ka holimo ho Mokhatlo pele ho la 6 September. Bolokang kopi ea k’habone lifaeleng tsa lōna. Kopi ea boraro e ka sebelisoa e le leqephe leo ho sebeletsoang ho lona. Mongoli oa phutheho e hokahanyang o lokela ho hlokomela ho baloa ha setoko. Mongoli le molebeli ea okamelang ba phutheho e hokahanyang ba tla saena foromo eo.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa libeche tsa kopano ea setereke bakeng sa 2001 ka kōpo ea tsona ea libuka ea September. Ka kōpo, li kōpeng ka lihlopha tsa tse 20. Likōpo tse potlakileng li ke ke tsa amoheloa, kahoo, ka kōpo, etsang kōpo eseng ka mor’a October. Libeche li tla fumaneha ka Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Sexhosa le Sezulu feela.
◼ Bethele e hloka ka potlako ngaka ea meno le mooki ea nang le mangolo ba nako e tletseng. Hore u tšoanelehe, u tlameha hore ebe u inehetse le ho kolobetsoa bonyane selemo, u be motho ea inehetseng, oa moea ’me u phela hantle ’meleng le kelellong. U lokela u be pakeng tsa lilemo tse 19 le 35 ’me u be moahi oa Afrika Boroa. Haeba le le banyalani, le se na bana, ’me ka bobeli ba lōna le tšoaneleha, tlatsang foromo ea kōpo ea Bethele ’me le e fe komiti ea tšebeletso ea phutheho. Ka kōpo founelang Mokhatlo kapa le o ngolle bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng.
◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Likopano tse latelang tsa setereke li ncha, ntle le ha ho bontšitsoe ka tsela e ’ngoe:
La 30 November–la 2 December:
Cape Town (Sexhosa; deite e ncha)
La 14-16 December: Soweto (Sezulu 1)
Bloemfontein (Sesotho; deite e ncha)
La 21-23 December: Soweto (Sezulu 2); Soweto (Sesotho 1)
La 28-30 December: Soweto (Sesotho 2)